Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Kene Phomolong ea Molimo?
    Molula-Qhooa—2011 | July 15
    • “Lentsoe la Molimo Lea Phela”

      20. Baheberu 4:12 e ka sebelisoa ka litsela life tse peli? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      20 Ha Pauluse a ne a re “lentsoe la Molimo lea phela,” o ne a sa bue ka ho toba ka Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, e leng Bibele.c Litemana tse ling khaolong eo li bontša hore o ne a bua ka litšepiso tsa Molimo. Taba eo Pauluse a neng a e hlakisa ke hore Molimo ha a lebale litšepiso tsa hae. Jehova o ile a tiisa sena ka seo a ileng a se bua ka moprofeta Esaia ha a re: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla. . . atleha ho seo ke le rometseng sona.” (Esa. 55:11) Kahoo, ha rea lokela ho fela pelo ha lintho li sa etsahale kapele kamoo re ka ratang kateng. Jehova o “tsoela pele ho sebetsa” ka sepheo sa hore morero oa hae o phethahale ka katleho.—Joh. 5:17.

      21. Baheberu 4:12 e ka khothatsa ba “bongata bo boholo” ba seng ba hōlile ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi joang?

      21 Har’a “bongata bo boholo” ho na le bara le barali babo rōna ba seng ba hōlile ’me ba sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome. (Tšen. 7:9) Ba bangata ba bona ha ho mohla ba kileng ba nahana hore ba tla tsofalla tsamaisong ena ea lintho. Ho ntse ho le joalo, ha baa itlohella hore ba nyahame. (Pes. 92:14) Baa hlokomela hore litšepiso tse ka Lentsoeng la Molimo hase tsa lefeela—Lentsoe leo lea phela, ebile Jehova o tiisa hore litšepiso tseo lia phethahala. Kaha morero oa Molimo ke oa bohlokoa haholo ho eena, rea mo thabisa ha re bontša hore le rōna re nka morero oa hae e le oa bohlokoa ka ho fetisisa. Letsatsing lena la bosupa la phomolo, ha ho letho le tla thibela Jehova hore a phethahatse morero oa hae ebile oa tseba hore batho ba hae, e le sehlopha ba tla tsoela pele ho o tšehetsa. Uena? Na le uena u kene phomolong ea Molimo?

  • Na U Kene Phomolong ea Molimo?
    Molula-Qhooa—2011 | July 15
    • c Kajeno Molimo o bua le rōna ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, le nang le matla a ho susumetsa bophelo ba rōna. Kahoo, ke ka nepo mantsoe a Pauluse a ho Baheberu 4:12 a ka sebelisoang le ha ho buuoa ka Bibele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela