Na U Tla Rua Molemo Lilekaneng Tsa Molimo?
“Lichaba tsohle li tla hlohonolofalla ho uena. Ka baka leo, ba tumelo ba hlohonolofala le Abrahama molumeli.”—BA-GALATA 3:8, 9.
1. Histori e bontša eng ka phello ea lipuso tse ngata?
“MARENA a khabane [kapa, a leseling]” ke kamoo babusi ba bang ba lekholong la bo18 la lilemo ba bitsoang kateng. Ba ‘ne ba e-na le moea o motle oa ho busa batho ba bona ka mosa oa bontate, empa litokisetso tsa bona li ile tsa fosahala ’me litokiso tsa bona tsa hlōleha ho hang.’a (The Encyclopedia Americana) Hona e ne e le sona sesosa se ka sehloohong sa bofetoheli bo ileng ba kopela Europe ka potlako.
2, 3. Jehova o fapana joang le marena a batho?
2 Jehova o fapane hakaakang le babusi ba feto-fetohang ba batho. Re ka bona habonolo kamoo ka ho tepeletsang batho ba hlokang phetoho e tla qetella e hlahisitse lipheko tsa sebele bakeng sa ho hloka toka le mahlomola. Empa ha ho hlokahale hore re tšoenyehe hore mehato eo Molimo o tlang ho e nka ho tlisa sena e itšetlehile ka ntho e ’ngoe e itseng e belaetsang. Bukeng e abjoang ka bophara ka ho fetisisa lefatšeng, o ngotse pallo ea oona ea ho tlisetsa batho ba lumelang mahlohonolo a ka mehla. Hona ho tla etsahala ho sa tsotellehe hore na pele semelo sa bochaba, morabe, thuto, kapa boemo bophelong e ne e le sefe. (Ba-Galata 3:28) Empa na u ka itšetleha ka see?
3 Moapostola Pauluse o ile a qotsa karolo ea tiiso eo Molimo o neng o e file Abrahama: “Ruri, ke tla u hlohonolofatsa.” Pauluse o phaella ka hore kaha ‘Molimo o ke ke oa etsa leshano,’ re ka ba le khothatso e matla ‘ea ho phallela tšepo eo re e beetsoeng.’ (Ba-Heberu 6:13-18) Tšepo ea rōna mahlohonolong ao e ka matlafatsoa hape ke ho hlokomela tsela e laolehileng eo ka eona Molimo o ileng oa rala motheo bakeng sa ho phethahatsa sena.
4. Molimo o ile oa sebelisa joang lilekane tse fapa-fapaneng ho finyella morero oa oona?
4 Re se re bone hore Molimo o ile oa etsa selekane le Abrahama se neng se ama peō eo e neng e tla ba kofuto bakeng sa ho hlohonolofatsa “lichaba tsohle tsa lefatše.” (Genese 22:17, 18) Baiseraele ba ile ba fetoha peō ea sebele, empa ka kutloisiso ea moea ea bohlokoa haholoanyane, Jesu Kreste o ile a ipaka hore ke karolo ea pele ea peō ea Abrahama. Jesu hape e ne e le Mora, kapa Peō, oa Abrahama e Moholoanyane, Jehova. Bakreste bao e leng “ba Kreste” ba etsa karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama. (Ba-Galata 3:16, 29) Ka mor’a ho thea selekane sa Abrahama, ka nakoana Molimo o ile oa se phaella ka selekane sa Molao se neng se entsoe le sechaba sa Iseraele. Se ile sa paka hore Baiseraele e ne e le baetsalibe ba neng ba hloka moprista oa ka mehla le sehlabelo se phethahetseng. Se ile sa sireletsa lesika la Peō ’me sa thusa ho tsebahatsa Peō eo. Selekane sa Molao hape se ile sa bontša hore, ka tsela e ’ngoe eitseng, Molimo o ne o tla hlahisa sechaba sa marena le baprista. Ha molao o sa ntsane o sebetsa, Molimo o ile oa etsa selekane le Davida hore o be le lesika la borena le tsoang lelapeng le le leng Iseraeleng. Selekane sa ’Muso sa Davida se ile sa supa hape ho e mong ea nang le bobusi ba ka mehla holim’a lefatše.
5. Ke lipotso life kapa mathata tseo ho neng ho sa ntsane ho hlokahala hore li rarolloe?
5 Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le litšobotsi kapa sepheo sa lilekane tsena tse neng li bonahala li sa fella kapa ho hlokahala hore li hlakisoe. Ka mohlala, haeba Peō e neng e e-tla e ne e tla ba morena lesikeng la Davida, ke joang moprista e neng e ka ba oa ka mehla ea neng a tla etsa ho fetang feela ho entsoeng ke baprista ba nakong a fetileng? (Ba-Heberu 5:1; 7:13, 14) Na Morena enoa o ne a tla busa ho fetang sebaka se lekanyelitsoeng sa lefatše? Karolo ea bobeli ea peō e ne a tla tšoaneleha joang hore e be lelapeng la Abrahama e Moholoanyane? Le haeba ba ne ba ka tšoaneleha, ba ne ba tla ba le sebaka sefe sa puso, kaha boholo ba litho tsa bona bo ne bo sa tsoe ho Davida? A re boneng kamoo Molimo o ileng oa nka mehato ea molao ka ho etsa lilekane tse eketsehileng tse neng li tla rarolla lipotso tsena, o bula tsela bakeng sa tlhohonolofatso ea rōna ea ka mehla.
Selekane Bakeng sa Moprista oa Leholimo
6, 7. (a) Ho latela Pesaleme ea 110:4, ke selekane sefe se seng seo Molimo o ileng oa se thea? (b) Ke boitsebiso bofe ba nakong e fetileng bo ka re thusang ho utloisisa selekane see se eketsehileng?
6 Joalokaha re bone, ka hare ho selekane sa Molao, Molimo o ile oa etsa selekane le Davida bakeng sa ngoana (peō) ea neng a tla busa ka mehla holim’a ’muso oa lefatše. Empa Jehova o ile a boela a senolela Davida hore moprista oa ka mehla o ne a tla tla. Davida o ile a ngola: “Jehova o hlapantse, a ke ke a koeneha; o itse: U moprista ka ho sa eeng kae, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Pesaleme ea 110:4) Ke eng e neng e susumetsa lentsoe lena le hlapanyelitsoeng la Molimo le ileng la lekana le selekane sa botho pakeng tsa Jehova le Moprista ea tlang?
7 Melkisedeke e ne e ile ea e-ba morena oa Salema ea boholo-holo, eo ka ho hlakileng e neng e le setšeng seo hamorao motse oa Jerusalema (lebitso le akarelletsang “Salema”) o ileng oa ahoa ho sona. Tlaleho ea litšebelisano tsa Abrahama le eena e totobatsa hore e ne e le morena ea neng a rapela “Molimo o holimo-limo.” (Genese 14:17-20) Leha ho le joalo, polelo ea Molimo ho Pesaleme ea 110:4 e bontša hore Melkisedeke hape e ne e le moprista, ho neng ho mo etsa mothoea khethehileng. E ne e le morena le moprista, ’me o ne a sebeletsa moo hamorao marena a lesika la Davida le baprista ba Levi ba ileng ba phetha mesebetsi ea bona e lokiselitsoeng ke Molimo.
8. Selekane sena sa ho ba moprista ea kang Melkisedeke se ile sa etsoa le mang, bona ka phello efe?
8 Pauluse o re thusa ka lintlha tse eketsehileng ka selekane sena sa moprista ea kang Melkisedeke. Ka mohlala, o bolela hore e ne e le Jesu Kreste ea ileng a ‘bitsoa ke Molimo hore e be moprista e moholo ka mokhoa oa Melkisedeke.’ (Ba-Heberu 5:4-10; 6:20; 7:17, 21, 22) Le hoja Melkisedeke ka ho totobetseng a ne a e-na le batsoali ba batho, ha ho na tlaleho ea leloko la hae. Ka hona ho e-na le hore Jesu e be mojalefa oa ofisi ea moprista ka mokhoa oa lesika le tlalehiloeng ho tloha ho Melkisedeke, o ile a khethoa ka ho toba ke Molimo. Boprista ba Jesu bo ke ke ba fetisetsoa ho mohlahlami, hobane ‘o lutse e le moprista ka ho sa feleng.’ Ho joalo, hobane melemo ea litšebeletso tsa boprista ba hae e tla ba ea ka mehla. Ruri re ka hlohonolofala ke ho ba le moprista ea “ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena” le ea tla laea le ho tataisa ka ho sa feleng ba tšepahalang.—Ba-Heberu 7:1-3, 15-17, 23-25.
9, 10. Ho tseba selekane sena sa bohlano ho atolosa kutloisiso ea rōna joang ea kamoo morero oa Molimo o tlang ho phethahatsoa?
9 Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ke hore karolo ea Jesu e le Morena le Moprista e fetela ka ng’ane ho tikoloho ea lefatše. Hona tabeng eo a ileng a bolela selekane sena sa moprista ea kang Melkisedeke, Davida o ile a ngola: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” Ka hona re ka bona hore Jesu—Morena oa Davida—o ne a lokela ho ba le sebaka leholimong le Jehova, e leng ho ileng ha etsahala nyolohelong ea hae. Ho tsoa leholimong, Kreste a ka sebelisa matla le Ntate oa hae ho busa lira le ho phethahatsa likahlolo.—Pesaleme ea 110:1, 2; Liketso 2:33-36; Ba-Heberu 1:3; 8:1; 12:2.
10 Ka baka leo, ha re tseba ka selekane sena sa bohlano, re na le pono e atolohileng ea tsela e laolehileng le e phethahetseng eo Jehova a tlang ho finyella morero oa hae ka eona. E tiisa hore karolo ea pele ea peō le eona e tla ba moprista leholimong le hore puso ea hae joaloka Morena le Moprista e tla akaretsa bokahohle.— 1 Petrose 3:22.
Selekane se Secha le Karolo ea Bobeli ea Peō
11. Ke mathata afe a ileng a e-ba teng ka karolo ea bobeli ea peō?
11 Pelenyana ha re ne re buisana ka selekane sa Abrahama, re ile ra hlokomela hore Jesu o ile a fetoha karolo ea pele ea peō ka tokelo ea tlhaho. O tsoile ka ho toba ho mopatriareka Abrahama ’me joaloka motho ea phethahetseng, e bile Mora ea amohelehang oa Abrahama e Moholoanyane. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba nang le monyetla oa ho ba karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama, “majalefa a pallo”? (Ba-Galata 3:29) Ba sa phethahala, e le karolo ea lelapa la moetsalibe Adama, e ne e tla ba ba sa tšoaneleheng ho ba lelapeng la Jehova, Abrahama e Moholoanyane. Khoreletso ea ho se phethahale e ne e tla hlōloa joang? Hoo ho ne ho tla ba thata bakeng sa batho, empa ha ho thata bakeng sa Molimo.—Mattheu 19:25, 26.
12, 13. (a) Molimo o ile oa profeta selekane se seng joang? (b) Ke tšobotsi efe e khethehileng ea selekane see eo ho hlokahalang hore re e ele hloko?
12 Ha Molao o sa ntsane o sebetsa, Molimo o ile oa profeta ka moprofeta oa oona: “Ke tla etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda; e seng joalo ka selekane seo ke se entseng le bo-ntat’a bona moholo, . . . e leng [seo] ba kileng ba [se] roba . . . Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka. Ha ba sa tla ruta: . . . Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, . . . hobane ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona!”—Jeremia 31:31-34.
13 Hlokomela hore tšobotsi e ’ngoe ea selekane sena se secha e ne e le tšoarelo ea libe, ka ho totobetseng ka tsela e neng e sa ‘tšoane’ le ea tokisetso ea mahlabelo a liphoofolo tlas’a Molao. Jesu o ile a chabisa sena ka letsatsi leo a shoeleng ka lona. Ka mor’a ho kopanela le barutuoa ba hae ho keteka Paseka joalokaha a ne a hlokoa ke Molao, Kreste o ile a hloma Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Mokete ona oa selemo le selemo o ne o tla ama ho kopanela senoelo sa veine, seo Jesu a itseng ka sona: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.”—Luka 22:14-20.
14. Ke hobane’ng ha selekane se secha e le sa bohlokoa ho hlahiseng karolo ea bobeli ea peō?
14 Kahoo, ho ne ho tla etsoa hore selekane se secha se sebetse ka mali a Jesu. Motheong oa sehlabelo se phethahetseng joalo, Molimo o ne o ka ‘tšoarela litlōlo le libe’ hang le ka mehla. Nahana hore na seo se ne se tla bolela eng! Kaha o ne o ka etsa hore batho ba inehetseng ba lelapeng la Adama ba tšoareloe libe ka ho phethahetseng, Molimo o ne o ka ba talima ba se na sebe, o ba tsoala e le bara ba moea ba Abrahama e Moholoanyane, ’me joale o ba tlotsa ka moea o halalelang. (Ba-Roma 8:14-17) Ka hona, selekane se secha se ileng sa tiisoa ka sehlabelo sa Jesu se nolofaletsa barutuoa ba hae hore ba fetohe karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama. Pauluse o ile a ngola: ‘Ka lefu la hae [Jesu o ne a tla felisa] ea nang le ’muso oa lefu, ke ho re, Diabolose, ’me a lokolle bohle ba neng ba le bohlankeng ka matsatsi ’ohle a ho phela ha bona ke ho tšaba lefu. Hobane ka ’nete ha a ka a tlela mangeloi, empa o tletse leloko [peō ea] Abrahama.’—Ba-Heberu 2:14-16; 9:14.
15. Batho ba neng ba ameha selekaneng se secha ke bafe?
15 Ha Jesu e ne e tla ba Mokena-lipakeng le sehlabelo se tiisang selekane se secha, ke batho bafe ba neng ba ameha selekaneng see? Jeremia o ile a profeta hore Molimo o ne o tla etsa selekane sena le “ntlo ea Iseraele.” Iseraele efe? E seng Iseraele ea nama e bololitsoeng tlas’a Molao, hobane selekane seo se secha se ile sa etsa selekane sa pele ntho e tsofetseng. (Ba-Heberu 8:7, 13; bona leqephe 31.) Molimo joale o ne o tla sebelisana le Bajode le Balichaba bao ka tumelo ka tšoantšetso ‘ba neng ba se ba bololitsoe pelong ka moea.’ Hona ho lumellana le ho bolela ha oona hore ho bao ba selekaneng se secha ‘melao ea oona e ne e tla ngoloa likelellong le lipelong tsa bona.’ (Ba-Roma 2:28, 29; Ba-Heberu 8:10) Pauluse o ile a bitsa Bajode ba joalo ba moea “Iseraele oa Molimo.”—Ba-Galata 6:16; Jakobo 1:1.
16. Selekane se secha se thusa joang ho finyella se ileng sa bontšoa ke Exoda 19:6?
16 Kaha joale Molimo o ne o sebelisana le Iseraele oa moea, monyako oa monyetla o ile oa buleha. Ha Molimo o ne o theha Molao, o ne o ile oa bua ka hore bara ba Iseraele ba ne ba tla fetoha “’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” (Exoda 19:6) Ha e le hantle, Iseraele ea nama e ne e ke ke ’me ha ho mohla e kileng ea fetoha sechaba seo ho sona bohle e neng e le marena le baprista. Empa Bajode le Balichaba ba ileng ba amoheloa hore e be karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama ba ne ba ka fetoha marena le baprista.b Moapostola Petrose o ile a tiisa sena, a bolella ba joalo: “Le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing.” Hape o ngotse hore ‘ba boloketsoe lefa le sa boleng maholimong.’—1 Petrose 1:4; 2:9, 10.
17. Ke hobane’ng ha selekane se secha se ‘fetisa’ selekane sa Molao?
17 Ka baka leo, selekane se secha se sebetsa le selekane sa Abrahama se bileng teng pele ho hlahisa karolo ea bobeli ea peō. Selekane sena se secha pakeng tsa Jehova le Bakreste ba tsoetsoeng ka moea se lumella hore ho thehoe sechaba sa leholimo sa marena le baprista lelapeng la borena la Abrahama e Moholoanyane. Joale, re ka bona hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bolela hore sena ke “selekane se fetisang, se hlabiloeng ka lipallo tse fetisang.” (Ba-Heberu 8:6) Lipallo tseo li akarelletsa tlhohonolofatso ea hore molao oa Molimo o ngoloe lipelong tsa ba inehetseng bao libe tsa bona li seng li sa hopoloe, ’me bohle ‘ba tseba Jehova, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo.’—Ba-Heberu 8:11.
Selekane sa Jesu Bakeng sa ’Muso
18. Ke ka kutloisiso efe lilekane tseo re buisaneng ka tsona ho tla fihlela joale li sa phethang ka ho felletseng morero oa Molimo?
18 Ha re busa mehopolo ka lilekane tse tšeletseng tseo re li tšohlileng, ho ka ’na ha bonahala hore Jehova ka molao o lokiselitse sohle se hlokahalang ho finyella morero oa hae. Leha ho le joalo, Bibele e hlahisa selekane se seng se tlamahanang le seo re buisaneng ka sona, selekane se akaretsang litšobotsi tse eketsehileng tsa taba ena ea bohlokoa. Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ka nepo ba lebelletse hore ‘Morena a ba namolele mesebetsing eohle a mebe, ’me a ba bolokele ho kena ’musong oa hae oa leholimo.’ (2 Timothea 4:18) Leholimong, e tla ba sechaba sa marena le baprista, empa ba tla busa sebaka sefe? Ha ba tsosetsoa leholimong, Kreste o se a ntse a le moo e le moprista e moholo ea phethahetseng. Hape o tla be a eme ka matla a borena bakeng sa puso ea bokahohle. (Pesaleme ea 2:6-9; Tšenolo 11:15) Marena le baprista ba bang bona ba tla be ba salletsoe ke eng?
19. Selekane sa bohlokoa sa bosupa se ile sa etsoa joang hona neng?
19 Ka la 14 Nisane, 33 C.E., mantsiboeeng ao Jesu a ileng a thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka ’ona le ho bolela “selekane se secha maling a ka,” o ile a bua ka selekane se seng, sa bosupa se ka tšohloang. O ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang: “Ke lōna ba tiiselitseng le ’na melekong ea ka. ’Me ’na ke le nea ’muso, joalo ka ha Ntate a ’neile oona, le tle le be ba jang le ba noang tafoleng ea ka le ’musong oa ka; ’me le tle le lule literoneng, le ahlole meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:20, 28-30) Joalokaha Ntate a ne a entse selekane le Jesu hore e be moprista ea kang Melkisedeke, ka hona Kreste o ile a etsa selekane sa botho le balateli ba hae ba tšepahalang.
20. Selekane bakeng sa ’Muso se ile sa etsoa le bo-mang, hona hobane’ng? (Daniele 7:18; 2 Timothea 2:11-13)
20 Ka sebele baapostola ba 11 ba ne ba tiiselitse le Jesu litekong tsa hae, ’me selekane se ile sa bontša hore ba ne ba tla lula literoneng. Ho feta moo, Tšenolo 3:21 e paka hore Bakreste bohle ba tsoetsoeng ka moea ba ipakang ba tšepahala ba tla lula literoneng tsa leholimo. Kahoo, selekane sena se entsoe le bohle ba 144 000 ba rekiloeng ka mali a Jesu hore ba tla nkeloa leholimong e le baprista ’me ba ‘buse holim’a lefatše e le marena.’ (Tšenolo 1:4-6; 5:9, 10; 20:6) Selekane seo Jesu a se etsang le bona se ba kopanya le eena hore ba kopanele le eena sebakeng seo a se busang. Ka kutloisiso eitseng, ho joalokaha monyaluoa ea tsoang lelapeng le phahameng a kopanngoa ka lenyalo le morena ea busang. Kahoo monyaluoa eo o ba boemong ba ho kopanela pusong ea hae ea ’muso.—Johanne 3:29; 2 Ba-Korinthe 11:2; Tšenolo 19:7, 8.
21, 22. Ke tlhohonolofatso efe e ka lebelloang ka lebaka la se ka finyelloang ke lilekane tsee?
21 E be hoo ho tla bulela batho ba utloang melemo efe? Jesu kapa ba 144 000 ba ke ke ba tšoana le marena a khabane a ‘sitiloeng ho lokisetsa litharollo tsa sebele.’ Ho e-na le hoo, re tiisetsoa hore Jesu ke moprista e moholo ‘ea lekiloeng nthong tsohle joalo ka rōna, empa ha a ka a etsa sebe.’ Ka baka leo re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ka ‘nahanela’ mefokolo ea batho le hore na ke hobane’ng ha “linku tse ling,” joalokaha e bile ’nete ka Bakreste ba tlotsitsoeng, le tsona, ka Kreste, li ka atamela terone ea Molimo li ‘bua ka bolokolohi.’ Ka hona, le tsona ‘li ka bona mohau li tle li fumane lereko li tle li thusoe nakong a loketseng.’—Ba-Heberu 4:14-16, NW; Johanne 10:16.
22 Ba kentsoeng selekaneng sa hore ba kopanele le Jesu e le marena le baprista le bona ba kopanela ho hlohonolofatseng batho. Joalokaha baprista ba boholo-holo ba Levi ba ne ba tsoela sechaba sohle sa Iseraele molemo, ka bona ba sebeletsang literoneng tsa leholimo le Jesu ba tla ahlola ka ho loka bohle ba phelang lefatšeng. (Luka 22:30) Marena le baprista bao e kile ea e-ba batho, ka hona ba tla nahanela litlhoko tsa batho. Karolo ena ea bobeli ea peō e tla sebelisana le Jesu ho bona hore ‘lichaba tsohle lia hlohonolofatsoa.’—Ba-Galata 3:8.
23. Batho ka bomong ba lokela ho nka khato joang tšebelisanong le lilekane tsee?
23 Bohle ba lakatsang ho kopanela tlhohonolofatsong eo, kahoo ba rua molemo lilekaneng tsa Molimo, hona joale ba mengoa hore ba etse joalo. (Tšenolo 22:17) Bohato bo bong bo molemo ke ho ba teng boikhopotsong ba Sejo sa Morena sa Mantsiboea, bo tla etsoa hoba letsatsi le likele ka Laboraro, la 22 Tlhakubele, 1989. Ka kōpo etsa litokisetso hona joale hore u tle u be teng ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Moo u tla ithuta haholoanyane ka lilekane tsa bomolimo ’me u tla bona ka ho tsoetseng pele kamoo u ka ruang molemo ho tsona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Le tsona litokiso tse neng li nahanetsoe hantle ka ho fetisisa li ile tsa siea balemi ba tlaase e le mafutsana, ba maemong a phahameng bona ba filoe litokelo tse phahameng ka ho fetisisa le ho lefisoa makhetho a tlaase, sehlopha sa ba bohareng sona se kenelletse ka mokhoa o sa khotsofatseng pusong le sechabeng . . . Ho ka boleloa hore ha borena bo leseling bo qala ho talimana le mathata a neng a ke ke a hlola a hlokomolohuoa, bo ne bo sitoa ho fana ka litharollo tsa sebele linthong tse neng li etsahala lipolotiking le moruong mehleng eo.”—Western Civilization—Its Genesis and Destiny: The Modern Heritage.
b Jesu hase karolo ea selekane se secha. Ke Mokena-lipakeng oa sona ’me ha a na libe tse hlokang tšoarelo. Ho feta moo, ha ho hlokahale hore eena e be morena le moprista ka sona, hobane ke morena ho latela selekane sa Davida le moprista ea kang Melkisedeke.
Na u sa Hopola?
◻ Selekane se boletsoeng ho Pesaleme ea 110:4 se entsoe ka lebaka lefe, ’me se ile sa finyella eng?
◻ Ke bafe ba selekaneng se secha, ’me se ile sa thusa joang ho hlahisa sechaba sa marena le baprista?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa selekane sa botho le balateli ba hae?
◻ Re buisane ka lilekane life tse supileng?
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Selekane sa Edene Genese 3:15
Selekane sa Abrahama
Selekane sa molao
Selekane sa ’Muso sa Davida
Selekane bakeng sa moprista ea kang Melkisedeke
Peō ea pele
Peō ea bobeli
Mahlohonolo a ka mehla
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Selekane sa Edene Genese 3:15
Selekane sa Abrahama
Selekane sa molao
Selekane se secha
Selekane sa ’Muso sa Davida
Selekane bakeng sa moprista ea kang Melkisedeke
Peō ea pele
Selekane bakeng sa ’Muso oa Leholimo
Peō ea bobeli
Mahlohonolo a ka mehla