Ho Bontša “Molemo oa Mefuta Eohle”
“Litholoana tsa leseli li akarelletsa molemo oa mefuta eohle.”—BA-EFESE 5:9, NW.
1, 2. Ho tloha mehleng ea boholo-holo ho ’nile ha ba le lihlopha life tse peli, ’me boemo ba tsona bo fapane hakae kajeno?
KA MOR’A hore ho hlahe bofetoheli Edene, lilemong tse ka bang likete tse tšeletseng tse fetileng, le ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, batho ba ile ba aroha lihlopha tse peli, kapa mekhatlo, se seng e le se entsoeng ka batho ba loanelang ho sebeletsa Jehova, se seng e le se entsoeng ka ba latelang Satane. Na mekhatlo ee e ntse e le teng? Ka sebele ho joalo! Moprofeta Esaia o ile a bua ka lihlopha tsena tse peli ’me a bolela boemo ba tsona mehleng ea rōna esale pele: “Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba; empa Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao.”—Esaia 60:1, 2.
2 E, phapang e pakeng tsa mekhatlo ena e ’meli e khōlō joaloka phapang e pakeng tsa lefifi le leseli. Joalokaha khanya ea leseli e hapa motho ea lahlehileng lefifing, ka ho tšoanang leseli le tsoang ho Jehova le khanyang lefatšeng lena le lefifi le ’nile la hapa batho ba lipelo li ntle ba limillione hore ba kene ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Ho joalokaha Esaia a ile a tsoela pele ho re: “Lichaba [linku tse ling] li tla tla tsamaea leseling la hao, marena [majalefa a tlotsitsoeng a ’Muso] a tle khanyeng ea mahlaseli a hao.”—Esaia 60:3.
3. Bakreste ba ka bonahatsa khanya ea Jehova ka litsela life?
3 Batho ba Jehova ba bonahatsa khanya ea Jehova joang? Tabeng ea pele, ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng oa leholimo. (Mareka 13:10) Empa ho phaella moo, ba etsisa Jehova, e leng mohlala o ka sehloohong oa molemo, ka hona ka boitšoaro ba bona ba hapa batho ba ikokobelitseng hore ba tle leseling. (Ba-Efese 5:1) Pauluse o itse: “Le kile la ba lefifing, empa joale le se le le leseling kamanong le Morena. Tsoelang pele le tsamaea joaloka bana ba leseli.” O ile a tsoela pele: “Litholoana tsa leseli li akarelletsa molemo oa mefuta eohle le ho loka le ’nete. Tsoelang pele le tiisa se amohelehang ho Morena; ’me le khaotse ho kopanela le bona mesebetsing e sa putseng ea lefifi.” (Ba-Efese 5:8-11, NW) Pauluse o ne a bolela eng ka “molemo oa mefuta eohle”?
4. Molemo ke eng, ’me o ka bonahala joang ho Mokreste?
4 Joalokaha sehlooho sa rōna se ka pele se bontšitse, molemo ke tšoaneleho kapa boemo ba ho ba le boitšoaro bo botle ka ho fetisisa le bo hlomphehang. Jesu o itse ke Jehova feela ea molemo ka kutloisiso e felletseng. (Mareka 10:18) Leha ho le joalo, Mokreste a ka etsisa Jehova ka ho hlaolela molemo oo e leng tholoana ea moea. (Ba-Galata 5:22) Ha Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e hlalosa a·ga·thosʹ, e leng lentsoe la Segerike le emelang “molemo,” e re, “[Le] hlalosa ntho e hlahisang liphello tse putsang, kaha sebōpeho sa eona kapa kaheho ea eona e molemo.” Ka hona Mokreste ea hlaolelang molemo o tla ba molemo ’me a etse se molemo. (Bapisa le Deuteronoma 12:28.) Hape o tla qoba lintho tse khahlanong le molemo, “mesebetsi e sa putseng ea lefifi.” Litsela tse fapaneng tseo Mokreste a ka bontšang molemo ka tsona boitšoarong ba hae ke ‘molemo oa mefuta’ eo Pauluse a e boletseng. Mefuta e meng ke efe?
“Le ’ne le Etse se Molemo”
5. Mofuta o mong oa molemo ke ofe, ’me ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho o hlaolela?
5 Pauluse o ile a bua ka o mong oa eona lengolong la hae le neng le e-ea ho Baroma. Ha a bua ka ho ikokobeletsa “balaoli ba phahameng,” o itse: “Ka hona, na ha le batle ho tšaba bolaoli? Le ’ne le etse se molemo, ’me le tla fumana thoriso e tsoang ho bona.” “Se molemo” seo a buang ka sona ke ho utloa melao le litokisetso tsa balaoli ba lefatše. Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho ikokobeletsa balaoli baa? E le hore a ka qoba ho hohlana le balaoli ho sa hlokahale, e leng ho ka etsang hore a fumane kotlo, hape—habohlokoahali—e le hore a ka boloka letsoalo le hloekileng pel’a Molimo. (Ba-Roma 13:1-7, NW) Le hoja a lula a bontša kutlo ea hae e ka sehloohong ho Jehova, Mokreste o ‘hlompha morena,’ ha a hanyetse balaoli bao Jehova Molimo a ba lumelletseng hore ba be teng. (1 Petrose 2:13-17) Ka tsela ena, Bakreste ke baahisani ba molemo, baahi ba molemo, ’me ba beha mehlala e molemo.
Ho Nahanela ba Bang
6. (a) Tšobotsi e ’ngoe ea molemo ke efe? (b) Ke bo-mang ba boletsoeng ka Bibeleng e le bao re tšoanelang ho ba nahanela?
6 Molemo oa Jehova o bonahala ka hore o fa baahi bohle ba lefatše ‘lipula tsa leholimo le lilemo tsa nala.’ Sena se fella ka hore ho be le ‘lijo tse khotsofatsang le nyakallo’ ’me se bontša hore kannete ke Molimo o nahanelang. (Liketso 14:17) Re ka mo etsisa tabeng ena ka ho nahanela ba bang ka litsela tse nyenyane le tse khōlō. Ka ho toba, ke bo-mang bao re ka ba nahanelang? Ka ho khetheha, Pauluse o qolla baholo, “ba sebetsang ka thata har’a lōna le ba le okametseng Moreneng le ba le khothatsang.” O phehella Bakreste hore ba ba “nahanele ka tekanyo e fetang e tloaelehileng leratong ka baka la mosebetsi oa bona.” (1 Ba-Thessalonika 5:12, 13, NW) Re ka etsa joalo joang? Ka ho sebelisana le bona ka botlalo—ka mohlala, ka ho kopanela mosebetsing oo ho hlokahalang hore o etsoe Holong ea ’Muso. Le hoja ka linako tsohle re atamela baholo ka bolokolohi bakeng sa thuso ha re e hloka, ha rea lokela ho batla ho hongata haholo ho bona ka tsela e sa utloahaleng. Ho fapana le hoo, ka litsela life kapa life tseo re ka li khonang, re leka ho bebofatsa mosebetsi oa balisa bana ba sebetsang ka thata, bao ba bangata ho bona ba nang le boikarabelo ba lelapa ho phaella mesebetsing ea bona ea phutheho.
7. Re ka bontša ho nahanela ba hōlileng ka litsela life?
7 Ba seng ba hōlile le bona re tšoanela ho ba nahanela. Taelo e tobileng ea Molao oa Moshe e ne e re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe [“u nahanele,” NW] ea holileng. Tšaba Molimo oa hao. Ke ’na Jehova.” (Levitike 19:32) Ho nahanela ho joalo ho ka bontšoa joang? Bacha ba ka ithaopela ho ba thusa ka ho ba ela mabenkeleng kapa ho etsa mesebetsi e meng. Baholo ba ka bontša ho nahanela ka ho hlahloba hore na ho na le ba hlokang thuso e le hore ba be teng libokeng. Likopanong, ba bacha le ba sa ntsaneng ba le sehlahlo ba tla qoba ho thesela ba hōlileng ba tsamaeang butle ka ho hloka mamello ha ba batla ho feta, ’me ba tla ba le mamello ha motho ea itseng ea hōlileng a lieha ho lula fatše kapa ho nka lijo.
8. Re ka bontša ho nahanela sehlopha se seng se tšoanelehang se boletsoeng ka ho khetheha ka Bibeleng joang?
8 Mopesaleme o bua ka sehlopha se seng se hlokang ho nahaneloa: “Ho lehlohonolo ea hlokomelang mofutsana.” (Pesaleme ea 41:1, NW) Ho ka ’na ha ba bonolo ho nahanela batho ba hlahelletseng kapa ba ruileng, empa ho thoe’ng ka ba hlokang kapa ba futsanehileng? Sengoli sa Bibele Jakobo se ile sa bontša hore ho bontša ho nahanela ho tšoanang ho batho bana ho beha ho loka ha rōna le lerato la rōna la Bokreste tekong. E se eka re ka feta teko ena ka katleho ka ho nahanela bohle ho sa tsotellehe maemo a bona.—Ba-Filippi 2:3, 4; Jakobo 2:2-4, 8, 9.
“Le Tsoele Pele ho ba Mohau”
9, 10. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba mohau, ’me molemo oa mofuta oo o ka bontšoa joang?
9 Molemo oa mofuta o mong o bonoa litšoantšong tse ling tsa Jesu. Ho se seng sa tsona, Jesu o ile a bua ka Mosamaria e mong ea ileng a teana le motho ea neng a hlasetsoe ke linokoane, ’me li mo khakhathile, li bile li mo siile a rapaletse tseleng. Molevi le moprista ba ne ba ile ba feta pel’a monna enoa ea tsoileng likotsi, ’me ba hana ho mo thusa. Empa Mosamaria eo o ile a ema ’me a mo thusa, a etsa ho neng ho sa lebelloa ho hang. Hangata pale ena e bitsoa setšoantšo sa Mosamaria ea Molemo. Mosamaria o ile a bonahatsa molemo oa mofuta ofe? Mohau. Ha Jesu a kōpa ea mo mametseng hore a khethe ea ipakileng e le moahisani oa monna ea ntšitsoeng likotsi, o ile a fana ka karabelo e nepahetseng: “Ke ea mo etselitseng mohau.”—Luka 10:37.
10 Bakreste ba mohau ba etsisa Jehova, eo Moshe a ileng a bolela sena ka eena ho Baiseraele: “Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o mohau; a ke ke a u tlohela, a ke ke a u timetsa, ’me a ke ke a lebala selekane sa bo-ntat’ao, seo a ba hlapanyelitseng sona.” (Deuteronoma 4:31) Jesu o bontšitse kamoo mohau oa Molimo o lokelang ho re ama ka teng: “Le tsoele pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntate oa lōna a le mohau.” (Luka 6:36, NW) Re ka bontša mohau joang? Joalokaha setšoantšo sa Jesu se bontšitse, tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ke ho ikemisetsa ho thusa ba bang, esita le haeba ho etsa joalo ho akarelletsa ho ipeha kotsing kapa ho re thatafalletsa lintho ka tsela e itseng. Motho ea molemo a ke ke a hlokomoloha mahlomola a ngoan’abo haeba a le boemong ba ho mo thusa.—Jakobo 2:15, 16.
11, 12. Ho ea ka setšoantšo sa Jesu sa makhoba, mohau o akarelletsa eng, ’me re ka o bonahatsa joang kajeno?
11 Se seng sa litšoantšo tsa Jesu se bontšitse hore molemo o tletseng mohau o akarelletsa ho ikemisetsa ho tšoarela ba bang. O ile a bua ka lekhoba le neng le kolota mong’a lona litalenta tse sekete. Kaha lekhoba leo le ne le hlōleha ho lefa, le ile la kōpa mohau, ’me ka mosa mong’a lona o ile a le tšoarela hore le se ke la lefa sekoloto seo se boima sa lidenare tse 60 000 000. Empa lekhoba leo le ile la tsamaea ’me la fumana lekhoba le leng le le kolotang lidenare tse lekholo feela. Ka ho hloka mohau lekhoba lena le tšoaretsoeng le ile la hlahlela lekhoba le le kolotang teronkong ho fihlela le ka khona ho le lefa. Ka ho hlakileng, lekhoba lena le hlokang mohau e ne e se motho ea molemo, ’me ha mong’a lona a utloa se etsahetseng, o ile a le bitsa hore le tl’o ikarabella.—Mattheu 18:23-35.
12 Re boemong bo tšoanang le ba lekhoba le tšoaretsoeng. Motheong oa sehlabelo sa Jesu, Jehova o re tšoaretse sekoloto se seholo sa sebe. Ka hona, ka sebele re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela ba bang. Jesu o itse re lokela ho itokisetsa ho tšoarela ba bang “hamashome a supileng a baloang hasupa,” re sa sehe moeli. (Mattheu 5:7; 6:12, 14, 15; 18:21, 22) Ka hona, Mokreste ea mohau a ke ke a koetla lehloeo. A ke ke a koetla likhopiso kapa a hana ho buisana le Mokreste-’moho ka baka la maikutlo a mabe. Ho haelloa ke mohau ho joalo hase letšoao la molemo oa Bokreste.
Ho Fana le ho Amohela Baeti
13. Molemo o boetse o akarelletsa eng?
13 Hape molemo o ka bonahatsoa ka ho fana ka seatla se bulehileng le ho amohela baeti. Ka lekhetlo le leng mohlankana e mong o ile a tla ho Jesu hore a mo fe keletso. O ile a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?” (BPN) Jesu o ile a ’molella hore o lokela ho boloka litaelo tsa Molimo a sa khaotse. E, ho utloa litaelo tsa Jehova ke tšobotsi e ’ngoe ea molemo. Mohlankana eo o ne a nahana hore o se a ntse a etsa joalo ka hohle kamoo a ka khonang. Ka ho hlakileng, ho baahisani ba hae o ne a se a bonahala e le motho ea molemo, empa o ne a ikutloa eka o haelloa ke ho hong. Kahoo Jesu o ile a re: “Ha u rata ho phetheha, e-ea, u rekise ka tseo u nang le tsona, u abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong; u ntano tla, u ntatele.” (Mattheu 19:16-22) Mohlankana eo o ile a tsamaea a soabile. O ne a ruile haholo. Hoja o ile a latela keletso ea Jesu, a ka be a bontšitse hore ha a rate lintho tse bonahalang. ’Me o ne a tla be a entse ketso e molemo ea ho fana ho se nang boithati ka seatla se bulehileng.
14. Jehova le Jesu ba ile ba fana ka keletso efe e ntle mabapi le ho fana ka seatla se bulehileng?
14 Jehova o ile a phehella Baiseraele hore ba fane ka seatla se bulehileng. Ka mohlala, rea bala: “U [fe moahisani oa hao ea bofumeng] hle, ’me pelo ea hao e se belaele ha u mo fa; hobane ka baka la taba eo, Jehova, Molimo oa hao, o tla u hlohonolofatsa mesebetsing ea hao eohle, le litabeng tsohle tsee u tla bea matsoho a hao ho tsona.” (Deuteronoma 15:10; Liproverbia 11:25) Jesu Kreste ka boeena o ile a khothalletsa ho fana ka seatla se bulehileng: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang.” (Luka 6:38) Ho feta moo, Jesu ka boeena o ne a fana ka seatla se bulehileng haholo. Ka lekhetlo le leng, o ne a behelletse nako ka thōko ea hore a phomole hanyenyane. Matšoele a ile a fumana moo a leng teng eaba a tla ho eena. Ka ho fana ka seatla se bulehileng Jesu o ile a tela ho phomola ’me a ikitlaetsa hore a hlokomele letšoele leo. Hamorao, o ile a bontša moea o ikhethang oa ho amohela baeti ka ho fepa letšoele leo le leholo.—Mareka 6:30-44.
15. Barutuoa ba Jesu ba ile ba beha mohlala o motle joang mabapi le ho fana ka seatla se bulehileng?
15 Barutuoa ba bangata ba Jesu ba ile ba tšepahalla keletso ea Jehova le ea Jesu, ’me ba ne ba tsejoa ka ho ba le seatla se bulehileng le moea oa ho amohela baeti. Ha phutheho ea Bokreste e qaleha, letšoele le leholo la ba neng ba tlil’o keteka Pentekonta ka 33 C.E. le ile la utloa boboleli ba baapostola ’me la fetoha balumeli. Kaha ba ile ba lula nako e teletsana ka mor’a mokete e le hore ba ka ithuta ho eketsehileng, ba ile ba felloa ke mefaho. Ka hona, balumeli ba sebaka seo ba ile ba rekisa thepa ea bona ’me ba nehelana ka chelete bakeng sa ho tšehetsa baena ba bona ba bacha e le hore ba ka tiea haholoanyane tumelong. Hoo e ne e le ho fana ka seatla se bulehileng hakaakang!—Liketso 4:32-35; bona le Liketso 16:15; Ba-Roma 15:26.
16. Bolela litsela tse ling tseo ka tsona rōna kajeno re ka bang le moea oa ho amohela baeti le ho fana ka seatla se bulehileng.
16 Kajeno, ka ho tšoanang ho fana ka seatla se bulehileng joaloka Kreste ho bonahala ha Bakreste ba nehelana ka nako le chelete liphuthehong tsa bona tse sebakeng ka seng le bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela lefatšeng ka bophara. Ho bonahala ha ba phallela baena ba hlokofalitsoeng ke likoluoa tsa tlhaho kapa ntoa. Ho bonahala ka ho hlokomela molebeli oa potoloho nakong ea ketelo ea hae ea ka mehla. Kapa ha malapa a mang a Bakreste a mema “likhutsana” ka seatla se bulehileng hore li kopanele le ’ona boikhathollong le lithutong tsa Bibele tsa malapa, sena le sona se bontša moea oa ho amohela baeti, ke pontšo ea molemo oa Bokreste.—Pesaleme ea 68:5.
Ho Bua ’Nete
17. Ke hobane’ng ha ho bua ’nete e le phephetso kajeno?
17 Ha Pauluse a hlalosa litholoana tsa leseli, o ile a amahanya molemo le ho loka le ’nete, ’me ke ho loketseng ho bolela hore ho bua ’nete ke mofuta o mong oa molemo. Batho ba molemo ha ba bue leshano. Leha ho le joalo, ho bua ’nete ke phephetso e khethehileng kajeno kaha ho bua leshano ho atile haholo. Batho ba bangata ba bua leshano ha ba tlatsa litlaleho tsa bona tsa lekhetho. Bahiruoa ba bua leshano mabapi le mosebetsi oo ba o etsang. Liithuti li bua leshano ka ho qhekella lithutong tsa tsona le litlhahlobong. Bo-rakhoebo ba bua leshano ha ba thea litumellano tsa khoebo. Bana ba bua leshano hore ba tle ba se ke ba fuoa kotlo. Basebi ba tletseng lehloeo ba senya botumo ba batho ba bang ka ho bua leshano.
18. Jehova o talima batho ba buang leshano joang?
18 Ho bua leshano ke ntho e manyala ho Jehova. Tse ling tsa ‘lintho tse supileng’ tseo a li hloileng ke “leleme le tletseng thetso” le “paki ea bohata, e bolelang leshano.” (Liproverbia 6:16-19, BPN) “Bohle ba buang leshano” ba akarelletsoa har’a ba boi, babolai, le lihlola, ba ke keng ba ba teng lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšenolo 21:8, BPN) Ho phaella moo, maele aa re bolella: “Ea tsamaeang ka bokhabane o tšaba Jehova; empa ea khopamisang litsela tsa hae, oa mo nyelisa.” (Liproverbia 14:2) Litsela tsa motho ea buang leshano li khopame. Ka hona, motho ea buang leshano o fana ka bopaki ba hore o nyelisa Jehova. Eo ke taba e tšabehang hakaakang! A re bueng ’nete ka linako tsohle, esita le haeba e tla fella ka hore re khalemeloe kapa re lahleheloe ke chelete. (Liproverbia 16:6; Ba-Efese 4:25) Ba buang ’nete ba etsisa Jehova, “Molimo oa ’nete!”—Pesaleme ea 31:5.
Hlaolela Molemo
19. Ka linako tse ling lefatšeng ho bonahala eng, e isang tlotla ho ’Mōpi?
19 Ena ke ‘mefuta’ e seng mekae feela ea molemo eo Mokreste a lokelang ho e hlaolela. Ke ’nete hore lefatšeng batho ba bonahatsa molemo ho isa bohōleng bo itseng. Ka mohlala, ba bang ba na le moea oa ho amohela baeti, ’me ba bang ba mohau. Ha e le hantle, ho entseng hore setšoantšo sa Mosamaria ea Molemo e be se ikhethang haholo ke hore Jesu o ile a bua ka motho eo e seng Mojode ea bontšitseng mohau empa baholo ba ka phuthehong ea Bajode ba sa o bontše. Ka sebele ke tlotla e khōlō ho ’Mōpi oa motho hore e be ka tlhaho batho ba bang ba ntse ba bonahatsa litšobotsi tse joalo esita le ka mor’a lilemo tse likete tse tšeletseng tsa ho se phethahale.
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha molemo oa Bokreste o fapane le molemo leha e le ofe oo re ka o bonang ho batho ba lefatše? (b) Mokreste a ka hlaolela molemo joang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo ka cheseho?
20 Leha ho le joalo, ho Bakreste molemo hase feela tšoaneleho eo ba ka bang le eona kapa eo ba ka ’nang ba se ke ba ba le eona. Ke tšoaneleho eo ba tlamehang ho e hlaolela ka litšobotsi tsohle tsa eona, kaha e lokela ho ba baetsisi ba Molimo. See se ka etsahala joang? Bibele e re bolella hore re ka ithuta se molemo. Mopesaleme o ile a rapela Molimo: “Nthute se molemo.” Joang? O ile a tsoela pele: “Hobane ke bontšitse tumelo litaelong tsa hao.” O ile a phaella: “U molemo ’me u etsa se molemo. Nthute litaelo tsa hao.”—Pesaleme ea 119:66, 68, NW.
21 E, haeba re ithuta litaelo tsa Jehova ’me re li utloa, re tla hlaolela molemo. Ka mehla u hopole hore molemo ke tholoana ea moea. Haeba re kōpa moea oa Jehova ka thapelo, ho kopanela botsoalle le baena ba rōna ba Bakreste, le thuto ea Bibele, ka sebele re tla thusoa hore re hlaolele tšoaneleho ena. Ho feta moo, molemo o matla. O ka hlōla bobe. (Ba-Roma 12:21) Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re etsetse bohle se molemo, haholo-holo baena ba rōna ba Bakreste. (Ba-Galata 6:10) Haeba re etsa joalo, re tla ba har’a ba thabelang “khanya le tlhompho le khotso” tse tšepisitsoeng “e mong le e mong ea etsang se molemo.”—Ba-Roma 2:6-11, NW.
Na U ka Arabela?
◻ Ke joang re ka tsoelang pele ho etsa se molemo mabapi le balaoli ba phahameng?
◻ Har’a ba bang, ke bo-mang bao re tšoanelang ho ba nahanela?
◻ Mohau o iponahatsa ka litsela life?
◻ Ke liketso life tse bontšang ho fana ka seatla se bulehileng le moea oa ho amohela baeti tse khethollang Bakreste kajeno?
◻ Molemo o ka hlaoleloa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho nahanela ba bang ke tšobotsi e ’ngoe ea molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Joaloka Mosuoe e Moholo, Jesu o ile a itella ho thusa ba bang ka ho fana ka seatla se bulehileng