Tsamaea Joalokaha Molimo A U Rutile
“Tloong, re nyolohele thabeng ea Jehova . . . , a tle a re rute litsela tsa hae, re tsamaee ka ’mila ea hae.”—MIKEA 4:2.
1. Ho latela Mikea, Molimo o tla etsetsa batho ba hae eng mehleng ea bofelo?
MOPROFETA oa Molimo Mikea o ile a bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo,” mehla ea rōna, batho ba bangata ba tla batla Molimo ka matla, e le hore ba ka mo sebeletsa. Bana ba tla khothatsana, ba re: “Tloong, re nyolohele thabeng ea Jehova . . . , a tle a re rute litsela tsa hae, re tsamaee ka ’mila ea hae.”—Mikea 4:1, 2.
2, 3. Polelo ea Pauluse e entsoeng esale pele ka batho ba ratang chelete e phethahatsoa joang kajeno?
2 Ho ithuta ha rōna 2 Timothea 3:1-5 ho ka re thusa ho bona liphello tsa ho rutoa ke Molimo “mehleng ea qetello.” Sehloohong se etellang sena pele, re qalile ka ho hlokomela melemo e tlelang ba nkang temoso ea Pauluse ka ho teba ea ho se be “baithati.” Pauluse o ile a phaella ka hore mehleng ea rōna batho e tla ba “ba ratang chelete.”
3 Ha ho motho ea hlokang lengolo la thuto e phahameng la koleche historing ea kajeno e le hore a ka utloisisa hore na mantsoe ao a lokela mehla ea rōna hamolemo hakaakang. Na ha ua ka ua bala ka bo-ramatlotlo le baeta-pele ba mekhatlo ea khoebo ba sa khotsofalleng chelete e ngata eo ba e amohelang selemo le selemo? Barati bana ba chelete ba ntse ba batla ho eketsehileng, esita le ka litsela tse sa lumelloang ka molao. Mantsoe a Pauluse hape ke a loketseng ho ba bangata kajeno bao, le hoja ba sa rua, ba leng meharo, ho se mohla ba khotsofalang. E ka ’na eaba u tseba ba bangata ba joalo sebakeng sa heno.
4-6. Bibele e thusa Bakreste ho qoba ho ba ba ratang chelete joang?
4 Na seo Pauluse a buileng ka sona ke feela tšobotsi ea sebōpeho sa motho e ke keng ea qojoa? Eseng ho latela Mongoli oa Bibele, eo khale a ileng a bolela ’nete ena: “Lerato la chelete ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse hlahisang kotsi‚ ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba ’nile ba khelosoa tumelong ’me ba itlhabile hohle ka mahlaba a mangata.” Hlokomela, Molimo haa ka a re, ‘Chelete ke motso oa lintho tsohle tse hlahisang kotsi.’ O itse ke “lerato la chelete.”—1 Timothea 6:10, NW.
5 Ho thahasellisang ke hore taba e potolohileng mantsoe a Pauluse e totobatsa hore Bakreste ba bang ba molemo lekholong la pele la lilemo ba ne ba ruile tsamaisong eo ea lintho, ebang ba jele leruo lefa kapa ba le sebelelitse. (1 Timothea 6:17) Joale, ho lokela ho totobala hore ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ba lichelete ke bofe, Bibele e re lemosa ka kotsi ea ho ba barati ba chelete. Na Bibele e fana ka thuto leha e le efe e tsoelang pele mabapi le ho qoba bofokoli boo bo bakang mahlomola le bo atileng? Ka sebele e fana ka eona, joaloka e Thutong ea Jesu ea Thabeng. Bohlale ba eona bo tumme lefatšeng. Hlokomela, ka mohlala, seo Jesu a se buileng ho Mattheu 6:26-33.
6 Joalokaha ho tlalehiloe ho Luka 12:15-21, Jesu o ile a bua ka monna oa morui ea ’nileng a tsoela pele ho bokella leruo le eketsehileng empa eo ka tšohanyetso a ileng a lahleheloa ke bophelo ba hae. Jesu o ne a totobatsa ntlha efe? O itse: “Le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng.” Hammoho le keletso e joalo, Bibele e nyatsa botsoa ’me e hatisa molemo oa ho sebetsa ka botšepehi. (1 Ba-Thessalonika 4:11, 12) Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa hore lithuto tsena ha li tšoanele mehla ea rōna—empa lia e tšoanela, li bile lia sebetsa.
Ho Rutoa le ho Fumantšoa Molemo
7. Re na le mabaka afe a ho kholiseha hore re ka atleha ho sebelisa keletso ea Bibele mabapi le maruo?
7 Lichabeng tse ngata, u ka fumana mehlala ea bophelo ba sebele ea banna le basali ba maemo ’ohle a setso le moruo ba ’nileng ba sebelisa melao-motheo ea bomolimo mabapi le chelete. Ba itsoetse molemo le malapa a bona, joalokaha esita le batho ba ka ntle ba ka bona. Ka mohlala, bukeng Religious Movements in Contemporary America, e tsoang ho mohatisi oa Univesithi ea Princeton, setsebi sa anthropology se ngotse: “Likhatisong [tsa Lipaki] le lipuong tsa phutheho li hopotsoa hore ha lia itšetleha ka likoloi tse ncha, liaparo tse turang, kapa bophelo bo mabotho-botho bakeng sa boemo ba bona. Ka nako e tšoanang Paki e lokela ho etsetsa mohiri oa eona mosebetsi o khotsofatsang oa letsatsi [le ho] tšepahala ka ho feletseng . . . Litšoaneleho tse joalo li etsa hore le motho ea hlokang tsebo e ngata ea mosebetsi e be mohiruoa ea molemo, ’me Lipaki tse ling tsa Philadelphia Leboea [U.S.A.] li phahamiselitsoe boemong ba boikarabelo bo boholo mosebetsing.” Ho hlakile hore batho ba amohetseng thuto ho Molimo ka Lentsoe la hae ba hlokomelisitsoe boikutlo bo etsang hore ho be thata ho sebetsana le maemo a hona joale. Phihlelo ea bona e paka hore thuto ea Bibele e lebisa bophelong bo molemo haholoanyane, bo thabileng haholoanyane.
8. Ke hobane’ng ha ‘ho ikhopola ho tlōla,’ ‘boikhohomoso,’ le ‘bonyefoli’ li ka amahanngoa, ’me tsee tse tharo li bolela’ng?
8 Re ka hokahanya lintho tse tharo tse latelang tseo Pauluse a li thathamisang. Mehleng ea qetello, batho e tla ba “ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli.” Lintho tsena tse tharo ha li tšoane, empa kaofela li amana le boikakaso. Ea pele ke ‘ho ikhopola ho tlōla.’ Buka e hlalosang mantsoe e bolela hore lentsoe la motheo la Segerike mona le bolela: “‘Ea ikhopolang ho feta kamoo ho hlokahalang kateng,’ kapa ‘ea tšepisang ho etsa se fetang seo a ka khonang ho se etsa.’” U ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Libibele tse ling li sebelisa lentsoe “boithoriso.” Ho latela ‘boikhohomoso,’ kapa ka ho toba “ponahalo ea bophahamo.” Ea ho qetela, ‘bonyefoli.’ Ba bang ba ka ’na ba nahana hore banyefoli ke ba buang ka Molimo ka ho hloka tlhompho e loketseng, empa lentsoe la motheo le akareletsa puo e kotsi, e senyang botumo ba batho, kapa e ba nyefolang. Kahoo Pauluse o bua ka bonyefoli bo lebisang ho Molimo le batho.
9. Ho fapana le boikutlo bo kotsi bo atileng, ke boikutlo bofe boo Bibele e khothaletsang batho hore ba be le bona?
9 U ikutloa joang ha u le har’a batho ba tšoaneloang ke tlhaloso ea Pauluse, ebang ke basebetsi-’moho, liithuti-’moho, kapa beng ka uena? Na ho u nolofaletsa bophelo haholoanyane? Kapa na batho ba joalo ba thatafatsa bophelo ba hao, ba u thatafaletsa haholoanyane ho sebetsana le mehla ea rōna? Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re ruta ho qoba boikutlo bo joalo, le fana ka thuto e kang e fumanoang ho 1 Ba-Korinthe 4:7; Ba-Kolosse 3:12, 13; le Ba-Efese 4:29.
10. Ke’ng se bontšang hore batho ba Jehova ba fumana molemo ka ho amohela thuto ea Bibele?
10 Le hoja Bakreste ba sa phethahala, ho sebelisa ha bona thuto ena e molemo ho ba thusa haholo linakong tsena tse mahlonoko. Koranta ea Italy La Civiltà Cattolica e ile ea bolela hore lebaka le leng le etsang hore Lipaki tsa Jehova li tsoele pele ho eketseha “ke hore sehlopha sena se fa litho tsa sona boitsebahatso bo tobileng le bo matla.” Empa, ka “boitsebahatso bo matla,” na mongoli o ne a bolela “ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli”? Ka ho fapaneng, makasine oa Majesuite o hlokomela hore sehlopha sena “se fa litho tsa sona boitsebahatso bo tobileng le bo matla, ’me ke sebaka seo ba amoheloang ka mofuthu ho sona le ka boikutlo ba boena le ba bonngoe.” Na ha hoa hlaka hore lintho tseo Lipaki li ’nileng tsa li rutoa lia li thusa?
Thuto e Tsoela Litho tsa Lelapa Molemo
11, 12. Pauluse o bontšitse joang ka nepo kamoo boemo bo neng bo tla ba kateng malapeng a mangata?
11 Re ka beha lintho tse ’nè tse latelang tse batlileng li amana sehlopheng se le seng. Pauluse o boletse esale pele hore mehleng ea qetello, ba bangata e tla ba “ba sa utloeng batsoali, ba sa leboheng‚ ba sa tšepahaleng‚ ba se nang kameho e lerato ea tlhaho.” Ua tseba hore mefokolo e ’meli ho ena—ho se lebohe le ho se tšepahale—e re pota-potile. Ho ntse ho le joalo, ho bonolo hore re bone hore na ke ka lebaka la’ng ha Pauluse a li behile lipakeng tsa “ba sa utloeng batsoali” le “ba se nang kameho e lerato ea tlhaho.” Litšobotsi tse ’nè tsena li amana haufi.
12 Hoo e batlang e le motho ofe le ofe ea hlokolosi, e mocha kapa ea hōlileng, o lokela ho lumela hore ho se utloe batsoali ho jele setsi, ’me ho ntse ho eketseha le ho feta. Batsoali ba bangata ba belaela ka hore bacha ba bonahala ba sa lebohe sohle seo ba se etsetsoang. Bacha ba bangata ba ipelaetsa ka hore batsoali ha ba hlile ha ba tšepahale ho bona (kapa ho lelapa ka kakaretso) empa ba tšoarehile haholo mesebetsing ea bona, menyakeng, kapa ho bona ka bobona. Ho e-na le ho leka ho lekanyetsa ea leng molato, sheba liphello. Ho se utloane ho leng teng pakeng tsa batho ba baholo le bacha hangata ho etsa hore bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba iketsetse litekanyetso tsa bona mabapi le boitšoaro bo botle kapa bo bobe. Phello e ba efe? Tekanyo e ntseng e phahama ea ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ho ntšoa ha limpa, le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Hangata haholo, ho haella ha kameho e lerato ea tlhaho lapeng ho lebisa pefong. Mohlomong u ka bolela mehlala ea sebaka sa heno, eo e leng bopaki ba hore kameho e lerato ea tlhaho ea fela.
13, 14. (a) Re tobane le ho theoha ha boemo ba malapa a mangata, ke hobane’ng ha re lokela ho lebisa tlhokomelo Bibeleng? (b) Ke keletso efe e bohlale eo Molimo a fanang ka eona mabapi le bophelo ba lelapa?
13 Sena se ka ’na sa hlalosa lebaka leo ka lona ba eketsehileng ba ntseng ba fetohela ba kileng ba bonahala e le karolo ea lelapa le akareletsang seng, leloko, morabe, kapa sehlopha. Leha ho le joalo, hopola hore ha re bue ka lintho tsena bakeng sa ho hatisa litšobotsi tse fosahetseng tsa bophelo kajeno. Lintho tse peli tse ka sehloohong tseo re li thahasellang ke tsena: Na lithuto tsa Bibele li ka re thusa ho qoba ho utloisoa bohloko ke liphoso tseo Pauluse a li thathamisitseng, ’me na re tla fumana molemo ka ho sebelisa lithuto tsa Bibele bophelong ba rōna? Karabo e ka ba e, joalokaha ho totobetse mabapi le lintlha tseo tse ’nè tse leng lethathamong la Pauluse.
14 Polelo ena e akaretsang e-ea lokela: Ha ho na thuto e molemo ho feta e tsoang Bibeleng bakeng sa ho etsa bophelo ba lelapa bo futhumatsang pelo le bo atlehileng hamolemo. Sena se tiisoa ke mohlala feela oa keletso ea eona e ka thusang litho tsa lelapa eseng feela ho qoba mefokolo empa ho atleha. Ba-Kolosse 3:18-21 e bontša seo hantle, leha ho le joalo ho na le likarolo tse ling tse molemo le tse sebetsang tse tobisitsoeng ho banna, basali le bana. Thuto ena e-ea sebetsa mehleng ea rōna. Hoa utloahala hore esita le malapeng a mangata a Bakreste ba ’nete, ho na le mathata le liphephetso. Leha ho le joalo, liphello tse akaretsang li paka hore Bibele e fa malapa thuto e molemo haholo.
15, 16. Mofuputsi e mong o fumane boemo bofe ha a etsa phuputso ho Lipaki tsa Jehova Zambia?
15 Ka selemo le halofo, mofuputsi ea tsoang Univesithing ea Lethbridge, Canada, o ile a ithuta maemo a bophelo Zambia. O ile a etsa qeto ena: “Lipaki tsa Jehova li atleha haholoanyane ho feta litho tsa lihlopha tse ling tsa bolumeli tabeng ea ho boloka manyalo a tsitsitseng. . . . Katleho ea tsona e bontša ho ba le kamano e ntlafalitsoeng pakeng tsa monna le mosali, bao boikemisetso ba bona bo bocha e leng ho se sokelane, ho sebelisana hammoho, ba fetohile ba ikarabellang ho Molimo, moeta-pele oa bona mabapi le tsela eo ba tšoaranang ka eona. . . . Monna oa Paki ea Jehova o rutoa hore a hōlele ho bonahatsa boikarabelo bakeng sa boiketlo ba mosali oa hae le bana. . . . Monna le mosali ba khothaletsoa hore e be batho ba tšepahalang . . . Tlhoko ena e tlamang bakeng sa botšepehi e tlamahanya lenyalo.”
16 Phuputso eo e ne e theiloe liphihlelong tse ngata tsa ’nete. Ka mohlala, mofuputsi enoa o ile a bolela hore ho fapana le se tloaelehileng, “Banna ba Lipaki tsa Jehova hangata ba fumanoa ba thusa basali ba bona lijareteng, eseng feela nakong ea ho lokisa jarete bakeng sa ho e lema, empa hape ka ho jala le ho phethola.” Kahoo ho totobetse hore liphihlelo tse ngata lefatšeng ka bophara li bontša hore thuto ea Bibele e ama bophelo.
17, 18. Ke liphello life tse makatsang tse ileng tsa hlahella phuputsong e mabapi le lefa la bolumeli le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo?
17 Sehlooho se fetileng se boletse ka se fumanoeng ho Journal for the Scientific Study of Religion. Ka 1991 e ne e e-na le sehlooho se reng “Lefa la Bolumeli le ho Kopanela Likamano tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo: Bopaki bo Tsoang ho Sampole ea Bacha.” Mohlomong u tseba kamoo likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo li atileng kateng. Lilemong tsa bocha ba bangata ba inehela takatsong, ’me bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba na le balekane ba bangata ba likamano tsa botona le botšehali. Na lithuto tsa Bibele li ka fetola boemo boo bo tloaelehileng?
18 Liprofesa tse tharo tsa boemo bo bohareng tse fupulitseng taba ena li ne li lebeletse ho fumana ‘hore bacha le batho ba baholo ba hōliselitsoeng litloaelong tse itekanetseng tsa Bokreste ba ne ba ke ke ba ba le tšekamelo ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo.’ Empa linnete li ile tsa bontša eng? Ka kakaretso, pakeng tsa karolo ea 70 le ea 82 lekholong e ne e se e kile ea kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Ho ba bang “lefa la bolumeli [le ile la fokotsa] monyetla oa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, empa eseng tabeng ea ‘likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20.’” Bafuputsi ba ile ba hlalosa mabapi le bacha ba bang ba tsoang malapeng a bonahalang e le a bolumeli ba “bonahalitseng tekanyo e phahameng ka tsela e hlokomelehang ea likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ha ba bapisoa le Lihlopha tsa Boholo-holo tsa Maprostanta.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
19, 20. Thuto ea Molimo e thusitse le ho sireletsa bacha ba bangata joang har’a Lipaki tsa Jehova?
19 Liprofesa tsena li ile tsa fumana se fapaneng har’a bacha ba Lipaki tsa Jehova, ba neng ba le har’a “sehlopha se arohileng haholo ho tse ling.” Hobane’ng? “Tekanyo ea boitlamo le kopano ea botsoalle e hlahisoang ke liphihlelo, litebello, le ho nka karolo mesebetsing ea bolumeli . . . mohlomong ka kakaretso e ka bōpa litekanyo tse phahameng tsa ho khomarela melao-metheo ea tumelo.” Ba ile ba phaella: “Lipaki li lebeletsoe ho phethahatsa boikarabelo ba boromuoa esale bacha le ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo.”
20 Kahoo thuto ea Bibele e tsoetse Lipaki tsa Jehova molemo ka ho li thusa ho qoba boitšoaro bo bobe. Phello ea sena ke ho sireletseha mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ao a mang a ’ona a sa phekoleheng a bileng a bolaeang. Sena se etsa hore ba se qobellehe ho ntša limpa, hoo Bibele e rutang hore ho tšoana le ho bolaea. Hape se fella ka hore ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo ba khone ho kena lenyalong ka matsoalo a hloekileng. ’Me manyalo e ba a theiloeng motheong o tiileng. Ke lithuto tse joalo tse ka re thusang ho sebetsana le maemo ka katleho, ho phela hantle haholoanyane, ho thaba haholoanyane.
Thuto e Nepahetseng
21. Pauluse o boletse eng ka nepo esale pele bakeng sa mehla ea rōna?
21 Joale khutlela ho 2 Timothea 3:3, 4, ’me u hlokomele hore na ke’ng hape seo Pauluse a itseng se etsa hore mehla ea rōna e thatafaletse ba bangata ho sebetsana le eona—empa eseng bohle: “[Batho e tla ba] ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba se nang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba sa rateng molemo, baeki, ba lihlooho li thata, ba tletseng boikakaso, [le] ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” E nepile hakaakang! Leha ho le joalo, thuto e tsoang Bibeleng e ka re sireletsa le ho re hlomella ho sebetsana le maemo ana ka katleho, ho atleha.
22, 23. Pauluse o ile a qetella lethathamo la hae ka khothatso efe e molemo, ’me bohlokoa ba eona ke bofe?
22 Moapostola Pauluse o qetella lethathamo la hae ka khothatso e molemo. O fetola ntlha ea ho qetela taelo ea bomolimo eo hape e ka re tlisetsang molemo o ke keng oa lekanngoa. Pauluse o bua ka ba “nang le sebōpeho sa borapeli empa ba ipaka ba sa tšepahalle matla a bona; ’me u furalle ba joalo.” Hopola hore likerekeng tse ling ha e le hantle bacha ba kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ka ho tlōlisang. Esita le haeba boitšoaro bo bobe ba batho bao ba kenang kereke bo ne bo sa tlōle meeli, na seo e ne e ke ke ea e-ba bopaki ba hore mofuta oa bona oa borapeli ha o na matla? Ho feta moo, na lithuto tsa bolumeli li fetola tsela eo batho ba etsang lintho ka eona khoebong, tsela eo ba sebetsanang le batho bao ba ba okametseng, kapa tsela eo ba tšoarang beng ka bona ka eona?
23 Mantsoe a Pauluse a bontša hore re tlameha ho sebelisa seo re ithutang sona Lentsoeng la Molimo, ho ba le tsela ea borapeli e bonahatsang matla a sebele a Bokreste. Mabapi le bao mofuta oa borapeli ba bona o se nang matla, Pauluse oa re bolella: “U furalle ba joalo.” Eo ke taelo e hlakileng, e tla re tlisetsa melemo e tobileng.
24. Khothatso e ho Tšenolo khaolo 18 e tšoana le keletso ea Pauluse joang?
24 Ka tsela efe? Ha e le hantle, buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa mosali oa tšoantšetso, seotsoa, se bitsoang Babylona e Moholo. Bopaki bo bontša hore Babylona e Moholo o emela ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata, oo Jehova Molimo a o hlahlobileng ’me a o lahla. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re kenyeletsoe ho oona. Tšenolo 18:4 ea re khothatsa: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” Na oo hase molaetsa o tšoanang le oo Pauluse a ileng a o fetisa, “u furalle ba joalo”? Ho sebetsa ha rōna tumellanong le sena ke tsela e ’ngoe eo ka eona re ka fumanang molemo thutong ea Molimo.
25, 26. Ba amohelang le ho sebelisa thuto e tsoang ho Jehova Molimo hona joale ba boloketsoe bokamoso bofe?
25 Haufinyane Molimo ka ho toba o tla kenella litabeng tsa batho. O tla felisa bolumeli bohle ba bohata le tsamaiso eohle e khopo ea lintho ea hona joale. Leo e tla ba lebaka la thabo, joalokaha Tšenolo 19:1, 2 e bontša. Lefatšeng ba amohelang le ho latela thuto ea Molimo ba tla lumelloa ho tsoela pele ba latela lithuto tsa hae ha litšitiso tsa linako tsena tse mahlonoko li fetile.—Tšenolo 21:3, 4.
26 Ho phela Paradeiseng eo e tsosolositsoeng ruri ho tla thabisa ho feta kamoo re nahanang kateng. Molimo o tšepisa hore seo se ka re etsahalla, ’me re ka mo tšepa re sa qea-qee. Kahoo o re fa mabaka a mangata a hore re amohele le ho latela lithuto tsa hae tse molemo. Neng? A re lateleng lithuto tsa hae hona joale linakong tsa rōna tse mahlonoko le ho tsoela pele ho ea fihla Paradeiseng eo a e tšepisang.—Mikea 4:3, 4.
Lintlha tse ka Thuisoang
◻ Batho ba Jehova ba rua molemo joang keletsong ea hae mabapi le maruo?
◻ Makasine oa Majesuite o netefalitse liphello life tse molemo tse tlelang bahlanka ba Molimo ka ho sebelisa Lentsoe la hae?
◻ Phuputso e entsoeng Zambia e ile ea senola melemo efe e ileng ea tlela malapa a sebelisang thuto ea bomolimo?
◻ Thuto ea bomolimo e fa bacha tšireletso efe?
[Lebokose le leqepheng la 15]
MOPUTSO OA LIKETSO TSA BONA O BOHLOKO HAKAAKANG!
Tlaleho e fanoeng sebokeng se mabapi le AIDS le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 e re: “Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba tobane le kotsi e khōlō ea AIDS hobane ba rata ho latsoa likamano tsa botona le botšehali le lithethefatsi, ho ipeha kotsing le ho phelela monyaka oa nakoana, le ka lebaka la ho ba le boikutlo ba hore ba ke ke ba e-shoa le ho hanyetsa bolaoli.”—Daily News ea New York, Sontaha, March 7, 1993.
“Phuputso e entsoeng ke Machaba a Kopaneng Europe, Afrika le ka Boroa-bochabela ho Asia e fumane hore banana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali ba hlahella e le ba hlahlamang ba ‘ba ka pele-pele’ seoeng sa AIDS.”—The New York Times, Labohlano, July 30, 1993.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Thuto ea Bibele e tsoela Lipaki tsa Jehova molemo phuthehong le lapeng