Tumelo ea Bokreste e Tla Lekoa
“Tumelo hase batho bohle ba nang le eona.”—2 BATHESALONIKA 3:2.
1. Histori e bontšitse joang hore hase bohle ba nang le tumelo ea ’nete?
HO THEOSA le histori, ho ’nile ha e-ba le banna, basali le bana ba nang le tumelo ea ’nete. Sehlakisi “’nete” se loketse hobane ba bang ba limilione ba bontšitse mofuta oa tumelo o ’nileng oa tšoana le tumela-khoela, ho ikemisetsa ho lumela ntle ho motheo o utloahalang kapa mabaka. Tumelo e joalo hangata e ’nile ea akarelletsa le melimo ea bohata kapa mefuta ea borapeli e sa lumellaneng le Jehova ea Matla ’Ohle, le Lentsoe la hae le senotsoeng. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Tumelo hase batho bohle ba nang le eona.”—2 Bathesalonika 3:2.
2. Ke hobane’ng ha ho hlahloba tumelo ea rōna e le habohlokoa?
2 Empa polelo ea Pauluse e fana ka maikutlo a hore morao koana ba bang ba ne ba e-na le tumelo ea ’nete ’me, kajeno ba bang ba fana ka maikutlo a hore ba na le eona. Babali ba bangata ba koranta ena ba lakatsa ho ba le tumelo e joalo ea ’nete le ho e eketsa—tumelo e lumellanang le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea bomolimo. (Johanne 18:37; Baheberu 11:6) Na ho joalo ka uena? Joale u tlameha ho hlokomela hore tumelo ea hao e tla lekoa ’me u itokisetse hona. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa joalo?
3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho talima ho Jesu mabapi le liteko tsa tumelo?
3 Re tlameha ho lumela hore Jesu Kreste ke oa bohlokoa tumelong ea rōna. Ka sebele, Bibele e bua ka eena e le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna. Ho joalo ka lebaka la seo Jesu a se buileng le ho se etsa, haholo-holo kamoo a phethahalitseng boprofeta kateng. O ile a matlafatsa motheo oo ho oona batho ba ka thehang tumelo ea ’nete. (Baheberu 12:2; Tšenolo 1:1, 2) Ho ntse ho le joalo, re bala hore Jesu o ‘lekiloe ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.’ (Baheberu 4:15) E, tumelo ea Jesu e ile ea lekoa. Sena ha se re nyahamise ho hang leha e le hona ho re tšosa, se lokela ho re tšelisa.
4 Ka ho feta litekong tse khōlō esita le ho isa lefung thupeng, Jesu “o ile a ithuta ho mamela.” (Baheberu 5:8) O ile a bontša hore batho ba ka phela ka tumelo ea ’nete ho sa tsotellehe liteko leha e le life tse ka ba tlelang. Sena ke sa bohlokoa ka tsela e itseng ha re nahana ka seo Jesu a se buileng ka balateli ba hae: “Hopolang lentsoe leo ke ileng ka le bua ho lōna, Lekhoba ha le leholo ho feta mong’a lona.” (Johanne 15:20) Ha e le hantle, mabapi le balateli ba hae mehleng ea rōna, Jesu o ile a bolela esale pele: “Le tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.”—Matheu 24:9.
5. Mangolo a bontša joang hore re tla talimana le liteko?
5 Mathoasong a lekholo lena la lilemo, kahlolo e ile ea qala ka ntlo ea Molimo. Mangolo a boletse esale pele: “Etsoe ke nako e behiloeng bakeng sa hore kahlolo e qale ka ntlo ea Molimo. Joale haeba e qala pele ka rōna, bofelo ba ba sa mameleng litaba tse molemo tsa Molimo e tla ba bofe? ‘’Me haeba motho ea lokileng a ntse a pholosoa ka thata, motho ea se nang bomolimo le moetsalibe ba tla iponahatsa kae?’”—1 Petrose 4:17, 18.
Ke Hobane’ng ha Tumelo e Lekoa?
6. Ke hobane’ng ha tumelo e lekiloeng e le ea bohlokoahali?
6 Ho isa bohōleng bo itseng, tumelo e sa lekoang ha ea pakoa e le ea bohlokoa, ’me bohlokoa ba eona ha bo tsejoe. U ka ’na ua e tšoantša le cheke e e-s’o lefshoe. E ka ’na eaba u amohetse cheke bakeng sa mosebetsi oo u o entseng, bakeng sa thepa eo u faneng ka eona, kapa ebile e le mpho. Cheke ena e ka ’na ea bonahala e nepahetse, empa na ho joalo? Na u tla fumana chelete e bontšitsoeng chekeng eo? Ka ho tšoanang, tumelo ea rōna ha ea lokela ho ba ponahalo ea ka ntle feela kapa seo motho a ipolelang a le sona. E tlameha ho lekoa e le hore re ka paka hore na ea sebetsa kapa hore ke ea boleng ba sebele. Ha tumelo ea rōna e lekoa, re ka ’na ra fumana hore e matla ebile ke ea bohlokoa. Teko e ka boela ea senola likarolo leha e le life tseo ho tsona tumelo ea rōna e hlokang ho hloekisoa kapa ho matlafatsoa.
7, 8. Liteko tsa tumelo ea rōna li tsoa mohloling ofe?
7 Molimo o lumella hore re hlaheloe ke mahloriso le liteko tse ling tsa tumelo. Rea bala: “Ha a le tlas’a teko, a ho se ke ha e-ba le ea mong ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe leha e le hore eena ka boeena o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Ke mang kapa ke eng e ikarabellang bakeng sa liteko tse joalo? Ke Satane, lefatše le nama ea rōna e sa phethahalang.
8 Re ka ’na ra lumela hore Satane o na le tšusumetso e matla holim’a lefatše lena, monahano oa lona le litsela tsa lona. (1 Johanne 5:19) Mohlomong rea tseba hore o hlohlelletsa hore Bakreste ba hlorisoe. (Tšenolo 12:17) Empa na re kholisehile ka ho tšoanang hore Satane o leka ho re khelosa ka ho ipiletsa nameng ea rōna e sa phethahalang, a re leka ka lintho tsa lefatše tse hohelang, ka tšepo ea hore re tla inehela tekong, re se ke ra mamela Molimo, ebe re qetella re sa amohelehe ho Jehova? Ha e le hantle, mekhoa ea Satane ha ea lokela ho re makatsa, hobane o ile a sebelisa maqiti ’ona ao ha a etsa boiteko ba ho leka Jesu.—Matheu 4:1-11.
9. Re ka rua molemo joang mehlaleng ea tumelo?
9 Ka Lentsoe la hae le ka phutheho ea Bokreste, Jehova o re fa mehlala e nepahetseng ea tumelo eo re ka e etsisang. Pauluse o ile a eletsa: “Ka mokhoa o kopaneng le be baetsisi ba ka, barab’eso, ’me le ’ne le behe leihlo ho ba tsamaeang ka tsela e lumellanang le mohlala oo le nang le oona ho rōna.” (Bafilippi 3:17) Joaloka e mong oa bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo, Pauluse o ile a etella pele ho etsoeng ha mesebetsi ea tumelo ho sa tsotellehe liteko tse matla tseo a fetileng ho tsona. Ho theosa ho tla fihlela qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo, ha re haelloe ke mehlala ea tumelo e tšoanang le ena. Hona joale mantsoe a Baheberu 13:7 a sebetsa ka matla a lekanang le ha Pauluse a ne a a ngola: “Hopolang ba etellang pele har’a lōna, ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.”
10. Re na le mehlala efe e khethehileng ea tumelo morao tjee?
10 Keletso eo e na le matla a khethehileng ha re nahana kamoo boitšoaro ba masala a batlotsuoa bo feletseng kateng. Re ka nahanisisa ka mohlala oa ’ona ’me ra etsisa tumelo ea ’ona. Tumelo ea ’ona ke ea ’nete, e hloekisitsoeng ke liteko. Ho tloha sehlopheng se senyenyane morao koana ka bo-1870, ho hlahile mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste lefatšeng ka bophara. E le litholoana tsa tumelo le mamello ea batlotsuoa ho tloha ka nako eo ho ea pele, hona joale Lipaki tsa Jehova tse fetang limilione tse hlano le halofo li bolela le ho ruta ka ’Muso oa Molimo. Phutheho ea kajeno ea lefatše lohle ea barapeli ba ’nete ba chesehang ke bopaki ba tumelo e lekiloeng.—Tite 2:14.
Tumelo ea Lekoa Mabapi le 1914
11. Ke joang 1914 e bileng ea bohlokoa ho C. T. Russell le metsoalle ea hae?
11 Nako e telele pele ntoa ea pele ea lefatše e qhoma, masala a tlotsitsoeng a ne a ile a bolela hore 1914 e tla ba selemo sa bohlokoa boprofeteng ba Bibele. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo a ileng a li lebella pele ho nako, ’me pono ea ’ona ea se neng se tla etsahala e ne e sa nepahala ka ho feletseng. Ka mohlala, C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, le metsoalle ea hae ba ile ba bona hore ho hlokahala hore ho etsoe mosebetsi o moholo oa ho bolela. Ba ile ba bala: “Kosepele ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale bofelo bo tle.” (Matheu 24:14, King James Version) Leha ho le joalo, sehlopha sa bona seo ha ho bapisoa se leng senyenyane se ne se ka etsa joalo joang?
12. E mong oa metsoalle ea Russell o ile a arabela joang ’neteng ea Bibele?
12 Nahana kamoo sena se ileng sa ama A. H. Macmillan, motsoalle oa Russell kateng. A hlahetse Canada, Macmillan o ne a e-s’o be lilemo li 20 ha a ne a fumana buka ea Russell, The Plan of the Ages (1886). (Buka ena, eo hape ho thoeng ke The Divine Plan of the Ages, e ile ea e-ba Moqolo oa 1 oa sete ea Studies in the Scriptures e neng e ajoa haholo. Moqolo oa 2, The Time Is at Hand [1889], o ne o supa 1914 e le nako ea bofelo ba “linako tsa Balichaba.” [Luka 21:24, KJ]) Bosiung boo Macmillan a ileng a qala ho e bala ka bona, o ile a nahana: “Ha e le hantle, sena se utloahala e le ’nete!” Lehlabuleng la 1900, o ile a kopana le Russell kopanong ea Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Kapele Macmillan o ile a kolobetsoa ’me a qala ho sebetsa le Mor’abo rōna Russell ntlo-khōlō ea Mokhatlo New York.
13. Macmillan le ba bang ba ile ba hlokomela bothata bofe mabapi le ho phethahala ha Matheu 24:14?
13 Motheong oa ’malo oa bona oa Bibele, Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ile ba supa 1914 e le selemo sa phetoho e khōlō morerong oa Molimo. Empa Macmillan le ba bang ba ile ba ipotsa hore na ho bolela lichabeng ho boletsoeng esale pele ho Matheu 24:14 ho ne ho tla finyelloa joang ka nako e khutšoanyane e setseng. Hamorao o ile a re: “Ke hopola ke buisana hangata ka seo le Mor’abo rōna Russell, ’me o ne a ee a re, ‘Ha e le hantle mor’eso, hona mona New York Bajuda ba bangata ho feta Jerusalema. Maaerishe a mangata ho feta Dublin. ’Me Mataliana a mangata ho feta Roma. Joale ha re ba finyella mona, seo e tla ba ho finyella lefatše ka molaetsa ona.’ Empa ho ile ha bonahala sena se sa re khotsofatse. Ka hona, he, o ile a ba le maikutlo a ho etsa ‘Photo-Drama.’”
14. Pele ho 1914, ho ile ha etsoa mosebetsi ofe o ikhethang?
14 “Photo-Drama of Creation” e ne e le mosebetsi o tsoileng matsoho hakaakang! E ne e kopantse litšoantšo tse tsamaeang le li-slide tse mebala, tse tsamaisanang le lipuo tsa Bibele le ’mino oa lirekoto tsa keramafono. Ka 1913, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa re ka kopano ea Arkansas, U.S.A.: “Ka tumellano ho ile ha etsoa qeto e tiileng ea hore nako e fihlile ea ho sebelisa litšoantšo tse tsamaeang ha ho rutoa linnete tsa Bibele. . . . [Russell] o ile a hlalosa hore o ’nile a sebetsana le morero oona ona ka lilemo tse tharo ’me joale o ne a se a lokisitse litšoantšo tse ntle tse ka bang makholo, tseo ntle ho pelaelo li tla ipiletsa ho matšoele a maholo le ho phatlalatsa Kosepele, le ho thusa sechaba ho tsosolosa tumelo ea sona ho Molimo.”
15. “Photo-Drama” e bile le liphello tsa mofuta ofe?
15 “Photo-Drama” e ile ea etsa sona seo ka mor’a hore e bontšoe ka lekhetlo la pele ka January 1914. Se latelang ke litlaleho tse tsoang ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa 1914:
April 1: “Moruti e mong, ka mor’a ho bona likarolo tse peli, o ile a re, ‘Ke bone halofo feela ea PHOTO-DRAMA OF CREATION, empa, ho eona ke se ke ithutile ho eketsehileng ka Bibele ho feta seo ke ithutileng sona thupelong ea ka ea lilemo tse tharo seminaring ea thuto ea bolumeli.’ Mojuda e mong ka mor’a ho e bona o ile a re, ‘Ke tsamaea ke le Mojuda ea molemo ho feta ha ke ne ke fihla.’ Baprista le baitlami ba bangata ba K’hatholike ba ile ba nka leeto ho ea bona DRAMA ena ’me ba bontša kananelo e khōlō. . . . Ke lisete tse leshome le metso e ’meli feela tsa DRAMA ena tse seng li feletse . . . Empa re se re finyeletse le ho sebeletsa metse e mashome a mararo le motso o le mong . . . Batho ba fetang likete tse mashome a mararo le metso e mehlano ka letsatsi baa e bona, baa e utloa, baa e ananela, ba nahana ka eona ’me baa hlohonolofatsoa.”
June 15: “Litšoantšo tsena li entse hore ke chesehe haholoanyane ho haseng ’Nete, ’me li ekelitse lerato la ka ho Ntate oa Leholimo le Jesu, Mor’abo rōna e Moholo ea ratehang. Kamehla ke rapella hore Molimo a hlohonolofatse PHOTO-DRAMA OF CREATION haholo a be a hlohonolofatse bohle ba nehelanang ka eona . . . Mohlanka oa hao ho Eena, F. W. KNOCHE.—Iowa.”
July 15: “Re thabetse hore ebe litšoantšo tsena li siile maikutlo a matle ka ho hlollang hakana motseng ona, ’me re ikutloa re kholisehile hore ebe bopaki bona bo fanoang lefatšeng bo boetse bo sebelisoa bakeng sa ho bokella ba bangata ba fanang ka bopaki ba ho ba mahakoe a khethoang ke Morena. Re tseba ka liithuti tsa Bibele tse tiileng tse ’maloa tseo hona joale li kopanelang le Sehlopha sena mona ka lebaka la mosebetsi oa Photo-Drama. . . . Morali’abo lōna Moreneng, EMMA L. BRICKER.”
November 15: “Re ikutloa re kholisehile hore le tla thabela ho utloa bopaki bo babatsehang bo fanoang ka PHOTO-DRAMA OF CREATION, The London Opera House, Kingsway. Letsoho le tataisang la Morena le ’nile la bonahala ka ho hlollang makolopetsong ’ohle a pontšo ena hoo barab’abo rōna ba thabileng haholo . . . Bamameli ba rōna e ne e le batho ba maemo ’ohle le ba mefuta eohle; ho ba neng ba le teng re ile ra bona baruti ba bangata. Moruti e mong . . . o ile a kōpa litekete e le hore eena le mosali oa hae ba ka tla e bona hape. Moeta-pele e mong oa Kereke ea Chache o ile a shebella DRAMA ka makhetlo a mangata, ’me . . . o ile a tlisa metsoalle ea hae e mengata ho tla e bona. Babishopo ba babeli le bona ba ne ba le teng, le batho ba bangata ba phahameng.”
December 1: “’Na le mosali oa ka ka sebele re leboha Ntate oa rōna oa Leholimo bakeng sa tlhohonolofatso ea bohlokoahali e tlileng ho rōna ka lōna. Ke PHOTO-DRAMA ea lōna e ntle e entseng hore ebe re bone ’Nete le ho e amohela . . . Re na le meqolo ea lōna e tšeletseng ea STUDIES IN THE SCRIPTURES. Ke thuso e khōlō.”
Karabelo Litekong Tsa Morao Koo
16. Ke hobane’ng ha 1914 e ile ea tlisa teko ea tumelo?
16 Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ha Bakreste ba tiileng le ba inehetseng joalo ba hlokomela hore tebello ea bona ea ho kopanngoa le Morena ka 1914 ha ea phethahala? Batlotsuoa bao ba ile ba feta nakong ea liteko tse ikhethang. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1914, o ile oa re: “A re hopoleng hore re nakong ea teko.” Mabapi le sena, buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo (1993) e re: “Lilemo tsa ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918 li ile tsa hla tsa ipaka e le ‘nako ea teko’ ho Liithuti tsa Bibele.” Na li ne li tla lumella tumelo ea tsona hore e hloekisoe le hore monahano oa tsona o lokisoe e le hore li ka etsa mosebetsi o moholo o neng o le ka pele?
17. Ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ile ba itšoara joang mabapi le ho sala lefatšeng ka mor’a 1914?
17 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 1, 1916, o itse: “Re ile ra nahana hore mosebetsi oa Kotulo oa ho bokella Kereke [batlotsuoa] o ne o tla phethoa pele Linako tsa Balichaba li fela; empa sena se ne se sa boleloa ka ho toba ka Bibeleng. . . . Na re soabetse hore ebe mosebetsi oa Kotulo o tsoela pele? . . . Barab’abo rōna ba ratehang, hona joale boikutlo ba rōna e lokela e be ba ho leboha Molimo haholo, ba ho ananela ka ho eketsehileng ’Nete e babatsehang eo A re fileng tokelo ea hore re e bone le hore re amahanngoe le eona, le ba cheseho e hōlang ea hore re thuse ba bang hore ba tsebe ’Nete eo.” Tumelo ea bona e ne e ile ea behoa tekong, empa ba ile ba talimana le teko eo ’me ba sebetsana le eona ka katleho. Empa rōna Bakreste re lokela ho hlokomela hore liteko tsa tumelo li ka ’na tsa ba ngata ’me tsa se ke tsa tšoana.
18, 19. Ke liteko life tse ling tsa tumelo tse ileng tsa latela bakeng sa batho ba Molimo kapele ka mor’a lefu la Mor’abo rōna Russell?
18 Ka mohlala, mofuta o mong oa teko o ile oa tlela masala nakoana ka mor’a lefu la Mor’abo rōna Charles T. Russell. E ne e le teko ea botšepehi ba ’ona le tumelo. “Lekhoba le tšepahalang” la Matheu 24:45 e ne e le mang? Ba bang ba ne ba nahana hore ke Mor’abo rōna Russell ka boeena, ’me ba ile ba khaotsa ho sebetsa tumellanong le litokisetso tse ncha tsa tsamaiso. Haeba e ne e le lekhoba, barab’abo rōna ba ne ba lokela ho etsa joang ha a se a shoele? Na ba ne ba lokela ho latela motho e mong ea khethiloeng bocha, kapa na joale e ne e le nako ea ho hlokomela hore Jehova o ne a sa sebelise motho a le mong feela, empa o ne a sebelisa sehlopha sohle sa Bakreste e le kofuto kapa sehlopha sa lekhoba?
19 Teko e ’ngoe hape e ile ea hlahela Bakreste ba ’nete ka 1918 ha babusi ba lefatše, tlas’a tšusumetso ea baruti ba Bokreste-’mōtoana, ‘ba ne ba rera bobe ka molao’ khahlanong le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Pesaleme ea 94:20, KJ) Ho ile ha qalisoa leqhubu la mahloriso a mabifi khahlanong le Liithuti tsa Bibele Amerika Leboea le Europe. Khanyetso e susumetsoang ke baruti e ile ea fihla tlhōrōng ka la 7 May, 1918, ha ho ne ho ntšoa taelo ea lekhotla ea ’muso oa United States ea hore J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e haufi-ufi ba tšoaroe, ho akarelletsa le A. H. Macmillan. Ba ne ba qositsoe ka bohata ka ho hlohlelletsa bofetoheli, ’me ba boholong ba ile ba hlokomoloha boipiletso ba bona ba ho hloka molato.
20, 21. Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Malakia 3:1-3, ke mosebetsi ofe o ileng oa etsoa har’a batlotsuoa?
20 Mosebetsi oa ho hloekisa o ne o tsoela pele, le hoja ka nako eo ho ne ho sa hlokomeloe hore ke oona, joalokaha o hlalositsoe ho Malakia 3:1-3: “Empa ke mang ea ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ea ka emang ho hlaheng ha hae? Hobane [lenģosa la selekane le] joalo ka mollo oa moqhibilisi, le joalo ka sesepa sa bahlatsoi. O tla lula, a ntse a qhibilisa, a hloekisa silefera; o tla hloekisa bara ba Levi, a ba tšeke joalo ka khauta le joalo ka silefera, ’me ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.”
21 Ha Ntoa ea I ea Lefatše e ne e le haufi le ho lala, Liithuti tse ling tsa Bibele li ile tsa talimana le teko e ’ngoe ea tumelo—ea hore na li ne li tla lula li tiile li sa jele paate litabeng tsa lefatše tsa sesole. (Johanne 17:16; 18:36) Ba bang ha baa ka ba etsa joalo. Ka hona ka 1918, Jehova o ile a roma “lengeloi la selekane,” Kreste Jesu, tokisetsong ea Hae ea tempele ea moea hore le hloekise sehlotšoana sa barapeli ba Hae litšileng tsa lefatše. Ba neng ba inehetse ho bontšeng tumelo ea ’nete ba ile ba ithuta ka phihlelo eo ’me ba tsoela pele ho bolela ka cheseho.
22. Mabapi le liteko tsa tumelo, ke’ng se sa ntseng se tla hlahlojoa?
22 Seo re se hlahlobileng hase feela taba e thahasellisang ea histori e fetang. Se amana ka ho toba le boemo ba moea ba hona joale ba phutheho ea lefatše lohle ea Jehova. Empa sehloohong se latelang, a re hlahlobeng liteko tse ling tsa tumelo tseo batho ba Molimo ba talimanang le tsona kajeno ’me re bone kamoo re ka li hlōlang ka katleho.
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba lokela ho lebella hore tumelo ea bona e tla lekoa?
◻ Ke boiteko ba mofuta ofe ba ho jala molaetsa oa Molimo bo neng bo tsoela pele, pele ho 1914?
◻ “Photo-Drama” e ne e le eng, ’me e bile le liphello life?
◻ Liketsahalo tsa 1914-18 e bile teko joang ho batlotsuoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Hoo e ka bang mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, batho ba linaha tse ngata ba ne ba ithuta Bibele ka thuso ea letoto la “Millennial Dawn,” eo hamorao ho ileng ha thoe ke “Studies in the Scriptures”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lengolo le tsoang ho C. T. Russell le nang le taba e ngotsoeng ea selelekela e neng e lokela ho rekotoa eo ho eona a itseng: “‘The Photo-Drama of Creation’ e bontšoa ke IBSA—International Bible Students Association. Sepheo sa eona ke thuto ea phatlalatsa e iphaphathileng ka saense ea bolumeli, ’me e sireletsa Bibele”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Demetrius Papageorge o ile a tsamaea a bontša “Photo-Drama of Creation.” Hamorao, o ile a kenngoa teronkong hobane a sa jele paate joaloka Mokreste