Timothea—“Ngoana oa ’Nete Tumelong”
TIMOTHEA o ne a batla a le monyenyane ha moapostola oa Mokreste Pauluse a mo khetha hore a tsamaee le eena. Sena se ile sa qalisa bolekane bo neng bo tla tsoela pele ka lilemo tse ka bang 15. Kamano ena e ileng ea hōla lipakeng tsa banna bana ba babeli e ne e le ea mofuta oo Pauluse a neng a ka bitsa Timothea “ngoana oa ka ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng” le “ngoana oa ’nete tumelong.”—1 Bakorinthe 4:17; 1 Timothea 1:2.
Botho ba Timothea bo ne bo e-na le eng e ileng ea etsa hore Pauluse a mo rate hakaale? Ho tlile joang hore Timothea e be molekane oa bohlokoa hakaale? ’Me ke lithuto life tse molemo tseo re ka ithutang tsona tlalehong e bululetsoeng ea mesebetsi ea Timothea?
O Khethiloe ke Pauluse
Moapostola Pauluse o ile a fumana morutuoa enoa e monyenyane Timothea ha a ne a etetse Lystra (Turkey ea kajeno) leetong la hae la bobeli la boromuoa hoo e ka bang ka 50 C.E. Mohlomong Timothea o ne a se a le haufi le ho ba lilemo li 20 kapa a sa tsoa li feta, o ne a buuoa hantle ke Bakreste ba Lystra le ba Ikoniamo. (Liketso 16:1-3) O ne a phelela lebitso la hae, le bolelang “Ea Hlomphang Molimo.” Ho tloha bongoaneng, Timothea o ’nile a rutoa Mangolo a Halalelang ke nkhono’ae Loise le ’ma’e Eunise. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Mohlomong ba ne ba amohetse Bokreste ketelong ea pele ea Pauluse motseng oa bona lilemong tse seng kae pejana. Joale, ka tšebetso ea moea o halalelang, ponelo-pele e itseng e ile ea bontša hore na bokamoso ba Timothea e ne e tla ba bofe. (1 Timothea 1:18) Tumellanong le tataiso eo, Pauluse le banna ba bang ba hōlileng ba phutheho eo ba ile ba beha mohlankana enoa matsoho, ka tsela eo ba mo khethela tšebeletso e khethehileng, ’me moapostola enoa o ile a mo khetha e le molekane oa hae tšebeletsong ea boromuoa.—1 Timothea 4:14; 2 Timothea 1:6.
Kaha ntate oa hae e ne e le Mogerike ea sa lumelang, Timothea o ne a sa bolla. Ha e le hantle, e ne e se tlhokahalo ea Bokreste. Leha ho le joalo, ho tlosa tšitiso ena bakeng sa Bajuda bao ba neng ba tla ba etela, Timothea o ile a lumela mokhoa ona o bohloko.—Liketso 16:3.
Na pele Timothea o ne a nkoa e le Mojuda? Litsebi tse ling li bolela hore ho latela liqeto tsa bo-rabi, “mofuta oa bana ba banyalani ba merabe e sa tšoaneng o reroa ke ’mè oa bona, eseng ntate oa bona.” Ke hore, “mosali oa Mojuda o beleha bana ba Bajuda.” Empa, mongoli Shaye Cohen o na le pelaelo tabeng ea hore na “molao [o joalo] oa bo-rabi mabapi le batho o ne o se o le teng lekholong la pele la lilemo C.E.” le hore na o ne o bolokoa ke Bajuda ba Asia Minor. Ka mor’a ho hlahloba bopaki ba histori, o phetha ka ho re ha banna ba Balichaba ba nyala basali ba Baiseraele, “bana ba manyalo ana ba ne ba nkoa e le Baiseraele hafeela lelapa le ne le lula har’a Baiseraele. Motho e ne e le oa leloko labo ’mè oa hae ha a le naheng ea habo ’mè oa hae. Ha mosali oa Moiseraele a ne a fallela naheng e ’ngoe ho ea lula le monna oa hae oa Molichaba, bana ba hae ba ne ba nkoa e le Balichaba.” Leha ho le joalo, hore ebe batsoali ba Timothea e ne e le ba merabe e sa tšoaneng e tlameha ebe e ne e le thuso mosebetsing oa boboleli. O ne a ke ke a ba le mathata a ho sebelisana le Bajuda kapa Balichaba, mohlomong ho ne ho mo nolofalletsa ho hlōla likhaohano tse lipakeng tsa bona.
Ketelo ea Pauluse Lystra e ile ea e-ba pontšo ea phetoho e khōlō bophelong ba Timothea. Boikemisetso ba mohlankana enoa ba ho latela tataiso ea moea o halalelang le hore ka boikokobetso a sebelisane le baholo ba Bakreste bo ile ba mo tlisetsa litlhohonolofatso le litokelo tse khōlō tsa tšebeletso. Ebang ka nako eo o ne a ho hlokomela kapa che, tlas’a tataiso ea Pauluse, hamorao Timothea o ne a tla sebelisoa likabelong tsa bohlokoa tsa puso ea Molimo, tse mo isang sebakeng se hōle le ha habo se kang Roma, motse-moholo oa ’muso oo.
