Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Balebeli ba Lisang Mohlape
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • 5 Moapostola Pauluse o ile a bolela litšoaneleho tseo Mangolo a reng balebeli ba lokela ho ba le tsona lengolong la Timothea oa pele le lengolong la Tite. Ho 1 Timothea 3:​1-7 o ile a re: “Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle. Ka hona molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng, monna oa mosali a le mong, ea itekanetseng mekhoeng, ea hlaphohetsoeng kelellong, ea hlophisehileng, ea amohelang baeti, ea tšoanelehelang ho ruta, eseng ea likomang tsa botahoa, eseng ea otlang, empa ea nang le kahlolo e molemo, eseng ea ratang ntoa, eseng ea ratang chelete, motho ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle; (haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?) eseng motho ea sa tsoa sokoloha, esere a ikhohomosa ka boikakaso eaba o oela kahlolong eo Diabolose a ahlotsoeng ka eona. Ho feta moo, hape o lokela ho ba le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle, e le hore a se ke a oela nyelisong le lerabeng la Diabolose.”

  • Balebeli ba Lisang Mohlape
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • 7 Le hoja qalong ho ka ’na ha bonahala eka ho thata ho finyella litšoaneleho tsa Mangolo tseo molebeli a lokelang ho ba le tsona, banna ba Bakreste ba lokela ho tsoela pele ho li hahamalla. Ha ba bontša litšobotsi tse ntle tsa Bokreste tse hlokahalang bakeng sa balebeli, ba khothalletsa ba bang ka phuthehong hore le bona ba etse se tšoanang. Pauluse o ile a ngola hore “limpho tseo e leng banna” li fanoe “ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste, ho fihlela bohle re fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea holileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.”​—Baef. 4:​8, 12, 13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela