Ho Khetholla “Motho ea Hlokang Molao”
“Ea hlokang molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa.”—2 BA-THESSALONIKA 2:8, “NW.”
1, 2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re khetholle motho ea hlokang molao?
RE PHELA mehleng ea ho hloka molao. Ke se etsahalang lefatšeng ka bophara. Kae kapa kae ho na le tšabo ea linokoane tse hlokang molao le tšokelo eo li re tlisetsang eona rōna ka borōna hammoho le thepa ea rōna. Leha ho le joalo, ho na le karolo e ’ngoe e potelletseng e hlokang molao haholo ho feta moo e ’nileng ea sebetsa ka makholo a mangata a lilemo. Ka Bibeleng e bitsoa “motho ea hlokang molao.”
2 Ke habohlokoa hore re khetholle motho enoa ea hlokang molao. Hobane’ng? Hobane o ikemiselitse ho senya boemo ba rōna bo botle pel’a Molimo hammoho le tšepo ea rōna ea bophelo bo sa feleng. Joang? Ka ho etsa hore re lahle ’nete ’me sebakeng sa eona re lumele mashano, e leng ho tla re khelosa hore re se ke ra rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Ho tsoa liketsong tsa hae ho hlakile hore karolo ena e hlokang molao ka ho khetheha e hanyetsa Molimo le merero ea oona, esita le batho ba oona ba inehetseng.
3. Bibele e re hlokomelisa ka ea hlokang molao joang?
3 Bibele e re bolella ka motho enoa ea hlokang molao ho 2 Ba-Thessalonika 2:3. (NW) Moapostola Pauluse, a bululetsoe ke moea oa Molimo, o ngotse: “Ho se be motho ea le ekang ka mokhoa ofe kapa ofe, hobane [letsatsi la Jehova la timetso ea tsamaiso ena e khopo] ha le na ho tla ntle le hore bokoenehi bo tle pele le motho ea hlokang molao a senolehe.” Mona Pauluse o ile a profeta hore bokoenehi bo ne bo tla hōla ’me motho ea hlokang molao o ne a tla bonahala pele ho bofelo ba tsamaiso ena. Ha e le hantle, temaneng ea 7 Pauluse o boletse: “Sephiri sa ho hloka molao hona se se se ntse se sebetsa.” Kahoo lekholong la pele la lilemo, enoa ea hlokang molao o ne a se a ntse a qalile ho iponahatsa.
Tšimoloho ea Motho ea Hlokang Molao
4. Moqali le motšehetsi oa motho ea hlokang molao ke mang?
4 Ke mang ea qalileng monna eo ea hlokang molao le ea mo tšehetsang? Pauluse oa arabela: “Ea khopo [“ea hlokang molao,” NW] o tla tla ka mesebetsi ea Satane, ’me o tla etsa liketso tse matla, le mehlolo le limakatso tse thetsang. O tla sebelisa mefuta eohle ea lithetso tsa bokhopo ho ba eang timelong, kahobane ha baa ka ba lumela ho rata ’nete e neng e tla ba pholosa.” (2 Ba-Thessalonika 2:9, 10, TLP) Kahoo Satane ke ntat’a motho ea hlokang molao e bile ke motšehetsi oa hae. ’Me feela joalokaha Satane a hanyetsa Jehova, merero ea Hae, le batho ba Hae, hoa tšoana le ka motho ea hlokang molao, e-bang oa ho hlokomela kapa che.
5. Ke qetello efe e letetseng ea hlokang molao le ba mo latelang?
5 Ba tsamaeang le motho ea hlokang molao ba tla hlaheloa ke qetello e tšoanang le ea hae—timetso: “Ea hlokang molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa . . . ’me a mo ripitle ka ponahatso ea boteng ba hae.” (2 Ba-Thessalonika 2:8, NW) Nako eo ea timetso ea motho ea hlokang molao hammoho le batšehetsi ba hae (“ba eang timelong”) haufinyane e tla tla “mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.”—2 Ba-Thessalonika 1:6-9.
6. Pauluse o fana ka boitsebiso bofe bo eketsehileng mabapi le ea hlokang molao?
6 Pauluse o tsoela pele ho hlalosa enoa ea hlokang molao, o re: “Ea hanang, ea iphahamisang holim’a hohle ho bitsoang Molimo, leha e le ho khumameloang, ’me o tla lula joale ka Molimo tempeleng ea Molimo, a ipeile Molimo.” (2 Ba-Thessalonika 2:4) Kahoo Pauluse o lemosa hore Satane o ne a tla phahamisa ea hlokang molao, molingoana oa bohata o rapeloang, ea neng a tla be a ipehe le ka holimo ho molao oa Molimo.
Ho Khetholla ea Hlokang Molao
7. Ke hobane’ng ha re fihlela qeto ea hore Pauluse o ne a sa bue ka motho a le mong, ’me motho ea hlokang molao o emela eng?
7 Na Pauluse o ne a bua ka motho a le mong? Che, hobane o bolela hore “motho” enoa o ile a bonahala mehleng ea Pauluse le hore o ne a tla tsoela pele ho ba teng ho fihlela Jehova a mo timetsa bofelong ba tsamaiso ena. Ka hona, o bile teng ka makholo a mangata a lilemo. Ka ho hlakileng, ha ho motho oa sebele ea phetseng nako e telele hakaalo. Kahoo polelo “motho ea hlokang molao” e tlameha e be e emela sehlopha se itseng sa batho.
8. Motho ea hlokang molao ke mang, ’me litšobotsi tse ling tse mo khethollang ke life?
8 Ke bo-mang? Bopaki bo bontša hore ke sehlopha sa baruti ba ikhohomosang, ba iphahamisang ba Bokreste-’mōtoana, bao ho theosa le makholo-kholo a lilemo ba ikentseng molao ka bobona. Sena se ka bonoa ka ’nete ea hore ho na le malumeli le lihlotšoana tsa bokhelohi tse fapaneng tse likete-kete Bokreste-’mōtoaneng, sehlotšoana ka seng se na le baruti ba sona, leha ho le joalo se seng le se seng se loantšana le tse ling karolong e itseng ea thuto kapa mokhoeng o itseng. Boemo bona ba karohano ke bopaki bo hlakileng ba hore ha ba latele molao oa Molimo. (Bapisa le Mikea 2:12; Mareka 3:24; Ba-Roma 16:17; 1 Ba-Korinthe 1:10.) Seo malumeli ana ’ohle a tšoanang ka sona ke hore ha aa khomarela lithuto tsa Bibele, a robile molao ona: “Le se ke la tlōlisa se ngoliloeng.”—1 Ba-Korinthe 4:6; bona le Mattheu 15:3, 9, 14.
9. Ke litumelo life tseo e seng tsa Mangolo tseo ea hlokang molao a li kentseng bakeng sa linnete tsa Bibele?
9 Ka hona, enoa ea hlokang molao ke motho ea entsoeng ka batho ba bangata: baruti ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. Kaofela ha bona, e-bang ke bapapa, baprista, bapatriareka, kapa baboleli ba Boprostanta, baa ikarabella libeng tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana. Ba nkile mashano a bohedene bakeng sa linnete tsa Molimo, ba rutile lithuto tseo e seng tsa Mangolo tse kang ho se shoe ha moea oa motho, mollo oa lihele, pelekatori, le Boraro-bo-bong. Ba tšoana le baeta-pele ba bolumeli bao Jesu a ileng a re ho bona: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho etsa litakatso tsa ntat’a lōna. . . . Ke raleshano le ntat’a leshano.” (Johanne 8:44, NW) Mekhoa ea bona e boetse e ba pepesa e le ba hlokang molao, hobane ba kopanela mesebetsing e robang melao ea Molimo. Ho batho ba joalo Jesu o re: “Tlohang ho ’na, lōna ba sebetsang ho hloka molao.”—Mattheu 7:21-23, NW.
Baa Iphahamisa
10. Ea hlokang molao o bile le kamano efe le babusi ba lipolotiki?
10 Histori e bontša hore ba ka har’a sehlopha sa motho enoa ea hlokang molao ba bontšitse boikhohomoso le boikakaso bo boholo hoo ba ’nileng ba laela babusi ba lefatše hore na ba etse’ng. Tlas’a lekoko la thuto ea ‘tokelo eo marena a e fuoeng ke Molimo,’ baruti ba ’nile ba ipolela e le bakena-lipakeng ba hlokahalang pakeng tsa babusi le Molimo. Ba ’nile ba roesa marena le lihlooho tsa mebuso meqhaka ba ba ba li tlosa teroneng ’me ba ’nile ba susumelletsa matšoele ho tšehetsa babusi kapa ho ba fetohela. Ha e le hantle, ho tšoana le baprista ba baholo ba Bajode ba ileng ba hana Jesu, ba itse: “Ha re na morena, ha e se Cesare.” (Johanne 19:15) Leha ho le joalo, Jesu o rutile ka ho hlaka: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”—Johanne 18:36, NW.
11. Baruti ba iphahamisitse joang?
11 Hore ba iphahamisetse le holim’a batho ba tloaelehileng, sehlopha sena se hlokang molao se inketse liaparo tse fapaneng, hangata tse ntšo. Ho feta moo, ba ’nile ba ikhabisa ka mefuta eohle ea matšoao a maholo a borena, hammoho le meqhaka, lifapano, le likatiba tse khethehileng. (Bapisa le Mattheu 23:5, 6.) Empa Jesu le balateli ba hae ba ne ba se na liaparo tse joalo; ba ne ba apara joaloka batho ba tloaelehileng. Baruti ba boetse ba inketse litlotla tse kang “Ntate,” “Ntate ea Halalelang,” “Reverend,” “Most Reverend,” “His Excellency,” le “Mobabatsehi,” e leng tse phaellang tabeng ea ‘ho iphahamisetsa ha bona holim’a e mong le e mong.’ Leha ho le joalo, Jesu o rutile tjena mabapi le litlotla tse joalo tsa bolumeli: “Le se ke la bitsa motho lefatšeng ntat’a lōna.” (Mattheu 23:9) Ka ho tšoanang, ha Elihu a khalemela batšelisi ba baikaketsi ba Jobo, o ile a re: “Ka kōpo, ha ke se ke ka bontša leeme ho motho; ’me ho motho oa lefatše ha ke na ho fana ka tlotla.”—Jobo 32:21, NW.
12. Pauluse o itse baruti ba ne ba hlile ba sebeletsa mang?
12 Ha Pauluse morao koana mehleng ea hae a bolela hore motho ea hlokang molao o ne a se a ntse a qalile mosebetsi oa hae, mabapi le ba bontšang boikutlo ba ea hlokang molao eo o ile a re: “Hobane batho ba joalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste. ’Me hase ho ka makatsang, etsoe Satane le eena a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ea bona e tla lekana le mesebetsi ea bona.”—2 Ba-Korinthe 11:13-15.
Borabele Khahlanong le Borapeli ba ’Nete
13. Bokoenehi boo Pauluse a bo boletseng esale pele ke eng?
13 Pauluse o boletse hore motho enoa ea hlokang molao o ne a tla hōla ’moho le bokoenehi. Ha e le hantle, ntlha ea pele eo Pauluse a fanang ka eona e thusang ho khetholla sehlopha sena se hlokang molao ke hore “letsatsi la Jehova [ha Jehova a timetsa tsamaiso ena e hlokang molao ea lintho] . . . ha le na ho tla ntle le hore bokoenehi bo tle pele.” (2 Ba-Thessalonika 2:2, 3, NW) Empa ho boleloa’ng ka “bokoenehi”? Moelelong ona ha bo bolele feela ho kheloha kapa ho oa ka baka la bofokoli moeeng. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona bakeng sa “bokoenehi,” har’a tse ling, le ne le bolela ho “furalla” kapa ho “fetohela.” Liphetolelo tse ’maloa li le fetolela e le “borabele.” Phetolelo ea William Barclay ea bolela: “Letsatsi leo le ke ke la tla ho fihlela Borabele bo Boholo bo etsahetse.” The Jerusalem Bible e bo bitsa “Phetohelo e Khōlō.” Ka hona, moelelong oa seo Pauluse a buang ka sona, “bokoenehi” bo bolela ho fetohela borapeli ba ’nete.
14. Bokoenehi bo ile ba hōla neng ka sekhahla?
14 Bokoenehi bona, borabele bona, bo ile ba hōla joang? Mabapi le mehla ea hae, ho 2 Ba-Thessalonika 2:6, Pauluse o ngotse ka ‘se thibelang’ ea hlokang molao. Hoo e ne e le eng? E ne e le tšusumetso ea baapostola e hlahisang thibelo. Boteng ba bona, ka lineo tsa bona tse matla tse fanoeng ke moea o halalelang, bo ile ba thibela bokoenehi hore bo ka ja setsi ka nako eo. (Liketso 2:1-4; 1 Ba-Korinthe 12:28) Empa ha baapostola ba e-shoa, hoo e ka bang bofelong ba lekholo la pele la lilemo, mariki a thibang a ile a tlosoa.
Sehlopha sa Baruti Seo e Seng sa Mangolo Sea Hōla
15. Jesu o theile tokisetso efe bakeng sa phutheho ea Bokreste?
15 Phutheho eo Jesu a e theileng e ile ea hōla lekholong la pele la lilemo tlas’a tataiso ea baholo (balebeli) le bahlanka ba sebeletsang. (Mattheu 20:25-27; 1 Timothea 3:1-13, NW; Tite 1:5-9) Bana ba ne ba nkiloe ka phuthehong. E ne e le banna ba moea ba nang le boikarabelo ba neng ba se na koetliso e khethehileng ea thuto ea bolumeli, feela joalokaha Jesu a ne a se na koetliso e joalo. Ka sebele, bahanyetsi ba hae ba ile ba ipotsa: “Monna enoa o na le tsebo ea mangolo joang, athe ha aa ka a ithuta likolong?” (Johanne 7:15, NW) ’Me mabapi le baapostola, babusi ba bolumeli ba ile ba hlokomela se tšoanang: “Eitse ha ba bona ho tiea ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, ’me ba lemoha hobane ba kile ba tsamaea le Jesu.”—Liketso 4:13.
16. Ke joang bokoenehi bo bakileng ho kheloha mohlala oa Bokreste ba lekholong la pele la lilemo bakeng sa tlhophiso ea phutheho?
16 Leha ho le joalo, bokoenehi bo ile ba tlisa likhopolo tse nkiloeng ho baruti ba Bajode ’me qetellong ea e-ba tse tsoang tlhophisong ea bolumeli ea Roma ea bohedene. Ha nako e ntse e ea ’me ho furalla tumelo ho ntse ho tsoela pele, sehlopha sa baruti seo e seng sa mangolo se ile sa hōla. Mopapa ea roesitsoeng moqhaka o ile a qala ho busa koleche ea bak’hadinale, ba neng ba nkiloe har’a babishopo le baareka-bishopo ba makholo-kholo, ’me bona e le baprista ba koetlisitsoeng liseminaring ba phahamisitsoeng maemong. Ka hona, nakoana ka mor’a lekholo la pele la lilemo, sehlopha sa baruti se makatsang se ile sa nka marapo Bokreste-’mōtoaneng. Sehlopha sena se ne se sa theoa ho latela baholo le bahlanka ba sebeletsang ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo empa se ne se theiloe ho latela litsamaiso tsa bolumeli tsa bohedene.
17. Matla a puso a ea hlokang molao a ile a tiisoa neng ka ho khetheha?
17 Khale koana lekholong la boraro la lilemo C.E., balumeli ba tloaelehileng ba ne ba se ba behiloe boemong ba sehlopha sa bobeli sa batho feela. Butle-butle motho ea hlokang molao oa mokoenehi o ile a nka marapo a matla a puso. Matla ana a puso a ile a tiisoa nakong ea puso ea hlooho ea ’muso oa Roma Constantine, haholo-holo ka mor’a Seboka sa Nicaea ka 325 C.E. Joale Kereke le Naha li ile tsa matahanngoa. Ka hona, motho ea hlokang molao—baruti ba Bokreste-’mōtoana—o ile a fetoha mokoloko o molelele o bileng teng ka makholo a lilemo oa bakoenehi bao e ileng ea e-ba marabele khahlanong le Molimo oa ’nete, Jehova. Melao le litokisetso tseo ba li latetseng ke tsa bona hase tsa Molimo.
Lithuto Tsa Bohedene
18. Ke lithuto life tsa bohedene tse nyefolang tseo ea hlokang molao a li amohetseng?
18 Motho ea hlokang molao ea hōlang o ile a boela a nka lithuto tsa bohedene. Ka mohlala, molimo oa mohlolo oa Boraro-bo-bong, o ke keng oa utloisisoa o ile oa behoa sebakeng sa Ea reng: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka.” “Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong; ha ho Molimo, ha e se ’na.” (Esaia 42:8; 45:5) Ho behoa hona ha likhopolo tsa botho, esita le tsa bohedene, sebakeng sa linnete tsa Molimo ho ile ha atolosoa ho akarelletsa nyefolo e eketsehileng: ho tlotlisoa ha Maria ea ikokobelitseng oa Bibele ho ba “’M’a Molimo” oa Bokreste-’mōtoana. Ka hona, batšehetsi ba lithuto tse joalo tsa bohata, sehlopha sa baruti, ba fetohile “mofoka” o tlokomang ka ho fetisisa o jetsoeng ke Satane ho leka ho pupetsa peō e ntle e jetsoeng ke Kreste.—Mattheu 13:36-39.
19. Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba tsekoloha joang ho theosa le makholo a lilemo, empa ke eng e ’nileng ea ntšetsoa pele?
19 Ha likarohano le likhaohano li e-ba teng, Bokreste-’mōtoana bo ile ba tsekoloha ho ba malumeli le lihlotšoana tsa bokhelohi tse makholo-kholo. Empa bolumeli kapa sehlotšoana ka seng se secha, ntle le mekhelo e seng mekae, se bolokile karohano ea sona ea baruti le batho feela. Ka hona, sehlopha sa motho ea hlokang molao se ’nile sa ntšetsoa pele ho fihlela kajeno. ’Me se sa ntsane se tsoela pele ho iphahamisetsa ka holim’a batho ba tloaelehileng ka liaparo tsa sona tse khethollehileng le litlotla tse utloahalang li phahame. Ka ho hlakileng, Pauluse o ne a sa fetelletse litaba ha a re sehlopha sena sa motho ea hlokang molao se ne se tla itlotlisa ’me se iphahamisetse boemong bo kang ba molimo.
Bopapa
20. Mohloli o mong oa K’hatholike o hlalosa mopapa joang?
20 Mohlala oa tlotliso e joalo ke bopapa ba Roma. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a kereke ea Lucio Ferraris, e hatisitsoeng Italy, e hlalosa mopapa e le “oa tlhompheho le bophahamo bo boholo hoo e seng motho feela empa, kamoo ho leng ka teng, Molimo, le Moemeli oa Molimo.” Moqhaka oa hae o na le likarolo tse tharo “joaloka morena oa leholimo, oa lefatše le oa lihele.” Buka eona eo e hlalosang mantsoe e tsoela pele: “Mopapa, kamoo ho leng ka teng, ke Molimo lefatšeng, ke eena feela khosana ea ba tšepahalang ba Kreste, morena e moholo ka ho fetisisa oa marena ’ohle.” Ea phaella: “Ka linako tse ling mopapa a ka ba khahlanong le molao oa bomolimo.” Hape, The New Catholic Dictionary e bolela tjena ka mopapa: “Manģosa a hae ke a bohlokoa ho feta litho tse ling tsa sehlopha sa baromuoa ba mo lokisetsang tsela.”
21. Bapisa liketso tsa mopapa le tsa Petrose le lengeloi.
21 Ho fapana le barutuoa ba Jesu, hangata mopapa o apara liaparo tse majaba-jaba haholo ’me o ananela ho tlotlisoa ke batho. Mopapa o lumella batho ho mo inamela, ho aka reng ea hae, le ho mo jara mahetleng a bona ka setulo se khethehileng. Bapapa ba ’nile ba bontša boikakaso bo bokaakang ho theosa le makholo a lilemo! Ka sebele hoo ho fapane le ho ipeha fatše ha Petrose ka boikokobetso, ha a re ho Kornele, ofisiri ea lebotho la Roma e ileng ea khumama maotong a Petrose ho isa borapeli ho eena: “Ema, . . . etsoe ha e le hantle ke motho feela”! (Liketso 10:25, 26, Jerusalem Bible ea K’hatholike) ’Me ho fapane hakaakang le lengeloi le ileng la fa moapostola Johanne Tšenolo! Johanne o ile a leka ho inamela lengeloi leo ka borapeli, empa lengeloi la phatlalatsa: “Se etse hoo; hobane ke molekane oa hao oa tšebeletso, le oa banab’eno ba baprofeta, le oa ba bolokang lipolelo tsa buka ena. Khumamela Molimo.”—Tšenolo 22:8, 9.
22. Ea hlokang molao a ka khetholloa ka molao ofe oa Mangolo?
22 Na kahlolo ee ea sehlopha sa baruti e matla haholo? Re ka etsa qeto ka sena ka ho sebelisa molao oo Jesu a faneng ka oona oa ho khetholla baprofeta ba bohata: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:15, 16) Joale, litholoana tse behiloeng ke baruti e bile life ho theosa le makholo a lilemo le ho kena lekholong la rōna la bo20 la lilemo? Qetello ea motho eo ea hlokang molao e tla ba efe, ’me ke bo-mang ba tla kopanela qetellong eo? Ba tšabang Molimo kannete ba na le boikarabelo bofe mabapi le eo ea hlokang molao? Lihlooho tse latelang li tla bua ka lintlha tsena.
Lipotso Tsa Tlhahlobo:
◻ Motho ea hlokang molao ke eng, hona o ile a bonahala neng?
◻ Bibele e khetholla moqapi oa sehlopha see se hlokang molao joang?
◻ Baruti ba iphahamiselitse ka holim’a batho joang?
◻ Ke lithuto le mekhoa efe ea bokoenehi e hōlisitsoeng ke baruti?
◻ Boikutlo ba bapapa bo fapane le ba Petrose le ba lengeloi joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Moapostola Petrose, ho fapana le bapapa, ha aa ka a lumella motho ho lebisa borapeli ho eena