Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!
    Molula-Qhooa—2015 | April 15
    • 2 Nakong ena e thata, moapostola Pauluse o ile a koalloa chankaneng. E ka ’na eaba o ile a ipotsa hore na barab’abo ba Bakreste ba tla mo thusa, kaha pejana ho ne ho se na motho ea mo thusitseng. Empa Jehova o ne a sebelisitse Morena Jesu ho mo thusa. Pauluse o ile a ngola a re: ‘Morena o ile a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na.’ Jesu o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka. Pauluse o re o ile a ba a “lopolloa molomong oa tau.”—2 Timothea 4:16, 17.a (Sheba naletsana.)

      3 Pauluse o ile a hopola kamoo Jehova a ’nileng a mo thusa kateng nakong e fetileng. Kahoo o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo fa matla a hlokahalang e le hore a mamelle boemo boo a tobaneng le bona esita le liteko tse ka ’nang tsa mo hlahela nakong e tlang. O ne a kholisehile hoo a ileng a ngola a re: “Morena o tla ntopolla mosebetsing o mong le o mong o khopo.” (2 Timothea 4:18) Pauluse o ne a tseba hore le maemong ao ho ’ona barab’abo ba neng ba hlōlehile ho mo thusa, a ka tšepa hore Jehova le Jesu ba tla mo thusa. O ne a kholisehile ka ho feletseng.

  • Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!
    Molula-Qhooa—2015 | April 15
    • “MOLOMONG OA TAU”

      10-12. (a) Ke’ng e ka ’nang ea re thatafalletsa ho hlokomela setho sa lelapa se kulang? (b) Ho tšepa Jehova linakong tse thata ho tla ama kamano ea hao le eena joang? Fana ka mohlala.

      10 U ka ’na ua ba boemong bo thata hoo u ka ikutloang joaloka Pauluse, ’me ua lokela ho pholosoa “molomong oa tau.” (2 Timothea 4:17) Linakong tse thata joalo, ke habohlokoa hore u tšepe Jehova. Ka mohlala, mohlomong u oka setho se seng sa lelapa. U rapetse Jehova ua mo kōpa hore a u thuse ho etsa liqeto tse bohlale le hore a u fe matla.b (Sheba naletsana.) Joale u ka ikutloa u imolohile ha u hopola hore Jehova o bona boemo ba hao ebile o oa bo utloisisa. O tla u thusa hore u mamelle ’me u lule u tšepahala.—Pesaleme ea 32:8.

      U ka tšepa Ntate oa hao ea leholimong hore o tla u fa matla a hore u mamele taelo ea hae ka botšepehi

  • Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!
    Molula-Qhooa—2015 | April 15
    • a E ka ’na eaba Pauluse o ne a hlile a pholositsoe molomong oa tau kapa boemong bo bong bo itseng bo kotsi.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela