‘Tsoho ea Pele’—E Ntse e Tsoela Pele!
“Ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.”—1 BATHESALONIKA 4:16.
1, 2. (a) Ho na le tšepo efe bakeng sa ba shoeleng? (b) Lebaka la hore u lumele tsohong ea bafu ke lefe? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
“BA PHELANG baa tseba hore ba tla shoa.” Mantsoe ana a ’nile a phethahala ho tloha ha Adama a ne a etsa sebe. Ho pholletsa le histori, motho e mong le e mong ea kileng a ba teng o ne a ntse a tseba hore qetellong o tla shoa, ’me ba bangata ba ’nile ba ipotsa: ‘Ebe joale ho etsahala’ng ka mor’a moo? Boemo ba bafu ke bofe?’ Bibele e fana ka karabo: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5.
2 Joale, na ebe ho na le tšepo bakeng sa ba shoeleng? E, e teng. Ha e le hantle, e tlameha ebe ho na le tšepo bakeng sa ba shoeleng haeba seo Molimo a neng a se reretse batho tšimolohong se tla phethahala. Ka lilemo tse makholo, bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ’nile ba bontša tumelo tšepisong ea Jehova e mabapi le Peō e neng e tla timetsa Satane le ho lokisa tšenyo eo a e bakileng. (Genese 3:15) Ba bangata ba bona ba shoele. Haeba ba tla bona ha tšepiso eo e phethahala le ho bona ha litšepiso tse ling tseo Jehova a li entseng li phethahala, ba lokela ho tsosoa bafung. (Baheberu 11:13) Na seo se ka etsahala? E, se ka etsahala. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Pauluse o kile a tsosa mohlankana e mong ea neng a bitsoa Eutikase, ea ileng a oa fensetereng e neng e le mokatong oa boraro eaba o “nkoa a se a shoele.” Tsoho ena ke ea ho qetela ho tse robong tse tlalehiloeng ka Bibeleng.—Liketso 20:7-12.a
3. Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 5:28, 29 a ile a u tšelisa joang, hona hobane’ng?
3 Ho tsoha ha batho bao ba robong bafung ho fana ka motheo oa ho lumela mantsoe a Pauluse. Ho matlafatsa tšepo ea rōna tšepisong ea Jesu e reng: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Mantsoe ao a khothatsa hakaakang! ’Me ke matšeliso a makaakang ho batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona!
4, 5. Bibele e bua ka mefuta efe e sa tšoaneng ea tsoho, ’me re tla tšohla ofe sehloohong see?
4 Boholo ba batho ba tsosoang bo tla tsosetsoa lefatšeng la khotso ’Musong oa Molimo. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Esaia 11:6-9; 35:5, 6; 65:21-23) Leha ho le joalo, ho na le batho ba bang ba neng ba lokela ho tsosoa pele seo se etsahala. Pele, Jesu Kreste o ne a lokela ho tsosoa e le hore a hlahise molemo oa sehlabelo sa hae ho Molimo bakeng sa rōna. Jesu o ile a shoa ’me a tsosoa ka 33 C.E.
5 Joale, litho tse tlotsitsoeng tsa “Iseraele ea Molimo” li lokela ho ba le Morena Jesu Kreste khanyeng ea leholimo, moo li “tla ba le Morena kamehla.” (Bagalata 6:16; 1 Bathesalonika 4:17) Ketsahalo eo e bitsoa “tsoho ea pejana” kapa ‘tsoho ea pele.’ (Bafilipi 3:10, 11; Tšenolo 20:6) Ha tsoho eo e se e phethiloe, e tla be e le nako ea hore batho ba limilione ba tsosetsoe lefatšeng ba e-na le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng, re thahasella haholo ho tseba ka ‘tsoho ea pele.’ Ke tsoho ea mofuta ofe? E etsahala neng?
“Ka ’Mele oa Mofuta Ofe?”
6, 7. (a) Pele Bakreste ba tlotsitsoeng ba ka ea leholimong, ke eng e lokelang ho etsahala? (b) Ba tla tsosoa ka ’mele oa mofuta ofe?
6 Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o botsa potso ena mabapi le tsoho ea pele: “Bafu ba tla tsosoa joang? E, ba tla ka ’mele oa mofuta ofe?” Joale o araba potso eo ka ho re: “Seo u se jalang ha se phelisoe ntle le hore pele se shoe . . . empa Molimo o [se] fa ’mele feela joalokaha ho mo khahlile . . . Khanya ea ’mele ea leholimo ke mofuta o mong, ’me ea ’mele ea lefatše ke mofuta o fapaneng.”—1 Bakorinthe 15:35-40.
7 Mantsoe a Pauluse a bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ba lokela ho shoa pele, pele ba ka amohela moputso oa bona oa leholimo. Ha ba e-shoa, ’mele ea bona ea lefatše e khutlela lerōleng. (Genese 3:19) Ka nako e behiloeng ea Molimo, ba tsosoa ka mofuta oa ’mele o loketseng bophelo ba leholimong. (1 Johanne 3:2) Hape Molimo o ba fa ho se shoe. Ena hase ntho eo ba tsoetsoeng ba e-na le eona, joalokaha eka ka hare ho bona ho bululetsoe ntho eo ho ka thoeng ke moea o sa shoeng. Pauluse o re: “Sena se ka bolang se tla apara ho se bole.” Ho se shoe ke mpho e tsoang ho Molimo, e ‘aparoang’ ke ba nang le kabelo tsohong ea pele.—1 Bakorinthe 15:50, 53; Genese 2:7; 2 Bakorinthe 5:1, 2, 8.
8. Re tseba joang hore Molimo ha a khethe ba 144 000 har’a litho tsa malumeli a fapa-fapaneng?
8 Ke ba 144 000 feela ba nang le kabelo tsohong ea pele. Jehova o qalile ho ba khetha ka Pentekonta ea 33 C.E., nakoana ka mor’a hore a tsose Jesu. ‘Lebitso la [Jesu] le lebitso la Ntate oa hae le ngotsoe liphatleng tsa bona’ kaofela. (Tšenolo 14:1, 3) Kahoo, ha ba khethoe malumeling a mangata a fapa-fapaneng. Kaofela ha bona ke Bakreste, ’me kaofela ha bona ba motlotlo ho bitsoa ka lebitso la Ntate—e leng Jehova. Ha ba tsosoa, ba fuoa mosebetsi o itseng maholimong. Tšepo ea ho sebeletsa Molimo ka tsela e tobileng joalo e ba thabisa haholo.
Na e Ntse e Tsoela Pele?
9. Tšenolo 12:7 le 17:14 e re thusa joang ho hakanya nako eo tsoho ea pele e qalang ka eona?
9 Tsoho ea pele e etsahala neng? Ho na le bopaki bo matla ba hore e ntse e tsoela pele. Ka mohlala, bapisa likhaolo tse peli tsa buka ea Tšenolo. Pele, sheba Tšenolo khaolo ea 12. Khaolong eo re bala hore Jesu Kreste ea sa tsoa behoa teroneng, a e-na le mangeloi a hae a halalelang, o loana le Satane le bademona ba hae. (Tšenolo 12:7-9) Joalokaha makasine ena e ’nile ea bontša khafetsa, ntoa eo e qalile ka 1914.b Leha ho le joalo, hlokomela hore, ha ho le ea mong oa balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng eo ho thoeng o na le Jesu ntoeng eo ea leholimo. Joale, sheba khaolo ea 17 ea buka ea Tšenolo. Khaolong eo re bala hore ka mor’a ho timetsoa ha “Babylona e Moholo,” Konyana e tla hlōla lichaba. Joale e phaella ka ho re: “Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.” (Tšenolo 17:5, 14) E tlameha ebe “ba khethiloeng le ba tšepahalang” ba ne ba se ntse ba tsositsoe haeba ba na le Jesu ha lefatše la Satane le hlōloa ka ho feletseng. Joale, hoa utloahala hore, batlotsuoa ba shoang pele ho Armagedone ba tsosoa neng-neng pakeng tsa 1914 le Armagedone.
10, 11. (a) Baholo ba 24 ke bo-mang, hona e mong oa bona o senolela Johanne eng? (b) Re ka etsa qeto efe tabeng ee?
10 Na re ka bolela ka ho toba hore na tsoho ea pele e qala neng? Ho na le boitsebiso bo thahasellisang ho Tšenolo 7:9-15, moo moapostola Johanne a hlalosang pono ea hae ea “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala.” E mong oa baholo ba 24 o senolela Johanne hore na bongata boo bo boholo ke bo-mang, ’me baholo bana ba emela majalefa-’moho le Kreste a 144 000 khanyeng ea ’ona ea leholimo.c (Luka 22:28-30; Tšenolo 4:4) Johanne ka boeena o ne a e-na le tšepo ea ho phela leholimong; empa kaha e ne e sa ntse e le motho lefatšeng ha moholo eo a ne a bua le eena, e tlameha ebe ponong, Johanne o emela batlotsuoa ba leng lefatšeng ba e-song ho fumane moputso oa bona oa leholimo.
11 Kahoo, re ka etsa qeto efe ka taba ea hore e mong oa baholo ba 24 o tsebisa Johanne hore na bongata bona bo boholo ke bo-mang? Kamoo ho bonahalang kateng ho ka etsahala hore ba tsositsoeng bao e leng karolo ea sehlopha sa baholo ba 24 baa ameha tabeng ea ho fetisa linnete tse tsoang ho Molimo kajeno. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa? Ke hobane ka 1935, bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ba ile ba senoleloa hantle hore na bongata bona bo boholo ke bo-mang. Haeba ho ne ho sebelisitsoe e mong oa baholo ba 24 ho fetisa ’nete eo ea bohlokoa, e ne e tlameha hore ebe o ile a tsosetsoa leholimong bonyane ka 1935. Seo se ne se tla bontša hore tsoho ea pele e qalile neng-neng pakeng tsa 1914 le 1935. Na re ka fana ka karabo e tobileng haholoanyane tabeng ee?
12. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha nako ea selemo ea 1918 e ka ’na ea nkoa e le nako eo mohlomong tsoho ea pele e qalileng ka eona.
12 Ntlheng ena, ho ka ba molemo ho tšohla seo re ka ’nang ra se nka e le taba e tšoanang le ena ka Bibeleng. Jesu Kreste o ile a tlotsoa hore e be Morena oa ka moso oa ’Muso oa Molimo nakong ea hoetla ka 29 C.E. Lilemo tse tharo le halofo hamorao, nakong ea selemo ka 33 C.E., o ile a tsosoa e le motho ea matla oa moea. Joale, na re ka nahana hore kaha Jesu o ile a behoa teroneng nakong ea hoetla ka 1914, tsoho ea balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba tšepahalang e qalile lilemo tse tharo le halofo hamorao, nakong ea selemo ka 1918? Eo ke taba e thahasellisang e ka ’nang eaba e etsahetse. Le hoja taba ena e sa tšehetsoe ka ho toba ka Bibeleng, e lumellana le mangolo a mang a bontšang hore tsoho ea pele e ile ea qala nakoana ka mor’a ho qaleha ha nako ea ho ba teng ha Kreste.
13. Bathesalonika ba Pele 4:15-17 e bontša joang hore tsoho ea pele e qalile tšimolohong ea nako ea ho ba teng ha Kreste?
13 Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola: “Rōna ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena [eseng, ho fihlela qetellong ea ho ba teng ha hae] ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; hobane Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele. Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona, re tla nkeloa marung ho ea kopana le Morena moeeng; ka tsela ena re tla ba le Morena kamehla.” (1 Bathesalonika 4:15-17) Ka hona, Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoang pele ho nako ea ho ba teng ha Kreste ba ile ba tsosetsoa ho ea phela leholimong pele ho ba neng ba ntse ba phela nakong ea ho ba teng ha Kreste. Sena se bolela hore e tlameha ebe tsoho ea pele e qalile tšimolohong ea nako ea ho ba teng ha Kreste, ’me e tsoela pele le “nakong ea ho ba teng ha hae.” (1 Bakorinthe 15:23) Ho e-na le hore ebe bohle ba tsosoa ka nako e le ’ngoe, tsoho ea pele e nka nako e itseng.
“E Mong le e Mong oa Bona a Fuoa Seaparo se Selelele sa ka Holimo se Sesoeu”
14. (a) Lipono tse tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 6 li phethahala neng? (b) Ho hlalosoa eng ho Tšenolo 6:9?
14 Nahana hape ka bopaki bo fumanoang ho Tšenolo khaolo ea 6. Mono Jesu o bonoa a palame pere e le Morena ea hlōlang. (Tšenolo 6:2) Lichaba li tšoarehile lintoeng tse matla haholo. (Tšenolo 6:4) Tlala e jele setsi. (Tšenolo 6:5, 6) Mafu a seoa a bolaeang a timetsa moloko oa batho. (Tšenolo 6:8) Liketsahalo tsena kaofela tse profetiloeng li tšoanela hantle maemo a lefatše a bileng teng ho tloha ka 1914. Empa ho na le ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala. Re hlokomelisoa ka aletare ea mahlabelo. Botlaaseng ba eona ho na le “meea ea ba bolailoeng ka lebaka la lentsoe la Molimo le ka lebaka la mosebetsi oa bopaki oo ba neng ba e-na le oona.” (Tšenolo 6:9) Kaha “moea [kapa, bophelo] oa nama o maling,” mali a bahlanka ba tšepahalang ba Jesu ba ileng ba bolaoa ka lebaka la ho paka ha bona ka sebete le ka mafolofolo ke ’ona ao a hlileng a emeloang ke ntho e botlaaseng ba aletare.—Levitike 17:11.
15, 16. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho thoe mantsoe a ho Tšenolo 6:10, 11 a bua ka tsoho ea pele?
15 Mali a bashoela-tumelo bana ba Bakreste a hoeletsa a batla toka joaloka mali a Abele ea lokileng. (Genese 4:10) “Ba hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ba re: ‘’Musi Morena ea halalelang le oa ’nete, u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola le ho pheteletsa mali a rōna holim’a ba lulang lefatšeng?’” Ka mor’a moo ha etsahala’ng? “E mong le e mong oa bona a fuoa seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu; ’me ba bolelloa hore ba phomole ka nakoana e eketsehileng, ho fihlela ha palo e tlatsitsoe le ea makhoba-’moho le bona le barab’abo bona ba neng ba le haufi le ho bolaoa joalokaha le bona ba ne ba bolailoe.”—Tšenolo 6:10, 11.
16 Na liaparo tsee tse telele tsa ka holimo tse tšoeu li ile tsa fuoa mali a mangata a neng a le botlaaseng ba aletare? Ho hlakile hore ha ho joalo! Liaparo tsena tse telele tsa ka holimo li ile tsa fuoa batho bao ka tsela ea tšoantšetso, mali a bona a neng a tšolotsoe aletareng. Ba ile ba tela bophelo ba bona ka lebaka la lebitso la Jesu ’me joale ba ne ba tsositsoe e le batho ba moea. Re tseba seo joang? Pejana bukeng ea Tšenolo, re balile taba e reng: “Kahoo ea hlōlang o tla apesoa liaparo tsa ka ntle tse tšoeu; ho hang nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo.” Hape, hopola hore baholo ba 24 ba ne “ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu, ’me ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona.” (Tšenolo 3:5; 4:4) Kahoo ka mor’a hore ntoa, tlala le mafu a seoa li qale ho senya lefatše, ba bang ba batho bana ba 144 000 ba neng ba shoele, ba emeloang ke mali a leng botlaaseng ba aletare, ba ile ba tsosetsoa ho ea phela leholimong ’me ba apara liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu tsa tšoantšetso.
17. Ba fuoang liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu ba lokela ho ‘phomola’ ka tsela efe?
17 Bana ba sa tsoa tsosoa ba lokela ho ‘phomola.’ Ba lokela ho letela letsatsi la Molimo la phetetso ba sa fele pelo. “Makhoba-’moho le bona,” e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng, ke hona ba sa ntseng ba lokela ho bontša hore baa tšepahala ha ba lekoa. ‘Phomolo’ eo e tla fela ha nako ea kahlolo ea Molimo e fihla. (Tšenolo 7:3) Ka nako eo, ba tsositsoeng ba tla kopanela le Morena Jesu Kreste ha a timetsa ba khopo, ho akarelletsa le ba tšolotseng mali a Bakreste ba se nang molato.—2 Bathesalonika 1:7-10.
Seo Taba Ena e se Bolelang ho Rōna
18, 19. (a) Ke ka mabaka afe u ka etsang qeto ea hore tsoho ea pele e ntse e tsoela pele? (b) Tsela eo u utloisisang taba ea tsoho ea pele ka eona e etsa hore u ikutloe joang?
18 Lentsoe la Molimo ha le bolele nako e tobileng eo tsoho ea pele e etsahalang ka eona, empa le bolela hore e etsahala ka nako e itseng, nakong ea ho ba teng ha Kreste. Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng pele ho qaleha nako ea ho ba teng ha Kreste ba tla tsosoa pele. Ha nako ea ho ba teng ha Kreste e ntse e tsoela pele, Bakreste ba tlotsitsoeng ba phethang tsela ea bona ea lefatšeng ba tšepahetse ba fetoloa “ka ho panya ha leihlo” hore e be libōpuoa tse matla tsa moea. (1 Bakorinthe 15:52) Na batlotsuoa kaofela ba tla fumana moputso oa bona oa leholimo pele ho ntoa ea Armagedone? Ha re tsebe. Leha ho le joalo, seo re se tsebang ke hore, ka nako e tšoanetseng ea Molimo, bohle ba 144 000 ba tla fumanoa ba eme Thabeng ea Sione ea leholimo.
19 Hape rea tseba hore boholo ba batho bana ba 144 000 bo se bo ntse bo e-na le Kreste. Ho setse ba seng ba kae feela lefatšeng. Ka sebele eo ke pontšo e matla ea hore nako ea Molimo ea kahlolo e atamela ka potlako! Haufinyane, tsamaiso eohle ea lefatše la Satane e tla timetsoa. Satane ka boeena o tla koalloa sekoting. Joale, tsoho ea batho ka kakaretso e ka qala, ’me ka sehlabelo sa Jesu sa topollo, batho ba tšepahalang ba ka etsoa hore ba fihle boemong ba ho phethahala bo tšoanang le bo ileng ba lahlehela Adama. Boprofeta ba Jehova bo tlalehiloeng ho Genese 3:15 bo phethahala ka mokhoa o babatsehang. Ka sebele ke tokelo e khōlō ho phela mehleng ena!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tse ling tse robeli, bona 1 Marena 17:21-23; 2 Marena 4:32-37; 13:21; Mareka 5:35, 41-43; Luka 7:11-17; 24:34; Johanne 11:43-45; Liketso 9:36-42.
b Ho fumana bopaki ba Mangolo ba hore ho ba teng ha Kreste ho qalile ka 1914, bona buka e bitsoang Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 215-18, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c Ho fumana boitsebiso mabapi le hore na re tseba joang hore baholo ba 24 ba emela Bakreste ba tlotsitsoeng ba leng leholimong, bona buka e bitsoang Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leqepheng la 77, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
Mangolo a latelang a re thusa joang ho lemoha nako eo “tsoho ea pele” e etsahalang ka eona?
• 1 Bakorinthe 15:23; 1 Bathesalonika 4:15-17
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke mefuta efe ea tsoho e etsahalang pele ho tsosoa batho ka kakaretso?
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Batho ba itseng ba neng ba robetse lefung ba fuoa seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu ka tsela efe?