Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pono ea Mokreste ka Balaoli ba Phahameng
    Molula-Qhooa—1990 | November 1
    • 8 Petrose o ile a boela a tiisa hore re lokela ho ikokobeletsa balaoli ba lefatše lena ha a re: “Le ke le utloe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le eena e moholo; leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongoang ke eena ho khalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle.” (1 Petrose 2:13, 14) Tumellanong le sena, Bakreste ba ne ba tla ela hloko hape temoso ea Pauluse ho Timothea: “Joale, khothatso ea ka ea sehloho, ke re: Liqelo, le merapelo, le lithapello, le liteboho, li etsetsoe batho bohle, le marena, le bohle ba boholong [“ba boemong bo phahameng,” NW], hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong.”b—1 Timothea 2:1, 2.

  • Pono ea Mokreste ka Balaoli ba Phahameng
    Molula-Qhooa—1990 | November 1
    • b Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “boemong bo phahameng,” hy·pe·ro·kheʹ, le amana le leetsi hy·pe·reʹkho. Polelong “balaoli ba phahameng” lentsoe “phahameng” le nkiloe leetsing lona lena la Segerike, e leng ho eketsang bopaki ba hore balaoli ba phahameng ke balaoli ba lefatše. Tsela eo Ba-Roma 13:1 e fetoletsoeng ka eona ho The New English Bible, “Motho e mong le e mong o tlameha ho ipeha ka tlaase ho balaoli ba phahameng ka ho fetisisa,” ha ea nepahala. Batho “ba boemong bo phahameng” hase ba phahameng ka ho fetisisa, le hoja e ka ’na eaba ba phahametse batho ba bang.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela