Topollo Tšenolong ea Jesu Kreste
“Le ’ne le nyakalle . . . e le hore le nyakalle ’me le thabe haholo le nakong ea tšenolo ea khanya ea hae.”—1 PETROSE 4:13, NW.
1. Jehova o entšitse bahlanka ba hae joang?
JEHOVA o entšitse Lipaki tsa hae ka limpho tse ngata. Joaloka Morupeli oa rōna e Moholo, o re nehile leseli la tsebo e feletseng mabapi le thato ea hae le morero oa hae. Ka moea oa hae o halalelang, o hōlisitse ka hare ho rōna matla a ho khantša leseli ka sebete. Moapostola Pauluse ea bululetsoeng o re bolella sena ho 1 Ba-Korinthe 1:6, 7 (NW): “Bopaki bo mabapi le Kreste bo ile ba fanoa ka ho tiileng har’a lōna, e le hore le se ke la haelloa ho hang mphong leha e le efe, ha ka tlholohelo le ntse le letetse tšenolo ea Morena oa rōna Jesu Kreste.”
2. Ke tebello efe e thabisang eo “tšenolo ea Morena oa rōna Jesu Kreste” e e fupereng?
2 “Tšenolo ea Morena oa rōna Jesu Kreste”—e bolela’ng? E supa nakong eo Jesu a senoloang e le Morena ea khanyang, ha a nka khato bakeng sa ho putsa balateli ba hae ba tšepahalang le ho tlisa kahlolo ho batho ba sa tšabeng Molimo. Joalokaha 1 Petrose 4:13 e bontša, e tla ba nako ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba bolokileng botšepehi le metsoalle ea bona e tšepahalang ea bongata bo boholo ba ‘nyakalle ’me ba thabe haholo’ hobane e tla tšoaea ho felisoa ha tsamaiso ea lintho ea Satane.
3. Re tlameha ho ema re tiile joang, joalokaha ho entse baena ba rōna ba Thessalonika?
3 Ha nako eo e ntse e atamela, Satane khalefong ea hae o eketsa khatello holim’a rōna. Joaloka tau e purumang, o leka ho re harola. Re tlameha ho ema re tiile! (1 Petrose 5:8-10) Baena ba rōna Thessalonika ea boholo-holo, ha ba sa le bacha ’neteng, ba ile ba ba tlas’a mahloriso a tšoanang le a oelang Lipaki tse ngata tsa Jehova kajeno. Kahoo, mantsoe a moapostola Pauluse ho bona a bolela ho hoholo ho rōna. O ile a ngola: “Ke ho loketseng ho Molimo ho lefetsa matšoenyeho ho ba le tšoenyang, empa, ho lōna ba hlokofatsoang ke matšoenyeho, phomolo hammoho le rōna tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong a e-na le mangeloi a matla a hae ka mollo o tukang, ha a tlisa kahlolo ho ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tsa Morena oa rōna Jesu.” (2 Ba-Thessalonika 1:6-8, NW) E, phomolo e tla tla!
4. Ke hobane’ng ha baruti ba tšoaneloa ke kahlolo e tla phethahatsoa tšenolong ea Jesu?
4 Mehleng ea Pauluse matšoenyeho a mangata a ne a bakoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajode. Ka ho tšoanang le kajeno, hangata khanyetso ea Lipaki tsa Jehova tse ratang khotso e ’nile ea hlohleletsoa ke ba ipolelang hore ba emela Molimo, haholo-holo baruti ba Bokreste-’mōtoana. Bana ba ikhakanya joaloka hoja ba tseba Molimo, empa ba lahla “Jehova a le mong” oa Bibele, ’me sebakeng sa hae ba beha Boraro-bo-bong ba sephiri. (Mareka 12:29, NW) Ha ba mamele litaba tse molemo tsa Morena oa rōna Jesu, ba talima pusong ea batho bakeng sa phomolo ’me ba hana litaba tse molemo tsa ho tla ha ’Muso oa Kreste oa ho loka. Bahanyetsi bana bohle ba bolumeli ba lokela ho timela nakong ea ‘tšenolo ea Morena Jesu ho tsoa leholimong’!
‘Ho Tla’ ha Jesu Kreste
5. Tšenolo ea Jesu e hlalosoa joang ka ho hlakileng ho Mattheu 24:29, 30?
5 Jesu o bonahalitse tšenolo eo ka ho hlakileng ho Mattheu 24:29, 30. Ha a hlalosa litšobotsi tse fapaneng tsa pontšo ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho, o re: “Letsatsi le tla fifala, khoeli e tla hloka leseli, linaleli li tla oa leholimong, ’me tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.” Nakong eo “pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong.” Lichaba tsa lefatše “li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho [Morena oa Messia oa Molimo] a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e khōlō.” ‘Ho tla’ hona, er·khoʹme·non ka Segerike, ho bolela ho hlaha ha Jesu e le Motlōsi oa Qoso oa Jehova.
6, 7. Ke joang “mahlo ’ohle a tla ’mona,” ’me ke bo-mang ba akarelitsoeng moo?
6 ‘Ho tla’ hona ho boetse ho hlalosoa ke moapostola Johanne ho Tšenolo 1:7, moo a reng: “Bonang, o tla ka maru.” Lira tsa hae li ke ke tsa bona Jesu ka mahlo a nama, hobane “maru” a tšoantšetsa ho tla ha hae ho sa bonahaleng ho tla phethahatsa kahlolo. Haeba batho feela ba ne ba ka bona khanya ea hae ea leholimo ka leihlo feela, ba ne ba ka foufala, joaloka Saule, ha a le tseleng e eang Damaseka, a foufatsoa ke ha Jesu ea khanyang a hlaha ho eena ka khanya e phatsimang.—Liketso 9:3-8; 22:6-11.
7 Tlaleho ea Tšenolo e bolela hore “mahlo ’ohle a tla ’mona, le bona ba mo hlabileng; ’me ba mefuta eohle ea lefatše ba tla soaba ka baka la hae.” Sena se bolela hore bahanyetsi ba lefatšeng ba tla lemoha ka tšenyo eo Jesu a ba lihelang eona hore o tlile ka matla le ka khanya e khōlō e le Mophethahatsi oa Kahlolo oa Jehova. Ke hobane’ng ha lira tsee li hlalosoa e le ‘tse mo hlabileng’? Ke hobane maikutlo a bona a lehloeo ho basebeletsi ba Jehova kajeno a tšoana le a bahlorisi ba Jesu. Ka sebele, ba tla ‘soaba habohloko ka baka la hae.’
8. Jesu le Pauluse ba fana ka temoso efe mabapi le timetso ea tšohanyetso?
8 Letsatsi leo la Jehova la phetetso le tla tla joang? Boprofeteng bo ho Luka khaolo 21, Jesu o ile a hlalosa liketsahalo tsa tlokotsi tseo e neng e tla ba pontšo ea ho ba teng ha hae ho tloha ka 1914. Joale, litemaneng 34 le 35, Jesu oa lemosa: “Empa le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi.” E, letsatsi la Jehova la phetetso le tla tla ka tšohanyetso, hang-hang! Moapostola Pauluse o tiisa sena ho 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3 (NW), ka ho re: “Letsatsi la Jehova le tla tla hantle joaloka lesholu bosiu. Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba oela hang-hang.” Esita le hona joale lichaba li bua ka khotso le tšireletseho ’me li nahana ho matlafatsa Machaba a Kopaneng ho beha leihlo libakeng tse likhathatso ka matla a sesole.
9. ‘Leseli le khantšetsoa’ mang, hona hobane’ng?
9 Litemaneng tsa 4 le 5, moapostola o tsoela pele ho re bolella: “Empa ha e le lōna, banab’eso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le oela ka sehlōhō joale ka lesholu. Bohle le bana ba leseli, le bana ba motšehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.” Re thabela ho ba bana ba leseli—bajari ba leseli ho ba bang ba laba-labelang khotso ea ’nete le tšireletseho lefatšeng le lecha la Molimo. Ho Pesaleme ea 97:10, 11, rea bala: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe! O sirela meea ea bakhethoa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana. Leseli le jaletsoe [“khantšetsoa,” NW] ea lokileng, thabo e neiloe ba pelo e lokileng.”
Tatellano ea Liketsahalo
10. Ke tlhokomeliso efe e tlang esale pele eo re lokelang ho e utloa mabapi le letsatsi la Molimo la kahlolo? (Tšenolo 16:15)
10 Tatellano ea liketsahalo e tla ba efe ha mahlomola a maholo a otla? A re phetleng Tšenolo khaolo 16. Hlokomela, joalokaha ho hlalositsoe litemaneng tsa 13 ho ea ho 16, hore meea e litšila, ea bademona e bokella lichaba tsa lefatše lohle Har–Magedone, ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle. Hape, ho boetse ho hatelloa ho atamela ha letsatsi la kahlolo le tlang joaloka lesholu, ’me re hlokomelisoa hore re lule re falimehile—hore re lule re apere liaparo tsa moea tse re tšoaelang pholoho. Nako e fihlile ea ho ahlola batho ba lefatše, lichaba, le—motho e mong hape. Ke mang eo?
11. Mosali oa Tšenolo 17:5 o itsebahalitse joang?
11 Ke mosali oa tšoantšetso eo ka sebele a lekileng ho iketsa “motho oa bohlokoa.” Ho Tšenolo 17:5 o hlalosoa e le “Sephiri: Babylona e Moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” Empa ha e sa le sephiri ho Lipaki tsa Jehova. Ka ho hlakileng o itsebahalitse e le ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, oo lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana e leng karolo ea oona e ka sehloohong. Ho nyonyehang mahlong a Jehova ke ho itšunya-tšunya ha hae litabeng tsa lipolotiki, le ho ‘tahoa ke mali a bahalaleli’ ka ho hlorisa Bakreste ba ’nete, le ka ho ikarabella bakeng sa mali a “bohle ba bolailoeng lefatšeng,” ho kopanyeletsa le ba fetang limillione tse lekholo ba bolailoeng lintoeng tsa lekholo lena la bo20 la lilemo feela.—Tšenolo 17:2, 6; 18:24.
12. Ke hobane’ng ha lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana li ahlotsoe?
12 Ho hobe ka ho fetisisa, lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana li tlisitse thohako lebitsong la Molimo eo ka boikaketsi li ipolelang hore lia mo emela. Li rutile lifilosofi tsa Babylona le Greece ho e-na le Lentsoe la Molimo le hloekileng ’me li tlatselitse boitšoarong bo bobe lichabeng tsohle ka ho lumella mekhoa ea bophelo e sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele. Bahoebi ba meharo har’a bona ba nyatsoa ke mantsoe a Jakobo 5:1, 5: “Joale, ke tla ho lōna barui. Llang, le bokolle ka baka la litlokotsi tse tla le oela holimo. Le ipheletse lefatšeng ka menate, le bone menyaka, le nontšitse lipelo tsa lōna letsatsing la hlabo.”
Ho oa ha Babylona e Moholo!
13. Qalo ea mahlomola a maholo e tla joang, ’me ke khato efe e potlakileng e hatisoang ho Tšenolo 18:4, 5?
13 Qalo ea mahlomola a maholo e tla ha Jehova a liha kahlolo holim’a Babylona e Moholo. Tšenolo 17:15-18 ka ho hlakileng e hlalosa “morero” oa Molimo—oa ho susumetsa “linaka tse leshome,” e leng mabotho a matla ka hare ho “sebata” sa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa lichaba tse ngata, ho mo timetsa. “’Me linaka tse leshome tseo u li boneng ho sebata, li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong. Hobane Molimo o kentse lipelong tsa bona ho phetha morero oa oona.” Ha ho makatse ha lentsoe le tsoang leholimong le phatlalatsa temoso e potlakileng e leng ho Tšenolo 18:4, 5: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” Temoso e tsoela pele: Khaolang maqhama ’ohle le bolumeli ba bohata, pele e e-ba morao haholo!
14. Ke bo-mang ba tla hlomohela ho timetsoa ha Babylona e Moholo, hona hobane’ng?
14 Lefatše le tla talima ho timetsoa ha Babylona e Moholo joang? Ba emeletse thōko, bo-ralipolotiki ba bolileng—“marena a lefatše”—ba tla mo utloela bohloko hobane ka lilemo tse makholo ba phetse le eena menyakeng ea bofebe ba hae ba moea. Hape ba bokollang le ho hlomoha ke banna ba meharo ba khoebo, “bahoebi . . . , ba entsoeng banoni ke oona.” Le bona ba emella thōko le eena, ba ntse ba re: “Jo! Jo! Motse o moholo o nong o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o nong o khabile ka gauda, le ka mahakoe a bohlokoa, le ka liperela, na maruo a kakalo a felile joang ka hora e le ’ngoe?” Liaparo tsohle tsa boruti le matlotlo a likereke tse khōlō tsa lefatše li tla fela ka ho sa feleng! (Tšenolo 18:9-17) Empa na ke motho e mong le e mong ea tla llela Babylona e Moholo?
15, 16. Batho ba Molimo ba tla ba le lebaka lefe la ho nyakalla?
15 Tšenolo 18:20, 21 ea araba: “Nyakallang ka baka la oona, uena leholimo, le lōna bahalaleli, baapostola, le baprofeta, hobane Molimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka eona!” Joaloka leloala le leholo le akheloang ka leoatleng, “ho tla akheloa joalo ka matla Babylona, motse o moholo, ’me ha a sa tla hlola a fumanoa.”
16 Leo ke lebaka le leholo hakaakang la thabo! Tšenolo 19:1-8 e bontša sena. Ka makhetlo a mane mohoo ona, “Alleluya [“Rorisang Jah!” NW]” o utloahala ho tsoa leholimong. Lialleluya tsa pele tse tharo li rorisa Jehova hobane o ahlotse ka ho loka seotsoa se tummeng hampe, Babylona e Moholo. ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ha o sa le eo! Lentsoe le tsoa teroneng ea Molimo, le re: “Bokang Molimo oa rōna, lōna bohle bahlanka ba oona, le lōna ba o tšabang, ba baholo le ba banyenyane.” E tla ba tokelo e kaakang hore re kopanele pineng eo!
Lenyalo la Konyana
17. Ha ho bapisoa Tšenolo 11:17 le 19:6, ke litaba life tse peli tse potolohileng litemana tseo tse bontšang hore Jehova o qala ho busa e le Morena?
17 Alleluya ea bone e hlahisa sehlooho se seng: “Alleluya! Hobane Morena, Molimo oa rōna o matla ’ohle, oa busa.” Empa na ha ho buuoe mantsoe a tšoanang ho Tšenolo 11:17? Moo rea bala: “Rea u leboha, Morena, Molimo o matla ’ohle, . . . hobane u nkile matla a hao a maholo, ’me ua rena.” E. Leha ho le joalo, taba e potolohileng Tšenolo 11:17 e supa ha Jehova a tlisa ’Muso oa Bomessia ka 1914 ho “alosa lichaba tsohle ka lere la tšepe.” (Tšenolo 12:5) Taba e potolohileng Tšenolo 19:6 ke ea ho timetsoa ha Babylona e Moholo. Ka ho felisoa ha bolumeli bo kang seotsoa, Bomolimo ba Jehova bo tla tlosoa qoso. Ho rapeloa ha hae e le ’Musi ea Phahameng le Morena ho tla tsoela pele hona joale ho isa ka ho sa feleng!
18. Ho tlosoa ha Babylona e Moholo ho bula tsela ea phatlalatso efe e thabisang?
18 Kahoo, ho ka etsoa tsebiso ena e thabisang: “A re thabeng, re nyakalle, ’me re ise khanya ho [Jah], hobane lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse; ’me o neiloe ho ikapesa ka line e ntle, e khanyang, e hloekileng; hobane line e ntle eo ke ho loka ha bahalaleli.” (Tšenolo 19:7, 8) Hore na masala a tlotsitsoeng a sa ntseng a le lefatšeng a tla amohela tsoho ea ’ona ea leholimo neng ha hoa hlalosoa. Empa taba e potolohileng temana ena e re tiisetsa hore ho kopanela ha ’ona lenyalong la Konyana, Kreste Jesu, e tla ba nako e thabisang, ’me habohlokoa haholoanyane hobane ba tla be ba iponetse ka mahlo ha ho timetsoa seotsoa se tummeng hampe, Babylona e Moholo.
Lefatše la Satane Lea Timetsoa
19. Ke ketsahalo efe hape e hlalositsoeng ho Tšenolo 19:11-21?
19 Pere e tšoeu eo ho buuoeng ka eona ka lekhetlo la pele ho Tšenolo 6:2 joale e boetse ea hlahella. Ho Tšenolo 19:11 rea bala: “Ea . . . kaletseng [pere e tšoeu] o bitsoa Motšepehi le Oa ’nete; o ahlola, o loana ka ho loka.” Kahoo, “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi” o palama ho otla lichaba le ho li hatikela “sehatelong sa veine ea bohale le ea khalefo ea Molimo o matla ’ohle.” Ka ho se nang thuso “marena a lefatše, le makhotla a ’ona” a phutheha ho loana ntoeng ea Har–magedone. Mopalami oa pere e tšoeu o phetha tlhōlo ea hae. Ha ho letho le salang la mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše oa Satane.—Tšenolo 19:12-21.
20. Diabolose ka boeena o oeloa ke eng?
20 Empa ho thoe’ng ka Diabolose ka boeena? Ho Tšenolo 20:1-6, Kreste Jesu o hlalosoa e le ‘lengeloi le leng le theohang leholimong, le tšoereng senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona.’ O tšoara drakone, Noha ea khale, eo e leng Diabolose le Satane, oa e tlama, ’me o e akhela sekoting, le ho se tiisa. Ha e le mona Satane a tlositsoe tseleng ’me a ke ke a hlola a khelosa lichaba, Puso e khanyang ea Lilemo tse Sekete ea Konyana le monyaluoa oa hae e-ea qala. Ha ho sa na meokho e bakoang ke masoabi! Lefu la Adama ha le sa le teng! Ha ho sa na ho hlomoha, ho bokolla, kapa bohloko! “Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4, NW.
21. Ha re letetse ka mafolo-folo tšenolo ea Jesu Kreste, boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
21 Ha ka mafolo-folo re ntse re lebeletse tšenolo ea Morena oa rōna Jesu Kreste, a re bontšeng cheseho ka ho bolella batho ba bang ka litšepiso tse lerato tsa Molimo tsa ’Muso. Topollo e haufi! E se eka re ka tsoela pele, ka matla, re le bana ba leseli ba Morena e Moholo Jehova!
Ka Kakaretso
◻ Ke eng e supang hore tšenolo ea Jesu Kreste e atametse?
◻ Letsatsi la phetetso ea Jehova le tla tla joang?
◻ “Ba ratang Jehova” ba lokela ho talima boemo ba lefatše joang?
◻ Tatelano ea liketsahalo e tla ba efe ha mahlomola a maholo a otla?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jesu ‘o tla ka maru,’ a sa bonahale ho tla phethahatsa kahlolo
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Haufinyane bolumeli ba bohata, tsamaiso e khopo ea Satane, le Satane ka boeena li tla felisoa kaofela