Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke’ng e Tla U Thusa Hore U Tsoele Pele U Ithuta Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 5. Mamella ha u hanyetsoa

      Ka linako tse ling, batho ba bang ba ka ’na ba u nyahamisa hore u se ke oa ithuta Bibele. A re boneng mohlala oa ntate Francesco. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: Ho Putsoa ka Lebaka la ho Mamella (5:22)

      Karolo ea video ea ‘Ho Putsoa ka Lebaka la ho Mamella,’ e bontšang ha ntate Francesco a tsamaea ka mor’a ho bolella metsoalle ea hae hore ha e sa tla hlola e e-ba motsoalle oa bona.
      • Videong ee, metsoalle ea ntate Francesco le ba lelapa la hae ba ile ba etsa’ng ha ba utloa hore o se a ithuta Bibele?

      • Ho mamella ho ile ha mo tsoela molemo joang?

      Bala 2 Timothea 2:​24, 25 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Lelapa la hao le metsoalle ea hao e ikutloa joang ha u ithuta Bibele?

      • Ho latela litemana tsee, u lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a sa thabele taba ea hore u ithuta Bibele? Hobane’ng?

  • U ka Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Tsoang ka Bibeleng Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Ha u bua le batho ba bang ka Bibele, nahana ka hore na u tl’o re’ng le hore na u tl’o bua joang ka tsela e bontšang tlhompho. Bala 2 Timothea 2:​24 le 1 Petrose 3:​15 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      • U ka sebelisa litemana tsee joang haeba u bua le batho ba bang ka Bibele?

      • Ba lelapa kapa metsoalle ea hao ba ka ’na ba se lumellane le uena. U lokela ho etsa’ng? Ha oa lokela ho etsa’ng?

      • Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo hore u ba botse lipotso ka bohlale ho e-na le ho ba qobella hore ba lumellane le uena?

      Motho ea ithutang Bibele o qoqa le e mong oa ba lelapa la hae ka Bibele.
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela