Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Khetholla “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa—1990 | February 1
    • Tšimoloho ea Motho ea Hlokang Molao

      4. Moqali le motšehetsi oa motho ea hlokang molao ke mang?

      4 Ke mang ea qalileng monna eo ea hlokang molao le ea mo tšehetsang? Pauluse oa arabela: “Ea khopo [“ea hlokang molao,” NW] o tla tla ka mesebetsi ea Satane, ’me o tla etsa liketso tse matla, le mehlolo le limakatso tse thetsang. O tla sebelisa mefuta eohle ea lithetso tsa bokhopo ho ba eang timelong, kahobane ha baa ka ba lumela ho rata ’nete e neng e tla ba pholosa.” (2 Ba-Thessalonika 2:9, 10, TLP) Kahoo Satane ke ntat’a motho ea hlokang molao e bile ke motšehetsi oa hae. ’Me feela joalokaha Satane a hanyetsa Jehova, merero ea Hae, le batho ba Hae, hoa tšoana le ka motho ea hlokang molao, e-bang oa ho hlokomela kapa che.

      5. Ke qetello efe e letetseng ea hlokang molao le ba mo latelang?

      5 Ba tsamaeang le motho ea hlokang molao ba tla hlaheloa ke qetello e tšoanang le ea hae—timetso: “Ea hlokang molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa . . . ’me a mo ripitle ka ponahatso ea boteng ba hae.” (2 Ba-Thessalonika 2:8, NW) Nako eo ea timetso ea motho ea hlokang molao hammoho le batšehetsi ba hae (“ba eang timelong”) haufinyane e tla tla “mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.”—2 Ba-Thessalonika 1:6-9.

  • Ho Khetholla “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa—1990 | February 1
    • Ho Khetholla ea Hlokang Molao

      7. Ke hobane’ng ha re fihlela qeto ea hore Pauluse o ne a sa bue ka motho a le mong, ’me motho ea hlokang molao o emela eng?

      7 Na Pauluse o ne a bua ka motho a le mong? Che, hobane o bolela hore “motho” enoa o ile a bonahala mehleng ea Pauluse le hore o ne a tla tsoela pele ho ba teng ho fihlela Jehova a mo timetsa bofelong ba tsamaiso ena. Ka hona, o bile teng ka makholo a mangata a lilemo. Ka ho hlakileng, ha ho motho oa sebele ea phetseng nako e telele hakaalo. Kahoo polelo “motho ea hlokang molao” e tlameha e be e emela sehlopha se itseng sa batho.

      8. Motho ea hlokang molao ke mang, ’me litšobotsi tse ling tse mo khethollang ke life?

      8 Ke bo-mang? Bopaki bo bontša hore ke sehlopha sa baruti ba ikhohomosang, ba iphahamisang ba Bokreste-’mōtoana, bao ho theosa le makholo-kholo a lilemo ba ikentseng molao ka bobona. Sena se ka bonoa ka ’nete ea hore ho na le malumeli le lihlotšoana tsa bokhelohi tse fapaneng tse likete-kete Bokreste-’mōtoaneng, sehlotšoana ka seng se na le baruti ba sona, leha ho le joalo se seng le se seng se loantšana le tse ling karolong e itseng ea thuto kapa mokhoeng o itseng. Boemo bona ba karohano ke bopaki bo hlakileng ba hore ha ba latele molao oa Molimo. (Bapisa le Mikea 2:12; Mareka 3:24; Ba-Roma 16:17; 1 Ba-Korinthe 1:10.) Seo malumeli ana ’ohle a tšoanang ka sona ke hore ha aa khomarela lithuto tsa Bibele, a robile molao ona: “Le se ke la tlōlisa se ngoliloeng.”—1 Ba-Korinthe 4:6; bona le Mattheu 15:3, 9, 14.

      9. Ke litumelo life tseo e seng tsa Mangolo tseo ea hlokang molao a li kentseng bakeng sa linnete tsa Bibele?

      9 Ka hona, enoa ea hlokang molao ke motho ea entsoeng ka batho ba bangata: baruti ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. Kaofela ha bona, e-bang ke bapapa, baprista, bapatriareka, kapa baboleli ba Boprostanta, baa ikarabella libeng tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana. Ba nkile mashano a bohedene bakeng sa linnete tsa Molimo, ba rutile lithuto tseo e seng tsa Mangolo tse kang ho se shoe ha moea oa motho, mollo oa lihele, pelekatori, le Boraro-bo-bong. Ba tšoana le baeta-pele ba bolumeli bao Jesu a ileng a re ho bona: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho etsa litakatso tsa ntat’a lōna. . . . Ke raleshano le ntat’a leshano.” (Johanne 8:44, NW) Mekhoa ea bona e boetse e ba pepesa e le ba hlokang molao, hobane ba kopanela mesebetsing e robang melao ea Molimo. Ho batho ba joalo Jesu o re: “Tlohang ho ’na, lōna ba sebetsang ho hloka molao.”—Mattheu 7:21-23, NW.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela