Jehova—Molimo ea Nang le Morero
“Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.”—ESAIA 14:24.
1, 2. Batho ba bangata ba re’ng ka morero oa bophelo?
LIBAKENG tsohle batho baa botsa: “Morero oa bophelo ke eng?” Moeta-pele e mong oa lipolotiki oa Bophirimela o itse: “Batho ba bangata ho feta leha e le neng pele baa botsa, ‘Re bo-mang? Morero oa rōna ke eng?’” Ha koranta e ’ngoe e etsa phuputso ho bacha mabapi le hore na morero oa bophelo ke eng, likarabo tsa bona tse tloaelehileng e bile tsena: “Ho etsa eng le eng eo pelo ea hao e e lakatsang.” “Ho fola monyetla o mong le o mong molemo.” “Ho phelela menyaka.” “Ho ba le bana, ho thaba le ho shoa.” Ba bangata ba ne ba ikutloa hore bophelo bona ke bona phetho bo teng. Ha ho ea kileng a bua ka morero oa nako e telele oa bophelo lefatšeng.
2 Setsebi sa lithuto tsa Confucius se itse: “Morero oa motheo oa bophelo o fumanoa bophelong ba rōna bo tloaelehileng, ba botho.” Ho latela sena, batho ba ne ba tla tsoela pele ho tsoaloa, ba loanele ho phela ka lilemo tse 70 kapa 80, ebe baa shoa ’me ba lula ba le sieo ka ho sa feleng. Rasaense oa thuto ea ho iphetola ha lintho o itse: “Re ka ’na ra laba-labela karabo ‘e phaha-phahameng’—empa ha e eo.” Ho batho bana ba thuto ea ho iphetola ha lintho, bophelo ke ho loanela ho pholoha ha ba khonang ho ikamahanya le boemo boo ba phelang ho bona, ’me lefu e le qetello ea sohle. Lifilosofi tse joalo li fana ka pono ea bophelo e se nang tšepo.
3, 4. Maemo a lefatše a ama tsela eo ba bangata ba talimang bophelo ka eona joang?
3 Ba bangata ba na le pelaelo ea hore bophelo bo na le morero ha ba bona hore bophelo ba batho bo tletse ka mesarelo e mengata haholo. Mehleng ea rōna, ha ho lekanngoa hore motho o fihlile sehlōhlōlong sa tsebo ea indasteri le ea saense, batho ba ka bang limilione tse sekete lefatšeng ka bophara ba kula ka ho tebileng kapa ha ba feptjoe ka tsela e nepahetseng. Bana ba limilione ba shoa selemo le selemo ka mabaka a kang ao. Ho phaella moo, lekholong lena la bo20 la lilemo ho bile le mafu a bakiloeng ke ntoa a fetang ka makhetlo a mane a hlahileng lilemo tse makholo a mane tse fetileng li kopane. Tlōlo ea molao, pefo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ho qhalana ha malapa, AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali—lethathamo la lisosa tsena tse sa thabiseng lea eketseha. Baeta-pele ba lefatše ha ba na tharollo ea mathata ana.
4 Ha a talima maemo a joalo, motho e mong o ile a bolela seo batho ba bangata ba se lumelang: “Bophelo ha bo na morero. Haeba lintho tsena tse mpe kaofela lia etsahala, joale bophelo ha bo na se sengata seo bo se bolelang.” ’Me monna e mong ea hōlileng o itse: “Karolong e khōlō ea bophelo ba ka ke ’nile ka botsa hore na ke hobane’ng ha ke le teng. Haeba morero o teng, ha ke sa tsotella.” Kahoo, kaha ba bangata ha ba tsebe lebaka leo ka lona Molimo a lumellang ho utloa bohloko, maemo a lefatše a tsielehisang a etsa hore ba hloke tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso.
5. Ke hobane’ng ha malumeli a lefatše lena a eketsa pherekano mabapi le morero oa bophelo?
5 Esita le baeta-pele ba bolumeli ha ba lumellane, ebile ha baa kholiseha ka morero oa bophelo. Eo pele e neng e le hlooho ea Cathedral ea St. Paul, London o itse: “Bophelong bohle ba ka ke ’nile ka loanela ho fumana morero oa bophelo. . . . Ke hlōlehile.” Ke ’nete hore baruti ba bangata ba ruta hore lefung ba molemo ba ea leholimong ’me ba babe ba ea liheleng tsa mollo ka ho sa feleng. Empa pono ena e ntse e siea moloko oa batho lefatšeng o ntse o le tseleng ea tlhōkōfatso. ’Me haeba morero oa Molimo e ne e le hore batho ba phele leholimong, ke hobane’ng ha a sa ka a ba etsa libōpuoa tsa leholimo ho tloha qalong, joalokaha a entse mangeloi, kahoo a lokolle batho bohlokong bo bokaale? Kahoo pherekano mabapi le morero oa bophelo lefatšeng kapa ho se lumele hore bo na le morero ke ntho e tloaelehileng.
Molimo ea Nang le Morero
6, 7. Bibele e re bolella eng ka ’Musi oa Bokahohle?
6 Leha ho le joalo, buka e abjoang ka bongata ho feta leha e le efe historing, Bibele e Halalelang, e re bolella hore Jehova, ’Musi oa bokahohle, ke Molimo ea nang le morero. E re bontša hore o na le morero oa nako e telele, ha e le hantle, oa ka ho sa feleng bakeng sa moloko oa batho lefatšeng. ’Me ha Jehova a rera ntho e itseng, e tla etsahala e sa fose. Joalokaha pula e etsa hore peō e mele, ho bolela Molimo, “ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:10, 11) Sohle seo Jehova a reng o tla se phetha, “se tla hlaha.”—Esaia 14:24.
7 Rōna batho re ka ba le kholiseho e feletseng ea hore ea Matla ’Ohle o tla boloka litšepiso tsa hae, hobane Molimo ke “o sa thetseng.” (Tite 1:2; Ba-Heberu 6:18) Ha a re bolella hore o tla etsa ntho e itseng, lentsoe la hae ke tiiso ea hore e tla etsahala. Ho tšoana leha e etsahetse. O re: “Ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong; ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joalo ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela . . . Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.”—Esaia 46:9-11.
8. Na bao ka tieo ba batlang ho tseba Molimo ba ka mo fumana?
8 Ho feta moo, Jehova “ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka lebaka lena, ha a rate hore ho be le ea sa mo tsebeng. Moprofeta ea bitsoang Azaria o itse: “Ha le ka ’na la ’matla [Molimo], o tla ’ne a fumanoe ke lōna; ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” (2 Likronike 15:1, 2) Kahoo, bao ka tieo ba batlang ho tseba Molimo le merero ea hae ruri ba ka mo tseba haeba ba etsa boiteko ba ho mo batla.
9, 10. (a) Ba batlang ho tseba Molimo ba filoe eng? (b) Ho batla Lentsoeng la Molimo ho re nolofaletsa ho etsa eng?
9 Ba mo batle hokae? Bakeng sa bao ka sebele ba batlang Molimo, o fane ka Lentsoe la hae, Bibele. Ka moea oa hae o halalelang, matla a sebetsang ao a ileng a a sebelisa bakeng sa ho bōpa bokahohle, Molimo o ile a tataisa banna ba tšepahalang hore ba ngole seo ho hlokahalang hore re se tsebe ka merero ea hae. Ka mohlala, mabapi le boprofeta ba Bibele, moapostola Petrose o itse: “Boporofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.” (2 Petrose 1:21) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o itse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, hore motho oa Molimo e be ea tšoanelehang ka ho feletseng, ea hlomeletsoeng ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.”—2 Timothea 3:16, 17, NW; 1 Ba-Thessalonika 2:13.
10 Hlokomela hore Lentsoe la Molimo le re nolofaletsa hore re be ba feletseng ‘ba tšoanelehang ka ho feletseng, ba hlomeletsoeng ka ho feletseng.’ Le nolofaletsa motho hore a tiisehe ka hore na Molimo ke mang, merero ea hae ke efe, le seo a se hlokang ho bahlanka ba hae. Sena se lokela ho lebelloa bukeng e ngotsoeng ke Molimo. ’Me ke oona feela mohloli oo re ka fuputsang ho oona bakeng sa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo. (Liproverbia 2:1-5; Johanne 17:3) Ka ho etsa joalo, re tla be re se re sa “hlole re e-ba bana, ba joalo ka mahoholi, ba fetohelang moeeng o mong le o mong oa thuto e ncha, ka thetso ea batho, le ka mano a bona a ho khelosa ka bohata.” (Ba-Efese 4:13, 14) Mopesaleme o ile a bontša boikutlo bo nepahetseng: “Lentsoe la hao [Molimo] ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.
E Senoloa Mohato ka Mohato
11. Jehova o senoletse moloko oa batho merero ea hae joang?
11 Tšimolohong ea lelapa la motho, Jehova o ile a senola merero ea hae ka lefatše lena le batho ba leng ho lona. (Genese 1:26-30) Empa ha batsoali ba rōna ba pele ba lahla bobusi ba Molimo, moloko oa batho o ile oa ba lefifing la moea le lefu. (Ba-Roma 5:12) Leha ho le joalo, Jehova o ne a tseba hore ho tla ba le ba tla rata ho mo sebeletsa. Kahoo, ho theosa le makholo a lilemo, o ’nile a senolela bahlanka ba hae ba tšepahalang merero ea hae mohato ka mohato. Ba bang ho bao a neng a buisana le bona ke Henoke (Genese 5:24; Juda 14, 15), Noe (Genese 6:9, 13), Abrahama (Genese 12:1-3), le Moshe (Exoda 31:18; 34:27, 28). Moprofeta oa Molimo Amose o ile a ngola: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.”—Amose 3:7; Daniele 2:27, 28.
12. Jesu o khantšitse leseli le eketsehileng joang mabapi le merero ea Molimo?
12 Ha Mor’a Molimo, Jesu Kreste, a ne a le lefatšeng lilemong tse ka bang 4 000 ka mor’a bofetoheli Edene, makolopetso a eketsehileng a merero ea Jehova a ile a senoloa. Ho bile joalo haholo-holo mabapi le morero oa Molimo oa ho theha ’Muso oa leholimo o tla busa lefatšeng. (Daniele 2:44) Jesu o ile a etsa ’Muso oo sehlooho sa thuto ea hae. (Mattheu 4:17; 6:10) Eena le barutuoa ba hae ba ile ba ruta hore tlas’a ’Muso oo, morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa lefatše le moloko oa batho o tla phethahatsoa. Lefatše le tla etsoa paradeise eo batho ba phethahetseng ba tla lula ho eona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; Mattheu 5:5; Luka 23:43; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:4) Ho feta moo, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba bontša se tla etsahala lefatšeng leo le lecha ka mehlolo eo Molimo a ba fileng matla a ho e etsa.—Mattheu 10:1, 8; 15:30, 31; Johanne 11:25-44.
13. Mabapi le tšebelisano ea Molimo le moloko oa batho, ke phetoho efe e ileng ea ba teng ka Pentekonta ea 33 C.E.?
13 Ka Pentekonta ea 33 C.E., matsatsi a 50 ka mor’a tsoho ea Jesu, moea oa Molimo o ile oa tšolleloa phuthehong ea balateli ba Kreste. E ile ea nka sebaka sa Iseraele e sa tšepahaleng e le batho ba selekane sa Jehova. (Mattheu 21:43; 27:51; Liketso 2:1-4) Ho tšolloa ha moea o halalelang ketsahalong eo e bile bopaki ba hore, ho tloha ka nako eo ho ea pele, Molimo o tla senola linnete ka merero ea hae ka mocha ona o mocha. (Ba-Efese 3:10) Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ile ha thehoa sebōpeho sa tlhophiso ea phutheho ea Bokreste.—1 Ba-Korinthe 12:27-31; Ba-Efese 4:11, 12.
14. Ba batlang ’nete ba ka khetholla phutheho ea Bokreste ba ’nete joang?
14 Kajeno, babatli ba ’nete ba ka khetholla phutheho ea ’nete ea Bokreste ka ho bonahatsa e sa khaotse tšoaneleho e hlaheletseng ea Molimo, e leng lerato. (1 Johanne 4:8, 16) Ruri, lerato la boena ke letšoao le khethollang Bakreste ba sebele. Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” “Molao oa ka ke hoba le ratane, joalo ka ha ke le ratile.” (Johanne 13:35; 15:12) ’Me Jesu o ile a hopotsa bamameli ba hae: “Le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona.” (Johanne 15:14) Kahoo bahlanka ba Molimo ba ’nete ke ba phelang molao oa lerato. Ha ba bue ka oona feela, hobane “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jakobo 2:26.
Ho Behoa Leseling
15. Bahlanka ba Molimo ba ka kholiseha ka eng?
15 Jesu o boletse esale pele hore ha nako e ntse e feta, phutheho ea ’nete ea Bokreste e tla behoa leseling haholoanyane mabapi le merero ea Molimo. O ile a tšepisa balateli ba hae: “Moemeli, e leng Moea o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke eena ea tla le ruta tsohle.” (Johanne 14:26) Hape Jesu o itse: “Bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:20) Kahoo, ho behoa leseling mabapi le ’nete e buang ka Molimo le merero ea hae hoa eketseha har’a bahlanka ba Molimo. E, “tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”—Liproverbia 4:18.
16. Ho behoa ha rōna leseling la moea ho re bolella eng ka hore na re hokae mabapi le merero ea Molimo?
16 Kajeno, leseli leo la moea le khanya ho feta leha e le neng pele, hobane re mehleng eo ho eona boprofeta bo bongata ba Bibele bo phethahalang kapa bo leng haufi le ho phethahala. Bo re bontša hore re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena ea lintho e khopo. Ena ke nako e bitsoang “ho fela ha lefatše”; e tla lateloa ke lefatše le lecha la Molimo. (2 Timothea 3:1-5, 13; Mattheu 24:3-13) Joalokaha Daniele a boletse esale pele, haufinyane ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla “robaka o felise mebuso eo kaofela [e leng teng hona joale], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
17, 18. Ke boprofeta bofe bo hlollang bo phethahalang hona joale?
17 Har’a boprofeta bo phethahalang hona joale ke bo tlalehiloeng temaneng ea 14 ea Mattheu khaolo 24. Temaneng eo Jesu o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Lefatšeng lohle, mosebetsi oo oa boboleli ba ’Muso o etsoa ke Lipaki tsa Jehova tse limilione. ’Me batho ba makholo a likete ba ikopanya le tsona selemo le selemo. Sena se tumellanong le boprofeta bo ho Esaia 2:2, 3, bo reng “mehleng ea bofelo” ba lefatše lena le khopo, batho ba lichaba tsohle ba tla tla borapeling ba ’nete ba Jehova, ’me ‘o tla ba ruta mekhoa ea hae, ba tsamaee litseleng tsa hae.’
18 Bana ba bacha ba phallela borapeling ba Jehova “joalo ka maru,” joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia khaolo 60, temana 8. Temana 22 ea phaella: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” Bopaki bo bontša hore nako eo ke eona ena. ’Me ba bacha ba ka kholiseha hore ka ho kopanela le Lipaki tsa Jehova, ba kene kamanong le phutheho ea Bokreste ba ’nete.
19. Ke hobane’ng ha re re ba bacha ba kopanelang le Lipaki tsa Jehova ba tla phuthehong ea ’nete ea Bokreste?
19 Ke hobane’ng ha re ka bua see ka kholiseho? Hobane bana ba bacha, hammoho le ba limilione ba seng ba ntse ba le ka mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng, ba nehetse bophelo ba bona ho Molimo ’me ba etsa thato ea hae. Sena se akareletsa ho phela tumellanong le molao oa lerato la bomolimo. E le bopaki bo bong ba sena, Bakreste bana ba ‘teile liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a teile lisekele. . . . Ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.’ (Esaia 2:4) Lipaki tsa Jehova kaofela lefatšeng ka bophara li entse sena hobane li lerato. Sena se bolela hore le ka mohla li ke ke tsa nka libetsa tsa ntoa bakeng sa ho loantšana kapa ho loantša leha e le mang. Tabeng ena li khethehile—li fapane le malumeli a lefatše. (Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 3:10-12, 15) Ha li kopanele bochabeng bo arolang, hobane li bōpa boena ba lefatše lohle bo kopantsoeng ke lerato, “e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:14; Mattheu 23:8; 1 Johanne 4:20, 21.
Ba Bangata ba Khetha ho se Tsebe
20, 21. Ke hobane’ng ha batho ba bangata haholo ba le lefifing la moea? (2 Ba-Korinthe 4:4; 1 Johanne 5:19)
20 Le hoja leseli la moea har’a bahlanka ba Molimo le eketsa ho khanya, baahi bohle ba lefatše ba tetebela lefifing la moea le eketsehileng. Ha ba tsebe Jehova kapa merero ea hae. Moprofeta oa Molimo o hlalositse nako ena ha a re: “Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba.” (Esaia 60:2) Ho joalo hobane ha ba bonahatse thahasello ea sebele ea ho ithuta ka Molimo, leha e le hona ho bontša takatso ea ho leka ho mo thabisa. Jesu o itse: “Kahlolo ke eona ena: Leseli le tlile lefatšeng, ’me batho ba ratile lefifi ho leseli, kahobane mesebetsi ea bona e ne e le mebe. Hobane e mong le e mong ea etsang bobe, o hloile leseli, ’me ha a tle leseling, mesebetsi ea hae e tle e se ke ea khalemeloa.”—Johanne 3:19, 20.
21 Batho ba joalo ha ba na thahasello ea sebele ea ho tseba thato ea Molimo. Ho e-na le hoo, bophelo ba bona bo likoloha tabeng ea ho etsa thato ea bona. Ka ho hlokomoloha thato ea Molimo, ba ipeha boemong bo kotsi, hobane Lentsoe la hae le re: “Ea fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utloa, esita le thapelo ea hae e manyala.” (Liproverbia 28:9) Ba tla jara liphello tsa tsela eo ba e khethileng. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.
22. Matšoele a batlang ho tseba Molimo a etsa’ng hona joale?
22 Leha ho le joalo, ho na le matšoele a batlang ho tseba thato ea Molimo, ao ka tieo a mo batlang, le a atametsoang ho eena. “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela,” ho bolela Jakobo 4:8. Ka ba joalo, Jesu o itse: “Ea etsang ’nete, o tla leseling, mesebetsi ea hae e tle e bonahatsoe hore e etselitsoe Molimo.” (Johanne 3:21) ’Me ke bokamoso bo babatsehang hakaakang boo Molimo a bo reretseng ba tlang leseling! Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla litebello tsena tse thabisang.
U ka Araba Joang?
◻ Ba bangata ba re’ng ka morero oa bophelo?
◻ Jehova o itšenola joang e le Molimo ea nang le morero?
◻ Ke ho behoa leseling hofe ho hoholo ho ileng ha ba teng lekholong la pele la lilemo C.E.?
◻ Phutheho ea ’nete ea Bokreste e ka khetholloa joang kajeno?