-
Na Bibele ke Lentsoe la Molimo?Molula-Qhooa—2010 | March 1
-
-
“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 TIMOTHEA 3:16, 17.
MANTSOE ana a Pauluse ke a matla hakaakang ha a ne a bua ka bohlokoa bo boholo ba Bibele! Ka ho hlakileng, o ne a bua ka ho toba ka karolo ea Bibele e neng e le teng ka nako eo—e leng mangolo ao ka linako tse ling batho ba a bitsang Testamente ea Khale. Empa ha e le hantle, mantsoe ao a hae a sebetsa libukeng tsohle tse 66 tsa Bibele, ho akarelletsa le tse ngotsoeng ke barutuoa ba tšepahalang ba Jesu lekholong la pele la lilemo C.E.
Na u nka Bibele e le ea bohlokoa joaloka Pauluse? Na u lumela hore bangoli ba Bibele ba ne ba hlile ba bululetsoe ke Molimo? Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lumela seo. Tumelo eo ha ea ka ea fela leha lilemo tse makholo li ntse li feta. Ka mohlala, John Wycliffe, moruti oa Lenyesemane oa lekholong la bo14 la lilemo, o ne a nka Bibele e le “’nete e ke keng ea hanyetsoa.” Ha The New Bible Dictionary e bua ka mantsoe ao a Pauluse a qotsitsoeng ka holimo, e re “ka lebaka leo, taba ea hore e bululetsoe [ke Molimo] e tiisa hore sohle seo Bibele e se buang ke ’nete.”
-
-
Ka Sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo le BululetsoengMolula-Qhooa—2010 | March 1
-
-
HA E le hantle moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re Bibele e “bululetsoe ke Molimo”? (2 Timothea 3:16) Pauluse, ea ngotseng ka Segerike, o sebelisitse lentsoe leo ha e le hantle le bolelang hore e “phefumolohetsoe ke Molimo.” Ka mantsoe ao, Pauluse o ne a bolela hore Molimo o ile a tataisa bangoli ba Bibele ka moea oa hae o halalelang e le hore ba ngole feela seo A neng a batla hore ba se ngole.
-