SEHLOOHO SE ITHUTOANG 36
Lula U Lebeletse Armagedone ka Tjantjello!
“Tsa a bokellela . . . Har–Magedone.” —TŠEN. 16:16
PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle
SELELEKELAa
1-2. (a) Ke hobane’ng ha ntoa ea Armagedone e tla ba e thabisang bakeng sa batho? (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?
BATHO ba bangata ba lumela hore ho tl’o ba le ntoa kapa koluoa ea tlhaho e tla felisa lefatše ka ho feletseng. Empa Bibele eona e bua ka ntoa ea Armagedone hore e tl’o ba le liphello tse ntle ’me e tla thabisa batho ba bang. (Tšen. 1:3) Ntoa ea Armagedone ha e tl’o felisa batho empa e tl’o ba pholosa. Ka tsela efe?
2 Bibele e re ntoa ea Armagedone e tla pholosa batho ka hore e felise mebuso ea batho. Ntoa eo, e tla boela e pholose batho ba lokileng ebe e felisa ba khopo. Hape e tla pholosa batho ka hore e sireletse lefatše leo re phelang ho lona e le hore le se ke la senngoa. (Tšen. 11:18) E le hore re utloisise lintlha tsena hantle, sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena tse ’nè: Armagedone ke’ng? Ke lintho life tse tl’o etsahala pele ho eona? Re ka etsa’ng e le hore re tle re be har’a ba tla pholoha Armagedone? Re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala ha Armagedone e ntse e atamela?
ARMAGEDONE KE’NG?
3. (a) “Armagedone” e akareletsa’ng? (b) Tšenolo 16:14, 16 e bontša joang hore Armagedone ha se sebaka se teng lefatšeng moo?
3 Bala Tšenolo 16:14, 16. Lentsoe “Har–Magedone” le hlaha hanngoe feela ka Mangolong ’me le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang Thaba ea Megido. (Tšen. 16:16) Megido e ne e le o mong oa metse ea Iseraele ea boholo-holo. (Josh. 17:11) Armagedone ha se sebaka se teng mona lefatšeng. Empa ke ha “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a ikopanya ho ba khahlanong le Jehova. (Tšen. 16:14). Leha ho le joalo, sehloohong sena re tl’o boela re sebelisa lentsoe Armagedone ho bua ka ntoa e tl’o latela hang-hang ka mor’a hore marena a lefatše a ikopanye. Re tseba joang hore Armagedone ke sebaka sa tšoantšetso? Taba ea pele, ha ho na sebaka lefatšeng mona se bitsoang thaba ea Megido. Ea bobeli, sebaka se potolohileng Megido se senyane hoo, ho ke keng ha fella “marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona” le mabotho a tsona hammoho le likoloi tsa tsona tsa ntoa. Ea boraro, joalokaha re tla bona ha re ntse re theoha le sehlooho sena, ntoa ea Armagedone e tla qala ha “marena” a lefatše a hlasela batho ba Molimo ba lefatšeng lohle.
4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amahanya ntoa ea hae ea letsatsi le leholo le Megido?
4 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amahanya ntoa ea hae ea letsatsi le leholo le Megido? Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, lintoa tse ngata li ne li loaneloa Megido le sebakeng se haufi sa phula ea Jezriele. Ka linako tse ling, Jehova o ne a thusa bahlanka ba hae hore ba hlole lintoa tseo. Mohlala, Molimo o ile a sebelisa ‘metsi a Megido’ ho thusa Moahloli oa Baiseraele e leng Barake hore a hlole lebotho la Bakanana le neng le eteletsoe pele ke Sisera. Barake hammoho le moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora, ba ile ba rorisa Jehova ka hore ebe o ba thusitse ho hlola ntoa eo ka mohlolo. Ba ile ba binela Jehova ba re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera. Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola.”—Baahl. 5:19-21.
5. Ntoa ea Armagedone e tla fapana joang le ntoa eo Barake a ileng a e loana?
5 Barake le Debora ba ile ba qetella pina ea bona ka mantsoe a reng: “Kahoo lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Ka tsela e tšoanang, ka ntoa ea Armagedone, lira tsohle tsa Molimo li tla felisoa ebe batho ba ratang Molimo, bona ba pholosoa. Empa ho na le ntho ea bohlokoa eo lintoa tsena tse peli li fapanang ka eona. Ka Armagedone, bahlanka ba Molimo ba ke ke ba loana. Ho ke ke ha fumanoa le libetsa feela ho bona. ‘Matla a bona e tla ba ho lula ba sa khathatseha ’me ba e-na le tšepo’ ho Jehova le mabotho a hae a leholimo.—Esa. 30:15; Tšen. 19:11-15.
6. Jehova a ka ’na a sebelisa’ng ho timetsa lira tsa hae ka Armagedone?
6 Molimo o tl’o hlola lira tsa hae joang ka ntoa ea Armagedone? A ka ’na a sebelisa mekhoa e mengata e sa tšoaneng. Ka mohlala, a ka ’na a sebelisa litšisinyeho tsa lefatše, sefako le letolo. (Jobo 38:22, 23; Ezek. 38:19-22) A ka ’na a etsa hore lira tsa hae li loantšane ka botsona. (2 Likron. 20:17, 22, 23) Kapa mohlomong a sebelise mangeloi a hae ho timetsa batho ba khopo. (Esa. 37:36) Ho sa tsotellehe hore na Molimo o sebelisang, o tla hlola. Lira tsohle tsa hae li tla felisoa. ’Me batho bohle ba lokileng ba tla pholoha.—Liprov. 3:25, 26.
HO TLA ETSAHALA’NG PELE ARMAGEDONE E QALA?
7-8. (a) Ho ea ka 1 Bathesalonika 5:1-6, ke molaetsa ofe o sa tloaelehang oo marena a lefatše a tla o phatlalatsa? (b) Ke hobane’ng ha molaetsa oo e tla be e le leshano le kotsi?
7 Mohoo oa “khotso le tšireletseho” o tla etsahala pele ho “letsatsi la Jehova.” (Bala 1 Bathesalonika 5:1-6.) Ho 1 Bathesalonika 5:2, “letsatsi la Jehova” le emela ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:14) Re tl’o tseba joang ha matšoenyeho ao a le haufi le ho qala? Bibele e re ho tla ba le molaetsa o sa tloaelehang o tla phatlalatsoa. Molaetsa oo e tla ba letšoao la hore matšoenyeho a maholo a haufi le ho qala.
8 E tla ba molaetsa oa ho phatlalatsa “khotso le tšireletseho” oo ho ileng ha buuoa ka oona esale pele. Ke hobane’ng ha marena a lefatše a tla cho joalo? Na baeta-pele ba bolumeli le bona ba tla kenya letsoho? Mohlomong. Leha ho le joalo, molaetsa oo e tla be e le leshano le susumetsoang ke bademona. Leshano leo le tl’o ba kotsi hobane le tl’o fa batho maikutlo a fosahetseng a hore ba sireletsehile pele ba oeloa ke koluoa ea matšoenyeho ao batho ba e-s’o a bone haesale lefatše le thehoa. Kannete “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana.” Joale, ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova? Ba ka ’na ba tšoha ha letsatsi la Jehova le qala empa ba tla be ba le lebeletse.
9. Jehova o tl’o felisa tsamaiso e khopo ea Satane joang?
9 Jehova a ke ke a felisa tsamaiso e khopo ea Satane ka nako e le ’ngoe joalokaha a ile a etsa mehleng ea Noe. Ho e-na le hoo, o tl’o e felisa ka mekhahlelo e ’meli. Oa pele, o tl’o felisa Babylona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ebe ka Armagedone, o felisa tsamaiso e khopo ea Satane e akarelletsang lipolotiki, sesole le khoebo. Hona joale, a re ke re bueng ka mekhahlelo eo ho se hokae.
10. Ho ea ka Tšenolo 17:1, 6 le 18:24, ke hobane’ng ha Jehova a tl’o felisa Babylona e Moholo?
10 “Kahlolo ea seotsoa se seholo.” (Bala Tšenolo 17:1, 6; 18:24.) Babylona e Moholo o entse hore batho ba bangata ba se ke ba hlompha Molimo. O rutile batho mashano ka Molimo. O entse bohlola le marena a lefatše ka hore a tšehetse mebuso ea ’ona. O sotlile litho tsa hae le ho li nkela chelete ka mahahapa. O boetse o bolaile batho ba bangata ho akareletsa le bahlanka ba Molimo. (Tšen. 19:2) Joale, Jehova o tl’o mo felisa joang?
11. “Sebata se ’mala o sekareleta” ke’ng, hona Molimo o tl’o se sebelisa joang khahlanong le Babylona e Moholo?
11 Jehova o tl’o sebelisa “linaka tse leshome” tsa “sebata se ’mala o sekareleta” ho timetsa “seotsoa se seholo.” Sebata seo sa tšoantšetso se emela mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Linaka tse leshome li emela mebuso ea lipolotiki e tšehetsang mokhatlo oo. Ka nako ea Molimo e loketseng, mebuso eo ea lipolotiki e tla hlasela Babylona e Moholo. Mebuso eo e “tla ripitla [seotsoa se seholo] le ho se hlobolisa” ka ho se nkela maruo a sona le ho pepesa bokhopo ba sona. (Tšen. 17:3, 16) Ho timetsoa hoo ha tšohanyetso ho tla ba joalokaha eka ho etsahetse ka letsatsi le le leng, ho tla makatsa ho be ho tšose batho ba neng ba tšehetsa seotsoa seo. Lebaka ke hobane se ne se tloaetse ho re: “Ke lutse ke le mofumahali, ’me ha ke mohlolohali, ’me le ka mohla nke ke ka bona ho siama.”—Tšen. 18:7, 8.
12. Jehova a ke ke lumella mebuso hore e etse’ng, hona hobane’ng?
12 Molimo a ke ke a lumella mebuso hore e felise batho ba hae hobane ba jere lebitso la hae hape ba mametse taelo ea hae ea hore ba tsoe Babylona e Moholo. (Lik. 15:16, 17; Tšen. 18:4) Ba boetse ba sebetsa ka thata ho thusa batho ba bang hore ba tsoe Babylona. Kahoo, bahlanka ba Jehova ba ke ke ba “amohela karolo ea likotlo tsa [Babylona].” Leha ho le joalo, tumelo ea bona e ntse e tla lekoa.
13. (a) Gogo oa naha ea Magogo ke’ng? (b) Ho ea ka Ezekiele 38:2, 8, 9, Gogo o tla isoa ke’ng sebakeng sa tšoantšetso sa Armagedone?
13 Gogo oa hlasela. (Bala Ezekiele 38:2, 8, 9.) Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, bahlanka ba Jehova e tla be e le bona feela ba setseng. Satane o tla halefa hampe. O tla halefa hoo a tla sebelisa “lipolelo tse bululetsoeng” e leng mashano a tsoang ho bademona ho susumetsa mebuso hore e ikopanye e le hore e hlasele bahlanka ba Jehova. (Tšen. 16:13, 14) Ho ikopanya hoo ha mebuso ho bitsoa “Gogo oa naha ea Magogo.” Ha mebuso e qala ho hlasela bahlanka ba Jehova, ho tla tšoana leha eka e fihlile sebakeng sane sa tšoantšetso se bitsoang Armagedone.—Tšen. 16:16.
14. Gogo o tla bona’ng?
14 Gogo o tla tšepa “letsoho la nama” e leng mabotho a hae a sesole. (2 Likron. 32:8) Rona re tla tšepa Jehova Molimo oa rona, e leng ntho e tla bonahala e le booatla mahlong a Gogo. Hobane’ng? Hobane Babylona e Moholo o ne a le matla empa melimo ea hae ha e-ea ka ea mo sireletsa ho “sebata” le “linaka tse leshome.” (Tšen. 17:16) Kahoo, Gogo o tla nahana hore o tla re hlola habonolo feela. O tla re hlasela “joaloka maru a koahelang naha.” (Ezek. 38:16) Empa ho e-s’o ee kae, Gogo o tla bona hore o ikentse tšotso linaleng. Joaloka Faro ha a ne a le Leoatleng le Lefubelu, Gogo o tla bona hore o loantša Jehova.—Ex. 14:1-4; Ezek. 38:3, 4, 18, 21-23.
15. Jesu o tla etsa’ng ka ntoa ea Armagedone?
15 Kreste a e-na le mabotho a hae a leholimo, ba tla sireletsa bahlanka ba Molimo ’me ba felise mebuso le sesole sa eona. (Tšen. 19:11, 14, 15) Empa ho tla etsahala’ng ka sera se seholo sa Jehova e leng Satane, se thetsitseng mebuso ’me sa etsa hore e hlasele batho ba Molimo ntoeng ea Armagedone? Jesu o tla mo lahlela ka sekoting se tebileng hammoho le bademona ba hae, e leng moo ba tla koalloa teng ka lilemo tse sekete.—Tšen. 20:1-3.
U TLA SIRELETSOA JOANG KA ARMAGEDONE?
16. (a) Re ka bontša joang hore re ‘tseba Molimo’? (b) Ho tla etsahala’ng ka batho ba tsebang Jehova nakong ea ntoa ea Armagedone?
16 Ebang ke khale re sebeletsa Jehova kapa che, e le hore re tle re sireletsoe ka Armagedone, re lokela ho ‘tseba Molimo’ le hore re ‘mamele litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu.’ (2 Bathes. 1:7-9) Re tseba Molimo ka hore re tsebe melao ea hae, re tsebe hore na o rata’ng le hore na ha a rate’ng. Re boetse re bontša hore rea mo tseba ka hore re mo rate, re mo mamele le ho rapela eena feela. (1 Joh. 2:3-5; 5:3) Ha re bontša hore re tseba Molimo, re tla ba le tlotla ea ho “tsejoa ke eena,” e leng ntho e tla etsa hore a re sireletse ka Armagedone. (1 Bakor. 8:3) Ka tsela efe? Ha re tsejoa ke Molimo, taba eo e bontša hore oa re amohela.
17. Ho mamela “litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu” ho akareletsa’ng?
17 “Litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu” li akareletsa lithuto tsa Jesu tseo re li balang ka Bibeleng. Re mamela lithuto tsa Jesu ka hore re li sebelise bophelong ba rona. Re boetse re etsa hore mosebetsi oa Jehova o tle pele bophelong ba rona. Re ikobela melao ea hae hape re ruta batho ka ’Muso oa hae. (Mat. 6:33; 24:14) Hape re mamela lithuto tsa Jesu ka hore re tšehetse barab’abo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona oa bohlokoa.—Mat. 25:31-40.
18. Batlotsuoa ba tla leboha barab’abo bona ba “linku tse ling” joang?
18 Haufinyane, batlotsuoa ba tla leboha barab’abo bona ba “linku tse ling” ka hore ebe ba ile ba ba mosa ho bona. (Joh. 10:16) Ba tla ba leboha joang? Pele ntoa ea Armagedone e qala, ba 144 000 ba tla be ba le leholimong e le bara ba Molimo ba fuoeng ’mele oa ho se shoe. Ka nako eo, e tla be e le karolo ea mabotho a leholimo a tla timetsa Gogo le ho sireletsa “bongata bo boholo” ba batho ba Jehova. (Tšen. 2:26, 27; 7:9, 10) Kannete bongata bo boholo bo tla thaba hore ebe bo ile ba tšehetsa batlotsuoa ba Jehova ha ba ntse ba le mona lefatšeng!
RE KA LULA RE TŠEPAHALA JOANG HA BOFELO BO NTSE BO ATAMELA?
19-20. Ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona, re ka lula re tšepahala joang ho fihlela Armagedone e fihla?
19 Bahlanka ba Jehova ba bangata ba mameletse mathata a boima matsatsing ana a ho qetela. Ho ntse ho le joalo, re ka khona ho mamella ba thabile. (Jak. 1:2-4) Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ke ho phehella thapelong. (Luka 21:36) Empa ha rea lokela ho rapela feela, re boetse re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, re nahanisise ka lintho tseo re li balang le ka boprofeta ba lintho tse tla etsahala haufinyane. (Pes. 77:12) Ha re etsa lintho tsena re bile re ithukhubetsa mosebetsing oa boboleli, tumelo ea rona e tla ba matla le tšepo ea rona e tla tiea.
20 U tla ikutloa joang ha Babylona e Moholo a felisitsoe le ntoa Armagedone e felile? Hape, u tla ikutloa joang ha batho bohle ba se ba hlompha Jehova le tokelo ea hae ea ho busa? (Ezek. 38:23) Ke ka lebaka leo batho ba tsebang Molimo, ba mamelang Mora oa hae le ba mamellang ho fihlela qetellong ba lokelang ho lebella Armagedone ka tjantjello.—Mat. 24:13.
PINA EA 143 Sebetsang le Ntse le Letile
a Haesale bahlanka ba Jehova ba emetse Armagedone ka nako e telele. Sehloohong sena, re tl’o hlalosa hore na Armagedone ke eng, hore na ke lintho life tse tla etsahala pele ho eona le hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala ha Armagedone e ntse e atamela ka potlako.
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Lintho tse tla etsahala. Re tla (1) tsoela pele re ruta batho Bibele ha re ntse re khona ho etsa joalo, (2) tsoela pele ho ithuta Bibele, le (3) ho tsoela pele re tšepa hore Jehova o tla re sireletsa.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mapolesa a haufi le ho itšohlometsa lelapeng la Bakreste ba bang ba kholisehileng hore Jesu le mangeloi a hae ba ntse ba bona hore na ho etsahala’ng.