-
Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
Ha Pauluse a ne a le litlamong ka lekhetlo la bobeli Roma, hoo e ka bang ka 65 C.E., ’me a ngola hore a bitse Timothea Efese, o ile a eketsa ka ho re: “Nka Mareka ’me u tle le eena.” (2 Tim. 4:11) Kahoo, nakong eo Mareka o ne a le Efese. Ha ho pelaelo hore o ile a lumela ha Pauluse a ne a re a khutlele Roma le Timothea. Ho nka maeto ho ne ho se bonolo nakong eo, empa Mareka o ne a nka maeto ao ka boithatelo.
-
-
Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
“O na le Thuso ho ’na Bakeng sa ho Sebeletsa”
Mareka ha aa ka a fella feela ka ho ngola Kosepele ea hae ha a ne a le Roma. Hopola seo Pauluse a ileng a se bolella Timothea ha a ne a re: “Nka Mareka ’me u tle le eena.” Pauluse o ne a bua joalo ka lebaka lefe? O re: “Kaha o na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.”—2 Tim. 4:11.
Hore ebe ho boleloa ka Mareka mona—e leng lekhetlo la ho qetela leo ho buuoang ka eena ka Mangolong—ho bolela ho hongata ka eena. Ha ho kae kapa kae mosebetsing oa hae oa phutheho moo Mareka a hlahang e le moapostola, moeta-pele kapa moprofeta. E ne e le mosebeletsi, ke hore, ea neng a hlokomela ba bang le ho ba sebeletsa. Nakong ena ea pele ho lefu la hae, ka sebele moapostola Pauluse o ne a ka rua molemo thusong ea Mareka.
-