-
Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa BohleMolula-Qhooa—1991 | February 15
-
-
Topollo e Lekanang le se Lahlehileng
10. Ke hobane’ng ha mahlabelo a liphoofolo a ne a ke ke a koahela libe tsa batho ka ho lekaneng?
10 Se boletsoeng ka holimo se bontša hore topollo e tlameha ho tšoana le ntho eo e e nkelang sebaka, kapa eo e e koahelang. Ha e le hantle mahlabelo a liphoofolo ao banna ba tumelo, ho tloha ka Abele ho ea pele, ba neng ba a nyehela a ne a ke ke a koahela libe tsa batho, kaha batho ba phahametse libatana. (Pesaleme ea 8:4-8) Ka hona Pauluse o ne a ka ngola tjena, “mali a lipoho le a liphooko a sitoa ruri ho tlosa libe.” Mahlabelo a joalo a ne a ka sebeletsa feela e le ntho ea tšoantšetso e koahelang, ho ntse ho lebelletsoe topollo e neng e tla tla.—Ba-Heberu 10:1-4.
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho sa hlokahale hore batho ba limillione tse likete-kete ba shoe mafu a sehlabelo hore ba koahele boetsalibe ba batho? (b) Ke mang feela ea neng a ka sebeletsa e le “topollo e lekanang le se lahlehileng,” hona lefu la hae le phetha morero ofe?
11 Topollo ena e neng e tšoantšetsoa e ne e lokela hore e tšoane ka ho nepahetseng le Adama, kaha kotlo ea lefu eo Molimo o neng o e tliselitse Adama e ile ea fella ka ho ahloloa ha moloko oa batho. 1 Ba-Korinthe 15:22, (BPN) e re: “Bohle ba e-shoa ka baka la Adama.” Kahoo ho ne ho sa hlokahale hore batho ka bomong ba limillione tse likete-kete ba shoe mafu a sehlabelo hore ba lekane le batho ka bomong baneng ba Adama. “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe.” (Ba-Roma 5:12) “Erekaha lefu le hlahile ka motho,” tefello ea batho le eona e ne e ka tla “ka motho.”—1 Ba-Korinthe 15:21, BPN.
12 Motho eo e neng e ka ba topollo e ne e lokela hore e be motho ea phethahetseng oa nama le mali—ea lekanang hantle le Adama. (Ba-Roma 5:14) Sebōpuoa sa moea kapa “Molimo-motho,” se ne se ke ke sa etsa hore sekala sa toka se leka-lekane. Ke motho ea phethahetseng feela, ea seng tlas’a kotlo ea lefu e fuoeng Adama, ea neng a ka nehelana ka “topollo e lekanang le se lahlehileng,” e lekanang ka ho phethahetseng le Adama. (1 Timothea 2:6, NW)a Ka ho etsa sehlabelo ka bophelo ba hae ka boithatelo, ‘Adama enoa oa morao’ o ne a ka lefa moputso oa sebe sa “motho oa pele, Adama.”—1 Ba-Korinthe 15:45; Ba-Roma 6:23.
-
-
Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa BohleMolula-Qhooa—1991 | February 15
-
-
a Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona, an·tiʹly·tron, ha ho kae kapa kae moo le hlahang teng ka Bibeleng. Le amana le lentsoe leo Jesu a ileng a le sebelisa bakeng sa topollo (lyʹtron) ho Mareka 10:45. Leha ho le joalo, The New International Dictionary of New Testament Theology e hatisa hore an·tiʹly·tron ‘e hatisa khopolo ea phapanyetsano.’ Ka ho nepahetseng, New World Translation e le fetolela e le “topollo e lekanang le se lahlehileng.”
-