Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Bontša Moea oa Mofuta Ofe?
    Molula-Qhooa—2012 | October 15
    • “Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.”—FILEM. 25.

  • U Bontša Moea oa Mofuta Ofe?
    Molula-Qhooa—2012 | October 15
    • 1. Ke tšepo efe eo Pauluse a ileng a bua ka eona ha a ne a ngolla balumeli-’moho le eena?

      HA MOAPOSTOLA PAULUSE a ne a ngolla balumeli-’moho le eena, ka makhetlo-khetlo o ile a bua ka hore o na le tšepo ea hore Molimo le Kreste ba tla amohela moea oo liphutheho li o bontšang. Ka mohlala, ha a ngolla Bagalata o ile a re: “Mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang. Amen.” (Bagal. 6:18) O ne a bolela’ng ha a re “moea oo le o bontšang”?

      2, 3. (a) Ka linako tse ling Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a sebelisa lentsoe “moea”? (b) Ke lipotso life tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona mabapi le moea oo re o bontšang?

      2 Ha Pauluse a ne a sebelisa lentsoe “moea” tabeng ena, o ne a bua ka matla a re susumetsang hore re bue kapa re etse lintho ka tsela e itseng. Ho ka ’na ha etsahala hore motho e mong a be bonolo, a nahanele, a be le maikutlo a bonolo, a be seatla se bulehileng kapa e be motho ea tšoarelang. Bibele e bontša hore re lokela ho ba le “moea o thōtseng le o bonolo” le hore re be le “moea o khutsitseng.” (1 Pet. 3:4; Liprov. 17:27) Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha etsahala hore motho e mong e be ea hlabang ba bang ka mantsoe, ea ratang lintho tse bonahalang, e be sefela peloana kapa e be motho ea itaolang. Ho hobe le ho feta, ke hore ho na le batho ba bang ba nahanang ka lintho tse litšila, ba sa mameleng kapa ba bontšang moea oa borabele.

      3 Kahoo, ha Pauluse a ne a sebelisa lipolelo tse kang ena e reng “Morena a be le moea oo u o bontšang,” o ne a khothalletsa barab’abo hore ba bontše moea o lumellanang le thato ea Molimo le botho bo kang ba Kreste. (2 Tim. 4:22; bala Bakolose 3:9-12.) Kajeno, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ke bontša moea oa mofuta ofe? Nka etsa joang hore ke tsoele pele ke bonahatsa moea o khahlisang Molimo? Na nka ntlafatsa tsela eo ke kenyang letsoho ka eona ho etsa hore ho be le moea o motle ka phuthehong?’ Ho tea mohlala, tšimong ea sonobolomo, ’mala oa sonobolomo e ’ngoe le e ’ngoe o etsa hore tšimo eohle e bohehe hantle. Na le rōna re tšoana le “lisonobolomo” tse etsang hore phutheho eohle e bohehe hantle? Ka sebele re lokela ho loanela hore re tšoane le tsona. A re ke re boneng hore na re ka etsa’ng e le hore re bonahatse moea o khahlisang Molimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela