Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 5-LA 11 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 TIMOTHEA 1-4
“Molimo ha aa re fa Moea oa Bokoala”
(2 Timothea 1:7) Etsoe Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.
Bacha—Etsang Hore Tsoelo-Pele ea Lona e Bonahale
E le hore a thuse Timothea, hamorao Pauluse o ile a mo hopotsa a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.” (2 Tim. 1:7) “Ho hlaphoheloa kelellong” ho akarelletsa ho tseba ho nahana le ho beha mabaka ka tsela e utloahalang. Ho akarelletsa bokhoni ba ho tobana le maemo kamoo a leng kateng—eseng kamoo u neng u ka lakatsa hore a be kateng. Bacha ba bang ba sa holang moeeng ba bontša moea oa bokoala ’me ba leka ho iphapanyetsa ho tšoenyeha kelellong ka ho robala kapa ho shebella TV ho tlola, ho sebelisa joala kapa lithethefatsi hampe, ho lula ba le meketjaneng ea boithabiso kapa ho kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Bakreste ba eletsoa hore ba ‘hane ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.’—Tite 2:12.
(2 Timothea 1:8) Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rona, leha e le ka ’na motšoaruoa ka lebaka la hae, empa u be le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe bakeng sa litaba tse molemo ho ea ka matla a Molimo.
‘E-ba Sebete ’me U be Matla!’
Pauluse o ile a ngolla Timothea, a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla . . . Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rona.” (2 Timothea 1:7, 8; Mareka 8:38) Ka mor’a ho bala mantsoe ana, re ka ipotsa: ‘Na tumelo ea ka e ntlhabisa lihlong, kapa ke sebete? Mosebetsing (kapa sekolong), na ke tsebisa ba bang hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, kapa kea ho tšabisa? Na ke hlajoa ke lihlong ha ke sa tšoane le ba bang, kapa ke thabela ho se tšoane le ba bang ka lebaka la kamano ea ka le Jehova?’ Haeba motho a tšaba ho bolela litaba tse molemo kapa ho emela ntho e sa rateheng, a ke a hopole keletso ea Jehova ho Joshua: “E-ba sebete ’me u be matla.” U se ke ua lebala hore hase pono ea basebetsi-’moho le rona kapa bao re kenang sekolo le bona eo e leng ea bohlokoa empa pono ea Jehova le Jesu Kreste ke eona ea bohlokoa.—Bagalata 1:10.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(2 Timothea 2:3, 4)Joaloka lesole le khabane la Kreste Jesu u be le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe. 4 Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole.
Batlang Maruo a ’Nete
Timothea o ne a e-na le tumelo. Ka mor’a hore Pauluse a bitse Timothea “lesole le khabane la Kreste Jesu,” o ile a re ho eena: “Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole.” (2 Tim. 2:3, 4.) Mehleng ena, balateli bohle ba Jesu ba latela keletso eo ka hohle kamoo ba ka khonang. Ha lefatše le ba susumetsa ka lipapatso hore ba be le maruo a eketsehileng, ba hopola mantsoe ana: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Lipr. 22:7) Satane o batla hore re qete nako ea rona e ngata re sehlela ho ba le maruo. Re ka qeta lilemo re sesa ka har’a likoloto ka lebaka la liqeto tse ling tseo re li entseng. Ka mohlala, sekoloto sa ntlo, sa sekolo, sa koloi esita le ho ntša chelete e ngata bakeng sa lechato ho ka etsa hore re imeloe haholo kelellong. Re tla be re bontša hore re bohlale ha re nolofatsa bophelo ka ho fokotsa likoloto le ho qoba ho reka lintho tseo re sa li hlokeng e le hore re be makhoba a Molimo ho e-na le ho sehlela maruo.—1 Tim. 6:10.
(2 Timothea 2:23) Ho ekelletsa moo, u hane litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo, u tseba hore li hlahisa lintoa.
Batho ba Jehova ba Lahla ho se Loke
Kajeno, hase hangata ho bang le bakoenehi ka phuthehong. Empa haeba re utloa motho a bua lithuto tse sa thehoang Mangolong ho sa tsotellehe hore na ke ka tsela efe, ho hang ha rea lokela ho mo mamela. E ka ba booatla ho phehisana khang le bakoenehi ebang ke ka ho bua le bona ka ho toba, ka ho araba melaetsa ea bona ea Inthanete kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe. Esita le haeba u buisana le motho ea joalo ka sepheo sa hore u batla ho mo thusa, ho etsa joalo ho tla be ho le khahlanong le keletso ea Mangolo eo re sa tsoa e tšohla. Ho e-na le hoo, joaloka bahlanka ba Jehova, re lahla bokoenehi le ho bo qoba ka ho feletseng.
’Malo oa Bibele
(2 Timothea 1:1-18) Pauluse, moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo ho ea ka tšepiso ea bophelo bo leng bonngoeng le Kreste Jesu, 2 ho Timothea, ngoana ea ratoang:
E se eka ho ka ba le mosa o sa tšoanelang, mohau, khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Kreste Jesu Morena oa rona. 3 Ke leboha Molimo, eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang joalokaha baholo-holo ba ka ba ile ba etsa ’me e le ka letsoalo le hloekileng, hore ebe ha ho mohla ke phetsang ho u hopola lithapeling tsa ka, bosiu le motšehare 4 ke hlolohetsoe ho u bona, ha ke hopola meokho ea hao, e le hore nka tlala thabo. 5 Etsoe ke hopola tumelo e ho uena e se nang boikaketsi leha e le bofe, le e ileng ea lula pele ho nkhono’ao Loise le ’m’ao Eunise, empa eo ke kholisehileng hore le ho uena e teng. 6 Ka lebaka lena ke u hopotsa hore u fehle joaloka mollo mpho ea Molimo e ho uena ka peho ea matsoho a ka holim’a hao. 7 Etsoe Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong. 8 Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rona, leha e le ka ’na motšoaruoa ka lebaka la hae, empa u be le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe bakeng sa litaba tse molemo ho ea ka matla a Molimo. 9 O ile a re pholosa ’me a re bitsa ka pitso e halalelang, eseng ka lebaka la mesebetsi ea rona, empa ka lebaka la morero le mosa oa hae o sa tšoanelang. Re ile ra fuoa sena mabapi le Kreste Jesu pele ho linako tse tšoarellang halelele, 10 empa joale se totobalitsoe ka ho hlakileng ka ponahalo ea Mopholosi oa rona, Kreste Jesu, ea felisitseng lefu ka ho feletseng empa a khantšitse leseli holim’a bophelo le ho se bole ka litaba tse molemo, 11 tseo ke ileng ka behoa ’moleli le moapostola le mosuoe bakeng sa tsona. 12 Ka lebaka lena ke boetse ke utloisoa bohloko ke lintho tsena, empa ha ke lihlong. Etsoe ke tseba eo ke mo lumetseng, ’me ke kholisehile hore o khona ho lebela seo ke se behileng tlhokomelong ea hae ho fihlela ka letsatsi leo. 13 U ’ne u tšoare mohlala oa mantsoe a phelisang hantle ao u a utloileng ho ’na ka tumelo le lerato le mabapi le Kreste Jesu. 14 U lebele letlotlo lena le letle ka moea o halalelang o lulang ho rona. 15 U tseba sena, hore batho bohle seterekeng sa Asia ba mphuraletse. Figelase le Hermogenese ke ba palo eo. 16 E se eka Morena a ka neha ba ntlo ea Onesiforase mohau, hobane o ile a nkhatholla hangata, ’me ha aa ka a hlajoa ke lihlong ka lebaka la liketane tsa ka. 17 Ho fapana le hoo, ha a le Roma, o ile a mpatla ka khothalo a ba a mphumana. 18 E se eka Morena a ka mo neha hore a fumane mohau o tsoang ho Jehova ka letsatsi leo. Litšebeletso tsohle tseo a ileng a li etsa Efese u li tseba hantle haholo.
LA 12-LA 18 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TITE 1–FILEMONE
“Khetha Baholo”
(Tite 1:5-9) Ke ka lebaka lena ke ileng ka u siea Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo; 6 haeba ho e-na le monna leha e le ofe eo ho seng seo a qosoang ka sona, monna oa mosali a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba sa qosoeng ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe. 7 Etsoe molebeli o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang ka sona joaloka motsamaisi oa tsa Molimo, e se ke ea e-ba ea ngangellang thato ea hae, e se ke ea e-ba ea ratang ho halefa, e se ke ea e-ba ea likomang tsa botahoa, e se ke ea e-ba ea otlang, e se ke ea e-ba ea meharo ea leruo la ho se tšepahale, 8 empa e be ea amohelang baeti, ea ratang molemo, ea hlaphohetsoeng kelellong, ea lokileng, ea tšepahalang, ea itšoarang, 9 ea tšoarellang ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta, e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle hammoho le ho khalemela ba hanyetsang.
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Le hoja Mangolo a sa qaqise hore na ba ne ba ba khetha joang mehleng eo, a re fa leseli la se neng se etsahala. A re bolella hore ha Pauluse le Barnabase ba khutla leetong la bona la pele la boromuoa, ba ile “ba beha banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ’me, ha ba etsa thapelo ka ho itima lijo, ba ba beha ho Jehova eo ba neng ba lumetse ho eena.” (Lik 14:23) Lilemo hamorao, Pauluse o ile a ngolla Tite ea neng a tsamaea le eena mosebetsing oa boromuoa a re: ‘Ke u siile Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo.’ (Tit 1:5) Ho bonahala eka Timothea ea neng a atisa ho tsamaea le moapostola Pauluse le eena o ne a filoe boikarabelo bo tšoanang. (1 Tim 5:22) Ka hona ho hlakile hore banna bana ba ne ba khethoa ke balebeli ba tsamaeang, eseng ke baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema.
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa nahana ka mohlala ona o ka Bibeleng ’me sa etsa liphetoho tseleng eo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoang ka eona. Ho tloha ka la 1 September, 2014, ba se ba khethoa ka tsela e latelang: Molebeli oa potoloho o hlahloba ka hloko lipuello tse entsoeng potolohong ea hae. Ha a etetse phutheho, o tla leka ho tseba barab’abo rona ba buelloang, a sebetse le bona tšimong haeba ho khoneha. Ka mor’a hore a buisane le sehlopha sa baholo ka lipuello tseo ba li entseng, ke boikarabelo ba molebeli oa potoloho hore a khethe baholo le bahlanka ba sebeletsang potolohong ea hae. Ka tsela ena, lintho li tla etsoa ka tsela e batlang e tšoana le ea lekholong la pele la lilemo.
Boikarabelo bo mahetleng a mang? “Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke lona le nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho fepa bahlanka ba ntlo. (Mat 24:45-47) E le hore le ka fana ka tataiso e thehiloeng melao-motheong ea Bibele e amanang le kamoo phutheho ea lefatše lohle e lokelang ho tsamaisoa kateng, le batlisisa Mangolo ebile le thusoa ke moea o halalelang. Lekhoba le tšepahalang le boetse le khetha balebeli ba tsamaeang le litho tsa Komiti ea Lekala. Ofisi ea lekala eona e thusa hore ho lateloe tataiso e fanoeng. Sehlopha sa baholo se lokela ho hlahlobisisa litšoaneleho tsa Mangolo tsa barab’abo rona bao se ba buellang ho sebeletsa ka phuthehong ea Molimo. Molebeli oa potoloho o na le boikarabelo bo tebileng ba ho nahanisisa ka thapelo lipuello tse entsoeng ke baholo ebe o khetha barab’abo rona ba tšoanelehang.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tite 1:12) E mong oa bona, moprofeta oa bona, o ile a re: “Bakreta kamehla ba leshano, ke libata tse kotsi, menyollo e hlokang mosebetsi.”
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Ho hang o ne a sa lumellane le polelo efe kapa efe e mpe ea morabe e khahlanong le Bakreta. Re ka tiisa hoo, hobane Pauluse o ne a tseba hore Kreta ho na le Bakreste ba molemo bao Molimo o ba amohetseng le ho ba tlotsa ka moea oa Oona o halalelang. (Liketso 2:5, 11, 33) Ho ne ho e-na le Bakreste ba inehetseng ba lekaneng ho etsa liphutheho “metseng eohle.” Le hoja Bakreste ba joalo e ne e se batho ba phethahetseng, re ka tiisa hore e ne e se mahata le menyollo e botsoa; ho seng joalo ba ne ba ke ke ba tsoela pele ba amoheloa ke Jehova. (Bafilippi 3:18, 19; Tšenolo 21:8) ’Me joalokaha re fumana lichabeng tsohle kajeno, e ka ’na eaba ho ne ho e-na le batho ba lipelo li tšepahalang Kreta ba neng ba soabisitsoe ke litekanyetso tsa boitšoaro tse hlephileng ho ba pota-pota ’me ba ne ba itokiselitse ho arabela molaetsa oa Bokreste.—Ezekiele 9:4; Bapisa le Liketso 13:48.
(Filemone 15, 16) Mohlomong ka lebaka lena o ile a tloha ka hora e le ’ngoe, e le hore u ka boela ua ba le eena ka ho sa feleng, 16 e se e se lekhoba empa e le ea fetang lekhoba, e le mor’abo rona ea ratoang, ho le joalo haholo-holo ho ’na, empa leha ho le joalo ho le joalo hakaakang ho uena kamanong ea nama hammoho le Moreneng.
Lintlha-kholo Tsa Mangolo a Eang ho Tite, ho Filemone le ho Baheberu
15, 16—Pauluse o ne a batla ho shebana feela le mosebetsi oa hae oa ho ‘bolela ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste.’ Kahoo, ha aa ka a rata ho itšunya-tšunya litabeng tsa sechaba tse kang tse mabapi le bokhoba.—Lik. 28:31
’Malo oa Bibele
(Tite 3:1-15) Tsoela pele ho ba hopotsa ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo, 2 ho se eo ba mo buang hampe, ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle. 3 Etsoe le rona re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, re khelosoa, re le makhoba a litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng, re tsoela pele ka bobe le mohono, re nyonyeha, re hloeane. 4 Leha ho le joalo, ha Mopholosi oa rona Molimo a bonahatsa mosa le lerato bakeng sa motho, 5 e se ka lebaka la mesebetsi ea ho loka eo re neng re e entse, empa ho ea ka mohau oa hae, o ile a re pholosa ka ho hlatsoa ho ileng ha re tlisa bophelong le ka ho re etsa ba bacha ka moea o halalelang. 6 O ile a tšollela moea ona holim’a rona ka ho enneng ka Jesu Kreste Mopholosi oa rona, 7 e le hore, ka mor’a hore ho boleloe hore re lokile ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa hae, re ka ba majalefa ho ea ka tšepo ea bophelo bo sa feleng. 8 Polelo ena ea tšepahala, ’me malebana le lintho tsena ke lakatsa hore kamehla u bue lipolelo tse tiisoang ka matla, e le hore ba lumetseng Molimo ba ka boloka likelello tsa bona ho ntšetseng pele mesebetsi e metle. Lintho tsena li ntle ’me li molemo ho batho. 9 Empa u sesefe litsekisano tsa booatla le maloko le ho qabana le lintoa mabapi le Molao, kaha ha li ruise molemo ’me ke tsa lefeela. 10 Ha e le motho ea ntšetsang pele lequloana, u mo lahle ka mor’a keletso ea pele le ea bobeli; 11 u tsebe hore motho ea joalo o se a ntšitsoe tseleng hape o etsa sebe, ka hona oa ikahlola. 12 Ha ke romela Artemase kapa Tykikase ho uena, u etse sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na Nikopolise, kaha ke moo ke entseng qeto ea ho hlola mariha teng. 13 Ka hloko u fe Zenase, ea rutehileng Molaong, le Apolose lintho tse hlokahalang bakeng sa leeto la bona, e le hore ba se ke ba haelloa ke letho. 14 Empa batho ba habo rona le bona ba ke ba ithute ho tsoela pele ka mesebetsi e metle e le hore ba hlokomele litlhoko tsa bona tse batlang tlhokomelo e potlakileng, e le hore e se ke ea e-ba ba sa beheng. 15 Bohle ba nang le ’na ba u romela litumeliso. Ntumelisetse ba re ratang tumelong. E se eka mosa o sa tšoanelang o ka ba le lona kaofela.
LA 19-LA 25 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAHEBERU 1-3
“Rata ho Loka ’me U Hloee Tlolo ea Molao”
(Baheberu 1:8) Empa mabapi le Mora o re: “Molimo ke terone ea hao ka ho sa feleng le kamehla, ’me lere la borena la ’muso oa hao ke lere la borena la ho loka.
Tlotlisang Kreste, Morena ea Khanyang!
Jehova o ile a hlomamisa Mora oa hae e le Morena oa Bomesia leholimong ka 1914. ‘Lere la borena ba hae ke lere la borena la ho loka,’ kahoo joang kapa joang o tla busa ka ho loka le ka toka. O na le matla a loketseng a ho laola, kaha ‘Molimo ke terone ea hae.’ Seo se bolela hore Jehova ke mohloli oa matla a hae a borena. Ho feta moo, terone ea Jesu e tla ba teng “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Na ha u motlotlo ho sebeletsa Jehova tlas’a Morena ea matla joalo ea khethiloeng ke Molimo?
(Baheberu 1:9) U ratile ho loka, ’me u hloile tlolo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane ba hao.”
Tlotlisang Kreste, Morena ea Khanyang!
Bala Pesaleme ea 45:6, 7. Kaha Jesu o rata ho loka ka tieo ebile o hloile ntho leha e le efe e ka ’nang ea hlompholla Ntate oa hae, Jehova o ile a mo tlotsa hore e be Morena oa ’Muso oa Bomesia. Jesu o ile a tlotsoa ka “oli ea thabo” ho feta “balekane” ba hae, ke hore marena a Juda a lesika la Davida. Ka tsela efe? Har’a tse ling, Jesu o ile a tlotsoa ke Jehova ka seqo. Ho feta moo, Jehova o ile a mo tlotsa hore e be Morena le Moprista ea Phahameng. (Pes. 2:2; Baheb. 5:5, 6) Ho phaella moo, Jesu o ile a tlotsoa ka moea o halalelang eseng ka oli, ’me borena ba hae ke ba leholimong hase ba lefatšeng.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baheberu 1:3) Ke ponahatso ea khanya ea hae le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng ba hae, ’me o boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla a hae; ka mor’a hore a etse tlhoekiso bakeng sa libe tsa rona o ile a lula ka letsohong le letona la Ea Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng.
it-1-E 1185 ¶1
Setšoantšo
Na haesale Jesu a etsa lintho hantle feela joaloka Ntate oa hae?
Jesu, letsibolo la Molimo, ke setšoantšo sa ntate oa hae. (2Ko 4:4) Le hoja, Molimo a ne a bua ka Jesu ha a ne a re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rona” ke khale Jesu a tšoana le Ntate oa hae ho tloha ha a ne a boptjoa. (Gen 1:26; Joh 1:1-3; Kol 1:15, 16) Ha Jesu a le lefatšeng e le motho ea phethahetseng, o ile a etsisa makhabane a Ntate oa hae hantle le hoja e ne e le motho. Ka hona o ne a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh 14:9; 5:17, 19, 30, 36; 8:28, 38, 42) Leha ho le joalo, ho tšoana hona ho ile hoa hlaka haholo ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung e le sebupuoa sa moea ha a fuoa “matla ’ohle leholimong le lefatšeng” ke Ntate oa hae Jehova. (1Pe 3:18; Mat 28:18) Kaha joale Molimo o ile a phahamisetsa Jesu “boemong bo phahameng,” Jesu o ile a bonahatsa khanya ea Molimo ho feta leha e le neng pele. (Fil 2:9; Heb 2:9) Jesu ke ‘setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng ba Ntate oa hae.’—Heb 1:2-4.
(Baheberu 1:10-12) Hape o re: “Morena, tšimolohong u ile ua rala metheo ea lefatše, ’me maholimo ke mesebetsi ea matsoho a hao. 11 Li tla timela, empa u tla ’ne u be teng ka ho tsoelang pele; feela joaloka seaparo sa ka ntle li tla tsofala kaofela,12 ’me u tla li phutha feela joaloka seaparo sa ka holimo, joaloka seaparo sa ka ntle; li tla fetoha, empa uena u ea tšoanang, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa fela le ka mohla.”
it-1-E 1063 ¶7
Leholimo
Hantle-ntle mantsoe a ho Pesaleme ea 102:25, 26 a bua ka Jehova, empa moapostola Pauluse o a qotsitse ha a bua ka Jesu Kreste. Hobane, Jesu o ile a sebelisoa ho bopa lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng. Pauluse o bapisa ho ba teng ha Jesu ka ho sa feleng le lintho tsohle tse bopiloeng, tseo Molimo ea li entseng a neng a ka li “phutha feela joaloka seaparo sa ka holimo.”—Heb 1:1, 2, 8, 10-12; bapisa le 1Pe 2:3.
’Malo oa Bibele
(Baheberu 1:1-14) Molimo, eo khale a ileng a bua ka makhetlo a mangata le ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rona ka baprofeta, 2 bofelong ba matsatsi ana o buile le rona ka Mora, eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle, le eo ka eena a ileng a etsa litsamaiso tsa lintho. 3 Ke ponahatso ea khanya ea hae le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng ba hae, ’me o boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla a hae; ka mor’a hore a etse tlhoekiso bakeng sa libe tsa rona o ile a lula ka letsohong le letona la Ea Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng. 4 Kahoo o fetohile ea molemo ho feta mangeloi, ho isa tekanyong eo ho eona a ruileng lebitso le khabane ho feta a ’ona. 5 Ka mohlala, ke ho lefe la mangeloi a kileng a re: “U mora oa ka; ’na, kajeno, ke bile ntat’ao”? Hape: “Ke tla ba ntat’ae, ’me e tla ba mora oa ka”? 6 Empa ha a boetse a tlisa Letsibolo la hae lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona, o re: “Mangeloi ’ohle a Molimo a ke a le inamele.” 7 Hape, mabapi le mangeloi o re: “O etsa mangeloi a hae meea, le bahlanka ba hae ba sechaba o ba etsa lelakabe la mollo.” 8 Empa mabapi le Mora o re: “Molimo ke terone ea hao ka ho sa feleng le kamehla, ’me lere la borena la ’muso oa hao ke lere la borena la ho loka. 9 U ratile ho loka, ’me u hloile tlolo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane ba hao.” 10 Hape o re: “Morena, tšimolohong u ile ua rala metheo ea lefatše, ’me maholimo ke mesebetsi ea matsoho a hao. 11 Li tla timela, empa u tla ’ne u be teng ka ho tsoelang pele; feela joaloka seaparo sa ka ntle li tla tsofala kaofela,12 ’me u tla li phutha feela joaloka seaparo sa ka holimo, joaloka seaparo sa ka ntle; li tla fetoha, empa uena u ea tšoanang, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa fela le ka mohla.” 13 Empa ke mabapi le lefe la mangeloi a kileng a re: “Lula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao”? 14 Na kaofela hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?
LA 26 AUGUST–LA 1 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAHEBERU 4-6
“Loanela ho Kena Phomolong ea Molimo”
(Baheberu 4:1) Ka hona, kaha ho siiloe tšepiso ea ho kena phomolong ea hae, a re tšabeng hore ka nako e ’ngoe e mong oa lona a ka bonahala a haeletsoe ke eona.
(Baheberu 4:4) Etsoe sebakeng se seng o buile ka letsatsi la bosupa ka tsela e latelang: “Molimo o ile a phomola ka letsatsi la bosupa mesebetsing eohle ea hae,”
Phomolo ea Molimo ke Eng?
Ho na le mabaka a mabeli a etsang hore re fihlele qeto ea hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele lekholong la pele la lilemo C.E. La pele, hlokomela mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ho bahanyetsi ba neng ba mo nyatsa ha a phekola ka Sabatha, kaha ba ne ba nka hore oa sebetsa ka ho etsa joalo. Morena o ile a re ho bona, “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh 5:16, 17) O ne a bolela’ng? Jesu o ne a qosoa ka hore o sebetsa ka Sabatha. O ile a araba qoso ea bona ka ho re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa.” Ha e le hantle Jesu o ne a re ho batho bana ba mo nyatsang: ‘ ’Na le Ntate re etsa mosebetsi o tšoanang. Kaha Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa nakong ena eohle ea Sabatha ea hae ea lilemo tse likete, ke ho loketseng ka ho feletseng hore le ’na ke ’ne ke tsoele pele ho sebetsa, esita le ka Sabatha.’ Kahoo, Jesu o ne a bolela hore mabapi le lefatše, letsatsi la Molimo le leholo la Sabatha, e leng letsatsi la bosupa, le ne le e-s’o fele ha a sa le lefatšeng.
Lebaka la bobeli le etsang hore re fihlele qeto eo ke seo moapostola Pauluse a se buang. Ha a ne a qotsa Genese 2:2 mabapi le phomolo ea Molimo, Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe a latelang: “Rona ba bontšitseng tumelo re hlile re kena phomolong eo.” (Heb 4:3, 4, 6, 9) Kahoo letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele mehleng ea Pauluse. Letsatsi leo la phomolo le ne le lokela ho tsoela pele halelele hakae?
E le hore re arabe potso eo, re lokela ho hopola morero oa letsatsi la bosupa. Genese 2:3 e re hlalosetsa hore na morero oo ke ofe ha e re: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa.” Jehova o ile a “halaletsa” letsatsi leo—a le khetha—e le hore a phethe morero oa hae. Morero oo ke hore lefatše le ahoe ke banna le basali ba ikokobelitseng ba tla le hlokomela ba be ba hlokomele le lintho tsohle tse phelang ho lona. (Gen 1:28) Jehova Molimo le Jesu Kreste, “Morena oa sabatha,” ba ’nile ba “tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale,” e le hore ba phethe morero oo. (Mat 12:8) Letsatsi la Molimo la phomolo le tla tsoela pele ho fihlela morero oa hae mabapi le lona o phethahetse ka botlalo qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.
(Baheberu 4:6) Ka hona, kaha ho setse hore ba bang ba kene ho eona, ’me bao litaba tse molemo li ileng tsa boleloa ho bona pele ha baa ka ba kena ka lebaka la ho se mamele,
Phomolo ea Molimo ke Eng?
