KHAOLO EA 5
Balebeli ba Lisang Mohlape
HA Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a bontša hore ke “molisa ea khabane.” (Joh. 10:11) Ha a bona bongata bo neng bo mo latela ka tjantjello, o ile “a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Petrose le baapostola ba bang ba ile ba hlokomela kameho ea hae e lerato. Ka sebele Jesu o ne a sa tšoane le balisa ba bohata ba Iseraele, ba neng ba sa hlokomele linku tsa Molimo hoo li neng li qhalakane ’me li lapile moeeng. (Eze. 34:7, 8) Mohlala oa Jesu oa ho ruta le ho hlokomela linku hoo a bileng a li tella bophelo ba hae, o ile oa bontša baapostola ba hae hore ba ka thusa batho ba nang le tumelo joang hore ba khutlele ho Jehova e leng ‘molisa le molebeli oa meea ea bona.’—1 Pet. 2:25.
2 Ha Jesu a bua le Petrose ka lekhetlo le leng, o ile a hatisa ka matla bohlokoa ba ho fepa linku le ho li lisa. (Joh. 21:15-17) Ha ho pelaelo hore Petrose o ile a angoa haholo ke sena ’me hamorao a eletsa baholo phuthehong ea Bokreste ea mehleng ea baapostola, a re: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lona, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:1-3) Baholo ba etsisa Jesu ha ba sebeletsa ka ho rata le ka tabatabelo e le mehlala ho mohlape ’me ba etella pele tšebeletsong ea Jehova.—Baheb. 13:7.
Baholo ba etsisa Jesu ha ba sebeletsa ka ho rata le ka tabatabelo e le mehlala ho mohlape ’me ba etella pele tšebeletsong ea Jehova
3 Ruri re na le mabaka a ho leboha hore ebe re na le balebeli ka liphuthehong. Re fumana melemo e mengata haholo tlhokomelong ea bona. Ka mohlala, balebeli baa re khothatsa ’me ba amehile ka hore na motho e mong le e mong ka phuthehong o hloka’ng. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ba tsamaisa liboka tsa phutheho ka mafolofolo, e le hore bohle ba matlafatsoe tumelong. (Bar. 12:8) Boiteko ba bona ba ho loantša tšusumetso e mpe ea batho ba khopo, boa re sireletsa. (Esa. 32:2; Tite 1:9-11) Ha ba etella pele mosebetsing oa boboleli re susumelletseha hore re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo ka mafolofolo khoeli le khoeli. (Baheb. 13:15-17) Jehova o sebelisa ‘limpho tsena tseo e leng banna,’ ho matlafatsa phutheho.—Baef. 4:8, 11, 12.
LITŠOANELEHO TSA BALEBELI
4 E le ho tiisa hore phutheho e hlokomeloa hantle, banna ba khetheloang ho sebeletsa e le balebeli ba lokela ho ba le litšoaneleho tse boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Ke feela ha ba e-na le litšoaneleho tsena ho ka thoeng ba khethiloe ke moea o halalelang. (Lik. 20:28) Ke ’nete hore litšoaneleho tse ka Mangolong tseo balebeli ba Bakreste ba lokelang ho ba le tsona li phahame, kaha ho ba molebeli ke boikarabelo bo boima. Empa litšoaneleho tsena ha lia phahama hoo banna ba Bakreste ba ratang Jehova e le kannete le ba ikemiselitseng ho sebelisoa ke eena ba ke keng ba e-ba le tsona. Bohle ba lokela ho elelloa hore balebeli ba sebelisa keletso ea Bibele bophelong ba bona.
E le ho tiisa hore phutheho e hlokomeloa hantle, banna ba khetheloang ho sebeletsa e le balebeli ba lokela ho ba le litšoaneleho tse boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo
5 Moapostola Pauluse o ile a bolela litšoaneleho tseo Mangolo a reng balebeli ba lokela ho ba le tsona lengolong la Timothea oa pele le lengolong la Tite. Ho 1 Timothea 3:1-7 o ile a re: “Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle. Ka hona molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng, monna oa mosali a le mong, ea itekanetseng mekhoeng, ea hlaphohetsoeng kelellong, ea hlophisehileng, ea amohelang baeti, ea tšoanelehelang ho ruta, eseng ea likomang tsa botahoa, eseng ea otlang, empa ea nang le kahlolo e molemo, eseng ea ratang ntoa, eseng ea ratang chelete, motho ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle; (haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?) eseng motho ea sa tsoa sokoloha, esere a ikhohomosa ka boikakaso eaba o oela kahlolong eo Diabolose a ahlotsoeng ka eona. Ho feta moo, hape o lokela ho ba le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle, e le hore a se ke a oela nyelisong le lerabeng la Diabolose.”
6 Pauluse o ile a ngolla Tite a re: “Ke ka lebaka lena ke ileng ka u siea Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo; haeba ho e-na le monna leha e le ofe eo ho seng seo a qosoang ka sona, monna oa mosali a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba sa qosoeng ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe. Etsoe molebeli o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang ka sona joaloka motsamaisi oa tsa Molimo, e se ke ea e-ba ea ngangellang thato ea hae, e se ke ea e-ba ea ratang ho halefa, e se ke ea e-ba ea likomang tsa botahoa, e se ke ea e-ba ea otlang, e se ke ea e-ba ea meharo ea leruo la ho se tšepahale, empa e be ea amohelang baeti, ea ratang molemo, ea hlaphohetsoeng kelellong, ea lokileng, ea tšepahalang, ea itšoarang, ea tšoarellang ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta, e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle hammoho le ho khalemela ba hanyetsang.”—Tite 1:5-9.
