Mahlabelo a Neng a Khahlisa Molimo
“Moprista e mong le e mong ea phahameng o behoa hore a nyehele ka bobeli limpho le mahlabelo.”—Baheberu 8:3.
1. Ke hobane’ng ha batho ba e-na le maikutlo a hore ho hlokahala hore ba retelehele ho Molimo?
“HO ETSA sehlabelo ho bonahala e le ‘ntho ea tlhaho’ ho motho joaloka ho rapela; ho nyehela sehlabelo ho bontša hore na motho o ikutloa joang, ho rapela ho bontša hore na o ikutloa joang ka Molimo,” ke kamoo ho ngotseng rahistori oa Bibele Alfred Edersheim. Ho tloha ha sebe se kena lefatšeng, se tlisitse bohloko ba boikutlo ba ho ba molato, ba ho ikarola ho Molimo le ba ho felloa ke tšepo. Ho hlokahala hore motho a lokolohe maikutlong ana. Ho bonolo ho utloisisa hore ha batho ba iphumana ba le boemong bo joalo ba tsieleho, ba na le maikutlo a hore ho hlokahala hore ba retelehele ho Molimo bakeng sa thuso.—Baroma 5:12.
2. Ka Bibeleng re fumana tlaleho efe ea linyehelo tsa pele tse neng li etsetsoa Molimo?
2 Tlaleho ea pele ea Bibele ea linyehelo tse etsetsoang Molimo ke ea Kaine le Abele. Rea bala: “Eitse ha ho fetile nako e itseng Kaine a tlisa tse ling tsa litholoana tsa naha e le nyehelo ho Jehova. Empa ha e le Abele, le eena a tlisa a mang a matsibolo a mohlape oa hae, esita le likarolo tsa ’ona tse nonneng.” (Genese 4:3, 4, NW) Ka mor’a moo re fumana hore Noe, eo Molimo a ileng a mo pholosa Moroallong o moholo o ileng oa felisa moloko o khopo oa mehleng ea hae, o ile a susumelletseha ho “nyehela linyehelo tsa secheso aletareng” ho Jehova. (Genese 8:20, NW) Ka makhetlo a mangata, Abrahama mohlanka oa Molimo le motsoalle oa hae ea tšepahalang, a susumelitsoe ke litšepiso tsa Molimo le litlhohonolofatso, o ile a ‘haha aletare ’me a rapela lebitso la Jehova.’ (Genese 12:8; 13:3, 4, 18) Hamorao Abrahama o ile a tobana le teko e khōlō ka ho fetisisa ea tumelo ea hae ha Jehova a ne a mo bolella hore a nyehele mora oa hae Isaka e le nyehelo ea secheso. (Genese 22:1-14, NW) Litlaleho tsena, le hoja li le khutšoanyane, li khantša leseli le lengata tabeng ea mahlabelo, joalokaha re tla bona.
3. Mahlabelo a phetha karolo efe borapeling?
3 Litlalehong tsena tsa Bibele le ho tse ling, ho hlakile hore ho nyehela mofuta o itseng oa sehlabelo e ne e le karolo e ka sehloohong ea borapeli khale pele Jehova a fana ka melao e tobileng mabapi le hona. Tumellanong le seo, buka e ’ngoe ea boitsebiso e hlalosa “sehlabelo” e le “tšebeletso ea bolumeli eo ho eona ho nyeheloang ntho e itseng ho molimo ka morero oa ho theha, ho boloka kapa ho tsosolosa kamano e ntle ea motho le seo a se nkang se halalela.” Empa sena se hlahisa lipotso tse itseng tsa bohlokoa tseo e leng habohlokoa hore re li hlahlobe ka hloko, tse kang: Ke hobane’ng ha ho hlokahala sehlabelo borapeling? Molimo o amohela mahlabelo a mofuta ofe? ’Me mahlabelo a boholo-holo a bolela eng ho rōna kajeno?
Ke Hobane’ng ha Sehlabelo se Hlokahala?
4. Qetello ea Adama le Eva e bile efe ha ba se ba entse sebe?
4 Ha Adama a etsa sebe, o ne a se etsa ka boomo. Ho nka le ho ja ha hae tholoana ea sefate sa ho tseba botle le bobe e ne e le ho se mamele ha ka boomo. Kotlo ea ho se mamele hoo e ile ea e-ba lefu, joalokaha Molimo a ne a boletse ka ho hlaka hore “mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:17) Qetellong Adama le Eva ba ile ba kotula moputso oa sebe—ba ile ba timela.—Genese 3:19; 5:3-5.
5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a nka bohato molemong oa bana ba Adama, ’me O ile a ba etsetsa eng?
5 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bana ba Adama? Ka lebaka la ho futsa sebe le ho se phethahale ho Adama, ba laoloa ke ho ikarola ho Molimo, ho felloa ke tšepo le lefu feela joaloka banyalani ba pele. (Baroma 5:14) Leha ho le joalo, Jehova hase Molimo oa toka le matla feela empa ha e le hantle, ka ho khetheha—e boetse ke oa lerato. (1 Johanne 4:8, 16) Ka lebaka leo, o ikemisetsa ho koala lekhalo. Ka mor’a ho bolela hore “moputso oo sebe se o lefang ke lefu,” Bibele e tsoela pele e re, “empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 6:23.
6. Thato ea Jehova ke efe tabeng ea tšenyo e entsoeng ke sebe sa Adama?
6 Seo Jehova Molimo a ileng a qetella a se entse ho sireletsa mpho eo e bile ho fana ka ntho e ’ngoe e neng e tla koahela tahlehelo e bakoang ke tšito ea Adama. Lentsoe la Seheberu ka·pharʹ mohlomong pele le ne le bolela “ho khurumetsa” kapa mohlomong “ho hlakola,” ’me le boetse le fetoleloa e le “ho koahela.”a Ka mantsoe a mang, Jehova o ile a fana ka mekhoa e loketseng ea ho khurumetsa sebe se futsitsoeng ho Adama le ho hlakola ka ho feletseng tšenyo e ileng ea bakoa e le hore ba tšoanelehelang mpho eo ba ka lokolloa kahlolong ea sebe le lefu.—Baroma 8:21.
7. (a) Ke tšepo efe e ileng ea fanoa ha Molimo a ahlola Satane? (b) Ho lokoloha ha moloko oa batho sebeng le lefung ho tsamaea le mahlomola afe?
7 Ho ile ha buuoa ka mokhoa o sa tobang ka tšepo ea ho lokolloa bokhobeng ba sebe le lefu hang feela ka mor’a hore banyalani ba pele ba etse sebe. Ha a phatlalatsa kahlolo ea hae ho Satane, ea neng a emeloa ke noha, Jehova o itse: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:15) Ka polelo eo ea boprofeta, lehlaseli la tšepo le ile la hlaha ka tšohanyetso bakeng sa bohle ba neng ba tla lumela tšepisong eo. Leha ho le joalo, tokoloho eo e tsamaea le mahlomola. Peō e tšepisitsoeng e ne e ke ke ea tla habonolo feela tjee ’me ea felisa Satane; Peō eo e ne e lokela ho longoa serethe, e leng hore, e ne e lokela ho shoa, le hoja e se ka ho sa feleng.
8. (a) Kaine o ile a tlisa masoabi joang? (b) Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Abele se ile sa amoheleha mahlong a Molimo?
8 Ha ho pelaelo hore Adama le Eva ba ile ba nahana haholo ka taba ea hore na Peō e tšepisitsoeng ke mang. Ha Eva a ne a beleha mora oa hae oa letsibolo, Kaine, o ile a phatlalatsa: “Ke itsoaletse monna ka thuso ea Jehova.” (Genese 4:1) Na mohlomong o ne a nahana hore mora oa hae e ne e tla qetella e le Peō eo? Ebang o ne a nahana joalo kapa che, Kaine, hammoho le nyehelo ea hae, o ile a tlisa masoabi. Ka lehlakoreng le leng, mor’abo Abele o ile a bontša tumelo tšepisong ea Molimo ’me o ile a susumelletseha ho nyehela matsibolo a mang a mohlape oa hae e le sehlabelo seo a se etsetsang Jehova. Rea bala: “Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Molimo sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka eona a ileng a pakoa hore o ne a lokile.”—Baheberu 11:4.
9. (a) Abele o ne a e-na le tumelo ho eng, ’me o ile a e bontša joang? (b) Sehlabelo sa Abele se ile sa finyella eng?
9 Tumelo ea Abele e ne e se ho lumela feela tjee hore Molimo o teng, e leng seo e tlamehang ebe Kaine o ne a se lumela. Abele o ne a e-na le tumelo tšepisong ea Molimo ea Peō e tla tlisetsa batho ba tšepahalang poloko. O ne a sa senoleloa hore na seo se ne se tla finyelloa joang, empa tšepiso ea Molimo e ile ea etsa hore Abele a hlokomele hore motho e mong o tlameha ho longoa serethe. E, ho bonahala hore o ile a etsa qeto ea hore mali a ne a tla tlameha ho tšoloha—e leng sona se boleloang ke sehlabelo. Abele o ile a nyehela ho Mohloli oa bophelo mpho e amang bophelo le mali, mohlomong e le pontšo ea takatso le tebello ea hae e matla bakeng sa ho phethahala ha tšepiso ea Jehova. Pontšo ena ea tumelo e ile ea etsa hore sehlabelo sa Abele se khahlise Jehova, ’me e ile ea bontša ka tsela e fokolang seo sehlabelo se hlileng se leng sona—mokhoa oo ka oona batho ba baetsalibe ba ka atamelang Molimo ho fumana mohau oa hae.—Genese 4:4; Baheberu 11:1, 6.
10. Ha Jehova a kōpa Abrahama ho etsa Isaka sehlabelo o ile a hlakisa moelelo oa sona joang?
10 Moelelo o tebileng oa sehlabelo o ile oa hlaka haholo ha Jehova a ne a laela Abrahama hore a nyehele mora oa hae Isaka e le nyehelo ea secheso. Le hoja sehlabelo seo se sa ka sa etsoa ka tsela ea sebele, se ile sa sebeletsa e le setšoantšo sa seo Jehova ka boeena a neng a tla qetella a se entse—ho nyehela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le sehlabelo se seholo ka ho fetisisa se kileng sa etsoa e le hore a ka finyella thato ea Hae ka moloko oa batho. (Johanne 3:16) Ka mahlabelo le linyehelo tsa Molao oa Moshe, Jehova o ile a fana ka mehlala ea boprofeta e le hore a rute batho ba hae ba khethiloeng seo ba lokelang ho se etsa hore ba tšoareloe libe tsa bona le ho matlafatsa tšepo ea bona ea poloko. Re ka ithuta eng ho tsona?
Mahlabelo ao Jehova a a Amohelang
11. Ke lihlopha life tse peli tsa linyehelo tse neng li nyeheloa ke moprista ea phahameng oa Iseraele, hona e le ka morero ofe?
11 Moapostola Pauluse o re: “Moprista e mong le e mong ea phahameng o behoa hore a nyehele ka bobeli limpho le mahlabelo.” (Baheberu 8:3) Hlokomela hore Pauluse o arola linyehelo tse etsoang ke moprista ea phahameng oa Iseraele ea boholo-holo lihlopha tse peli, e leng, “limpho” le “mahlabelo,” kapa “mahlabelo bakeng sa libe.” (Baheberu 5:1) Batho ka kakaretso ba fana ka limpho ho bontša kameho e lerato le kananelo, esita le ho hlaolela botsoalle, lerato le kamohelo. (Genese 32:20; Liproverbia 18:16) Ka ho tšoanang, linyehelo tse ngata tse laetsoeng ka Molao li ka talingoa e le “limpho” tse fuoang Molimo bakeng sa ho batla kamohelo ea hae le lerato.b Ho tlōla Molao ho ne ho hloka puseletso, le ho etsa litokiso, ho ne ho nyeheloa “mahlabelo bakeng sa libe.” Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, haholo-holo Exoda, Levitike le Numere, li fana ka boitsebiso bo bongata mabapi le mefuta e sa tšoaneng ea mahlabelo le linyehelo. Le hoja e ka ba phephetso ea sebele ho rōna ho utloisisa ka ho feletseng le ho hopola makolopetso ’ohle, ho hlokahala hore re ele hloko lintlha tse ling tsa bohlokoa mabapi le mefuta e sa tšoaneng ea mahlabelo.
12. Ke hokae ka Bibeleng moo re ka fumanang tlhahlobo e akaretsang ea mahlabelo, kapa linyehelo, tse neng li etsoa Molaong?
12 Re ka ’na ra hlokomela hore ho Levitike khaolo ea 1 ho ea ho ea 7, mefuta e mehlano e ka sehloohong ea linyehelo—nyehelo ea secheso, nyehelo ea lijo-thollo, sehlabelo se kopanetsoeng, nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato—li hlalosoa ka bonngoe, le hoja ha e le hantle tse ling tsa tsona li ne li nyeheloa hammoho. Hape rea hlokomela hore linyehelo tsena li hlalosoa habeli likhaolong tsena, ka lipakane tse sa tšoaneng: hang, ho Levitike 1:2 ho ea ho 6:7, ho qaqisoa se neng se lokela ho nyeheloa aletareng, ’me lekhetlo la bobeli, ho Levitike 6:8 ho ea ho 7:36, ho bontšoa likarolo tse neng li beheletsoe ka thōko bakeng sa baprista le tse neng li boloketsoe ea nyehelang. Joale, ho Numere khaolo ea 28 le ea 29, re fumana se ka ’nang sa talingoa e le kemiso e qaqileng, e lokolisang hore na ke eng e neng e lokela ho nyeheloa letsatsi le letsatsi, beke le beke, khoeli le khoeli le meketeng ea selemo le selemo.
13. Hlalosa linyehelo tse neng li etsoa ka boithatelo e le limpho ho Molimo.
13 Har’a linyehelo tse neng li etsoa ka boithatelo e le limpho kapa e le tsela ea ho atamela Molimo bakeng sa ho fumana mohau oa hae, ho ne ho e-na le linyehelo tsa secheso, linyehelo tsa lijo-thollo le linyehelo tse kopanetsoeng. Litsebi tse ling li lumela hore lentsoe la Seheberu bakeng sa “nyehelo ea secheso” le bolela “nyehelo ea ho nyoloha” kapa “nyehelo e nyolohang.” Sena se loketse hobane nyehelong ea secheso, phoofolo e hlabiloeng e ne e chesoa aletareng ’me monko o lephoka le monate, kapa monko o khathollang, o ne o nyolohela nģ’a leholimong ho Molimo. Tšobotsi e ikhethang ea nyehelo ea secheso e ne e le hore ka mor’a hore mali a fafatsoe ho potoloha aletare, phoofolo kaofela e ne e nyeheloa ho Molimo. Baprista ba ne ba etsa hore “kaofela ha eona e kubelle aletareng e le nyehelo ea secheso, nyehelo e entsoeng ka mollo e monko o khathollang ho Jehova.”—Levitike 1:3, 4, 9, NW; Genese 8:21.
14. Nyehelo ea lijo-thollo e ne e etsoa joang?
14 Ho Levitike khaolo ea 2 ho hlalosoa nyehelo ea lijo-thollo. E ne e le nyehelo ea boithatelo e entsoeng ka phofo e thumisitsoeng, eo hangata e neng e kolobisoa ka oli, le libano tse tšoeu. “Moprista a qotse lefupu la phofo ea eona e thumisehileng le oli ea eona hammoho le libano tsa eona tse tšoeu; ’me a etse hore e kubelle e le khopotso ea eona aletareng, e le nyehelo e entsoeng ka mollo e monko o khathollang ho Jehova.” (Levitike 2:2, NW) Libano tse tšoeu e ne e le o mong oa metsoako ea libano tse halalelang tse chesoang aletareng ea libano tabernakeleng le tempeleng. (Exoda 30:34-36) Ho hlakile hore Morena Davida o ne a nahanne ka sena ha a ne a re: “Thapelo ea ka a e ke e nyolohele joalo ka libano tse nkhang hamonate pel’a hao, le kemiso ea matsoho a ka e be joalo ka sehlabelo sa mantsiboea!”—Pesaleme ea 141:2.
