Monna le Moholo—Ho Leka-lekanya Boikarabelo
‘Molebeli e lokela ho ba monna oa mosali a le mong.’—1 TIMOTHEA 3:2.
1, 2. Ke hobane’ng ha bosoha ba baprista bo sa lumellane le Mangolo?
BAKRESTE ba tšepahalang ba ne ba amehile ka ho leka-lekanya boikarabelo ba bona bo sa tšoaneng lekholong la pele la lilemo. Ha moapostola Pauluse a ne a re Mokreste ea lulang e le lesoha o “etsa hamolemonyana,” na o ne a bolela hore monna ea joalo o ne a tla tšoaneleha hamolemonyana ho sebeletsa e le molebeli ka phuthehong ea Bokreste? Na ha e le hantle o ne a etsa bosoha tlhokahalo bakeng sa boholo? (1 Bakorinthe 7:38) Baruti ba Mak’hatholike ho hlokahala hore e be masoha. Empa na bosoha ba baprista bo lumellana le Mangolo? Likereke tsa Orthodox tsa Bochabela li lumella baprista ba lipharishe tsa bona ho ba banna ba nyetseng, empa e seng babishopo ba tsona. Na seo se lumellana le Bibele?
2 Bongata ba baapostola ba Kreste ba 12, litho tseo e leng motheo oa phutheho ea Bokreste, e ne e le banna ba nyetseng. (Matheu 8:14, 15; Baefese 2:20) Pauluse o ngotse: “Re na le matla a ho tsamaea le morali’abo rōna e le mosali, esita le joaloka baapostola ba bang kaofela le barab’abo Morena le Kefase [Petrose], na ha re na ’ona?” (1 Bakorinthe 9:5) New Catholic Encyclopedia e lumela hore “molao oa bosoha o simolohile kerekeng” le hore “basebeletsi ba [Testamente e Ncha] ba ne ba sa tlameha ho ba masoha.” Lipaki tsa Jehova li latela mohlala oa Mangolo ho e-na le molao oa kereke.—1 Timothea 4:1-3.
Boholo le Lenyalo Lia Lumellana
3. Ke linnete life tsa Mangolo tse bontšang hore balebeli ba Bakreste e ka ba banna ba nyetseng?
3 Ho e-na le ho hloka hore banna ba khethetsoeng ho ba balebeli e be masoha, Pauluse o ile a ngolla Tite: “Ke ka lebaka lena ke ileng ka u siea Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo [ka Segerike, pre·sbyʹte·ros] motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo; haeba ho e-na le monna leha e le ofe eo ho seng seo a qosoang ka sona, monna oa mosali a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba neng ba sa qosoe ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe. Etsoe molebeli [ka Segerike, e·piʹsko·pos, eo ho eona ho tsoang lentsoe “mobishopo”] o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang ka sona joaloka motsamaisi oa tsa Molimo.”—Tite 1:5-7.
4. (a) Re tseba joang hore lenyalo hase tlhokahalo bakeng sa balebeli ba Bakreste? (b) Mor’abo rōna oa lesoha eo e leng moholo o na le monyetla ofe?
4 Ka lehlakoreng le leng, lenyalo hase tlhokahalo ea Mangolo bakeng sa boholo. Jesu o ile a lula e le lesoha. (Baefese 1:22) Pauluse, molebeli ea hlaheletseng phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo, o ne a sa nyala ka nako eo. (1 Bakorinthe 7:7-9) Kajeno ho na le Bakreste ba bangata ba masoha ba sebeletsang e le baholo. Mohlomong bosoha ba bona bo ba fa nako e eketsehileng ea ho etsa mesebetsi e meng joaloka balebeli.
‘Monna ea Nyetseng o Arohane’
5. Barab’abo rōna ba nyetseng ba lokela ho hlokomela ’nete efe ea Mangolo?
5 Ha monna oa Mokreste a nyala, o lokela ho hlokomela hore o nka boikarabelo bo bocha bo tla hloka nako ea hae le tlhokomelo. Bibele e re: “Monna ea sa nyalang o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, kamoo a ka fumanang kamohelo ea Morena. Empa monna ea nyetseng o tšoenyeha ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea mosali oa hae, ’me o arohane.” (1 Bakorinthe 7:32-34) O arohane ka kutloisiso efe?
6, 7. (a) Tsela e ’ngoe eo monna ea nyetseng a ‘arohaneng’ ka eona ke efe? (b) Pauluse o fa Bakreste ba leng lenyalong keletso efe? (c) See se ka susumetsa qeto ea monna joang ea ho amohela mosebetsi?
6 Taba ea pele, monna ea nyetseng o lahleheloa ke matla a ho laela ’mele oa hae. Pauluse o ile a hlakisa sena hantle: “Mosali ha a sebelise matla a ho laela holim’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo monna oa hae; hape, ka ho tšoanang, monna ha a sebelise matla a ho laela holim’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo mosali oa hae.” (1 Bakorinthe 7:4) Ba bang ba nahanang ka lenyalo ba ka ’na ba ikutloa hore sena hase sa bohlokoa hakaalo hobane likamano tsa botona le botšehali e ke ke ea e-ba ntho ea bohlokoa hakaalo lenyalong la bona. Leha ho le joalo, kaha bohloeki pele ho lenyalo ke tlhokahalo ea Mangolo, Bakreste ha ba hlile ha ba tsebe litlhoko tsa likamano tsa botona le botšehali tsa balekane ba bona pele ho lenyalo.
7 Pauluse o bontša hore esita le balekane ba ‘behang likelello tsa bona linthong tsa moea’ ba tlameha hore e mong a nahane ka litlhoko tsa likamano tsa botona le botšehali tsa e mong. O ile a eletsa Bakreste ba Korinthe: “Monna a a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae. Le se ke la ba ba hanelanang ka eona, haese ka tumellano ka nako e behiloeng, e le hore le ka nehelana ka nako thapelong ’me le ka ba hammoho hape, e le hore Satane a se ke a ’na a le leka ka lebaka la ho hloka boitšoaro ha lōna.” (Baroma 8:5; 1 Bakorinthe 7:3, 5) Ka masoabi, ho ’nile ha etsoa bofebe ha keletso ena e ne e sa mameloe. Ha ho le joalo, Mokreste ea leng lenyalong o lokela ho seka-seka lintho ka hloko pele a amohela mosebetsi o tla mo arohanya le mosali oa hae ka nako e telele. Ha a sa na bolokolohi ba ho etsa lintho bo tšoanang le boo a neng a e-na le bona ha e ne e le lesoha.
8, 9. (a) Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re Bakreste ba nyetseng ba “tšoenyeha ka lintho tsa lefatše”? (b) Bakreste ba nyetseng ba lokela ho tšoenyeha ka ho etsa eng?
8 Ke ka kutloisiso efe ho ka boleloang hore banna ba Bakreste ba nyetseng, ho akarelletsa le baholo, ba “tšoenyeha ka lintho tsa lefatše [koʹsmos]”? (1 Bakorinthe 7:33) Ho hlile ho totobetse hore Pauluse o ne a sa bue ka lintho tse mpe tsa lefatše lena, tseo Bakreste ba ’nete kaofela ba lokelang ho li qoba. (2 Petrose 1:4; 2:18-20; 1 Johanne 2:15-17) Lentsoe la Molimo le re laela “ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše [ko·smi·kosʹ] le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:12.
9 Ka lebaka leo, Mokreste ea leng lenyalong o “tšoenyeha ka lintho tsa lefatše” kaha o tšoenyehile ka ho loketseng ka lintho tsa letsatsi le letsatsi tseo e leng karolo ea bophelo ba lenyalo bo tloaelehileng. Sena se akarelletsa bolulo, lijo, liaparo, boikhathollo—re se re sa re letho ka lintho tse ling tse ngata tseo a tšoenyehang ka tsona haeba a e-na le bana. Empa esita le ho banyalani ba se nang bana, e le hore lenyalo le ka atleha, monna le mosali ba tlameha hore e mong a tšoenyehe ka ho ‘fumana kamohelo’ ea e mong. Baholo ba Bakreste ba thahasella sena ka ho khethehileng ha ba ntse ba leka-lekanya boikarabelo ba bona.
Banna ba Molemo Ebile e le Baholo ba Molemo
10. Hore Mokreste a tšoanelehe e le moholo, barab’abo le batho ba kantle ho phutheho ba lokela ho hlokomela eng?
10 Le hoja lenyalo e se tlhokahalo bakeng sa boholo, haeba monna oa Mokreste a nyetse, pele a buelloa bakeng sa ho khethoa e le moholo, ka sebele o lokela ho fana ka bopaki ba ho leka ka matla ho ba monna ea molemo, ea lerato, ha a ntse a sebelisa bohlooho bo loketseng. (Baefese 5:23-25, 28-31) Pauluse o ngotse: “Haeba monna leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle. Ka hona molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng, monna oa mosali a le mong.” (1 Timothea 3:1, 2) Ho lokela ho totobala hore moholo o etsa sohle se matleng a hae ho ba monna ea molemo, ebang mosali oa hae ke Mokreste-’moho le eena kapa che. Ha e le hantle, esita le batho ba kantle ho phutheho ba lokela ho khona ho hlokomela hore o hlokomela mosali oa hae hamolemo le ho phetha boikarabelo bo bong ba hae. Pauluse o ile a eketsa: “Ho feta moo, hape o lokela ho ba le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle, e le hore a se ke a oela nyelisong le lerabeng tsa Diabolose.”—1 Timothea 3:7.
11. Polelo “monna oa mosali a le mong” e bolela’ng, ka hona baholo ba lokela ho hlokomela eng?
11 Ho hlakile hore polelo “monna oa mosali a le mong” e qhelela sethepu ka thōko, empa hape e bolela ho tšepahala lenyalong. (Baheberu 13:4) Baholo ka ho khethehileng ho hlokahala hore ba be hlokolosi ha ba thusa baralib’abo rōna ka phuthehong. Ba lokela ho qoba ho ba bang ha ba etela morali’abo rōna ea hlokang keletso le matšeliso. E ne e tla ba hantle hore ba felehetsoe ke moholo e mong, mohlanka ea sebeletsang kapa esita le basali ba bona haeba ke taba ea ho etsa ketelo e reretsoeng ho khothatsa feela.—1 Timothea 5:1, 2.
12. Basali ba baholo le ba bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho loanela ho tšoaneloa ke tlhaloso efe?
12 Ho ile ha etsahala hore ha moapostola Pauluse a ntse a thathamisa litlhokahalo bakeng sa baholo le bahlanka ba sebeletsang, a be a se a eletsa basali ba ba nahaneloang litokelo tseo tse joalo. O ile a ngola: “Basali ka ho tšoanang ba lokela ho nka lintho ka botebo, e se ke ea e-ba ba etselletsang, e be ba itekanetseng mekhoeng, ba tšepahalang linthong tsohle.” (1 Timothea 3:11) Monna oa Mokreste a ka etsa ho hongata ho thusa mosali oa hae hore a tšoanelehele tlhaloso eo.
Boikarabelo ba Mangolo Mabapi le Mosali
13, 14. Esita le haeba mosali oa moholo e se Paki-’moho le eena, ke hobane’ng ha a lokela ho lula le eena le ho ba monna ea molemo?
13 Ho hlakile hore keletso ena e fuoang basali ba baholo kapa bahlanka ba sebeletsang e fanoa e thehiloe maikutlong a hore basali ba joalo, ka bobona ke Bakreste ba inehetseng. Ka kakaretso, ho joalo hobane Bakreste ba laeloa ho nyala “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Empa ho thoe’ng ka mor’abo rōna ea neng a se a ntse a nyetse motho ea sa lumelang ha a ne a nehela bophelo ba hae ho Jehova kapa eo mosali oa hae a oang ’neteng e se ka molato oa mor’abo rōna?
14 Sena ka bosona, se ne se ke ke sa mo sitisa ho ba moholo. Leha ho le joalo, se ne se ke ke sa mo fa lebaka la ho arohana le mosali oa hae feela hobane a sa kopanele litumelo tsa hae. Pauluse o ile a eletsa: “Na u tlameletsoe ho mosali? Khaotsa ho batla tokollo.” (1 Bakorinthe 7:27) O ile a tsoela pele ho re: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a a se ke a mo tlohela. Empa haeba ea sa lumelang a qala ho tloha, a a tlohe; mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ha a bohlankeng tlas’a maemo a joalo, empa Molimo o le bitselitse khotsong. Etsoe, mosali, u tseba joang hore ha u na ho pholosa monna oa hao? Kapa, monna, u tseba joang hore ha u na ho pholosa mosali oa hao?” (1 Bakorinthe 7:12, 15, 16) Esita leha mosali oa hae e se Paki, moholo e lokela ho ba monna ea molemo.
15. Moapostola Petrose o fa banna ba Bakreste keletso efe, ’me liphello e ne e ka ba life haeba moholo a ipaka ho ba monna ea hlokomolohang boikarabelo ba hae?
15 Ebang mosali oa hae ke molumeli-’moho le eena kapa che, moholo oa Mokreste o lokela ho hlokomela hore mosali oa hae o hloka tlhokomelo ea hae e lerato. Moapostola Petrose o ngotse: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le bona [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali, kaha le boetse le majalefa le bona a mohau o sa tšoanelang oa bophelo, e le hore lithapelo tsa lōna li se ke tsa sitisoa.” (1 Petrose 3:7) Monna eo ka boomo a hlōlehang ho hlokomela litlhoko tsa mosali oa hae o beha kamano ea hae le Jehova kotsing; seo se ka mo sitisa ho atamela Jehova joalokaha eka ke “leru le leholo, hore thapelo e se ke ea feta.” (Lillo tsa Jeremia 3:44, NW) Sena se ne se ka etsa hore a se hlole a tšoanelehela ho sebeletsa e le molebeli oa Mokreste.
16. Pauluse o hlahisa ntlha efe ea bohlokoa, ’me baholo ba lokela ho ikutloa joang ka see?
16 Joalokaha ho hlokometsoe, ntlha e ka sehloohong ea taba ea Pauluse ke hore ha monna a nyala, o lahleheloa ke tekanyo e itseng ea bolokolohi boo a neng a e-na le bona ha e sa le lesoha bo neng bo mo lumella ho “sebeletsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso.” (1 Bakorinthe 7:35) Litlaleho li bontša hore baholo ba bang ba nyetseng hase kamehla ba ’nileng ba leka-lekana kutloisisong ea bona ea lipolelo tsa Pauluse tse bululetsoeng. Ka lebaka la takatso ea bona ea ho finyella seo ba ikutloang hore baholo ba molemo ba lokela ho se etsa, ba ka ’na ba hlokomoloha boikarabelo bo bong ba bona ba bonna. Ba bang ba ne ba tla thatafalloa ho hana tokelo e itseng ea phutheho, esita le haeba ho hlakile hore ho e amohela ho ne ho tla ba kotsi moeeng ho basali ba bona. Ba thabela litokelo tse tsamaeang le lenyalo, empa na ba rata ho phetha boikarabelo bo tsamaeang le lona?
17. Basali ba bang ba etsahalletsoe ke eng, ’me see se ka be se qobiloe joang maemong a mangata?
17 Ka sebele, cheseho ea moholo ea babatseha. Ho ntse ho le joalo, na Mokreste o leka-lekane haeba ha a phetha boikarabelo ba hae ka phuthehong, o hlokomoloha boikarabelo ba hae ba Mangolo mabapi le mosali oa hae? Le hoja a lakatsa ho thusa ba ka phuthehong, moholo ea leka-lekaneng o tla boela a amehe ka bomoea ba mosali oa hae. Basali ba baholo ba bang ba se ba fokola moeeng, ’me ba bang ba ‘senyehetsoe ke bomoea joaloka sekepe se soahlamaneng.’ (1 Timothea 1:19) Le hoja mosali a ikarabella bakeng sa ho sebeletsa poloko ea hae, maemong a mang bothata ba moea bo ka be bo ile ba qojoa haeba moholo a ne a ile a ‘fepa le ho baballa’ mosali oa hae, “joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.” (Baefese 5:28, 29) Ha e le hantle, baholo ba tlameha ho ‘ikela hloko le mohlape oohle.’ (Liketso 20:28) Haeba ba nyetse, sena se akarelletsa basali ba bona.
“Matšoenyeho Nameng”
18. Litšobotsi tse ling tsa “matšoenyeho” ao Bakreste ba leng lenyalong ba bang le ’ona ke life, ’me see se ka ama mesebetsi ea moholo joang?
18 Moapostola enoa o ile a boela a ngola: “Haeba motho oa lesoha a ne a ka kena lenyalong, ea joalo o ne a tla be a sa etse sebe. Leha ho le joalo, ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona. Empa kea le qenehela.” (1 Bakorinthe 7:28) Pauluse o ne a lakatsa ho lokolla ba khonang ho latela mohlala oa hae oa bosoha matšoenyehong ao joang kapa joang a tlang le lenyalo. Esita le bakeng sa banyalani ba se nang bana, matšoenyeho ana a ka ’na a akarelletsa mathata a bophelo kapa a lichelete esita le boikarabelo ba Mangolo mabapi le batsoali ba hōlileng ba molekane oa motho. (1 Timothea 5:4, 8) Moholo o tlameha ho talimana le boikarabelo bona ka tsela e behang mohlala, ’me ka linako tse ling sena se ka ’na sa ama mesebetsi ea hae joaloka molebeli oa Mokreste. Hoa thabisa hore ebe bongata ba baholo ba etsa mosebetsi o motle oa ho phetha boikarabelo ba bona ba lelapa le ba phutheho.
19. Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Ba nang le basali a ba be joalokaha eka ha ba na bona”?
19 Pauluse o ile a eketsa: “Nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele ba nang le basali a ba be joalokaha eka ha ba na bona.” (1 Bakorinthe 7:29) Ho hlakile hore ka lebaka la seo a neng a se a se ngotse khaolong ena ea Bakorinthe, ho totobetse hore o ne a sa bolele hore Bakreste ba leng lenyalong ba lokela hore ka tsela e itseng ba hlokomolohe basali ba bona. (1 Bakorinthe 7:2, 3, 33) O ile a bontša seo a neng a se bolela ha a ne a ngola sena: “Ba sebelisang lefatše [a ba be] joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Bakorinthe 7:31) Hona joale, ho feta mehleng ea Pauluse kapa mehleng ea moapostola Johanne, “lefatše lea feta.” (1 Johanne 2:15-17) Ka lebaka leo, Bakreste ba leng lenyalong ba utloisisang hore ho itela ho itseng hoa hlokahala bakeng sa ho latela Kreste ba ke ke ba tšoareha ka ho feletseng menyakeng le litokelong tsa lenyalo.—1 Bakorinthe 7:5.
Basali ba Itelang
20, 21. (a) Basali ba bangata ba Bakreste ba ikemiselitse ho etsa boitelo bofe? (b) Mosali ka ho loketseng a ka lebella eng ho monna oa hae, esita le haeba e le moholo?
20 Feela joalokaha baholo ba itela molemong oa ba bang, basali ba baholo ba bangata ba lekile ka matla ho leka-lekanya boikarabelo ba bona lenyalong le lithahasello tsa ’Muso tsa bohlokoahali. Basali ba Bakreste ba likete ba thabela ho sebelisana le banna ba bona ho ba nolofalletsa ho phetha boikarabelo ba bona e le balebeli. Jehova o ba ratela sena, ’me o hlohonolofatsa moea o motle oo ba o bontšang. (Filemone 25) Leha ho le joalo, keletso ea Pauluse e leka-lekaneng e bontša hore basali ba balebeli ka ho loketseng ba ka lebella nako e lekaneng ea tlhokomelo ho banna ba bona. Ke boikarabelo ba Mangolo ba baholo ba nyetseng ho ba le nako e lekaneng bakeng sa basali ba bona e le hore ba ka leka-lekanya boikarabelo ba bona e le banna le balebeli.
21 Empa ho thoe’ng haeba ho ekelletsa ho beng monna, moholo oa Mokreste e le ntate? Sena se eketsa boikarabelo ba hae ’me se bula karolo e ’ngoe ea bolebeli, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
Tlhahlobo
◻ Ke linnete life tsa Mangolo tse bontšang hore molebeli oa Mokreste e ka ba monna ea nyetseng?
◻ Haeba moholo oa lesoha a nyala, o lokela ho ba seli ka eng?
◻ Mokreste ea leng lenyalong o “tšoenyeha ka lintho tsa lefatše” ka litsela life?
◻ Basali ba bangata ba balebeli ba bontša moea o motle joang oa boitelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Esita le hoja a tšoarehile mesebetsing ea puso ea Molimo, moholo o lokela ho fa mosali oa hae tlhokomelo e lerato