Pono ea bibele
Na Tsebo ea Molimo ke ea Batho ba ’Maloa ba Khethehileng?
BOSIU ba July 1987 bo bone ketsahalo e makatsang Palais des Congrès Paris, Fora. Ka har’a holo e khōlō mabone a ne a phatsima, ’me ’mino oa bolumeli o khutsitseng o ne o tsoakana le melumo ea litšepe tse llang. Sethaleng banna ba babeli ba apereng li-mask tse ntšo ba sisinya lesela le leholo le sethaleng le kang sekepe, ha mosi o mebala-bala o tsoa ka mahlakoreng a mabeli a sethala. Nakong eona eo, banna ba bangata ba apereng liaparo tse tšoeu le basali ba ile ba hlahella ka pel’a bamameli ba 4 000.
Ho ne ho etsahala eng? Na e ne e le mokete oa ’mino oa rock? Che, e ne le mokete oa bolumeli oa thuto ea sephiri oa balateli ba Rosicrucian, e leng mokha oa bohlale ba sephiri. Leha ho le joalo, ho balumeli ba bacha ba tsamaiso ena ea lithuto tsa sephiri, mokete ona oa bolumeli ebile feela mohato oa pele lethathamong la thupelo.
Ka litsela tse ling mokhatlo oa sephiri oa balateli ba Rosicrucian o tšoana le mekha ea Gnostic e ileng ata nakong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. ’me e ile ea phehisana le Bokreste. Magnostic a ne a lumela hore poloko e tla ka tsebo ea sephiri le hore bohlale bo joalo ba sephiri e ne e le ba sehlotšoana se khethehileng feela sa batho. Empa na tsebo ea Molimo ke ea batho ba ’maloa feela ba khethehileng? Na e lekanyelitsoe feela ho sehlotšoana se nyenyane sa batho ba khethehileng?
Na Bokreste ke ba Litho tsa Sephiri?
Bangoli ba bang ba nahana hore Bokreste, ho isa boholeng bo itseng, bo lekanyelitsoe sehlopha sa batho ba ’maloa. Bukeng ea hae L’èsotè-risme, Luc Benoist, mohlokomeli ea hlomphehang oa Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale, Fora, o ngotse: “Matšoao a mang a thuto e patehileng a fumanoa mangolong a Mohalaleli Pauluse: ‘Ke le fepile ka lebese e seng ka lijo tse thata. . . . Bohle ba phelang ka lebese feela ha ba utloisise lipolelo tse Bohlale, [Tlhaloso e khutsufalitsoeng ea 1 Ba-Korinthe 3:2 le Ba-Heberu 5:13] Mangolo a pele a Bontate [ba Kereke] a supa ‘’nete eo molumeli e mocha a neng a ke ke a e utloisisa.’ ”
Leha ho le joalo, na Pauluse o ne a ngola ka tsebo e patehileng? Che, mantsoe a Pauluse a potolohileng taba a bontša hore o ne a khothatsa Bakreste ’moho le eena bao e neng e se basokolohi ba bacha. Pauluse o ne a ngolla Bakreste ba neng ba sa tsoele pele moeeng bao e neng e “lokela ho ba baruti” ba batho ba bang “ka lebaka la nako” eo ba nang le eona tumelong.—Ba-Heberu 5:12, NW.
Kahoo, Pauluse o ne a sa bue ka linnete tseo a neng a lakatsa ho li boloka e le sephiri, empa litlhaloso tseo a neng a lakatsa ho li abelana le bona tse neng li phahametse kutloisiso ea bona ea moea ka lebaka la hobane ba sa bontše tsoelopele tsebong ea Mangolo joaloka ha ba ne ba loketse ho etsa. Re ka bapisa boemo ba Pauluse har’a Bakreste ba bang le ba tichere e rutang lipalo e lebeletseng hore liithuti tsa eona li tsoele pele. Haeba liithuti li ne li hlōleha ho etsa mosebetsi oa tsona ka tšoanelo ’me li sa utloisise ka botlalo melao metheo e bonolo ea ho kopanya le ho li atisa, tichere e ne tla thatafalloa ho li thusa ho utloisisa mokhoa oa ho bapisa mahlakore a mabeli a lipalo.
Tsebo e Bulehetse Bohle
Ka ho utloahalang, tsebo ea Bibele ha ea ema sebakeng se le seng. Ka nako le boiteko ho bonolo ho fumana tsebo e molemo ea ’nete le kutloisiso e tebileng ea lintho tsa moea. Ho feta moo, Bibele e bontša hore ka ho tsoelang pele Jehova o ile a senolela bahlanka ba hae merero ea hae, empa le ka mohla ha e bolele ka ‘linnete tse patiloeng’ tse neng li ka fumaneha ho ba bang empa li patetsoe ba bang bao ka botšepehi ba neng ba li batla ’me hape ba phela nakong e tšoanang. (Pesaleme ea 147:19, 20; Liproverbia 2:1-11; 4:18; Esaia 45:19) Ho ’nile ha ba joalo e seng feela ka litšebelisano tsa Molimo le sechaba sa Iseraele empa hape le ha Mora oa hae, Jesu Kreste, a ne a rala motheo oa Bokreste.
Nakong ea tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le halofo, Jesu o ile a sebetsa karolo e khōlō ea tšimo ea Iseraele. Na o entse see ka lekunutu kapa a etela sehlopha se khethehileng sa batho? Che. O ile a bolela molaetsa oa hae ho batho bohle, hangata ka pel’a matšoele. Nakoana pele ho lefu la hae, ha baetapele ba bolumeli ba Bojode ba ’motsa ka mokhoa oa hae oa ho ruta, o hlalositse: “Ke bolelletse lefatše phatlalatsa. Kamehla ke ne ke ruta masynagogeng le tempeleng, moo Bajode ba phuthehelang hammoho; ’me ha ke a ka ka bua letho ka sephiring.”—Johanne 18:20, NW.
Na ua hlokomela hore molaetsa oa Jesu o lebisitsoe ho bamameli ba bangata ho feta feela ba Palestina? O lebisitsoe ho lefatše lohle! Jesu ha a ka a re: ‘Ke boletse lentsoe ho batho bohle,’ ke hore Bajode kaofela. Ho e-na le hoo, e le ka boprofeta, o ile a khetha lentsoe le tšoanelehang e leng “lefatše.”a Kahoo, Jesu o ne a sa rute thuto e patehileng; e ne e le ea motho e mong le e mong, libakeng tsohle.
Ke ’nete, Jesu o sebelisitse puo ea tšoantšetso, haholo-holo ha a ne a ruta ka litšoantšo kapa lipapiso. Empa mokhoa ona o ile oa mo nolofaletsa ho etsa khetho har’a bamameli ba hae. Bao bonneteng ba neng ba sa thahaselle thuto ea Jesu ba ile ba mamela feela litšoantšo tsa hae ’me ba itsamaela ntle le ho sheba taba ka botebo. Ba neng ba nyoretsoe tsebo ba ile ba sala bakeng sa tlhaloso e eketsehileng. Kahoo, tsebo e ne e fumaneha habonolo bakeng sa ba neng ba e batla ka botšepehi.—Mattheu 13:13, 34-36.
’Nete ea hore Bokreste bo bulehetse bohle e utloahala mantsoeng a sebelisitsoeng Mangolong ’ohle. Ka mohlala, e ’ngoe ea litemana tsa ho qetela tsa Bibele e na le mantsoe a memo ea Molimo ea ‘ho tla le ho nka feela metsi a bophelo.’ ’Me e bolela ka ho toba: “’Me e mong le e mong ea nyoriloeng a ke a tle, e mong le e mong ea ratang a ke a tle a nke metsi a bophelo feela.” Kahoo, hape tsebo ea Bibele e ile ea etsoa hore e fumanehe bakeng sa batho bohle.—Tšenolo 22:17, NW; bapisa Esaia 55:1.
Le hoja tsebo ea Molimo e fumaneha bakeng sa batho bohle, ho hlokahala boiteko ho e fumana. Bibele e re khothaletsa ho ‘e batla joale ka silevera, le ho e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung.’ (Liproverbia 2:4) Qetellong, tsebo e lokela ho fumanoa Lentsoeng la Molimo, Bibele, ’me bohlale bo tla totobala ha melao-metheo le litaelo li sebelisoa.
Na e tšoaneloa ke boiteko? E, hobane bohlale bo joalo bo tlisa “mahlohonolo a tsoang ho Jehova” ’me e ka lebisa bophelong bo sa feleng. Ke letlotlo le le kaakang! Na uena ka bouena u se u qalisitse ho batla tsebo ee e bohlokoa?—Liproverbia 8:34-36; Pesaleme ea 119:105.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jesu ha a ka a sebelisa mantsoe (pant·i’ toi la·oi’) “ho batho bohle,” ke hore, ho batho.bohle ba ileng ba bokana kapa batho ba morabe o le mong; empa (toi ko’smoi) “ho lefatše,” ke hore, ho moloko oa motho, e leng batho. Ho thahasellisang, A Critical and Exegetical Commentary on the Gospel According to St. John e ile ea bolela ka Johanne 18:20: “Ke ho hlokomelehang hore ho nyatsa ho matla haholo ha lithuto tsa sephiri Melaetseng ho fumanoa mantsoeng a Jesu ho Jn [Johanne].”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 24]
Sethaleng banna ba babeli ba apereng limask tse ntšo ba sisinya lesela le sethaleng le kang sekepe