“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
1. Bibele e khetholla Moqapi oa eona joang, hona Mangolo a fana ka tsebo ea mofuta ofe?
“LENGOLO lohle le bululetsoe ke Molimo.” Mantsoe ana a ho 2 Timothea 3:16, NW, a khetholla Molimo, oo lebitso la oona e leng Jehova, e le Moqapi le Mobululeli oa Mangolo a Halalelang. Mangolo aa a bululetsoeng ke a thabisang ka ho khotsofatsang hakaakang! A fana ka tsebo ea ’nete e ngata ka ho makatsang hakaakang! Ka sebele ke “tsebo ea Molimo” e ’nileng ea batloa le ho nkoa e le ea bohlokoa ke barati ba ho loka ka lilemo tsohle.—Liprov. 2:5.
2. Moshe, Davida, le Salomone ba ile ba nka bohlale ba bomolimo e le ba bohlokoa hakae?
2 E mong oa babatli bana ba tsebo e ne e le Moshe, moeta-pele ea bonahalang le mohlophisi oa sechaba sa Molimo sa Iseraele, ea ileng a re taeo ea bomolimo ke e khathollang joaloka “phōka, joaloka lefafatsane holim’a joang bo botalana, le joaloka molupe holim’a lijalo.” Hape ho bile le Davida, mohlabani ea matla le mophahamisi oa lebitso la Jehova, ea ileng a rapela: “Oho Jehova, nthute, ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.” Ho ne ho e-na le Salomone ea nang le khotso, seahi sa o mong oa meaho e metle ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng lefatšeng lena, ntlo ea Jehova Jerusalema, ea ileng a bolela bohlale ba bomolimo ka mantsoe ana: “Hoba bo feta silefera ka bohlokoa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang khauta; bo khahleha ho feta le mabenyane a bohlokoa, ha ho letho le ka bapisoang le bona.”—Deut. 32:2, BPN; Pes. 86:11, NW; Liprov. 3:14, 15, NW.
3. Ke bohlokoa bofe boo Jesu le Molimo ka bobona ba bo beang holim’a Lentsoe la bomolimo?
3 Jesu, Mora oa Molimo, o ile a nkela Lentsoe la Molimo holimo haholo, a re, “Lentsoe la hao ke ’nete.” Ho balateli ba hae o ile a re: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 17:17; 8:31, 32) Ka sebele lentsoe lena leo Jesu a le amohetseng ho Ntate oa hae le matla. Ke lentsoe la Molimo. Ka mor’a lefu la hae le ho tsoha ha hae le ho nyolohela ha hae letsohong le letona la Jehova maholimong, Jesu o ile a boela a senola lentsoe la Ntate oa hae, ho akarelletsa le tlhaloso e thabisang ea litlhohonolofatso tse tsoang ho Molimo li tlela batho lefatšeng la Paradeise. Ka mor’a moo, Molimo o ile oa laela moapostola Johanne: “Ngola: Lipolelo tsena lia tšepahala, ke tsa ’nete.” Mantsoe ’ohle a Mangolo a bululetsoeng aa ‘tšepahala, ke a ’nete,’ a tlisetsa ba a mamelang melemo e ke keng ea lekanngoa.—Tšen. 21:5, BPN.
4. Mangolo a bululetsoeng a na le molemo oa eng?
4 Melemo ee e tla joang? Polelo e felletseng ea moapostola Pauluse ho 2 Timothea 3:16, 17, NW e fana ka karabelo: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, hore motho oa Molimo e be ea loketseng ka ho felletseng, ea hlomelletsoeng ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.” Joale, Mangolo a bululetsoeng, a molemo bakeng sa ho ruta thuto e nepahetseng le boitšoaro bo nepahetseng, ho otlolla lintho ka likelellong tsa rōna le bophelong ba rōna, le ho re khalemela le ho re laea e le hore re ka tsamaea ka boikokobetso ka ’nete le ka ho loka. Ka ho ikobela thuto ea Lentsoe la Molimo, re ka ’na ra ba “ba sebetsang le Molimo.” (1 Ba-Kor. 3:9) Ha ho na tokelo lefatšeng kajeno e kholoanyane ho feta hore motho a tšoarehe mosebetsing oa Molimo e le ‘motho ea loketseng ka ho felletseng le ea hlomelletsoeng ka ho felletseng oa Molimo.’
MOTHEO O TIILENG BAKENG SA TUMELO
5. Tumelo ke eng, hona e ka fumanoa joang feela?
5 Hore motho e tle e be ea sebetsang le Molimo, ho hlokahala tumelo. Tumelo ha ea lokela ho ferekanngoa le tumelo e hlapolotsoeng e leng ho atileng haholo kajeno ea ho lumela ntho ntle ho mabaka. Batho ba bangata ba nahana hore tumelo ea mofuta ofe kapa ofe—ea lihlotšoana tsa bokhelohi, ea ho iphetola ha lintho, kapa ea filosofi—e lekane. Leha ho le joalo, monna oa Molimo o tlameha hore “a ’ne a tšoarelle mohlaleng oa mantsoe a phelisang . . . ka tumelo le lerato tse amanang le Kreste Jesu.” (2 Tim. 1:13, NW) Tumelo ea hae e tlameha ho ba ea sebele le e phelang, hobane “tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” E tlameha ho theoa kholisehong e tiileng ho Molimo le meputsong ea oona bakeng sa ba o khahlisang. (Ba-Heb. 11:1, 6) Tumelo ena e ka fumanoa feela ka ho ithuta ka matla Lentsoe la Molimo, Bibele. E theiloe leratong le tebileng bakeng sa Bibele le Molimo oa Bibele, Jehova, le bakeng sa Mora oa oona, Jesu Kreste. Ho na le tumelo e le ’ngoe feela e joalo e phelang, feela joalokaha ho e-na le Morena a le mong, Jesu Kreste, le Molimo o le mong le Ntate oa bohle, Jehova.—Ba-Ef. 4:5, 6.
6. Tumelo ea ’nete ke ea boleng bofe?
6 Ho hlokahala re tsebe hore na Lentsoe la Molimo ke eng le hore na le tsoa hokae hammoho le matla a lona a ho susumetsa le morero le matla a lona bakeng sa ho loka. Ka ho ananela molaetsa oa lona o khanyang, re tla ba le tumelo. Ho feta moo, re tla rata Bibele le Moqapi oa eona haholo hoo le ka mohla ho ke keng ha e-ba le se pupetsang tumelo eo le lerato leo. Ke Mangolo, a akarelletsang lipolelo tsa Jesu Kreste, a hahang motheo o tiileng bakeng sa tumelo. Tumelo ea ’nete e tla ba ea mofuta o mamellang teko le liteko tse tšabehang, mahloriso, le litšekamelo tsa ho rata lintho tse bonahalang le lifilosofi tsa batho ba se nang bomolimo. E tla hlōla ka mokhoa o khanyang ho fihlela lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka. “Hlōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rōna.”—1 Joh. 5:4.
7. Ho fumana bohlale ba Bibele ho tsamaea le meputso efe?
7 E le hore re ka fumana le ho khomarela tumelo, ho hlokahala re ikitlaelletse ho haha lerato le kananelo bakeng sa Lentsoe la Molimo, Mangolo a bululetsoeng. Mangolo ana ke mpho e ke keng ea lekanngoa ea Molimo ho batho, ntlo ea polokelo ea matlotlo a moea ao bohlale ba oona bo tebileng ho seng ntho e ka bo hlalohanyang le ao matla a oona a ho bea leseling le ho susumelletsa ho lokeng a fetang a libuka tsohle tse ling tse kileng tsa ngoloa. Ha re ntse re cheka ho ea tlaase ho fumana tsebo ea Lentsoe la Molimo, re tla susumelletseha ho bua joaloka moapostola Pauluse: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo!” Ho tseba Mangolo a bululetsoeng le Moqapi oa oona ke ho kena tseleng ea thabo le nyakallo tse sa feleng.—Ba-Roma 11:33; Pes. 16:11.
JEHOVA—MOLIMO OA PUISANO
8. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha hore e be Jehova ke Molimo o nang le puisano? (b) Ke ka tsela efe a fapanang le melimo ea bademona?
8 Ha a bua ka khanya ea lebitso la Jehova, Davida o itse: “U moholo, u etsa meeka, u Molimo u ’notši.” (Pes. 86:10) Jehova o etselitse batho lefatšeng “meeka” e mengata, ’me har’a eona ke ho buisana le bona ka Lentsoe la hae. E, Jehova ke Molimo oa puisano, Molimo oo ka lerato o itlhalosang molemong oa libōpuoa tsa oona. Re lokela ho leboha hakaakang hore e be ’Mōpi oa rōna hase ’musi ea hojana, ea ipatileng ka har’a liphiri le ea sa arabeleng litlhokong tsa barati ba ho loka lefatšeng! Joalokaha a tla boela a etsa lefatšeng le lecha le tlang, Jehova le hona joale o lula le ba nang le tumelo le lerato ho eena, kamanong ea Ntate ea mosa ea buisanang lintho tse molemo le bana ba hae ba botsang. (Tšen. 21:3) Ntate oa rōna oa leholimo ha a tšoane le melimo ea bademona, e tlamehang ho emeloa ke litšoantšo tse sa buoeng tse tšabehang. Melimo ea tšepe le lejoe ha e-na kamano ea bontate le barapeli ba eona ba beiloeng lefifing. Ha ho letho le molemo leo e ka le buisanang le bona. Kannete, “ba e etsang ba tla tšoana le eona.”—Pes. 135:15-19; 1 Ba-Kor. 8:4-6.
9. Ke puisano ea mofuta ofe e tsoang ho Molimo sebakeng se holimo?
9 Jehova ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” (Ex. 34:6) Ka lebaka la bongata ba mosa o lerato oa hae, o buisane ’nete e ngata le batho. Kaofela ha eona ke keletso e utloahalang bakeng sa ho tataisa batho ’me e akarelletsa boprofeta ho khantšetsa motho tsela ho ea litlhohonolofatsong tsa ka moso. “Hobane taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Ho tsoa sebakeng se ka holimo, ho tsoa leholimong ka bolona, ho tsoa puisano e tšepahalang ho ruta batho, ba leng sebakeng se tlaase.—Joh. 8:23.
10. Jehova o bile le puisano ka maleme afe, hona hobane’ng?
10 Jehova ha a e-s’o bue ka leleme le sa tsejoeng empa ka mehla o bua ka puo ea batho, leleme le phelang la lipaki tsa hae tse tšepahalang. (Lik. 2:5-11) Ho Adama, Noe, Abrahama, Moshe, le baprofeta ba Baheberu, Jehova o buile ka puo ea pele ea batho, eo ha hajoale e tsejoang e le Seheberu. Seheberu se ile sa tsoela pele ho sebelisoa ha feela se ntse se utloisisoa, ho fihlela morao mehleng ea Saule oa Tarese, eo Jesu ea tsositsoeng a ileng a bua le eena ka puo eo. (Lik. 26:14) Ha puo ea Searame ea Bakalde e itsetsepela har’a Baiseraele ba botlamuoeng, joale lipuisano tse ling li ile tsa tsoa ho Molimo ka Searame, hobane batho ba ne ba utloisisa puo eo. (Esdrase 4:8–6:18; 7:12-26; Dan. 2:4b–7:28) Hamorao, ha Segerike e ne e le puo ea machaba le puo e ka sehloohong ea lipaki tsa hae, lipuisano tsa Jehova li ile tsa etsoa ’me tsa bolokoa ka leleme leo. Lipolelo tse bolokiloeng ka Bibeleng ke puisano ea Jehova, eo ka mehla e builoeng ka leleme le phelang molemong oa batho ba lefatše ba ikokobelitseng, ba ratang ’nete.
11. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova ke Moetsi oa lipuo tsohle?
11 Jehova ke ’Mōpi oa kelello le oa litho tsa ho bua, ho akarelletsa leleme, molomo, le qoqotho, e leng tse bōpang marang-rang a melumo ea puo bakeng sa e ’ngoe le e ’ngoe ea litsamaiso tse ngata tsa puo. Kahoo, ho ka thoe Jehova ke Mothei oa lipuo tsohle. Matla a hae holim’a puo ea batho a ile a bontšoa ke mohlolo oa hae o ileng oa etsoa Toreng ea Babele. (Ex. 4:11; Gen. 11:6-9; 10:5; 1 Ba-Kor. 13:1) Ha ho puo e ncha ho Jehova. Hase hore feela o ile a fa motho puo ea pele ea Seheberu empa, ka ho bōpa ha hae kelello le litho tsa ho bua, o ile a boela a fana ka motheo bakeng sa Searame le Segerike le bakeng sa lipuo tsohle tse ka bang 3000 tse buuoang ke batho kajeno.
PUO EA ’NETE
12, 13. (a) Jehova o entse hore lipuisano tsa hae li be bonolo ho utloisiseha joang? (b) Fana ka mehlala.
12 Ho sa tsotellehe mokhoa oa puo ea batho e sebelisitsoeng ke Jehova, mabakeng ’ohle o ’nile a buisana le bona ka puo ea ’nete, e seng ka mehlolo ea bolumeli. Ke puo e itekanetseng le e utloisisehang habonolo. (Sof. 3:9, NW) Motho oa lefatše a ka utloisisa habonolo litaba tse talingoang mahlakoreng a mararo, ke hore, lintho tse nang le bophahamo, bophara, le bolelele le tse beiloeng ho tsamaeng ha nako. Kahoo, Jehova o sebelisitse litšoantšo tsa sebele ho emela lintho tse sa bonahaleng e le hore kelello ea motho e ka li utloisisa. E le mohlala, ho ne ho e-na le tabernakele e neng e qapiloe ke Molimo ’me ea emisoa ke Moshe lefeelleng. Tlas’a pululelo Pauluse o ile a sebelisa litšoantšetso tsa eona tsa mahlakore a mararo ho hlalosa linnete tse khanyang tsa leholimo ka bolona.—Ba-Heb. 8:5; 9:9.
13 Mohlala o mong: Jehova, eo e leng moea, ha a lule setulong sa sebele se tšoanang le terone leholimong. Leha ho le joalo, ho rōna batho feela, ba tlamiloeng ke lintho tsa sebele tse bonahalang, Molimo o itlhalosa ka ho sebelisa setšoantšo se joalo se bonahalang ho fetisa kutloisiso. Ha a qala litaba tsa lekhotla tsa leholimo, ho tšoana feela leha morena oa lefatšeng a qala litaba ka ho lula setulong sa hae sa terone.—Dan. 7:9-14.
E FETOLELOA HABONOLO
14, 15. Ke hobane’ng ha Bibele, ha e bapisoa le lingoliloeng tsa batho tsa filosofi, e fetoleha habonolo lipuong tse ling? Bontša.
14 Kaha Bibele e ngotsoe ka mantsoe ana a bonolo, a utloisisehang habonolo, ho bonolo ho fetolela litšoantšetso le liketso tsa eona ka ho hlaka le ka nepo lipuong tse ngata tsa kajeno. Matla a pele le tšusumetso tsa ’nete li bolokiloe liphetolelong tsohle. Mantsoe a bonolo a letsatsi le letsatsi, a kang “pere,” “ntoa,” “moqhaka,” “terone,” “monna,” “mosali,” le “bana,” a fetisa monahano o nepahetseng ka ho hlakileng puong e ’ngoe le e ’ngoe. Hona ho fapane le lingoliloeng tsa batho tsa lifilosofi, tseo hangata li sa fihleleng phetolelo e nepahetseng. Lipolelo tsa tsona tse thata le mantsoe a tsona a phahameng hangata li ke ke tsa fetisoa hantle ka leleme le leng.
15 Matla a Bibele a ho itlhalosa ke a phahameng haholo. Esita leha Molimo o ne o bua ka melaetsa ea kahlolo le bao e seng balumeli, ha oa ka oa sebelisa puo ea bofilosofi empa, ho e-na le hoo, litšoantšo tsa letsatsi le letsatsi. Sena se bontšoa ho Daniele 4:10-12. Mona ’muso oa morena oa mohetene ea itlotlisang o ile oa hlalosoa ka ho qaqa ho itseng ka setšoantšo sa sefate, ’me joale, ka liketso tse amang sefate sena, liketsahalo tsa nako e tlang li ile tsa boleloa ka nepo esale pele. Sena sohle se fetiselitsoe ka ho hlaka liphetolelong tsa lipuo tse ling. Ka lerato Jehova o bile le lipuisano ka tsela ena e le hore ‘tsebo ea ’nete e ka ba ngata.’ Hoo ho thusitse ka mokhoa o babatsehang hakaakang ho utloisiseng boprofeta ‘nakong ee ea bofelo!’—Dan. 12:4, NW.
MOCHA OA PUISANO
16. Mocha oa Jehova oa puisano o ka raloa joang?
16 E mong a ka ’na a botsa, Mekhoa ea puisano e ’nile ea e-ba efe? Sena se ka tšoantšoa hantle le mohlala oa kajeno. Mecha ea lipuisano e na le (1) ea buang, kapa ea qalang, molaetsa; (2) ntho e fetisang; (3) mehala eo molaetsa o fetang ka eona; (4) ea amohelang; le (5) ea utloang. Lipuisanong tsa thelefono re na le (1) ea sebelisang mohala ea qalang puisano; (2) karolo ea thelefono e fetisang molaetsa ka ho fetola molumo maqhubu a motlakase; (3) mehala ea thelefono e tsamaisang maqhubu a motlakase ho a isa moo molaetsa o eang teng; (4) karolo ea thelefono e amohelang le e fetolang maqhubu ane a motlakase hore e be molumo hape; joale ebe (5) ea utloang. Ka ho tšoanang leholimong (1) Jehova Molimo ke eena ea qalang lipolelo tsa hae; (2) joale Lentsoe la hae la molao, kapa ’Muelli—eo hona joale a tsejoang e le Jesu Kreste—hangata o fetisa molaetsa; (3) moea o halalelang oa Molimo, matla a sebetsang a sebelisoang e le sebaka sa puisano, oa o nka ho o isa ’nģa lefatšeng; (4) moprofeta oa Molimo lefatšeng o amohela molaetsa, ’me (5) e be joale oa o phatlalatsa molemong oa batho ba Molimo. Feela joalokaha ka linako tse ling kajeno lenģosa le ka ’na la romeloa ho ea fana ka molaetsa oa bohlokoa, kahoo Jehova ka linako tse ling o khetha ho sebelisa manģosa a moea, kapa mangeloi, ho nka lipuisano tse ling ho tloha maholimong ho li isa ho bahlanka ba hae lefatšeng.—Ba-Gal. 3:19; Ba-Heb. 2:2.
MOKHOA OA PULULELO
17. Ke lentsoe lefe la Segerike le fetoletsoeng e le “le bululetsoe ke Molimo,” ’me moelelo oa lona o re thusa joang ho utloisisa mokhoa oa pululelo?
17 Polelo “le bululetsoe ke Molimo” e fetoletsoe lentsoeng la Segerike the·oʹpneu·stos, le bolelang “Molimo o phefumolohetse.” (Bona 2 Timothea 3:16, NW, tšupiso ea pele botlaaseng ba leqephe.) Ke moea oa Molimo, matla a oona a sebetsang, ao o a ‘phefumolohetseng’ ho batho ba tšepahalang, o ba etsa hore ba bokelle le ho ngola Mangolo a Halalelang. Mokhoa ona o tsoela pele e le pululelo. Likelello tsa baprofeta le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba ileng ba bululeloa li ne li tsamaisoa ke matla ana a sebetsang. Hona ho bolela hore ba ile ba amohela melaetsa, ho akarelletsa le litšoantšo tsa morero, e tsoang ho Molimo le hore tsena li ile tsa lula ka ho tiea likelellong tsa bona. “Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”—2 Pet. 1:21; Joh. 20:21, 22.
18. Melaetsa e bululetsoeng e ile ea hatisoa ka ho teba joang ho batho ba e amohetseng?
18 Ha banna bana ba Molimo ba ne ba shebile ’me ba ikutloa ka ho felletseng kapa ha ba ne ba robetse torong, moea oa oona o ne o kenya ka ho tiea molaetsa o hlahang mohloling oa bomolimo oa mocha oa puisano. Hoba a amohele molaetsa, moprofeta o ne a e-na le boikarabelo ba ho o phetela ba bang ka mantsoe. Ha Moshe le baprofeta ba bang ba tšepahalang ba khutla ka tsoho, ha ho pelaelo ba tla khona ho tiisa ho nepahala ha litlaleho tse bolokiloeng tsa mangolo a bona, hobane likelello tsa bona tse entsoeng bocha tse ananelang mohlomong li tla be li ntse li hopotse ka ho hlakileng lipuisano tsa pele. Ka mokhoa o tšoanang, moapostola Petrose o ile a khahloa ka ho teba haholo ke pono ea ho fetoha ka mohlolo ha Jesu hoo a neng a ka ngola ka ho hlaka mabapi le khanya ea eona lilemo tse fetang tse 30 hamorao.—Matt. 17:1-9; 2 Pet. 1:16-21.
MOQAPI LE MONOANA OA HAE
19. “Monoana” oa Molimo ke eng, joalokaha ho pakoa ke mangolo afe?
19 Lingoli tsa batho li ’nile tsa sebelisa menoana ho ngola, mehleng ea boholo-holo e ne e le ka pene kapa kofuto ea ho ngola ’me mehleng ea kajeno ka pene, mochine o ngolang kapa computer. Se hlahisitsoeng ka menoana ena ho boleloa hore se ngotsoe ke kelello ea beng ba menoana eo. Na u ne u tseba hore Molimo o na le monoana? Ho joalo, hobane Jesu o buile ka moea oa Molimo e le “monoana” oa Oona. Ha Jesu a ne a phekola motho ea neng a e-na le bademona hoo a ileng a boelloa ke matla a hae a ho bua le ho bona, lira tsa bolumeli li ile tsa nyefola mokhoa oo Jesu a folisitseng monna eo ka oona. Ho latela Mattheu, Jesu o ile a re ho bona: “Empa ekare ha ke leleka bademona ka Moea oa Molimo, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o le fihletse ruri.” (Matt. 12:22, 28) Luka o eketsa kutloisisong ea rōna ka ho qotsa Jesu a re ka lekhetlo le leng le tšoanang: “Empa, ekare ha ke leleka bademona ka monoana oa Molimo, ’muso oa Molimo o le fihletse ruri.” (Luka 11:20) Ka lekhetlo le leng la pejana, baprista ba sebelisang boloi ba Egepeta ba ile ba qobelloa ho lumela hore likotlo tsa Egepeta e ne e le pontšo ea matla a phahameng a Jehova, ba lumela: “Ke monoana oa Molimo.”—Ex. 8:18, 19.
20. “Monoana” oa Molimo o sebelitse joang, hona e le ka phello efe?
20 Tumellanong le ho sebelisoa hona ha lentsoe “monoana,” ho ka ananeloa hore “monoana oa Molimo” o na le matla a maholo le hore lebitso lena le sebetsa hantle ho moea oa hae joalokaha a ile a o sebelisa ha ho ngoloa Bibele. Kahoo Mangolo a re tsebisa hore ka “monoana oa Molimo,” o ile oa ngola Melao e Leshome matlapeng a mabeli a lejoe. (Ex. 31:18; Deut. 9:10) Ha Molimo o ne o sebelisa batho ho ngola libuka tse sa tšoaneng tsa Bibele e Halalelang, monoana oa oona oa tšoantšetso, kapa moea, ka ho tšoanang e ne e le matla a tataisang lipene tsa banna bao. Moea o halalelang oa Molimo ha o bonoe, empa esale o sebetsa ka tsela e babatsehang, hoo o hlahisitseng ntho e bonahalang, ea sebele eo batho ba e amohetseng e le mpho ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo la ’nete, Bibele ea Oona. Ha ho pelaelo hore Moqapi oa Bibele ke Jehova Molimo, Ea buisanang le batho oa leholimo.
POKELLO E BULULETSOENG EA QALA
21. (a) Ho ngoloa ha Mangolo ho qalile joang? (b) Jehova o ile a etsa hore a bolokehe ka tsela efe?
21 Joalokaha ho bonoe, Jehova o ile a “mo [Moshe] nea matlapa a mabeli a bopaki, matlapa a majoe a ngoliloeng ka monoana oa Molimo.” (Ex. 31:18) Mongolo oona o entsoe ka Melao e Leshome, ’me ke ho thahasellisang hore e be tokomane ena ka molao e na le lebitso la bomolimo, Jehova, ka makhetlo a robeli. Ka selemo sona seo, 1513 B.C.E., Jehova o ile a laela Moshe hore a qale ho etsa litlaleho tsa nako eohle. Kahoo ha qaleha ho ngoloa ha Mangolo a Halalelang. (Ex. 17:14; 34:27) Molimo o ile oa boela oa laela Moshe hore a hahe “areka ea bopaki,” kapa “areka ea selekane,” lebokose le letle la botsebi leo ho lona Baiseraele ba neng ba lokela ho boloka puisano ena e nkoang e le ea bohlokoa ka ho fetisisa. (Ex. 25:10-22; 1 Mar. 8:6, 9) Tsela eo ka eona Areka le tabernakele e neng e e kentse li neng li entsoe ka eona, e ne e tsoa ho Jehova; ’me ’metli ea ka sehloohong le seahi, Bezaleele, o ne a tletse “moea oa Molimo, ka bohlale le ka kutloisiso, le ka tsebo ea ho etsa mesebetsi eohle” e le hore a ka phetha mosebetsi oa hae ho latela polane ea bomolimo.—Ex. 35:30-35.
22. (a) Moqapi oa Mangolo a bululetsoeng ke mang, ’me ho ngoloa ha oona ho nkile nako e kae? (b) Ke bo-mang ba ileng ba kopanela ho ngoleng Bibele hammoho, ’me ke eng se tsejoang ka bona?
22 Ho tsebahatsa merero ea oona, Molimo “o buile hangata . . . le ka mekhoa e mengata” ka nako e telele haholo. (Ba-Heb. 1:1) Banna ba ngolang ba ileng ba ngola Lentsoe la oona ba entse joalo ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho hoo e ka bang ka 98 C.E., kapa nakong ea lilemo tse ka bang 1610. Moqapi a le mong, Jehova Molimo, o ile a sebelisa ba ka bang 40 ba bangoli bana, kapa bangoli ba batho. Kaofela bangoli ’moho bana e ne e le Baheberu ’me kahoo e le litho tsa sechaba seo ‘lipolelo tsa Molimo li tšepetsoeng sona.’ (Ba-Roma 3:2) Ba robeli ba bona e ne e le Bajode ba Bakreste ba neng ba tseba Jesu ebang ke ka seqo kapa ka baapostola ba hae. Mangolo a bululetsoeng a ngotsoeng pele ho nako ea bona a ne a fane ka bopaki bo amanang le ho tla ha Messia, kapa Kreste. (1 Pet. 1:10, 11) Le hoja ba bitsitsoe ho tsoa mekhoeng e sa tšoaneng ea bophelo, bangoli bana ba lefatšeng ba Bibele, ho tloha ho Moshe ho ea ho moapostola Johanne, bohle ba ile ba kopanela ho phahamiseng borena ba Jehova Molimo le ho phatlalatsa merero ea hae lefatšeng. Ba ile ba ngola ka lebitso la Jehova le ka matla a moea oa hae.—Jer. 2:2, 4; Ezek. 6:3; 2 Sam. 23:2; Lik. 1:16; Tšen. 1:10.
23. Ke litlaleho life tsa pejana tseo bangoli ba bang ba Bibele ba ileng ba li sebelisa, ’me tsee li ile tsa fetoha Lengolo le bululetsoeng joang?
23 Ba ’maloa ba bangoli bana litlalehong tsa bona ba akarellelitse boitsebiso bo tsoang litlalehong tsa ba boneng ka mahlo tse entsoeng ke bangoli ba pejana, bao e seng kaofela ba neng ba bululetsoe. Ka mohlala, Moshe, e ka ’na eaba o bokelletse likarolo tsa Genese litlalehong tse joalo tsa ba boneng ka mahlo, joalokaha eka ’na eaba Samuele o ile a etsa ha a ngola buka ea Baahloli. Jeremia o bokelletse Marena a Pele le a Bobeli, ’me Esdrase o ngotse Likronike tsa Pele le tsa Bobeli, boholo ka tsela ena. Moea o halalelang o ile oa tataisa babokelli bana ho rera hore na ke likarolo life tsa litlaleho tsa khajana tsa batho tse lokelang ho kopanyelletsoa, kahoo e le ho netefatsa lipokello tsena e le tse ka tšeptjoang. Ho tloha ha li bokelloa ho ea pele, tsena tse ntšitsoeng litlalehong tsa khale li ile tsa fetoha karolo ea Mangolo a bululetsoeng.—Gen. 2:4; 5:1; 2 Mar. 1:18; 2 Likron. 16:11.
24, 25. (a) Ke nako efe ea histori e koahetsoeng ka Bibeleng? (b) Totobatsa lintlha tse ling tse thahasellisang tse fumanoang lethathamong le leqepheng la 12.
24 Libuka tsa Bibele tse 66 li tlile ho rōna ka tatelano efe? Ke karolo efe ea nako e sa feleng eo li e nkang? Ka mor’a ho hlalosa pōpo ea maholimo le lefatše le ho lokisoa ha lefatše e le lehae la motho, tlaleho ea Genese e tsoela pele ka ho qaleha ha histori ea motho ho tloha pōpong ea motho oa pele ka 4026 B.C.E. Joale Mangolo a Halalelang a lokolisa liketsahalo tsa bohlokoa ho theosa ho tla fihlela nakoana ka mor’a 443 B.C.E. Joale, ka mor’a lekhalo la lilemo tse fetang 400, a boela a tsoela pele ka tlaleho ka 3 B.C.E., a tsoela pele ka eona ho ea ho hoo e ka bang ka 98 C.E. Kahoo, ho latela pono ea histori, Mangolo a nkile nako ea lilemo tse 4 123.
25 Lethathamo le leqepheng la 12 le tla thusa ho utloisisa semelo sa bangoli ba Bibele le ho latellana hoo mangolo a Bibele a tlileng ho rōna ka hona.
“BUKA” E FELLETSENG EA ’NETE EA BOMOLIMO
26. Ke ka tsela efe Mangolo aa e leng buka e le ’ngoe e felletseng?
26 Mangolo a halalelang, e le pokello ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, a etsa buka e le ’ngoe e felletseng, pokello e le ’ngoe ea libuka e felletseng, kaofela li bululetsoe ke Moqapi a le mong ea Phahameng. Ha lia lokela ho aroloa likarolo tse peli, hore karolo e ’ngoe e ka nkoa e le ea bohlokoa ho feta e ’ngoe. Mangolo a Seheberu le Mangolo a Bokreste a Segerike ke a bohlokoa a mang ho a mang. A morao a tlatsana le a pele ho etsa buka e le ’ngoe e felletseng ea ’nete ea bomolimo. Libuka tse 66 tsa Bibele, kaofela ha tsona, li etsa pokello e le ’ngoe ea libuka ea Mangolo a Halalelang.—Ba-Roma 15:4.
27. Ke hobane’ng ha lipolelo “Testamente ea Khale” le “Testamente e Ncha” e le ho reoa ho fosahetseng ha mabitso?
27 Ke phoso ea neano ho arola Lentsoe le ngotsoeng la Molimo likarolo tse peli, ho bitsa karolo ea pele, ho tloha ho Genese ho ea ho Malakia, “Testamente ea Khale,” ’me karolo ea bobeli, ho tloha ho Mattheu ho ea ho Tšenolo, “Testamente e Ncha.” Ho 2 Ba-Korinthe 3:14 King James Version e ratoang e bua ka ho “bala testamente ea khale,” empa mona moapostola ha a bue ka Mangolo a Seheberu a boholo-holo ka kakaretso ea oona. Leha e le hore o bolela hore mangolo a Bokreste a bululetsoeng a etsa “testamente [selekane] e ncha.” Moapostola o bua ka selekane sa Molao, se ileng sa tlalehoa ke Moshe Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele le se etsang feela karolo e qalang ea Mangolo a Bokreste. Ka lebaka lena o re temaneng e latelang, “ha ho baloa litaba tsa Moshe.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “testamente” ho King James Version ka ho lumellana le fetoletsoe e le “selekane” liphetolelong tse ngata tsa kajeno.—Matt. 26:28; 2 Ba-Kor. 3:6, 14, New World Translation of the Holy Scriptures, Revised Standard Version, American Standard Version.
28. Ke tiiso efe e fanoeng mabapi le boprofeta ba Bibele?
28 Se tlalehiloeng sa ba sa bolokoa e le Mangolo a Halalelang ha hoa lokela ho kena-kenanoa le sona. (Deut. 4:1, 2; Tšen. 22:18, 19) Moapostola Pauluse oa ngola ka ntlha ena: “Athe motho, leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema.” (Ba-Gal. 1:8; bona le Johanne 10:35.) Lentsoe lohle la Jehova la boprofeta le tlameha ho phethahala ka nako ea teng. “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.
HO HLAHLOBA MANGOLO
29. Bukeng ena, ha ho hlahlobjoa buka ka ’ngoe ea Bibele ka tatelano ea tsona, ho fanoa ka boitsebiso bofe ba kenyelletso?
29 Maqepheng a latelang, ho hlahlobjoa libuka tse 66 tsa Mangolo a Halalelang ka tatellano. Tsela eo buka ka ’ngoe e leng ka eona ea hlalosoa, ’me ho fanoe ka boitsebiso ka mongoli, nako ea ho ngoloa, ’me mabakeng a mang le nako e akarelitsoeng. Ho boetse ho fanoe ka bopaki ho bontša hore buka ke ea ’nete le hore ke ka nepo e leng karolo ea Mangolo a bululetsoeng. Bopaki bona bo ka fumanoa mantsoeng a Jesu Kreste kapa mangolong a bululetsoeng a bahlanka ba bang ba Molimo. Hangata haholo bonnete ba buka eo ho buuoang ka eona bo bontšoa ka ho phethahala ho ke keng ha latoloa ha boprofeta ba Bibele kapa ka bopaki bo ka hare bo tsoang bukeng ka boeona, bo kang ho lumellana ha eona, botšepehi ba eona, le ho hlaka ha eona. Bopaki bo tšehetsang bo ka ’na ba nkoa ho se fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale kapa historing ea lefatše e tšepahalang.
30. Litaba tse ka hare tsa buka e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele li hlahisoa ka tsela efe?
30 Ha ho hlalosoa se ka hare ho buka e ’ngoe le e ’ngoe, boikemisetso ke ho etsa hore molaetsa o matla oa mongoli oa Bibele o hlahelle ka tsela eo o tlang ho kenya ka pelong ea ’mali lerato le tebileng bakeng sa Mangolo a bululetsoeng le Moqapi oa eona, Jehova Molimo, ’me kahoo e le ho phahamisa kananelo bakeng sa molaetsa o phelang oa Lentsoe la Molimo mabapi le ho sebetsa hohle ha lona, ho lumellana hohle ha lona, le bokhabane bohle ba lona. Litaba tse ka hare tsa buka li beiloe ka tlas’a lirapa tse arotsoeng ka lihloohoana. Sena se molemong oa ho ithuta ’me ha se bolele hore tsena ke likarolo tse mpileng tsa ikhetheloa feela tsa libuka tsa Bibele. Buka e ’ngoe le e ’ngoe e ikemetse ka boeona, e etsa tlatsetso ea bohlokoa kutloisisong ea merero ea bomolimo.
31. (a) Ho fanoe ka boitsebiso bofe ho bontša hore na ke hobane’ng ha buka e ’ngoe le e ’ngoe e le molemo? (b) Ke sehlooho sefe se khanyang se ’nileng sa etelletsoa pele ho theosa le lipuisano tsa libuka tsa Bibele?
31 Ho phethela buka e ’ngoe le e ’ngoe, puisano e totobatsa hore na ke hobane’ng ha karolo ena ea Mangolo a bululetsoeng e le “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Tim. 3:16, NW) Ho phethahala ha boprofeta, moo hona ho bontšitsoeng ka bopaki bo bululetsoeng ba bangoli ba morao ba Bibele, hoa hlahlobjoa. Ka lekhetlo ka leng, ho tlatsetsa ha buka eo ho hōliseng sehlooho se akaretsang sa Bibele hoa bontšoa. Bibele hase tšōmo. E fupere feela molaetsa o phelang bakeng sa batho. Ho tloha ho buka ea pele, Genese, ho ea ho buka ea ho qetela, Tšenolo, Mangolo a bululetsoeng a paka morero oa ’Mōpi oa bokahohle, Jehova Molimo, ho halaletsa lebitso la hae ka ’Muso o busoang ke Peō ea hae. Mono ho na le tšepo e khanyang bakeng sa barati bohle ba ho loka.—Matt. 12:18, 21.
32. Ho fanoe ka boitsebiso bofe ho phahamisa kananelo bakeng sa Bibele?
32 Ka mor’a ho hlahloba libuka tsa Bibele tse 66 ka botsona, re nehelana ka sebaka se itseng bakeng sa ho fana ka boitsebiso bo tšehetsang Bibele. Sena se akarelletsa ho ithuta ka sebōpeho sa Naha e Tšepisitsoeng, ho lekanyetsoa ha nako ha liketsahalo tsa Bibele, liphetolelo tsa Bibele, bopaki ba liepolloa tsa lintho tsa khale le bo bong bo tšehetsang bonnete ba Bibele, le bopaki ba tatelano ea libuka tsa Bibele. Boitsebiso bo bong ba bohlokoa le mathathamo le tsona lia hlaha karolong ena. Tsena tsohle li reretsoe ho phahamisa kananelo bakeng sa Bibele e le buka e sebetsang ka ho fetisisa le e molemo lefatšeng kajeno.
33. Bibele e ka hlalosoa joang, hona molemo oa ho ithuta eona ke ofe?
33 Moqapi ea halalelang o buile le batho haholo. O bontšitse ho teba ho hoholo ha lerato le thahasello ea ho ba ntate ho seo a hae se etselitseng bana ba sona lefatšeng. Ke pokello e tsotehang hakaakang ea litlaleho tse bululetsoeng tseo a re fileng tsona ka Mangolong a Halalelang! Ruri, tsena li etsa letlotlo le ke keng la bapisoa, pokello e batsi ea libuka ea boitsebiso bo ‘phefumolohetsoeng ke Molimo,’ bo fetang hōle ka leruo le ka boholo mangolo a batho feela. Ho inehela ho ithuta Lentsoe la Molimo ho ke ke ha fetoha ‘ho khathatsang ’mele,’ empa, ho e-na le hoo, ho tla tlisa melemo e sa feleng ho ba tsebang hore “lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng.”—Moek. 12:12; 1 Pet. 1:24, 25.
[Chate e leqepheng la 12]
BANGOLI BA BIBELE BA BULULETSOENG LE MANGOLO A BONA
(ka Tatelano ea Matsatsi)
Tatelano Bangoli Mesebetsi Mangolo a Mangolo
Phethiloe
1. Moshe Seithuti, 1473 B.C.E. Genese; Exoda;
molisa, Levitike; Jobo;
moprofeta, Numere;
moeta-pele Deuteronoma;
(mohlomong le 91)
2. Joshua Moeta-pele hoo e ka bang ka 1450 B.C.E. Joshua
3. Samuele Molevi, pele ho Baahloli; Ruthe;
moprofeta hoo e ka bang ka karolo ea Samuele
1080 B.C.E. oa Pele
4. Gade Moprofeta hoo e ka bang ka Karolo ea Samuele
1040 B.C.E. oa pele; Samuele
oa Bobeli (ka bobeli a e-na le
Nathane)
5. Nathane Moprofeta hoo e ka bang ka . Bona ka holimo
1040 B.C.E (le Gade)
6. Davida Morena, 1037 B.C.E. Lipesaleme tse ngata
molisa,
sebini
7. Bara ba Tse ling tsa Lipesaleme
Kore
8. Asafe Sebini Tse ling tsa Lipesaleme
9. Hemane Monna ea bohlale Pesaleme ea 88
10. Ethane Monna ea bohlale Pesaleme ea 89
11. Salomone Morena, hoo e ka bang ka Boholo ba Liproverbia;
seahi, 1000 B.C.E. Sefela sa Lifela;
monna ea bohlale Moeklesia;
12. Agure Liproverbia khaolo ea 30
13. Lemuele Morena Liproverbia khaolo ea 31
14. Jonase Moprofeta hoo e ka bang ka Jonase
844 B.C.E.
15. Joele Moprofeta hoo e ka bang ka Joele
820 B.C.E.(?)
16. Amose Molisa oa mehlape, hoo e ka bang ka Amose
moprofeta 804 B.C.E.
17. Hosea Moprofeta ka mor’a Hosea
745 B.C.E.
18. Esaia Moprofeta ka mor’a Esaia
732 B.C.E.
19. Mikea Moprofeta pele ho Mikea
717 B.C.E.
20. Sofonia Khosana, pele ho Sofonia
moprofeta 648 B.C.E.
21. Nahume Moprofeta pele ho Nahume
632 B.C.E.
22. Habakuke Moprofeta hoo e ka bang ka Habakuke
628 B.C.E.(?)
23. Obadia Moprofeta hoo e ka bang ka Obadia
607 B.C.E.
24. Ezekiele Moprista, hoo e ka bang ka Ezekiele
moprofeta 591 B.C.E.
25. Jeremia Moprista, 580 B.C.E. Marena a Pele
moprofeta le a Bobeli; Jeremia;
Lillo tsa Jeremia
26. Daniele Khosana, hoo e ka bang ka Daniele
’musi, 536 B.C.E.
moprofeta
27. Haggai Moprofeta 520 B.C.E. Haggai
28. Zakaria Moprofeta 518 B.C.E. Zakaria
29. Mordekai Mosebeletsi ea ka hoo e ka bang ka Esthere
sehloohong 475 B.C.E.
30. Esdrase Moprista, hoo e ka bang ka Likronike
mokopitsi, 460 B.C.E. tsa Pele le tsa Bobeli;
’musi Esdrase
31. Nehemia Moholo ka mor’a Nehemia
Lekhotleng, 443 B.C.E.
’musisi
32. Malakia Moprofeta ka mor’a Malakia
443 B.C.E.
33. Mattheu ’Mokelli hoo e ka bang ka Mattheu
oa lekhetho, 41 C.E.
moapostola
34. Luka Ngaka, hoo e ka bang ka Luka; Liketso
moromuoa 56-58 C.E.
35. Jakobo Molebeli pele ho Jakobo
(Ngoan’abo 62 C.E.
Jesu)
36. Mareka Moromuoa hoo e ka bang ka Mareka
60-65 C.E.
37. Petrose Motšoasi hoo e ka bang ka Petrose
oa litlhapi, 64 C.E. oa Pele le oa Bobeli
moapostola
38. Pauluse Moromuoa, hoo e ka bang ka Ba-Thessalonika
moapostola 65 C.E. ba Pele le ba Bobeli;
moetsi oa Ba-Galata; Ba-Korinthe
litente ba Pele le ba Bobeli;
Ba-Roma; Ba-Efese;
Ba-Filippi;
Ba-Kolosse;
Filemone; Ba-Heberu;
Timothea oa Pele
le oa Bobeli; Tite
39. Juda Morutuoa hoo e ka bang ka Juda
(ngoan’abo 65 C.E.
Jesu)
40. Johanne Motšoasi hoo e ka bang ka Tšenolo;
oa litlhapi, 98 C.E. moapostola Johanne;
Johanne oa Pele, oa Bobeli
le oa Boraro