15. Morero oa sehlabelo se kopanetsoeng e ne e le ofe?
15 Nyehelo e ’ngoe ea boithatelo e ne e le sehlabelo se kopanetsoeng, se hlalosoang ho Levitike khaolo ea 3. Lebitso lena le ka boela la fetoleloa e le “sehlabelo sa linyehelo tsa khotso.” Ka Seheberu, lentsoe “khotso” hase feela ho lokoloha ntoeng kapa likhathatsong. Buka ea Studies in the Mosaic Institutions e re: “Ka Bibeleng, le bolela sena, le boetse le bolela boemo kapa kamano ea khotso le Molimo, katleho, nyakallo le thabo.” Kahoo, mahlabelo a kopanetsoeng a ne a sa nyeheloe bakeng sa ho boloka khotso le Molimo, joalokaha eka ke ho mo khutsisa, empa a ne a nyeheloa ho leboha kapa ho ketekela boemo bo hlohonolofetseng ba ho ba le khotso le Molimo, bo thabeloang ke bao a ba amohelang. Baprista le ea nyehelang ba ne ba e-ja sehlabelo ka mor’a hore mali le mafura li nyeheloe ho Jehova. (Levitike 3:17; 7:16-21; 19:5-8) Ka tsela e ntle le ea tšoantšetso, ea nyehelang, baprista le Jehova Molimo ba ne ba kopanela lijong, ba bontša hore ho na le khotso har’a bona.
16. (a) Morero oa nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato e ne e le ofe? (b) Li ne li fapana joang le nyehelo ea secheso?
16 Mahlabelo a neng a nyeheloa bakeng sa ho batla tšoarelo ea sebe kapa ho koahela litšito khahlanong le Molao a ne a akarelletsa nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato. Le hoja mahlabelo ana le ’ona a ne a chesoa aletareng, a ne a fapane le nyehelo ea secheso ka hore ho ne ho sa nyeheloe phoofolo kaofela ho Molimo, ho ne ho nyeheloa feela mafura le likarolo tse itseng tsa eona. Likarolo tse ling tsa phoofolo li ne li lahleloa ka ntle ho liahelo kapa maemong a mang li jeoa ke baprista. Phapang ena ke ea bohlokoa. Nyehelo ea secheso e ne e hlahisoa e le mpho ea ho betla khoro ea ho atamela Molimo, ka hona, e ne e nyeheloa ho Molimo ka ho khetheha ebile e nyeheloa e le kaofela. Hoa thahasellisa hore ebe nyehelo ea secheso e ne e atisa ho etelloa pele ke nyehelo ea sebe kapa nyehelo ea molato, e leng se bontšang hore ho etsa hore mpho ea moetsalibe e amohelehe ho Molimo, ho ne ho hlokahala tšoarelo ea sebe.—Levitike 8:14, 18; 9:2, 3; 16:3, 5.
17, 18. Nyehelo ea sebe e ne e etsetsoa’ng, ’me morero oa nyehelo ea molato e ne e le ofe?
17 Nyehelo ea sebe e ne e amoheloa feela bakeng sa tlōlo ea Molao e sa etsoeng ka boomo, e leng tlōlo e entsoeng ka lebaka la bofokoli ba nama. “Etlare ha motho a tlōtse ka ho se tsebe o mong oa melao ea Jehova, ka ho etsa tse sa tšoanelang ho etsoa,” joale moetsalibe o ne a tlameha ho nyehela nyehelo ea sebe ho ea ka boemo ba hae sechabeng. (Levitike 4:2, 3, 22, 27) Ka lehlakoreng le leng, baetsalibe ba sa bakeng ba ne ba felisoa; ho ne ho se na mahlabelo bakeng sa bona.—Exoda 21:12-15; Levitike 17:10; 20:2, 6, 10; Numere 15:30; Baheberu 2:2.
18 Moelelo le morero oa nyehelo ea molato li hlakisitsoe ho Levitike khaolo ea 5 le 6. (NW) Ho ka etsahala hore ebe motho o entse sebe a sa rera. Ho ntse ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe tšito ea hae e entse hore a be molato khahlanong le litokelo tsa batho ba bang kapa tsa Jehova Molimo, ’me phoso eo e ne e tlameha ho lokisoa. Ho buuoe ka lihlopha tse ’maloa tsa libe. Tse ling e ne e le libe tsa lekunutung (5:2-6), tse ling e ne e le libe tse khahlanong le “lintho tse halalelang tsa Jehova” (5:14-16), ’me tse ling, le hoja e se tse sa etsoang ka morero ka ho feletseng, e ne e le libe tse neng li bakoa ke litakatso tse fosahetseng kapa bofokoli ba nama (6:1-3). Ho phaella ho boleleng libe tse joalo, ho ne ho hlokahala hore mofosi a lefe seo ebang o se nkile ebe o hlahisa nyehelo ea molato ho Jehova.—Levitike 6:4-7.
Ho Hong ho Molemo ho Tlang
19. Ho sa tsotellehe hore ba ne ba e-na le Molao le mahlabelo a oona, ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba hlōleha ho fumana mohau oa Molimo?
19 Molao oa Moshe, ka mahlabelo le linyehelo tsa oona tse ngata, o ile oa fuoa Baiseraele ho ba nolofalletsa ho atamela Molimo bakeng sa ho fumana mohau oa hae le tlhohonolofatso ho fihlela ho fihla Peō e tšepisitsoeng. Moapostola Pauluse, e le Mojuda ka tlhaho, o ile a beha taba ena ka tsela ena: “Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste, e le hore ho ka boleloa re lokile ka lebaka la tumelo.” (Bagalata 3:24) Ka masoabi, Baiseraele e le sechaba ha baa ka ba arabela tataisong eo empa ba ile ba sebelisa tokelo eo hampe. Ka lebaka leo, mahlabelo a bona a mangata a ile a nyonyeha ho Jehova, ea ileng a re: “Ke khathetse ke linyehelo tse feletseng tsa secheso tsa lipheleu le mafura a liphoofolo tse fepehileng hantle; ha kea khahloa ke mali a lipohoana le likonyana tse tona le liphooko.”—Esaia 1:11, NW.
20. Ho ile ha etsahala’ng ka 70 C.E. ka Molao le mahlabelo a oona?
20 Ka 70 C.E., tsamaiso ea Sejuda ea lintho, ka tempele ea eona le boprista, e ile ea fela. Ka mor’a moo, ho ne ho se ho sa khonehe hore ho etsoe mahlabelo a bontšitsoeng ke Molao. Na see se bolela hore mahlabelo, e le karolo ea bohlokoa ea Molao, a feletsoe ke moelelo oohle bakeng sa barapeli ba Molimo kajeno? Re tla hlahloba sena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ea hlalosa: “Kamoo ‘ho koahela’ ho sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, ho na le mohopolo oa motheo oa ‘ho khurumetsa’ kapa ho ‘fapanyetsana,’ le oa se fanoang bakeng sa se seng, kapa se fanoang e le ‘sekhurumelo’ sa ho hong, ntho e ’ngoe e lokelang ho lekana le [ho koaheloang]. . . . Ho koahela ka ho loketseng se lahliloeng ke Adama, ho ne ho tla tlameha hore ho fanoe ka nyehelo ea sebe e lekanang hantle le bophelo bo phethahetseng ba motho.”
b Lentsoe la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le “nyehelo” ke qor·banʹ. Ha Mareka a tlaleha ho nyatsa ha Jesu mokhoa o sa lokelang oa bangoli le Bafarisi, o ile a hlalosa hore “korbane” e bolela “mpho e nehetsoeng ho Molimo.”—Mareka 7:11.
Na U ka Hlalosa?
• Banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ile ba susumelletsoa ke eng ho nyehela mahlabelo ho Jehova?
• Ke hobane’ng ha mahlabelo a ne a hlokahala?
• Ke mefuta efe e ka sehloohong ea mahlabelo e neng e nyeheloa tlas’a Molao, ’me morero oa ’ona e ne e le ofe?
• Ho latela Pauluse, Molao le mahlabelo a oona li ne li phetha morero ofe oa bohlokoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Sehlabelo sa Abele se ne se khahlisa hobane se ne se bontša tumelo ea hae tšepisong ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na u utloisisa se boleloang ke boemo boo?