Adama le Eva ba ile ba hlalosetsoa morero oa Molimo ka ho hlaka, empa ha baa ka ba iphaphatha le oona. Ha e le hantle, Adama le Eva ke bona batho ba pele ba sa kang ba mamela. Ka mor’a moo ba bang ba limilione ba ile ba latela. Esita le batho bao Molimo a neng a ba khethile, e leng sechaba sa Iseraele, ba ile ba tloaela ho se mamele. Kahoo, ke habohlokoa hore ebe Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore esita le ba bang ho bona ba ne ba ka oela lerabeng lona leo Baiseraele ba boholo-holo ba oetseng ho lona. O ile a re: “A re etseng sohle se matleng a rona ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.” (Heb 4:11) Hlokomela hore Pauluse o amahanya ho se mamele le ho hloleha ho kena phomolong ea Molimo. Seo se bolela’ng ho rona? Haeba re ne re ka ba khahlanong le morero oa Molimo ka tsela e itseng, na re ne re ka ipeha kotsing ea hore re se ke ra kena phomolong ea Molimo? Ho hlakile hore karabo ea potso eo ke ea bohlokoa haholo ho rona, ’me re tla tsoela pele ho e tšohla. Leha ho le joalo, mothating ona a re boneng hore na ke eng hape eo re ka ithutang eona mabapi le ho kena phomolong ea Molimo ka hore re hlahlobe mohlala o mobe oa Baiseraele.
(Baheberu 4:9-11) Kahoo ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo. 10 Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae. 11 Ka hona a re etseng sohle se matleng a rona ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.
Phomolo ea Molimo ke Eng?
Kajeno ha ho le ea mong har’a rona ea ka tsitlellang hore Bakreste ba lokela ho boloka Molao oa Moshe e le hore ba pholohe. Mantsoe a Pauluse a bululetsoeng a eang ho Baefese a hlakile ka ho feletseng. O itse: “Ka mosa ona o sa tšoanelang, le pholositsoe ka tumelo; ’me sena hase ka lebaka la lona, ke mpho ea Molimo. Che, hase ka lebaka la mesebetsi, e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka bang le lebaka la ho ithorisa.” (Ef 2:8, 9) Joale ho bolela’ng hore Bakreste ba kene phomolong ea Molimo? Jehova o ile a behella letsatsi la bosupa ka thoko—e leng letsatsi la hae la phomolo—e le hore a phethahatse morero oa hae o mabapi le lefatše ka tsela e ikhethang. Re ka kena phomolong ea Jehova—kapa ra kena le eena phomolong ea hae—ka hore ka boikokobetso re iphaphathe le morero oa hae o tsoelang pele joalokaha mokhatlo oa hae o ntse o re senolela oona.
Ka lehlakoreng le leng, haeba re nyenyefatsa keletso e thehiloeng Bibeleng eo re e fuoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene,’me re ikhethela ho mamela feela seo re nahanang hore ke sa bohlokoa, re tla be re etsa lintho tse khahlanong le morero oa Molimo o ntseng o senoloa. Sena se ka senya kamano ea rona e ntle le Jehova. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba maemo a seng makae a tloaelehileng a ka amang batho ba Molimo re be re tšohle kamoo liqeto tseo re li etsang, ebang ke tsa hore re mamele kapa re itaole, li ka bontšang hore na re fela re kene phomolong ea Molimo kapa che.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baheberu 4:12) Etsoe lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
“Lentsoe la Molimo” leo Baheberu 4:12 e reng “lea phela ’me le fana ka matla” ke eng?
▪ Litemana tse potolohileng temana ena li bontša hore moapostola Pauluse o ne a bua ka molaetsa kapa lipolelo tse hlalosang morero oa Molimo.
Baheberu 4:12 e atisa ho qotsoa lingoliloeng tsa rona ho bontša hore Bibele e-na le matla a ho fetola bophelo ba batho, ’me ho loketse ho e sebelisa ka tsela eo. Empa ho ka ba molemo hore re hlahlobe moelelo oa taba o potolohileng Baheberu 4: 12. Pauluse o ne a khothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba tsamaisane le morero oa Molimo. O ne o boletsoe ka mangolong a halalelang. Pauluse o ile a etsa mohlala ka ho lopolloa ha Baiseraele Egepeta. Ba ne ba e-na le monyetla oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng “e phallang lebese le mahe a linotši,” moo ba neng ba ka fumana phomolo ea sebele teng.—Ex. 3:8; De 12:9, 10.
Oo e ne e le morero oa Molimo. Leha ho le joalo, Baiseraele ba ile ba ithatafatsa lipelo ’me ba bontša ho hloka tumelo, kahoo ba bangata ba hloleha ho kena phomolong eo. (Nu 14:30; Jos 14:6-10) Empa Pauluse o ile a phaella ka hore ho ntse ho e-na le “tšepiso ea ho kena phomolong” ea Molimo. (Heb 3:16-19; 4:1) Ho hlakile hore “tšepiso” eo ke karolo ea morero oa Molimo. Le rona ho tšoana le Bakreste bao ba Baheberu re ka bala ka morero oo le ho tsamaisana le oona. Ho bontša hore tšepiso ena e thehiloe ka Mangolong, Pauluse o ile a qotsa Genese 2:2 le Pesaleme ea 95:11.
Taba ea hore Molimo o ntse a re ‘tšepisa ho kena phomolong ea hae,’ ka sebele e lokela ho re ama. Re lebeletse ho kena phomolong ea Molimo joalokaha Bibele e tšepisa, ’me re se re nkile mehato ea ho kena. Ha re leke ho khahla Jehova ka ho mamela Molao oa Moshe kapa ka ho etsa mesebetsi e itseng. Ho e-na le hoo, ka tumelo re tsamaisana le morero oa Molimo o senotsoeng. Ho ekelletsa moo, joalokaha ho boletsoe ka holimo, batho ba likete lefatšeng ka bophara ba se ba qalile ho ithuta Bibele le morero oa Molimo. Sena se susumelelitse ba bangata hore ba etse liphetoho bophelong, ba bontše tumelo, ’me ba kolobetsoe. Bona ke bopaki bo hlakileng ba hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” Morero oa Molimo o hlalositsoeng ka Bibeleng o ama tsela eo re phelang ka eona, ’me o tla tsoela pele ho re matlafatsa.
(Baheberu 6:17, 18) Ka mokhoa ona, ha Molimo a rera ho bontša majalefa a tšepiso ka ho eketsehileng haholo ho se fetohe ha morero oa hae, o ile a kenella ka kano, 18 e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano, rona ba balehetseng setšabelong re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong e behiloeng ka pel’a rona.
it-1-E 1139 ¶2
Tšepo
Tšepo ena ea bophelo bo sa feleng le ho se bole ha “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo” (Heb 3:1) e na le motheo o tsitsitseng ’me ke ntho e ka tšeptjoang. E tiisoa ke lintho tse peli tseo ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano ka tsona, e leng litšepiso tsa hae le tšepo eo ba nang le eona ho Kreste, ea ke keng a hlola a e-shoa leholimong. Tšepo ena ho buuoa ka eona e le “ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng, ’me e kena ka lesireng [joalokaha moprista ea phahameng a kena ka Sehalalelisisong ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe], moo Jesu, pula-maliboho a keneng molemong oa rona, eo e bileng moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke ka ho sa feleng.”—Heb 6:17-20.
’Malo oa Bibele
(Baheberu 5:1-14) Etsoe moprista e mong le e mong ea phahameng ea nkoang har’a batho o behoa molemong oa batho hore a okamele lintho tse amanang le Molimo, e le hore a ka nyehela limpho le mahlabelo bakeng sa libe. 2 O khona ho sebetsana ka mokhoa o itekanetseng le ba hlokang tsebo le ba fosang kaha le eena o pota-potiloe ke bofokoli ba hae,3 ’me ka lebaka la bona o tlameha ho etsa linyehelo bakeng sa libe tsa hae joalokaha a etsa bakeng sa libe tsa sechaba. 4 Hape, motho o nka tlhompho ena, eseng ka ho rata ha hae, empa feela ha a bitsoa ke Molimo, feela joalokaha Arone le eena a ile a bitsoa. 5 Ka ho tšoanang Kreste ha aa ka a itlotlisa ka ho fetoha moprista ea phahameng, empa o ile a tlotlisoa ke ea ileng a bua mabapi le eena: “U mora oa ka; ’na, kajeno, ke bile ntat’ao.” 6 Feela joalokaha a boetse a re sebakeng se seng: “U moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.” 7 Matsatsing a nama ea hae [Kreste] o ile a nyehela lithapeli le likopo tse matla ho Ea neng a khona ho mo pholosa hore a tsoe lefung, ka mehoo e matla le meokho, ’me a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo. 8 Le hoja e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona;9 ’me ka mor’a hore a etsoe ea phethahetseng a fetoha ea ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang, 10 hobane o bitsitsoe ke Molimo ka ho khetheha hore ke moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke. 11 Malebana le eena re na le ho hongata hoo re ka ho buang le ho leng thata ho hlalosoa, kaha le fetohile ba thotofetseng ho utloeng ha lona. 12 Etsoe, ka sebele, le hoja le tšoanetse hore ebe le mesuoe ka lebaka la nako, le boetse le hloka e mong hore a le rute ho tloha tšimolohong lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo; le fetohile ba tšoanang le ba hlokang lebese, eseng lijo tse tiileng. 13 Etsoe e mong le e mong ea noang lebese ha aa tloaelana le lentsoe la ho loka, kaha ke ngoana. 14 Empa lijo tse tiileng ke tsa batho ba holileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.