Timothea o ne a Ntšetsa Pele Lithahasello Tsa ’Muso
Re na le karolo feela ea tlaleho ea mesebetsi ea Timothea, empa o ile a tsamaea haholo bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Leeto la pele la Timothea le Pauluse le Silase ka 50 C.E. le ile la mo tsamaisa ho pholletsa le Asia Minor ho ea fihla Europe. Sebakeng seo o ile a kopanela liphutuhong tsa ho bolela Filippi, Thesalonika le Berea. Ka mor’a hore khanyetso e etse hore Pauluse a fetele Athene, Timothea le Silase ba ile ba sala Berea bakeng sa ho hlokomela sehlopha sa barutuoa se neng se thehiloe sebakeng seo. (Liketso 16:6–17:14) Hamorao, Pauluse o ile a roma Timothea Thesalonika ho ea matlafatsa phutheho e ncha sebakeng seo. Timothea o ile a ntšetsa litaba tse molemo pele ha a ne a kopana le Pauluse Korinthe.—Liketso 18:5; 1 Bathesalonika 3:1-7.
Mangolo ha a bolele hore na Timothea o ile a lula le Bakorinthe ka nako e kae. (2 Bakorinthe 1:19) Leha ho le joalo, mohlomong hoo e ka bang ka 55 C.E., Pauluse o ile a nahana ho mo khutlisetsa ho bona hobane o ne a amohetse litaba tse tšoenyang ka boemo ba bona. (1 Bakorinthe 4:17; 16:10) Hamorao, Timothea o ile a romeloa Macedonia le Erastase a tloha Efese. ’Me ha Pauluse a ne a ngolla Baroma a le Korinthe, Timothea o ne a boetse a e-na le eena.—Liketso 19:22; Baroma 16:21.
Timothea le ba bang ba ile ba tloha Korinthe le Pauluse ha a ne a e-ea Jerusalema, ’me ba ile ba felehetsa moapostola enoa bonyane ho ea fihla Troase. Ha ho tsejoe hore na Timothea o ile a tsoela pele ho ea fihla Jerusalema. Empa Pauluse o ile a bua ka eena likenyeletsong tsa mangolo a mararo ao a ileng a a ngola a le teronkong Roma hoo e ka bang ka 60-61 C.E.a (Liketso 20:4; Bafilippi 1:1; Bakolose 1:1; Filemone 1) Pauluse o ne a lokisetsa ho romela Timothea Filippi a tloha Roma. (Bafilippi 2:19) ’Me ka mor’a hore Pauluse a lokolloe teronkong, Timothea o ile a sala Efese ka taelo ea moapostola enoa.—1 Timothea 1:3.
Kaha lekholong la pele la lilemo ho nka maeto ho ne ho se bonolo ho bile ho se monate, boikemisetso ba Timothea ba ho nka maeto a mangata molemong oa liphutheho bo ne bo babatseha e le kannete. (Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1996, leqepheng la 29, lebokoseng.) Nahana ka le leng la maeto a hae a neng a tla latela le hore na le re bolella eng ka Timothea.
Ho Utloisisa Botho ba Timothea
Timothea o ne a e-na le Pauluse Roma ha moapostola enoa ea neng a kene teronkong a ne a ngolla Bakreste ba neng ba hlorisoa Filippi ’me a re: “Ke na le tšepo ho Morena Jesu ea ho romela Timothea ho lōna haufinyane, e le hore nka ba soule e hlasimolohileng ha ke tseba hamolemonyana ka lintho tse le amang. Etsoe ha ke na e mong osele ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. Etsoe ba bang kaofela ba batla lithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu. Empa le tseba bopaki boo a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana hammoho le ntate o ile a sebetsa joaloka lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.”—Bafilippi 1:1, 13, 28-30; 2:19-22.
Mantsoe ao a ne a totobatsa ho ameha ha Timothea ka balumeli-’moho le eena. Ntle le haeba a ne a tsamaea ka seketsoana, leeto le joalo le ne le tla nka matsatsi a 40 ka maoto ho tloha Roma ho ea Filippi, ho e-na le sebaka se sekhutšoanyane seo ho tšeloang ho sona Leoatleng la Adriatic, ’me ho latele matsatsi a mang a 40 a ho khutlela Roma. Timothea o ne a ikemiselitse ho etsa seo sohle bakeng sa ho sebeletsa bara le barali babo.
Le hoja Timothea a ne a tsamaea haholo, ka linako tse ling oa be a ne a kula. Ho totobetse hore o ne a e-na le bokuli bo itseng ba mala ’me o ne a “kula khafetsa.” (1 Timothea 5:23) Empa o ile a ikitlaetsa ka lebaka la litaba tse molemo. Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ne a e-na le kamano e haufi hakaalo le eena!
Ka lebaka la tataiso ea moapostola le liphihlelo tsa bona ha ba le hammoho, ho bonahala hore Timothea o ile a tšoana le Pauluse. Kahoo, Pauluse o ne a ka mo bolella: “U latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo, morero oa ka, tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka, mamello ea ka, mahloriso a ka, litlhokofatso tsa ka, mofuta oa lintho tse ileng tsa nketsahalla Antioke, Ikoniamo, Lystra, mofuta oa mahloriso ao ke a mameletseng.” Timothea o ne a lla le Pauluse, ea neng a mo rapella, ’me a sebetsa le eena joaloka lekhoba bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso.—2 Timothea 1:3, 4; 3:10, 11.
Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore ‘ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang tlaase bocha ba hae.’ Sena se ka ’na sa bontša hore Timothea o ne a batla a le lihlong, a tsila-tsila ho bontša matla a hae a ho laela. (1 Timothea 4:12; 1 Bakorinthe 16:10, 11) Leha ho le joalo, o ne a ka sebeletsa a le mong, ’me Pauluse o ne a ka mo romela ka sebete maetong a hlokang motho ea hōlileng le ea matla. (1 Bathesalonika 3:1, 2) Ha Pauluse a ne a hlokomela tlhokahalo ea bolebeli ba puso ea Molimo ba motho ea matla ka phuthehong ea Efese, o ile a phehella Timothea hore a be moo bakeng sa ho “laela ba bang ba itseng hore ba se ke ba ruta thuto e fapaneng.” (1 Timothea 1:3) Leha ho le joalo, le hoja Timothea a ne a fuoe boikarabelo bo bongata, o ne a ikokobelitse. ’Me ho sa tsotellehe lihlong leha e le life tseo e ka ’nang eaba o ne a e-na le tsona, o ne a le sebete. Ka mohlala, o ile a ea Roma ho ea thusa Pauluse, ea neng a le tekong ka lebaka la tumelo ea hae. Ha e le hantle, Timothea ka boeena o ile a ba teronkong ka nako e itseng, mohlomong ka lebaka lona leo.—Baheberu 13:23.
Ha ho na pelaelo ea hore Timothea o ithutile ho hongata ho Pauluse. Tlhompho eo moapostola enoa a neng a e-na le eona bakeng sa mosebetsi-’moho le eena e pakoa haholo ke ’nete ea hore o ile a mo ngolla mangolo a mabeli a bululetsoeng a fumanoang Mangolong a Segerike a Bakreste. Hoo e ka bang ka 65 C.E., ha Pauluse a ne a hlokomela hore o ne a le haufi le ho shoela tumelo, o ile a boela a bitsa Timothea. (2 Timothea 4:6, 9) Mangolo ha a bolele hore na Timothea o ile a khona ho bona moapostola Pauluse pele a bolaoa.
Ithaope!
Ho ka ithutoa ho hongata mohlaleng o motle oa Timothea. O ile a rua molemo o moholo ka ho ba molekane oa Pauluse, a hōla ho tloha ho beng mocha ea lihlong ho fihlela e e-ba molebeli. Bahlankana le baroetsana ba Bakreste ba ka rua molemo o moholo ka bolekane bo tšoanang kajeno. ’Me haeba ba etsa tšebeletso ea Jehova mosebetsi oa bona oa bophelo bohle, ba tla ba le mosebetsi o mongata oa bohlokoa oo ba ka o etsang. (1 Bakorinthe 15:58) E ka ’na ea e-ba bo-pula-maliboho, kapa baboleli ba nako e tletseng, liphuthehong tsa habo bona, kapa ba ka khona ho sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōloanyane. Har’a menyetla e mengata ho na le mosebetsi oa boromuoa oo ba ka o etsang naheng e ’ngoe kapa ho sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše lohle ea Mokhatlo oa Watch Tower kapa ho le leng la makala a oona. ’Me, ho hlakile hore Bakreste bohle ba ka bontša moea o tšoanang le oo Timothea a o bontšitseng, ka ho etsetsa Jehova tšebeletso ea moea oohle.
Na u lakatsa ho tsoela pele u hōla moeeng, hore u sebelisoe ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova boemong bofe kapa bofe boo o ka bonang bo loketse? Joale, etsisa Timothea. Ho fihlela moo ho khonehang, ithaope. Ke mang ea tsebang hore na ke litokelo life tsa tšebeletso tseo e ka ’nang eaba li u bulehetse nakong e tlang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pauluse o boetse o bua ka Timothea mangolong a mang a hae a mane.—Baroma 16:21; 2 Bakorinthe 1:1; 1 Bathesalonika 1:1; 2 Bathesalonika 1:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
“Ha ke na e mong osele ea nang le boikutlo bo kang ba hae”