Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January
    • 9. Ke’ng e ka thusang bana hore ba lule ba hlompha batsoali ba bona?

      9 Ke’ng e ka thusang bana hore ba lule ba hlompha batsoali ba bona esita leha batho ba haufi le bona ba sa hlomphe batsoali ba bona? Ha bana ba nahana ka lintho tse ntle tseo batsoali ba bona ba ba etselitseng tsona, ba tla li ananela ebe baa ba hlompha. Bana ba boetse ba lokela ho tseba hore Jehova, Ntate oa rona, o batla hore bana ba hlomphe batsoali. Ha bana ba bua hantle ka batsoali ba bona, ba etsa hore bana ba bang le bona ba hlomphe batsoali ba bona. Leha ho le joalo, haeba batsoali ba se na lerato la tlhaho, ho ka ba thata hore bana ba ba hlomphe. Empa haeba ngoana a hlokomela hore batsoali ba hae ba mo rata e le kannete, o tla lula a batla ho ba mamela esita leha ho le thata hore a etse joalo. Austin o re: “Le hoja ka linako tse ling ke ne ke batla ho patela batsoali ba ka lintho tseo ke li etsang, ba ne ba mpehela melao e utloahalang, ba ntlhalosetsa mabaka ao ke beheloang melao ka eona ’me ba lula ba buisana le ’na. Kahoo, ke ne ke ba mamela. Kaha ke ne ke hlokomela hore baa nthata, ho ne ho e-ba bonolo hore ke batle ho ba khahlisa.”

      10, 11. (a) Ke mekhoa efe e mebe eo Pauluse a buileng ka eona e bontšang hore batho ha ba ratane? (b) Bakreste ba ’nete ba rata batho ba bang hakae?

      10 Pauluse o ile a boela a bua ka mekhoa e meng e mebe e bontšang hore batho ha ba ratane. Ka mor’a hore a bue ka “ba sa mameleng batsoali,” o ile a bua ka ba se nang teboho. Batho ba se nang teboho ha ba ananele lintho tse ntle tseo batho ba bang ba ba etsetsang tsona. Pauluse o ile a boela a re batho e tla ba ba sa tšepahaleng. A re e tla ba ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, e leng hore ba ke ke ba bopa khotso le batho ba bang. O ile a re batho e tla ba banyefoli le baeki ba buang lintho tse mpe ka Molimo le batho ba bang. A re e tla ba baetselletsi, e leng ba buang mashano ka batho ba bang e le ho ba senya lebitso.a

  • Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January
    • a Lentsoe la Segerike le sebelisoang bakeng sa “moetselletsi” kapa “monģosi,” ke di·aʹbo·los, e leng lentsoe leo Bibele e le sebelisang ha e bua ka Satane, e leng ea etselletsang Molimo ka bokhopo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela