Ho Alosa Mohlape oa Molimo ka Lerato
“Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna.”—1 PETROSE 5:2.
1, 2. Tšobotsi ea Jehova e ka sehloohong ke efe, ’me e iponahatsa joang?
HO PHOLLETSA le Mangolo a Halalelang, ho hlakisitsoe hore lerato ke tšoaneleho e ka sehloohong ea Molimo. Kamoo 1 Johanne 4:8 (NW) e bolelang kateng “Molimo ke lerato.” Kaha lerato la hae le bontšoa ketsong, 1 Petrose 5:7 e re Molimo “oa le hlokomela.” Ka Bibeleng tsela eo Jehova a hlokomelang batho ba hae ka eona e tšoantšoa le tsela eo ka eona molisa ea lerato a hlokomelang linku tsa hae ka eona ka mofuthu: “Bonang, Morena Jehova . . . o tla alosa mohlape oa hae ka mokhoa oa molisa, o tla bokella likonyana matsohong a hae, a li jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a li sotetse butle.” (Esaia 40:10, 11) Davida o ne a tšelisehile hakaakang ha a khona hore a re: “Jehova ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho”!—Pesaleme ea 23:1.
2 Ke ho loketseng hore ebe Bibele e tšoantša batho bao Molimo a ba amohelang le linku, hobane linku li na le khotso, li ikokobelitse, li mamela molisa oa tsona ea li hlokomelang. Joaloka Molisa ea lerato, Jehova o hlokomela batho ba hae ba kang linku ka ho feletseng. O bontša sena ka ho ba lokisetsa seo ba se hlokang nameng le moeeng le ka ho ba tataisa ho pholletsa le ‘mehla ea qetello’ e thata ea lefatše lena le khopo eo ho leng thata ho sebetsana le eona ho ba isa lefatšeng la hae le lecha la ho loka le tlang.—2 Timothea 3:1-5, 13; Mattheu 6:31-34; 10:28-31; 2 Petrose 3:13.
3. Mopesaleme o ile a hlalosa tsela eo Jehova a hlokomelang linku tsa hae ka eona joang?
3 Hlokomela tlhokomelo e lerato ea Jehova bakeng sa linku tsa hae: “Mahlo a Jehova a ntse a talimile ba lokileng, litsebe tsa hae li bulehetse mehoo ea bona. . . . Ha ba hooa, Jehova oa ba utloa, o ba imolla matsoalong a bona kaofela. Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng. Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.” (Pesaleme ea 34:15-19) Ke matšeliso a maholo hakaakang ao Molisa oa Bokahohle a a lokisetsang bakeng sa batho ba hae ba kang linku!
Mohlala oa Molisa ea Molemo
4. Karolo ea Jesu ke efe mabapi le ho hlokomela mohlape oa Molimo?
4 Mor’a Molimo, Jesu, o ithutile hantle ho Ntate oa hae, hobane Bibele e bitsa Jesu “molisa ea molemo.” (Johanne 10:11-16) Tšebeletso ea hae ea bohlokoa mohlapeng oa Molimo e hlokomeloa ho Tšenolo khaolong ea 7. Temaneng ea 9, bahlanka ba Molimo ba mehleng ea rōna ba bitsoa “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle le ba lipuo tsohle.” ’Me temana ea 17 e re: “Konyana [Jesu] . . . e tla ba alosa, ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” Jesu o tataisetsa linku tsa Molimo metsing a ’nete a isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Hlokomela hore Jesu o bitsoa “Konyana,” e leng se bontšang litšoaneleho tsa hae tse kang tsa linku, eena e le mohlala o ka sehloohong oa boikokobetso ho Molimo.
5. Jesu o ile a ikutloa joang ka batho?
5 Ha a le lefatšeng Jesu o ne a phela har’a batho ’me a bona boemo ba bona bo hlomolang. O ile a arabela joang mahlomoleng a bona? “A a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Linku tse se nang molisa li ba mahlomoleng ke libatana joaloka linku tse nang le balisa ba sa li hlokomeleng. Empa Jesu o ne a li hlokomela haholo, hobane o itse: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”—Mattheu 11:28-30.
6. Jesu o ile a bontša ho nahanela hofe bakeng sa ba hateletsoeng?
6 Boprofeta ba Bibele bo boletse esale pele hore Jesu o ne a tla sebetsana le batho ka lerato: “Jehova o ntlotsitse . . . ho folisa ba robehileng lipelo, . . . ho tšelisa ba llang kaofela.” (Esaia 61:1, 2; Luka 4:17-21) Le ka mohla Jesu ha a ka ba a nyelisa mafutsana le ba malimabe. Ho e-na le hoo, o ile a phethahatsa Esaia 42:3: “Ha a khaole lehlaka le robehileng, ’me a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang.” (Bapisa le Mattheu 12:17-21.) Ba hlorisoang ba ne ba tšoana le lehlaka le robehileng, ba tšoana le likhole tsa lebone tse makhatheng a ho tima hobane li se na mafura. Ha a hlokomela boemo ba bona bo hlomolang, Jesu o ile a ba qenehela ’me a ba matlafatsa le ho ba fa tšepo, a ba folisa moeeng le ’meleng.—Mattheu 4:23.
7. Jesu o ile a lebisa batho ba arabelang ka ho nka khato hokae?
7 Batho ba kang linku ba ile ba arabela ka bongata ho seo Jesu a neng a se bua. Thuto ea hae e ne e ipiletsa hoo liofisiri tse neng li rometsoe ho ea mo tšoara li ileng tsa tlaleha: “Ha ho e-so ho be motho ea buang joalo ka motho eo, le ka mohla o le mong.” (Johanne 7:46) Ka sebele, baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi ba ile ba belaela: “Lefatše lohle le mo setse morao”! (Johanne 12:19) Empa Jesu o ne a sa ipatlele tlhompho kapa thoriso. O ile a lebisa batho ho Ntate oa hae. O ile a ba ruta hore ba sebeletse Jehova ba susumetsoa ke ho rata litšoaneleho tsa Hae tse khahlehang: “U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle.”—Luka 10:27, 28.
8. Ho mamela Molimo ha batho ba hae ho fapane joang le hoo ba bang ba ho fang balaoli ba lefatše?
8 Jehova o motlotlo ka hore borena ba hae ba bokahohle bo tšehelitsoe ke batho ba hae ba kang linku, ka lebaka la ho mo rata. Ka ho rata ba khetha ho mo sebeletsa ka lebaka la ho tseba litšoaneleho tsa hae tse ratehang. O fapane hakaakang le baeta-pele ba lefatše lena bao bahlanka ba bona ba ba mamelang feela ka lebaka la tšabo, kapa ka lesisitheho, kapa hobane ba na le sepheo se seng sa lekunutu! Sena se ileng sa boleloa ka mopapa oa Kereke ea Roma e K’hatholike le ka mohla se ke ke sa boleloa ka Jehova kapa Jesu: “Ba bangata ba ne ba mo hlompha, bohle ba mo tšaba, ho se ea mo ratang.”—Vicars of Christ—The Dark Side of the Papacy, ea Peter De Rosa.
Balisa ba Sehlōhō Iseraeleng
9, 10. Hlalosa baeta-pele ba Iseraele oa boholo-holo le ba lekholong la pele la lilemo.
9 Ho fapana le Jesu, baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele ba mehleng ea hae ba ne ba se na lerato bakeng sa linku. Ba ne ba tšoana le babusi ba pejana Iseraeleng bao Jehova a ileng a re ka bona: “Ho malimabe balisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, balisa ba tšoanetse ho lisa mohlape? . . . Tse tepeletseng ha le li natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e khelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le li busa ka thata le ka sehlōhō.”—Ezekiele 34:2-4.
10 Joaloka balisa bao ba lipolotiki, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba le lipelo li thata. (Luka 11:47-52) Ho tšoantša sena, Jesu o ile a bua ka Mojode ea ileng a tlatlapuoa, a shapuoa, ’me a siuoa a le makhatheng a lefu ka thōko ho tsela. Moprista oa Moiseraele o ile a feta le moo, empa ha a bona Mojode enoa, o ile a khelohela ka lehlakoreng le leng la tsela. Molevi o ile a etsa se tšoanang. Eaba motho eo eseng Moiseraele, Mosamaria ea nyelisehang, o feta le moo ’me a hauhela motho enoa ea hlasetsoeng. O ile a tlama maqeba a hae, a mo palamisa pelesa ho ea ntlong ea baeti, ’me a mo hlokomela. O ile a lefa mohlokomeli oa ntlo ea baeti ’me a mo bolella hore o tla khutla bakeng sa ho lefa litšenyehelo leha e le life tse eketsehileng.—Luka 10:30-37.
11, 12. (a) Bokhopo ba baeta-pele ba bolumeli bo ile ba fihla tlhōrōng joang mehleng ea Jesu? (b) Baroma ba qeteletse ba entse baeta-pele ba bolumeli eng?
11 Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba senyehile hoo ha Jesu a tsosa Lazaro bafung, baprista ba baholo le Bafarisi ba ileng ba phutha Sanhedrine ’me ba re: “Re tla etsa’ng, ha e le mona motho eo [Jesu] a etsa mehlolo e mengata na? Ekare ha re mo lesela joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ’me ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa rōna le sechaba sa rōna.” (Johanne 11:47, 48) Ba ne ba sa tsotelle molemo oo Jesu a neng a o etselitse motho ea shoeleng. Ba ne ba amehile ka boemo ba bona. Kahoo “ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba ’molaee [Jesu].”—Johanne 11:53.
12 Ho mpefatsa bokhopo ba bona, baprista ba baholo eaba “ba rera hammoho ho bolaea le eena Lasaro. Hobane ba-Juda ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, ’me ba ne ba lumela ho Jesu.” (Johanne 12:10, 11) Boiteko ba bona ba boithati ba ho sireletsa boemo ba bona ha boa ka ba ba tsoela molemo oa letho, hobane Jesu o ne a ba boleletse: “Ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Mattheu 23:38) Phethahatsong ea mantsoe ao, molokong oo Baroma ba ile ba tla ’me ba felisa ‘motse oa bona le sechaba sa bona,’ haesita le bophelo ba bona.
Balisa ba Lerato ka Phuthehong ea Bokreste
13. Jehova o ile a tšepisa ho romela mang ho alosa mohlape oa hae?
13 Sebakeng sa balisa ba khopo, ba baithati, Jehova o ne a tla hlahisa Molisa ea Molemo, Jesu, e le hore a ka hlokomela mohlape oa Hae. O ile a boela a tšepisa ho hlahisa balisa ba tlaasana ba lerato bakeng sa ho hlokomela linku: “Ke tla li nea balisa ba li alosang; ha li sa tla tšaba.” (Jeremia 23:4) Kahoo, joaloka liphuthehong tsa Bokreste tsa lekholong la pele la lilemo, le kajeno ho ‘khethoa banna ba hōlileng motseng o mong ka mor’a o mong.’ (Tite 1:5, NW) Banna bana ba hōlileng moeeng ba nang le litšoaneleho tse boletsoeng ka Mangolong ba lokela ho ‘alosa mohlape oa Molimo.’—1 Petrose 5:2; 1 Timothea 3:1-7; Tite 1:7-9.
14, 15. (a) Ke boikutlo bofe boo barutuoa ba ileng ba fumana ho le thata ho bo hōlisa? (b) Jesu o ile a etsa eng ho ba bontša hore baholo ba lokela ho ba bahlanka ba ikokobelitseng?
14 Ha ba hlokomela linku, baholo ba tlameha hore “haholo-holo” ba li ‘rate ka phehello.’ (1 Petrose 4:8) Empa barutuoa ba Jesu, ba amehile haholo ka botumo le boemo, ba ile ba lokela ho ithuta sena. Kahoo ha ’mè oa barutuoa ba babeli a re ho Jesu: “Ak’u re, bara bana ba ka ba babeli ba lule ’musong oa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letšehali,” barutuoa ba bang ba ile ba halefa. Jesu o ile a re ho bona: “Marena a lichaba a li busa, ’me baholo ba tsona ba na le puso e thata holim’a tsona. Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna; empa mang le mang ea ratang ho ba moholo har’a lōna, e ke e be mohlanka oa lōna; ’me mang le mang ea ratang ho ba oa pele har’a lōna, e be mofo oa lōna.”—Mattheu 20:20-28.
15 Ka lekhetlo le leng, ka mor’a hore barutuoa ba ‘tseke hore na e moholo ho bona ke mang,’ Jesu o ile a re ho bona: “Ha e mong a rata ho ba oa pele, e tla ba ea ka morao ho bohle le mohlanka oa bohle.” (Mareka 9:34, 35) Kelello e ikokobelitseng le ho ithaopela ho sebeletsa li ne li lokela ho ba karolo ea botho ba bona. Leha ho le joalo barutuoa ba ile ba tsoela pele ho ba le bothata likhopolong tseo, hobane hona bosiung ba pele Jesu a e-shoa, sejong sa hae sa mantsiboea sa ho qetela, “khang” e ile ea tsoha har’a bona mabapi le hore na e moholo ke mang! Seo se ile sa etsahala ho sa tsotellehe hore Jesu o ile a bontša kamoo moholo a lokelang ho sebeletsa mohlape kateng; o ne a ile a ikokobetsa ’me a hlatsoa maoto a bona. O ile a re: “Ekare ha ’na, ke leng Morena le Moruti, ke hlatsoitse maoto a lōna, le lōna le tšoanetse ho hlatsoana maoto. Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse joalo ka ha ke le entse.”—Luka 22:24; Johanne 13:14, 15.
16. Ka 1899, Watch Tower e ile ea etsa litlhaloso life mabapi le tšoaneleho ea bohlokoahali ea baholo?
16 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ruta kamehla hore baholo ba lokela ho ba joalo. Hoo e ka bang lilemong tse lekholo tse fetileng, tokollo ea Watch Tower ea April 1, 1899, e ile ea hlokomela mantsoe a Pauluse a ho 1 Ba-Korinthe 13:1-8 ’me ea re: “Moapostola enoa o bolela ka ho hlaka hore tsebo le mokhoa oa ho bua ha phollatsi phatlalatsa hase bopaki ba bohlokoa ka ho fetisisa, empa hore lerato le tletseng pelong ’me le atoloha ho pholletsa le tsela eohle ea bophelo, ’me le susumetsa le bile le tsamaisa ’mele ea rōna e shoang, ke bopaki ba sebele—pontšo ea sebele ea kamano ea rōna le Molimo. . . . Tšobotsi e ka sehloohong e lokelang ho shejoa ho e mong le e mong ea amoheloang e le mohlanka oa kereke, bakeng sa ho sebeletsa linthong tse halalelang, pele ho tsohle e lokela ho ba moea oa lerato.” E ile ea hlokomela hore batho ba neng ba ke ke ba sebeletsa ka boikokobetso ka lebaka la lerato “ke matichere a kotsi, ebile ho ka etsahala hore ba senye haholoanyane ho e-na le ho etsa molemo.”—1 Ba-Korinthe 8:1.
17. Bibele e hatisa litšoaneleho tseo baholo ba lokelang ho ba le tsona joang?
17 Kahoo, banna ba hōlileng ba tlameha hore ba se ke ba ‘busa mehlape ka thata.’ (1 Petrose 5:3) Ho e-na le hoo, ba lokela ho etella pele tabeng ea ho ‘rekolohelana, le ho hauhelana.’ (Ba-Efese 4:32) Pauluse o ile a hatisa: “Le apare ke hona, . . . maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. . . . Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:12-14.
18. (a) Pauluse o ile a beha mohlala ofe o motle ha a sebelisana le linku? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba tlameha hore ba se hlokomolohe litlhoko tsa linku?
18 Pauluse o ile a ithuta ho etsa sena, a re: “Re bile mosa har’a lona, joalo ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. Ka mokhoa o joalo, ka baka la ho le rata, re elelitse hore re tla le nea e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le eona meea ea rona, kahobane le le baratuoa ba rona ruri.” (1 Ba-Thessalonika 2:7, 8) Tumellanong le seo, o itse: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng, le tiise ba fokolang, ’me le be le mamello ho bohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:14) Ho sa tsotellehe hore na ke bothata ba mofuta ofe boo linku li ka bo tlisang ho bona, baholo ba lokela ho hopola Liproverbia 21:13: “Ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa lillo tsa mosenyehi, o tla lla le eena, empa a ke ke a lemohuoa ke motho.”
19. Ke hobane’ng ha baholo ba lerato e le tlhohonolofatso, ’me linku li arabela joang leratong le joalo?
19 Banna ba hōlileng ba alosang mohlape ka lerato ke tlhohonolofatso ho linku. Esaia 32:2 e boletse esale pele: “E mong le e mong oa bona o tla ba joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” Re thabela ho tseba hore bongata ba baholo ba rōna kajeno bo sebetsa tumellanong le tlhaloso ena e ntle ea ho khatholla. Ba ithutile ho sebelisa molao-motheo o latelang: “Tloaelanang hamonate ka lerato la boena; le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Ha baholo ba bontša mofuta ona oa lerato le boikokobetso, linku li arabela ka ho ba ‘hlompha haholo-holo ka lerato, ka baka la tšebetso ea bona.’—1 Ba-Thessalonika 5:12, 13.