7 Le hoja qalong ho ka ’na ha bonahala eka ho thata ho finyella litšoaneleho tsa Mangolo tseo molebeli a lokelang ho ba le tsona, banna ba Bakreste ba lokela ho tsoela pele ho li hahamalla. Ha ba bontša litšobotsi tse ntle tsa Bokreste tse hlokahalang bakeng sa balebeli, ba khothalletsa ba bang ka phuthehong hore le bona ba etse se tšoanang. Pauluse o ile a ngola hore “limpho tseo e leng banna” li fanoe “ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste, ho fihlela bohle re fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea holileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.”—Baef. 4:8, 12, 13.
8 Balebeli hase bashanyana kapa banna ba sa tsoa sokoloha. Ho e-na le hoo, ke khale ba phela ka tsela ea Bokreste, ba na le tsebo e batsi ea Bibele, ba utloisisa Mangolo ka ho teba ebile ba rata phutheho e le kannete. Ha ba tšabe ho ntša maikutlo a bona ebile ba khalemela bafosi e le hore ba sireletse linku ho mang kapa mang ea ka li ntšang kotsi. (Esa. 32:2) Ho bonolo hore bohle ka phuthehong ba hlomphe balebeli hobane ke banna ba holileng tsebong, ba amehileng e le kannete ka mohlape oa Molimo.
9 Banna ba tšoanelehang hore e be balebeli, ba phela ka tsela e bontšang hore ba bohlale. Haeba molebeli a nyetse, o lokela ho boloka melao e tataisang Bakreste ba lenyalong ’me o mong oa eona o re monna a be le mosali a le mong, e be ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle. Haeba molebeli a e-na le bana ba lumelang, ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle ’me ba sa qosoe ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe, batho ba bang ka phuthehong ba ke ke ba ba leqe ho kopa keletso ho eena litabeng tsa bophelo ba lelapa le ba Bokreste. Hape molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng, ’me a be le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle. Ha aa lokela ho itšoara ka tsela e ka etsang hore a qosoe, e leng se ka senyang botumo ba phutheho. E ne e ke ke ea e-ba ea sa tsoa khalemelloa phoso e kholo. Ba bang ka phuthehong ba susumelletseha ho etsisa mohlala oa hae o motle ’me ba na le tšepo ea hore o tla ba hlokomela moeeng.—1 Bakor. 11:1; 16:15, 16.
10 Banna ba joalo ba tšoanelehang ba phetha karolo e tšoanang le ea banna ba baholo ba Iseraele bao ho neng ho thoe ke “ba bohlale le ba masene le ba nang le phihlelo.” (Deut. 1:13) Hase hore baholo ba Bakreste ba phethahetse empa ba tsejoa e le banna ba lokileng, ba tšabang Molimo ’me ka nako e telele ba bontšitse hore ba phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Boemo ba bona ba ho se tšoauoe phoso bo etsa hore ba bue ka bolokolohi ka phuthehong.
11 Banna ba tšoanelehang hore ba khetheloe ho ba balebeli ba bontša ho itekanela mekhoeng ea bona le tseleng eo ba sebelisanang le ba bang ka eona. Ha ba fetelletse lintho. Ho e-na le hoo, ba phela ka tsela e itekanetseng ’me ba khona ho itšoara. Ba bontša ho ba le teka-tekano linthong tse kang ho ja, ho noa, ho ikhatholla le ho ithabisa. Ba noa lino tse tahang ka tekano e le hore ba se ke ba fana ka lebaka la ho qosetsoa botahoa kapa ho ba ba nang le likomang tsa botahoa. Motho ea lemaletseng lino tse tahang ha a khone ho itšoara ’me o sitoa ho hlokomela phutheho.
12 Monna ea filoeng boikarabelo ba ho hlokomela phutheho o lokela ho hlophiseha. O bonahatsa mekhoa e metle ka ho boloka lehae la hae le hloekile, ka ho apara le ho itlhopha hantle le linthong tse ling. Monna ea joalo ha a senye nako ho lokisa lintho tse lokelang ho lokisoa. O khomarela melao-motheo ea Lentsoe la Molimo.
13 Molebeli o lokela ho ba le kahlolo e molemo. O lokela ho sebelisana le baholo ba bang hantle. Ha aa lokela ho iphahamisa le ho hatella ba bang. Kaha molebeli ke motho ea nang le kahlolo e molemo, a ke ke a tsitlella maikutlo a hae, a nka hore likhopolo tsa hae li phahametse tsa baholo ba bang. Ba bang ba ka ’na ba ipabola litšobotsing tseo eena a sa ipaboleng ho tsona kapa ba e-ba le bokhoni boo a se nang bona. Moholo o bontša hore o na le kahlolo e molemo ha liqeto tseo a li etsang li thehiloe Mangolong ’me a loanela ho etsisa mohlala oa Jesu Kreste. (Bafil. 2:2-8) Moholo ha a otle ba bang ebile ha a rate ntoa ho e-na le hoo oa ba hlompha, ’me o nka hore ba mo phahametse. Ha a ngangelle thatong ea hae, kapa hona ho tsitlella hore e be esale lintho li etsoa ho latela maikutlo a hae. Ha a halefe kapele empa o sebelisana le ba bang ka khotso.
14 Ka ho tšoanang, motho ea tšoanelehang hore e be molebeli ka phuthehong o lokela ho hlaphoheloa kelellong. Sena se bolela hore e lokela ho ba motho ea khonang ho khoba matšoafo, ea sa etseng liqeto ka lepotlapotla. O lokela ho ba le kutloisiso e ntle ea melao-motheo ea Jehova le tsela eo e sebetsang ka eona. Motho ea hlaphohetsoeng kelellong o amohela keletso le tataiso. Hase moikaketsi.
15 Pauluse o ile a hopotsa Tite hore molebeli o rata se molemo. E lokela ho ba motho ea lokileng le ea tšepahalang. O bonahatsa litšobotsi tsena ha a sebelisana le ba bang le ha a emela ’nete ka tieo. O inehetse ka ho feletseng ho Jehova ’me o khomarela melao-motheo e lokileng. A ka boloka lekunutu. O rata ho amohela baeti, ebile o itella ho thusa ba bang ka lintho tsa hae tse bonahalang.—Lik. 20:33-35.
16 E le hore molebeli a sebetse hantle, o lokela ho tšoanelehela ho ruta. Ho latela mantsoe a Pauluse ho Tite, molebeli o lokela ho ‘tšoarella ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta, e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle hammoho le ho khalemela ba hanyetsang.’ (Tite 1:9) O khona ho behelana mabaka le ba bang, ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a lumela ntho e itseng, ho hlola likhanyetso le ho sebelisa Mangolo ka tsela e tla kholisa ba bang le ho matlafatsa tumelo ea bona. Molebeli o sebelisa tsebo e joalo ea ho ruta nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso. (2 Tim. 4:2) O lokela ho ba le mamello e le hore a ka khalemela mofosi ka bonolo kapa ho matlafatsa tumelo ea motho ea nang le lipelaelo e le hore a ka tsoela pele ho etsa mesebetsi e molemo. Ha molebeli a khona ho ruta sehlopha sa batho le batho ka bomong o bontša hore oa tšoaneleha.
17 Ke habohlokoa hore baholo ba kopanele ka cheseho tšebeletsong ’me ba ikitlaelletse ho etsisa Jesu kaha o ne a nka hore ho bolela litaba tse molemo ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Jesu o ne a rata barutuoa ba hae ’me a ba thusa hore e be baboleli ba atlehang. (Mar. 1:38; Luka 8:1) Ha baholo ba ikemiselitse ho qeta nako tšebeletsong le hoja ba le maphathaphathe, ba thusa phutheho eohle hore e chesehe ka tsela e tšoanang. Ho feta moo, ha ba etsa mosebetsi oa boboleli le malapa a bona hammoho le ba bang ka phuthehong, sena se etsa hore phutheho eohle e ‘khothatsane.’—Bar. 1:11, 12.
18 Sena sohle se ka ’na sa etsa hore ho bonahale eka ho lebeletsoe ho hongata haholo ho balebeli. Ho hlakile hore ha ho na moholo ea ka tšoanelehang ka ho phethahetseng lintlheng tsena kaofela, empa ha ho le ea mong ea lokelang ho hloleha ho finyella e ’ngoe ea tsona hoo ho ka nkoang hore o fokola ka ho tebileng. Baholo ba bang ba ka ba le litšobotsi tse itseng tseo ba ipabolang ho tsona, ’me ba bang ba ipabola ho tse ling. Sena se tla etsa hore baholo e le sehlopha, ba be le litšobotsi tsohle tse ntle tse hlokahalang e le hore phutheho ea Molimo e hlokomeloe hantle.
19 Ha sehlopha sa baholo se buella banna hore e be balebeli, se lokela ho hopola mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo ea tumelo.” (Bar. 12:3) Moholo e mong le e mong o lokela ho inka e le ea tlaasana. Ha ho ea lokelang ho inka e le ea “lokileng ho feta tekanyo” ha a hlahloba litšoaneleho tsa e mong. (Moek. 7:16) Kaha sehlopha sa baholo se utloisisa hantle seo Mangolo a se hlokang ho baholo, se lokela ho etsa qeto ea hore na mor’abo rona ea hlahlojoang o finyella litšoaneleho tseo kaofela ka tsela e itekanetseng kapa che. Kaha baholo baa tseba hore ha ho na motho ea phethahetseng ebile ha baa lokela ho bontša leeme kapa boikaketsi, ba tla buella ba bang ka tsela e bontšang hore ba hlompha melao e lokileng ea Jehova le e tla tsoela phutheho molemo. Ba lokela ho rapela ba be ba latele tataiso ea moea o halalelang oa Molimo ha ba hlahloba litšoaneleho tsa mor’abo rona eo ba mo buellang. Bona ke bo bong ba boikarabelo bo boima boo ba bo jarang, ’me ba lokela ho etsa sena tumellanong le keletso ea Pauluse e reng: “Le ka mohla u se ke ua beha matsoho a hao ka potlako holim’a monna leha e le ofe.”—1 Tim. 5:21, 22.
LITHOLOANA TSA MOEA
20 Banna ba nang le litšoaneleho tsa moea ba bontša ka tsela eo ba phelang ka eona hore ba tataisoa ke moea o halalelang. Pauluse o thathamisa litholoana tse robong tsa moea e leng “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagal. 5:22, 23) Balebeli ba joalo ba khatholla barab’abo bona ’me ba thusa phutheho hore e etse tšebeletso e halalelang e momahane. Boitšoaro ba bona le litholoana tsa mesebetsi ea bona li bontša hore ba khethiloe ke moea o halalelang.—Lik. 20:28.
BANNA BA KHOTHALLETSANG BONNGOE
21 Ke habohlokoa hore baholo ba sebetse hammoho ho khothalletsa bonngoe ka phuthehong. Le hoja botho ba bona bo fapane haholo, ba boloka bonngoe pakeng tsa bona ka ho mamelana ka tlhompho le hoja ho ka etsahala hore ba se lumellane litabeng tsohle tseo ba buisanang ka tsona. Hafeela ho sa tloloe molao-motheo oa Bibele, e mong le e mong o lokela ho ikemisetsa ho se tsitlelle maikutlo a hae le ho tšehetsa qeto ea sehlopha sa baholo. Ha motho a sa tsitlelle maikutlong a hae, o bontša hore o tataisoa ke “bohlale bo tsoang holimo,” bo nang le ‘khotso le kahlolo e molemo.’ (Jak. 3:17, 18) Ha ho moholo ea lokelang ho inka hore o phahametse ba bang, hape ha ho moholo ea lokelang ho leka ho hatella ba bang. Ha baholo ba sebelisana e le sehlopha molemong oa phutheho, ha e le hantle ba sebelisana le Jehova.—1 Bakor., khao. 12; Bakol. 2:19.
HO HAHAMALLA LITOKELO TSE EKETSEHILENG
22 Banna ba Bakreste ba holileng moeeng ba lokela ho labalabela ho ba balebeli. (1 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata a be a itele hore e be moholo. O lokela ho ithaopela ho thusa barab’abo rona ka seo ba se hlokang le ho ba hlokomela moeeng. Ka hona, ha motho a batla ho ba molebeli o lokela ho ikitlaelletsa ho ba le litšoaneleho tse boletsoeng ka Mangolong.
MAEMO A MOTHO A KA ’NA A FETOHA
23 Mor’abo rona ea sebelelitseng ka botšepehi ka nako e telele a ka ’na a kula kapa a holofala. Mohlomong ka lebaka la botsofali, ho ka etsahala hore a se ke a hlola a khona ho phetha boikarabelo ba ho ba molebeli. Leha ho le joalo, o ntse a lokela ho nkoa e le moholo le ho hlomphuoa hafeela a sa tlosoa boholong. Ho ke ke ha hlokahala hore a itokolle hobane a se a sa khone ho etsa lintho tse itseng. O ntse a tšoaneloa ke tlhompho e habeli e fuoang baholo bohle ba etsang sohle seo ba ka se khonang ha ba lisa mohlape.
24 Empa haeba mor’abo rona a ikutloa hore ho ka ba molemo hore a itokolle ka lebaka la maemo a hae a fetohileng a seng a mo sitisa ho sebeletsa, a ka ’na a khetha ho etsa joalo. (1 Pet. 5:2) O ntse a lokela ho hlomphuoa, kaha o sa ntse a khona ho etsa lintho tse ngata tse molemo ka phuthehong, le hoja a ke ke a hlola a fuoa likabelo le mesebetsi e fuoang baholo.
BOIKARABELO BA BAHOLO KA PHUTHEHONG
25 Baholo ba na le boikarabelo bo fapa-fapaneng ka phuthehong. Ho na le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo, mongoli, molebeli oa tšebeletso, mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa le molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona. Baholo ba bangata ba sebeletsa e le balebeli ba lihlopha. Ha ho nako e behiloeng eo baholo ba ka sebeletsang maemong ana ka eona. Ho hlakile hore haeba mor’abo rona a fallela phuthehong e ’ngoe, kapa a se a sa khone ho phetha boikarabelo ba hae ka lebaka la ho kula, kapa a se a sa tšoanelehe, ho khethoa moholo e mong ho phetha kabelo eo. Liphuthehong tseo ho tsona ho nang le balebeli ba seng bakae, ho ka ’na ha hlokahala hore moholo a le mong a abeloe mesebetsi e ’maloa ho fihlela bara ba bang babo rona ba tšoaneleha hore e be baholo.
26 Mohokahanyi oa sehlopha sa baholo ke eena molula-setulo libokeng tsa sehlopha sa baholo. Ka lebaka leo, o sebetsa ka boikokobetso le baholo ba bang ho hlokomela mohlape oa Molimo. (Bar. 12:10; 1 Pet. 5:2, 3) E lokela ho ba motho ea khonang ho hlophisa lintho hantle ’me e be molebeli ea hloahloa.—Bar. 12:8.
27 Mongoli o sebetsana le litlaleho tsa phutheho ’me o tsebisa baholo ka mangolo a bohlokoa. Haeba ho hlokahala, moholo e mong kapa mohlanka ea sebeletsang ea nang le bokhoni a ka abeloa ho mo thusa.
28 Molebeli oa tšebeletso o hlokomela litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo le litaba tse ling tse amang tšebeletso. O lokisetsa ho etela lihlopha tsohle tsa tšebeletso ea tšimo nako le nako e le hore hang ka khoeli mafelong a beke a etele sehlopha se seng. Liphuthehong tse nyenyane moo lihlopha tsa tšebeletso li seng ngata, a ka etela sehlopha ka seng habeli ka selemo. Nakong eo a etileng ka eona, o tla tšoara liboka tsa tšebeletso ea tšimo, a sebetse le sehlopha tšimong ’me a thuse bahoeletsi maetong a bona a ho boela le lithutong tsa Bibele.
BALEBELI BA LIHLOPHA
29 Baholo ba bang ba fuoa tlotla e ikhethang ea ho ba balebeli ba lihlopha. Boikarabelo ba e mong le e mong oa bona bo akarelletsa (1) ho hlokomela boemo ba moea ba motho e mong le e mong ea sehlopheng sa hae sa tšebeletso; (2) ho thusa e mong le e mong sehlopheng sa hae hore a be teng tšimong khoeli le khoeli, a e thabele a be a e etse ka morero; (3) ho thusa le ho koetlisa bahlanka ba sebeletsang ba sehlopheng sa hae hore ba hahamalle litokelo tse eketsehileng le ho tšoanelehela boikarabelo ka phuthehong. Sehlopha sa baholo ke sona se etsang qeto ea hore na ke bara bafe babo rona ba tšoanelehang ka ho feletseng ho phetha mosebetsi oa bona likarolong tsena tsohle.
30 Ha ho khoneha bara bao babo rona e lokela ho ba baholo ho latela mofuta oa mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. Haeba ba le sieo, ho ka khethoa mohlanka ea sebeletsang ea nang le bokhoni hore a sebeletse ho fihlela ho e-ba le moholo ea nkang boikarabelo. Mohlanka ea sebeletsang ea boemong bona o bitsoa mohlanka oa sehlopha, kaha hase moholo. Ho e-na le hoo, o sebetsa tlas’a taolo ea baholo ha a phetha boikarabelo ba hae.
31 Mosebetsi o ka sehloohong oa molebeli oa sehlopha ke ho etella pele tšebeletsong ea tšimo. Bahoeletsi ba sehlopheng sa hae ba tla latela mohlala oa hae haeba a sebetsa tšimo ka cheseho khoeli le khoeli. Kaha bahoeletsi ba ananela khothatso le thuso eo ba e fumanang ka ho ba hammoho, ho ka ba hotle hore ho lokisetsoe hore ho pakoe ka sehlopha nakong eo bahoeletsi ba bangata ba fumanehang ka eona. (Luka 10:1-16) Molebeli o lokela ho tiisa hore ho na le tšimo e lekaneng. O lokela ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo ’me a hlophise bahoeletsi bakeng sa mosebetsi oa letsatsi leo. Haeba a sa khone ho ba teng, o lokela ho lokisetsa hore moholo e mong, kapa mohlanka ea sebeletsang, kapa haeba ba le sieo, mohoeletsi ea tšoanelehang a phethe boikarabelo bona e le hore bahoeletsi ba ka etelloa pele ka tsela e loketseng.
32 Molebeli oa sehlopha o lokela ho itokisetsa ketelo ea molebeli oa tšebeletso esale pele, a tsebise sehlopha sa hae ka ketelo ena ’me a etse hore se labalabele ho rua molemo ho eona. Ha bohle sehlopheng ba tsebisitsoe hantle ka tokisetso ena, ba ka e tšehetsa ka mafolofolo.
33 E le hore molebeli oa sehlopha a tsebe bahoeletsi bohle ba sehlopheng sa hae hantle, ho etsoa hore lihlopha li lule li le nyenyane. Joaloka molisa ea lerato, o thahasella e mong le e mong e le kannete. O leka ho thusa ba bang ka ho toba le ho ba khothatsa mabapi le tšebeletso ea tšimo le ho tšehetsa liboka tsa phutheho. O boetse o leka kahohle ho thusa motho e mong le e mong hore a lule a le matla moeeng. Ba kulang kapa ba tepeletseng maikutlo ba tla rua molemo ha ba eteloa. Tlhahiso e khothatsang kapa keletso e ka susumelletsa ba bang hore ba hahamalle litokelo tse eketsehileng ka phuthehong ’me ka ho etsa joalo ba thuse barab’abo bona haholoanyane. Boholo ba mosebetsi oa molebeli oa sehlopha e tla ba ho thusa ba sehlopheng sa hae ka ho toba. Leha ho le joalo, kaha ke moholo ebile ke molisa, o amehile ka lerato ka bohle ka phuthehong ’me o lutse a loketse ho thusa leha e le bafe ba hlokang thuso.—Lik. 20:17, 28.
34 Boikarabelo bo bong ba molebeli oa sehlopha ke ho bokella litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa bahoeletsi ba sehlopheng sa hae. Litlaleho tsena li fuoa mongoli. Mohoeletsi ka mong a ka thusa molebeli oa sehlopha ka hore a fane ka tlaleho ea hae ea tšebeletso ea tšimo ka nako. A ka etsa sena ka hore ha khoeli e fela, a e nehe molebeli oa sehlopha kapa a e kenye ka lebokoseng la litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo Holong ea ’Muso.
KOMITI EA TŠEBELETSO EA PHUTHEHO
35 Ho na le mesebetsi e meng e etsoang ke Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho, litho tsa komiti eo ke mohokahanyi oa sehlopha sa baholo, mongoli le molebeli oa tšebeletso. Mohlala, komiti ea tšebeletso ke eona e fanang ka tumello ea hore ho sebelisoe Holo ea ’Muso bakeng sa machato le mapato ’me ke eona e abelang bahoeletsi lihlopha tsa tšebeletso ea tšimo tseo ba lokelang ho ea ho tsona. E boetse e amohela likopo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla le bo thusang le mefuta e meng ea tšebeletso. Komiti ea tšebeletso e sebetsa tlas’a tataiso ea sehlopha sa baholo.
36 Ofisi ea lekala ke eona e fanang ka tataiso ea hore na bara bana babo rona ba lokela ho etsa mesebetsi efe, ho akarelletsa mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa, molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona le baholo ba bang.
37 Sehlopha sa baholo sa phutheho e ’ngoe le e ’ngoe se kopana nako le nako ho tšohla litaba tse amang tsoelo-pele ea phutheho. Ntle ho seboka sa baholo se tšoaroang nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, ho ba le seboka se seng se tšoaroang likhoeli tse ka bang tharo ka mor’a ketelo ka ’ngoe ea molebeli oa potoloho. Ho hlakile hore baholo ba ka kopana neng kapa neng ha ho hlokahala.
LE IPEHE TLAASE
38 Balebeli ha baa phethahala; leha ho le joalo bohle ka phuthehong ba khothalletsoa ho ipeha tlas’a bona hobane ke tokisetso ea Jehova. Ba tla ikarabella ho eena bakeng sa liketso tsa bona. Ke baemeli ba Jehova le puso ea hae. Baheberu 13:17 e re: “Mamelang ba etellang pele har’a lona ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lona joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lona.” Feela joalokaha Jehova a sebelisa moea o halalelang ha a khetha baholo, o tla sebelisa oona moea oo ho tlosa moholo ea sa bontšeng litholoana tsa moea ’me tsela eo a phelang ka eona e sa lumellane le Mangolo.
39 Na ka sebele ha re ananele mosebetsi o boima le mohlala o motle oa balebeli ba phutheho? Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Thesalonika a re: “Rea le kopa, barab’eso, hore le hlomphe ba sebetsang ka thata har’a lona le ba le okametseng Moreneng le ba le eletsang; le ba ele hloko haholo ka lerato ho feta kamoo ho tloaelehileng ka lebaka la mosebetsi oa bona.” (1 Bathes. 5:12, 13) Ha baholo ba sebetsa ka thata ho phetha likabelo tsa bona, ho ba bonolo hore re thabele ho etsa tšebeletso ea rona. Ho ekelletsa moo, lengolong la hae la pele le eang ho Timothea, Pauluse o bontša maikutlo ao bohle ka phuthehong ba lokelang ho ba le ’ona ka balebeli, ha a re: “Banna ba baholo ba okamelang ka tsela e ntle ba ke ba nkoe ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli, haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.”—1 Tim. 5:17.
BOIKARABELO BO BONG KA PHUTHEHONG
40 Ka linako tse ling, baholo ba itseng ba khetheloa ho sebeletsa e le litho tsa Lihlopha Tse Etelang Bakuli. Ba bang ba sebeletsa Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele ’me ba etela lipetlele le lingaka ho li khothalletsa hore li tsoele pele ho phekola Lipaki Tsa Jehova ntle ho mali. Balebeli ba bang ba khatha tema e kholo mesebetsing e amanang le ’Muso ka hore ba thuse mosebetsing oa ho haha le ho lokisa Liholo Tsa ’Muso le Tsa Kopano kapa ka ho ba litho tsa Likomiti Tsa Kopano. Boikitlaetso le boikemisetso ba bara bana babo rona bo ananeloa ke bohle ka phuthehong ea Jehova. Ka sebele, re ‘nka banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.’—Bafil. 2:29.
MOLEBELI OA POTOLOHO
41 Sehlopha se Busang se lokisetsa hore ho khethoe baholo ba tšoanelehang hore ba sebeletse e le balebeli ba potoloho. Ofisi ea lekala e ba abela hore ba etele liphutheho tse lipotolohong tsa bona, hangata e ba habeli ka selemo. Hape nako le nako ba etela bo-pula-maliboho ba sebeletsang tšimong e ka thoko. Ba beha nako eo ba tla etela phutheho ka ’ngoe ’me ba e tsebisa nako e sa le teng e le hore e tle e rue molemo o moholo ketelong eo.
42 Mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o etella pele ho hlophiseng litaba e le hore ketelo e tle e khatholle bohle moeeng. (Bar. 1:11, 12) Ha mohokahanyi oa sehlopha sa baholo a qeta ho fumana lengolo le mo tsebisang ka ketelo le boitsebiso bo mabapi le se hlokoang ke molebeli oa potoloho le mosali oa hae (haeba a nyetse), o sebetsa le barab’abo rona ba fapa-fapaneng ho lokisetsa marobalo le lintho tse ling tse hlokahalang. O etsa bonnete ba hore bohle, ho akarelletsa le molebeli oa potoloho, ba tsebisoa ka litokisetso tseo.
43 Molebeli oa potoloho o tla buisana le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo ka nako ea liboka, ho akarelletsa le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Tsena li tla hlophisoa ho latela litlhahiso tsa molebeli oa potoloho le tataiso e tsoang ofising ea lekala. Ho hlokahala hore bohle ba tsebisoe esale pele ka linako tsa liboka tsa phutheho, tsa bo-pula-maliboho, tsa baholo le bahlanka ba sebeletsang, esita le libaka le linako tsa liboka tsa tšebeletso ea tšimo.
44 Ka Labobeli thapama, molebeli oa potoloho o hlahloba likarete tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho, litlaleho tsa palo ea ba bang teng libokeng, litlaleho tsa tšimo le liak’haonte. Sena se tla etsa hore a lemohe seo phutheho e se hlokang le hore na a ka thusa ba ikarabellang ho boloka litlaleho tsena joang. Mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o lokela ho lokisetsa hore molebeli oa potoloho a fumane litlaleho tsena nako e sa le teng.
45 Nakong ea ketelo ea hae, molebeli oa potoloho o ipha nako ea ho qoqa le barab’abo rona ka bomong ha ho khoneha—libokeng, tšebeletsong ea tšimo, ha ba mo memetse lijong le ka linako tse ling. Ho phaella moo, o kopana le baholo le bahlanka ba sebeletsang, o fana ka keletso e loketseng ea Mangolo, litlhahiso le khothatso e tla ba thusa hore ba phethe boikarabelo ba bona ba ho lisa mohlape o tlhokomelong ea bona. (Liprov. 27:23; Lik. 20:26-32; 1 Tim. 4:11-16) Hape o kopana le bo-pula-maliboho ho ba khothatsa mosebetsing oa bona le ho ba thusa ka ho toba ka mathata leha e le afe ao ba ka bang le ’ona tšebeletsong.
46 Haeba ho e-na le litaba tse ling tse hlokang ho sebetsoa, molebeli oa potoloho o tla thusa kahohle kamoo a ka khonang bekeng eo. Haeba ba sa khone ho qeta taba eo ka nako, molebeli oa potoloholo a ka thusa baholo kapa batho ba amehang hore ba etse lipatlisiso mabapi le hore na Mangolo a re’ng ka taba eo. Haeba ho e-na le khato e eketsehileng eo ho hlokahalang hore e nkoe ke ofisi ea lekala tabeng ena, eena hammoho le baholo ba tla fa lekala tlaleho e qaqileng ea taba ena.
47 Ha molebeli oa potoloho a etetse phutheho, o ba teng libokeng tse tloaelehileng tsa phutheho. Li ka ’na tsa fetoloa nako le nako tumellanong le tataiso e hlahang ofising ea lekala. O tla fana ka lipuo tse reretsoeng ho khothatsa, ho susumetsa, ho rupela le ho matlafatsa phutheho. O tla ikitlaelletsa ho thusa phutheho ho rata Jesu Kreste, Jehova le mokhatlo oa hae.
48 Morero o mong oa ketelo ea molebeli oa potoloho ke ho khothalletsa hore ho etsoe tšebeletso ka mafolofolo le ho fana ka litlhahiso. Ba bangata ka phuthehong ba ka ’na ba khona ho lokisa maemo a bona e le hore ba ka ba teng tšebeletsong ea tšimo bekeng eo, mohlomong ka ho lokisetsa hore e be bo-pula-maliboho ba thusang khoeling ea ketelo ea hae. Ba lakatsang ho sebetsa le eena kapa le mosali oa hae ba ka tsebisa mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. Ho na le melemo e mengata ea ho ea lithutong tsa Bibele le maetong a ho boela le molebeli oa potoloho kapa mosali oa hae. Boiteko ba hao bo eketsehileng ba ho tšehetsa ka ho feletseng karolo ena ea beke ea ketelo bo ananeloa haholo.—Liprov. 27:17.
49 Selemo le selemo ho lokisetsoa hore ho be le likopano tse peli potolohong ka ’ngoe. Molebeli oa potoloho ke eena ea ikarabellang tlhophisong ea kopano linakong tsena. Ke eena ea khethang molebeli oa kopano le mothusi oa hae. Ba lokela ho sebelisana le eena haufi-ufi ha ba lokisetsa kopano. Sena se tla mo nolofalletsa hore a shebane ka ho khetheha le lenaneo la kopano. Molebeli oa potoloho o boetse o khetha banna ba bang ba tšoanelehang hore ba hlokomele mafapha a sa tšoaneng. Hape o lokisetsa hore ho hlahlojoe liak’haonte tsa potoloho ka mor’a kopano ka ’ngoe. Hang ka selemo kopanong e ’ngoe ea potoloho ho tla ba le sebui sa moeti se tsoang ofising ea lekala. Ka lebaka la ho qaqolohana ha libaka kapa la libaka tse nyenyane tseo ho tšoareloang likopano ho tsona, lipotoloho tse ling li arotsoe ’me karolo e ’ngoe le e ’ngoe e ba le kopano ea eona ea potoloho.
50 Molebeli oa potoloho o tlaleha tšebeletso ea hae ea tšimo ka ho toba ofising ea lekala bofelong ba khoeli ka ’ngoe. Haeba a bile le litšenyehelo tse seng kae tse kang tsa lipalangoang, lijo, marobalo le lintho tse ling tse hlokahalang hore a etse mosebetsi oa hae a ka romella tlaleho ofising ea lekala, haeba liphutheho li sa li lefella. Balebeli ba potoloho ba kholisehile hore joalokaha Jesu a tšepisitse, ba tla fuoa lintho tse bonahalang tseo ba li hlokang haeba ba batla ’Muso oa Jehova pele. (Luka 12:31) Liphutheho li lokela ho lemoha hore ke tlotla ho amohela ka mofuthu baholo bana ba iteletseng ho li sebeletsa.—3 Joh. 5-8.
KOMITI EA LEKALA
51 Ofising e ’ngoe le e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, ho na le barab’abo rona ba bararo kapa ho feta ba nang le litšoaneleho tsa moea le ba holileng moeeng ba sebeletsang e le Komiti ea Lekala bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa boboleli naheng kapa linaheng tseo ba li hlokomelang. Setho se seng sa komiti ke mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.
52 Ba sebeletsang Komiting ea Lekala ba sebetsana le litaba tse amang liphutheho tsohle tse tšimong ea bona. Komiti eo e okamela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso tšimong ea lekala ’me e etsa bonnete ba hore ho thehoa liphutheho le lipotoloho e le hore litlhoko tsa tšimo li hlokomeloe hantle. Komiti ea Lekala e boetse e hlokomela mosebetsi o etsoang ke baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla le ba thusang. Ha ho e-na le likopano tse nyenyane le tse kholo, komiti ena e hlophisa lintho hantle ebile e fana ka likabelo e le hore ‘lintho tsohle li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’—1 Bakor. 14:40.
53 Linaheng tse ling tse tlas’a Komiti ea Lekala e naheng e ’ngoe, ho khethoa Komiti ea Naha. Sena se etsa hore mosebetsi o hlokomeloe hamolemo linaheng tseo. Komiti ea Naha e hlokomela litaba Lehaeng la Bethele le ofising ea lona, e sebetsana le mangolo le litlaleho ’me ka kakaretso e hlokomela mosebetsi oa tšimo. Komiti ea Naha e sebelisana le Komiti ea Lekala bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso.
54 Sehlopha se Busang ke sona se khethang bohle ba sebeletsang e le litho tsa Likomiti Tsa Lekala le Likomiti Tsa Naha.
BALEBELI BA ETELANG MAKALA
55 Nako le nako, Sehlopha se Busang se lokisetsa hore barab’abo rona ba tšoanelehang ba etele makala lefatšeng lohle. Mor’abo rona ea etsang mosebetsi ona o bitsoa molebeli ea etelang makala. Mosebetsi oa hae o ka sehloohong ke ho khothatsa lelapa la Bethele le ho thusa Komiti ea Lekala ka mathata kapa lipotso tseo mohlomong e nang le tsona mabapi le ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Mora enoa oabo rona o boetse o kopana le balebeli ba potoloho ba khethiloeng ’me nako le nako o kopana le baromuoa ba tšimong. O buisana le bona ka mathata a bona le litlhoko tsa bona, o ba fa khothatso eo ba e hlokang mosebetsing oa bona oa bohlokoahali oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa.
56 Molebeli ea etelang makala o thahasella haholo se finyelloang tšimong mabapi le ho bolela ka ’Muso le mesebetsi e meng ea phutheho. Haeba nako e mo lumella, o boetse o etela liofisi tsa phetolelo. Ha molebeli ea etelang makala a etetse lekala, o boetse o kopanela ka hohle kamoo a ka khonang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.
Ha re tsoela pele ho ipeha tlas’a balebeli ba khethiloeng ba filoeng mosebetsi oa ho lisa mohlape, re ba bonngoeng le Hlooho ea phutheho, e leng Kreste Jesu
BOLEBELI BO ETSOANG KA LERATO
57 Ka sebele re rua molemo o moholo mosebetsing o boima le tlhokomelong e lerato ea banna ba Bakreste ba holileng moeeng. Ha re tsoela pele ho ipeha tlas’a balebeli ba khethiloeng ba filoeng mosebetsi oa ho lisa mohlape, re ba bonngoeng le Hlooho ea phutheho, e leng Kreste Jesu. (1 Bakor. 16:15-18; Baef. 1:22, 23) Kahoo, moea oa Molimo o rena liphuthehong tsohle, ’me li tataisoa ke Lentsoe la Molimo hore li etse mosebetsi oa hae lefatšeng lohle.—Pes. 119:105.