-
Le Tloaele ho Etsa Lintho Tseo le Ithutileng TsonaMolula-Qhooa—2002 | September 15
-
-
Hana ‘Lipale Tsa Bohata’
8. (a) Satane o batla ho senya tumelo ea rōna joang kajeno? (b) Ke temoso efe ea Pauluse e fumanoang ho 2 Timothea 4:3, 4?
8 Satane o leka ho senya botšepehi ba rōna ka ho jala lipelaelo ka seo re se rutiloeng. Kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo, bakoenehi le ba bang ba batla ho senya tumelo ea ba sa lemoheng. (Bagalata 2:4; 5:7, 8) Ka linako tse ling ba sebelisa mecha ea litaba ho jala boitsebiso bo sothehileng kapa mashano a pepenene ka mekhoa ea batho ba Jehova le lipakane tsa bona. Pauluse o ile a lemosa hore ba bang ba ne ba tla furalla ’nete. O ile a ngola, a re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata.”—2 Timothea 4:3, 4.
9. E ka ’na eaba Pauluse o ne a hopotse’ng ha a bua ka ‘lipale tsa bohata’?
9 Ho e-na le ho tšoara mohlala oa mantsoe a phelisang, ba bang ba ne ba khahloa ke ‘lipale tsa bohata.’ Lipale tsee tsa bohata e ne e le eng? Mohlomong Pauluse o ne a hopotse lipale tsa bohata, tse kang e fumanoang bukeng ea Tobita ea neano eo e seng karolo ea Bibele. Mohlomong lipale tsa bohata li ne li boetse li akarelletsa litaba tse monate tsa bo-ba-re. Mohlomong ba bang—“tumellanong le litakatso tsa bona”—likelello tsa bona li ne li thetsitsoe ke ba neng ba lumela hore litekanyetso tsa Molimo li ka nkoa e le tse lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe kapa ba neng ba nyatsa ba etellang pele ka phuthehong. (3 Johanne 9, 10; Juda 4) Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho ameha likhopiso life, ho totobetse hore ba bang ba ne ba rata mashano ho feta linnete tsa Lentsoe la Molimo. Kapele feela ha baa ka ba hlola ba itloaetsa ho etsa lintho tseo ba neng ba ithutile tsona, ’me sena se ile sa ba ntša kotsi moeeng.—2 Petrose 3:15, 16.
10. Lipale tse ling tsa bohata tsa mehleng ee ke life, ’me Johanne o ile a totobatsa joang hore ho hlokahala hore re itebele?
10 Kajeno re ka qoba ho khelosoa ke lipale tsa bohata haeba re hlahlobisisa re bile re khetha seo re se mamelang le seo re se balang. Ka mohlala, hangata mecha ea litaba e khothalletsa boitšoaro bo bobe. Batho ba bangata ba buella hore Molimo ha a tsejoe ebile a ke ke a tsejoa kapa ba latola boteng ba Molimo ka ho totobetseng. Bahlahlobisisi ba Bibele ba soma Bibele ha e bolela hore e bululetsoe ke Molimo. Bakoenehi ba kajeno bona ba ntse ba tsoela pele ho leka ho jala lipeō tsa lipelaelo e le hore ba senye tumelo ea Bakreste. Moapostola Johanne o ile a lemosa ka kotsi e tšoanang e neng e bakoa ke baprofeta ba bohata lekholong la pele la lilemo, a re: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo, hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.” (1 Johanne 4:1) Kahoo, ho hlokahala hore re be hlokolosi.
11. Tsela e ’ngoe ea ho inonya le ho bona hore na re tumelong ke efe?
11 Ntlheng ena, Pauluse o ile a ngola a re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong.” (2 Bakorinthe 13:5) Moapostola o re khothalletsa hore re ’ne re inonye hore na re khomaretse litumelo tsohle tsa Bokreste. Haeba re rata ho mamela babelaeli, ho hlokahala hore re itlhahlobe ka thapelo. (Pesaleme ea 139:23, 24) Na re rata ho tšoaea batho ba Jehova liphoso? Haeba ho joalo, lebaka ke lefe? Na re hlabehisitsoe ke mantsoe kapa liketso tsa motho e mong? Haeba ho joalo, na re bona litaba ka leihlo le letle? Matšoenyeho ’ohle ao re thulanang le ’ona tsamaisong ena ke a nakoana. (2 Bakorinthe 4:17) Le haeba re ka thulana le teko ka phuthehong, ha rea lokela ho khaotsa ho sebeletsa Molimo. Haeba ho e-na le ntho e re khopisitseng, na ha ho molemo ho etsa sohle se matleng a rōna ho lokisa taba eo ebe re e siea matsohong a Jehova?—Pesaleme ea 4:4; Liproverbia 3:5, 6; Baefese 4:26.
12. Batho ba Berea ba ile ba re behela mohlala o motle joang?
12 Ho e-na le ho nyatsa ba bang, a re luleng re e-na le pono e ntle ea moea ka boitsebiso boo re bo fumanang ka thuto ea botho le liboka tsa phutheho. (1 Bakorinthe 2:14, 15) Hape, ho e-na le ho belaella Lentsoe la Molimo, ho molemo hakaakang ho ba le boikutlo ba batho ba lekholong la pele la lilemo ba Berea ba ileng ba hlahloba Mangolo ka hloko! (Liketso 17:10, 11) Joale, a re sebeliseng seo re ithutileng sona, re hane lipale tsa bohata ’me re khomarele ’nete.
13. Re ka jala lipale tsa bohata re sa ikemisetsa joang?
13 Ho na le pale ea bohata ea mofuta o mong eo ho hlokahalang hore re ikalose ho eona. Ho na le lipale tse ngata tse hapang maikutlo, hangata li hlaha ka melaetsa e romeloang ka k’homphieutha. Ho molemo hore re ele hloko lipale tse joalo, haholo-holo haeba re sa tsebe mohloli oa tsona. Esita leha phihlelo kapa pale e rometsoe ke Mokreste ea hlomphuoang, ho ka etsahala hore ebe motho eo o e utloile ka ba-re. Ke ka lebaka leo e leng habohlokoa ho ba hlokolosi hore re se ke ra pheta le ho fetisa litlaleho tse se nang bopaki. Ka sebele ha rea lokela ho pheta “litšōmo tse bontšang ho se tšabe Molimo,” kapa “lipale tsa bohata tse senyang se halalelang.” (1 Timothea 4:7; New International Version) Kaha hape re tlamehile ho bua ’nete e mong ho e mong, ke bohlale ho qoba eng kapa eng e ka re etsang hore re iphumane re jetse bohata re sa ikemisetsa.—Baefese 4:25.
-
-
Le Tloaele ho Etsa Lintho Tseo le Ithutileng TsonaMolula-Qhooa—2002 | September 15
-
-
a Tobit, eo e ka ’nang eaba e ngotsoe lekholong la boraro la lilemo B.C.E., e akarelletsa pale ea tumela-khoela ea Mojuda ea bitsoang Tobias. Ho ne ho boleloa hore o na le bokhoni ba ho fumana matla a ho phekola le ho leleka bademona ka pelo, nyooko le sebete tsa tlhapi ea tonanahali.
-