Hlompha Tšebeliso ea Bolokolohi ba ho Ikhethela
20. Ke hobane’ng ha baholo ba tlameha ho hlompha bolokolohi ba ho ikhethela?
20 Jehova o bōpile batho ba na le bolokolohi ba ho ikhethela hore ba iketsetse liqeto. Le hoja baholo ba lokela ho eletsa esita le ho laea, ha baa lokela ho laola bophelo kapa tumelo ea ba bang. Pauluse o itse: “E seng hore re na le puso holim’a tumelo ea lōna, empa re le sebelisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.” (2 Ba-Korinthe 1:24) E, “e mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:5) Jehova o re file bolokolohi bo bongata ka har’a meeli ea melao le melao-motheo ea hae. Kahoo baholo ba lokela ho qoba ho beha litaelo moo melao-motheo ea Mangolo e sa tlōloeng. ’Me ba lokela ho hanela tšekamelo leha e le efe ea ho fana ka maikutlo a bona a botho e le thuto kapa bakeng sa ho etsa hore maikutlo a bona a feteletseng mabapi le litšoaneleho tsa bona e be tšitiso haeba e mong a sa lumellane le maikutlo a joalo.—2 Ba-Korinthe 3:17; 1 Petrose 2:16.
21. Ho ka ithutoa eng boikutlong ba Pauluse mabapi le Filemone?
21 Hlokomela kamoo Pauluse, ha a ne a kentsoe teronkong Roma, a ileng a sebetsana le Filemone, Mokreste ea nang le makhoba oa Kolosse, Asia Minor. Lekhoba la Filemone le bitsoang Onesima le ile la balehela Roma, la fetoha Mokreste, ’me le ne le thusa Pauluse. Pauluse o ile a ngolla Filemone: “Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a lule le ’na, a tle a ntšebeletse bakeng sa hao, litlamong tsa Evangeli; empa ha kea ka ka rata ho etsa letho ke e-so ho tsebe molomo oa hao, hore botle boo ba hao bo se ka ba etsoa ke uena ka ho nģophelloa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.” (Filemone 13, 14) Pauluse o ile a khutlisa Onesima, a kōpa Filemone hore a mo tšoare joaloka moena oa Mokreste. Pauluse o ne a tseba hore mohlape hase oa hae; ke oa Molimo. E ne ese mong’a oona empa e le mohlanka oa oona. Pauluse ha a ka ba a laela Filemone; o ile a hlompha bolokolohi ba hae ba ho ikhethela.
22. (a) Baholo ba lokela ho utloisisa hore boemo ba bona ke bofe? (b) Jehova o hōlisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa mofuta ofe?
22 Ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ntse o hōla, baholo ba eketsehileng baa khethoa. Bona, hammoho le baholo ba nang le phihlelo e eketsehileng, ba tlameha ho utloisisa hore boemo ba bona ke ba tšebeletso ea boikokobetso. Ka tsela ena, ha Molimo a ntse a lebisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng lefatšeng le lecha, o tla tsoela pele ho hōla kamoo a batlang—o hlophisehile hantle empa o sa tele lerato le mohau molemong oa tšebeletso ea boleng bo phahameng. Kahoo, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng e tla ba o khahlehang ka ho eketsehileng ho ba kang linku ba tla bona ka ho oona bopaki ba hore “lintho tsohle li sebelisana hammoho molemo oa ba ratang Molimo.” Seo se lokela ho lebelloa mokhatlong o hlophisitsoeng o thehiloeng leratong, hobane “lerato ha le hlōlehe le ka mohla.”—Ba-Roma 8:28; 1 Ba-Korinthe 13:8, NW.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Bibele e hlalosa tlhokomelo ea Jehova joang ho batho ba hae?
◻ Jesu o phetha karolo efe mabapi le ho hlokomela mohlape oa Molimo?
◻ Baholo ba tlameha ho ba le tšobotsi efe e ka sehloohong?
◻ Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho nahanela bolokolohi ba linku ba ho ikhethela?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Jesu, “molisa ea molemo,” o ile a bontša mohau
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Baeta-pele ba bolumeli ba senyehileng ba ile ba rera ho bolaea Jesu