Ananela Karolo e Ikhethang eo Jesu a e Phethang Morerong oa Molimo
“Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”—JOH. 14:6.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella ho hlahloba karolo e ikhethang eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo?
HA LILEMO li ntse li feta, batho ba bangata ba ’nile ba etsa boiteko ba hore e be ba fapaneng le batho ba ba potolohileng, empa ke ba seng bakae feela ba atlehang. Ke batho ba fokolang le ho feta bao ka nepo ba ka bolelang hore ho na le litsela tse itseng tseo ba ikhethang ka tsona. Leha ho le joalo, Jesu Kreste, Mora oa Molimo o ikhetha ka litsela tse ngata.
2 Ke hobane’ng ha re thahasella karolo e ikhethang e phethoang ke Jesu? Hobane kamano ea rōna le Ntate oa rōna oa leholimo Jehova ea ameha! Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Joh. 14:6; 17:3) A re ke re hlahlobeng tse ling tsa litsela tseo Jesu a ikhethang ka tsona. Ho etsa joalo ho tla hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa karolo eo a e phethang morerong oa Molimo.
‘Mora ea Tsoetsoeng a ’Notši’
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jesu oa ikhetha karolong eo a e phethang e le mora ea tsoetsoeng a ’notši? (b) Karolo eo Jesu a neng a e phetha pōpong e ne e ikhetha ka tsela efe?
3 Jesu hase “mora oa Molimo” feela tjee. Eo ke tsela eo Satane a ileng a mo bitsa ka eona nakong eo a neng a mo leka. (Mat. 4:3, 6) Ka nepo Jesu o bitsoa “Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.” (Joh. 3:16, 18) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ea tsoetsoeng a ’notši,” le ’nile la hlalosoa e le “ea mofuta oa eona e le ’ngoe,” “setho se le seng sa leloko leo kapa sa mofuta oo” kapa “ntho e ikhethang.” Jehova o na le bara ba moea ba makholo a limilione. Joale ke ka tsela efe ho ka thoeng Jesu ke eena feela ‘oa leloko le itseng kapa oa mofuta o itseng’?
4 Jesu o ikhetha ka hore ke eena feela ea bōpiloeng ke Ntate oa hae ka ho toba. Ke Mora oa letsibolo. Ha e le hantle, ke “letsibolo la pōpo eohle.” (Bakol. 1:15) Ke “tšimoloho ea pōpo ea Molimo.” (Tšen. 3:14) Karolo eo Mora ea ’notši a e phethang pōpong le eona ea ikhetha. E ne e se eena ’Mōpi kapa Moqapi oa pōpo. Empa Jehova o ile a mo sebelisa e le moemeli kapa eo a ileng a bōpa lintho tse ling kaofela ka eena. (Bala Johanne 1:3.) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate, eo lintho tsohle li tsoang ho eena, ’me rōna re ba hae; ho na le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo ka eena lintho tsohle li leng teng, le rōna re leng teng ka eena.”—1 Bakor. 8:6.
5. Mangolo a totobatsa litsela tse ling tseo Jesu a ikhethang ka tsona joang?
5 Leha ho le joalo, Jesu o ikhetha ka litsela tse ling tse ngata. Mangolo a mo bitsa ka litlotla tse ngata tse totobatsang karolo e ikhethang eo a e phethang morerong oa Molimo. Joale, a re ke re hlahlobeng litlotla tse ling tse hlano tseo Jesu a bitsoang ka tsona ka Mangolong a Segerike a Bakreste.
“Lentsoe”
6. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Jesu o bitsoa “Lentsoe”?
6 Bala Johanne 1:14. Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “Lentsoe”? Tlotla ena e hlalosa mosebetsi oo a ’nileng a o etsa ka mor’a hore ho bōptjoe libōpuoa tse ling tse bohlale. Jehova o ile a sebelisa Mora oa hae hore a fetisetse litaba le litaelo ho bara ba bang ba moea, feela joalokaha Molimo a ile a sebelisa Mora eo hore a fetisetse molaetsa oa hae ho batho lefatšeng. Taba ea hore Jesu ke Lentsoe, kapa ’Muelli oa Molimo, e tiisoa ke seo Kreste a ileng a se bolella bamameli ba hae ba Bajuda ha a ne a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng. Haeba leha e le mang a lakatsa ho etsa thato ea Hae, o tla tseba malebana le thuto eo hore na ebe e tsoa ho Molimo kapa ke bua ka ho iqalla.” (Joh. 7:16, 17) Jesu o ntse a bitsoa “Lentsoe la Molimo” leha a se a khutletse khanyeng ea hae ea leholimo.—Tšen. 19:11, 13, 16.
7. Re ka etsisa boikokobetso boo Jesu a bo bontšang joang karolong eo a e phethang e le “Lentsoe”?
7 Ak’u nahane feela hore na tlotla ena e bolela’ng. Le hoja Jesu e le eena ea bohlale ka ho fetisisa libōpuoeng tsa Jehova, ha a itšetlehe ka bohlale ba hae. O bua seo Ntate oa hae a mo laelang sona. Kamehla o isa tlotla ho Jehova ho e-na le hore a itlotlise. (Joh. 12:50) Ke mohlala o babatsehang hakaakang oo re ka o etsisang! Le rōna re filoe mosebetsi o tlotlehang oa ho ‘bolela litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.’ (Bar. 10:15) Ho ananela mohlala oa bohlokoa oa Jesu oa boikokobetso ho lokela ho re susumelletsa ho qoba ho bua lintho tseo re iqallang tsona. Ha re fana ka molaetsa o pholosang bophelo o tsoang ka Mangolong, ha re batle ho “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.”—1 Bakor. 4:6.
“Amen”
8, 9. (a) Lentsoe “amen” le bolela’ng, hona ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “Amen”? (b) Jesu o ile a phetha karolo ea hae e le “Amen” joang?
8 Bala Tšenolo 3:14. Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “Amen”? Lentsoe le fetoletsoeng e le “amen” ke phetolelo ea lentsoe le alimiloeng Seheberung le bolelang “ha ho be joalo,” kapa “ka sebele.” Motso oa lentsoe la Seheberu oo le nkiloeng ho oona o bolela “ho tšepahala” kapa “ea ka tšeptjoang.” Lentsoe lona lena le sebelisetsoa ho hlalosa ho tšepahala ha Jehova. (Deut. 7:9; Esa. 49:7) Kahoo, Jesu o ikhetha ka tsela efe ha a bitsoa “Amen”? Hlokomela hore na 2 Bakorinthe 1:19, 20 e arabela potso ena joang: “Etsoe Mora oa Molimo, Kreste Jesu, ea ileng a boleloa har’a lōna . . . , ha aa ka a fetoha E, ’me leha ho le joalo e le Che, empa E, e fetohile E, tabeng ea hae. Etsoe ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena. Ka hona ka eena hape ho thoe ‘Amen’ ho Molimo hore e be khanya.”
9 Jesu ke “Amen” litšepisong tsohle tsa Molimo. Bophelo ba hae bo se nang sekoli ha a ne a le lefatšeng, ho akarelletsa lefu la hae la sehlabelo, li ile tsa tiisa tsa ba tsa etsa hore litšepiso tsohle tsa Jehova Molimo li phethahale. Ka hore a lule a tšepahala, Jesu o ile a boela a bontša hore polelo ea Satane, e tlalehiloeng bukeng ea Jobo, ea hore bahlanka ba Molimo ba ne ba tla Mo latola ha ba hloka, ha ba le mahlomoleng leha ba lekoa, ke leshano. (Jobo 1:6-12; 2:2-7) Har’a libōpuoa tsohle tsa Molimo, Mora oa hae oa letsibolo ke eena ea neng a ka fana ka karabo e neng e ke ke ea hanyetsoa qosong eo. Ho phaella moo, Jesu o ile a fana ka bopaki bo botle ka ho fetisisa bo tšehetsang lehlakore la Ntate oa hae tsekong e khōlō ea hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa bokahohleng.
10. Re ka etsisa Jesu joang karolong e ikhethang eo a e phethang e le “Amen”?
10 Re ka etsisa Jesu joang karolong e ikhethang eo a e phethang e le “Amen”? Ka ho lula re tšepahala ho Jehova le ka ho tšehetsa bobusi ba hae ba bokahohleng. Ha re etsa joalo, re tla be re phetha seo re kōptjoang ho se etsa tlalehong e ho Liproverbia 27:11: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”
“Mokena-lipakeng oa Selekane se Secha”
11, 12. Karolo e phethoang ke Jesu e le Mokena-lipakeng e ikhetha joang?
11 Bala 1 Timothea 2:5, 6. Jesu ke “mokena-lipakeng a le mong pakeng tsa Molimo le batho.” Ke “mokena-lipakeng oa selekane se secha.” (Baheb. 9:15; 12:24) Leha ho le joalo, Moshe le eena o bitsoa mokena-lipakeng—mokena-lipakeng oa selekane sa Molao. (Bagal. 3:19) Joale, karolo e phethoang ke Jesu e le Mokena-lipakeng e ikhetha joang?
12 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mokena-lipakeng” ke lentsoe le sebelisoang litabeng tsa molao. Le bua ka Jesu e le Mokena-lipakeng oa molao (kapa ’muelli) oa selekane se secha se entseng hore ho tsoaloe sechaba se secha, e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) Sechaba sena se bōpiloe ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, bao e bang “baprista ba marena” ba leholimong. (1 Pet. 2:9; Ex. 19:6) Selekane sa Molao, seo Moshe e neng e le mokena-lipakeng oa sona, ha sea ka sa hlahisa sechaba se joalo.
13. Karolo e phethoang ke Jesu e le Mokena-lipakeng e akarelletsa eng?
13 Karolo e phethoang ke Jesu e le Mokena-lipakeng e akarelletsa eng? Jehova o sebelisa molemo oa mali a Jesu ho ba kenngoang selekaneng se secha. Ka tsela ena, ka molao Jehova o ba nka ba lokile. (Bar. 3:24; Baheb. 9:15) Kahoo, Molimo a ka ba kenya selekaneng se secha e le hore e tle e be marena a baprista leholimong! Kaha ke Mokena-lipakeng oa bona, Jesu o ba thusa hore ba lule ba hloekile ka pel’a Molimo.—Baheb. 2:16.
14. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle, ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo ea ho phela hokae, ba lokela ho ananela e le kannete karolo eo Jesu a e phethang e le Mokena-lipakeng?
14 Ho thoe’ng ka ba seng selekaneng se secha, ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong? Le hoja e se karolo ea selekane se secha, ba rua molemo ho sona. Ba tšoareloa libe ’me ho boleloa hore ba lokile e le metsoalle ea Molimo. (Jak. 2:23; 1 Joh. 2:1, 2) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, e mong le e mong oa rōna o na le lebaka le utloahalang la ho ananela karolo eo Jesu a e phethang e le Mokena-lipakeng oa selekane se secha.
“Moprista ea Phahameng”
15. Karolo eo Jesu a e phethang e le Moprista ea Phahameng e fapane joang le ea banna ba bang bohle ba sebelelitseng e le baprista ba phahameng?
15 Nakong e fetileng banna ba bangata ba sebelelitse e le baprista ba phahameng, leha ho le joalo karolo eo Jesu a e phethang e le Moprista ea Phahameng e ikhetha e le kannete. Joang? Pauluse oa hlalosa: “Eena ha ho hlokahale hore letsatsi le leng le le leng, joalokaha ho hlokahala ho baprista bao ba phahameng, a nyehele mahlabelo, pele bakeng sa libe tsa hae e ntan’o ba bakeng sa tsa sechaba: (kaha sena o ile a se etsa hang le ka ho ke keng ha phetoa ha a inyehela;) etsoe Molao o beha banna hore e be baprista ba phahameng ba e-na le bofokoli, empa lentsoe la kano e hlapanyelitsoeng e ileng ea tla ka mor’a Molao le beha Mora, ea entsoeng ea phethahetseng ka ho sa feleng.”—Baheb. 7:27, 28.a
16. Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu se ikhetha e le kannete?
16 Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, a lekana hantle le Adama pele a etsa sebe. (1 Bakor. 15:45) Boemong boo, Jesu e ne e le eena motho a le mong feela ea neng a loketse ho nyehela sehlabelo se phethahetseng le se feletseng—e leng sehlabelo seo ho sa hlokahaleng hore se phetoe. Molaong oa Moshe, mahlabelo a ne a nyeheloa letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, mahlabelo ao kaofela le litšebeletso tsa boprista e ne e mpa e le seriti feela sa seo Jesu a neng a tla se finyella. (Baheb. 8:5; 10:1) Kahoo, kaha Jesu o khona ho finyella se fetang seo baprista ba bang ba phahameng ba neng ba se finyella ebile o tla sebeletsa kamehla karolong eo a e phethang, mosebetsi oo Jesu a o etsang e le Moprista ea Phahameng oa ikhetha.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela karolo eo Jesu a e phethang e le Moprista oa rōna ea Phahameng, ’me re ka etsa seo joang?
17 Re hloka litšebeletso tsa Jesu e le Moprista ea Phahameng ho re thusa hore re be ba lokileng ka pel’a Molimo. Re na le Moprista ea Phahameng ea babatsehang hakaakang! Pauluse o ile a ngola a re: “Moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.” (Baheb. 4:15) Ka sebele, ho ananela ntlha ena ho lokela ho re susumelletsa hore ‘re se ke ra hlola re iphelela, empa re phelele ea ileng a re shoela.’—2 Bakor. 5:14, 15; Luka 9:23.
“Peō” e Boletsoeng Esale Pele
18. Ho ile ha boleloa boprofeta bofe ka mor’a hore Adama a etse sebe, ’me hamorao ho ile ha senoloa eng mabapi le boprofeta boo?
18 Morao koana Edene, ha ho ne ho bonahala eka batho ba lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe—e leng boemo bo hloekileng mahlong a Molimo, bophelo bo sa feleng, thabo le Paradeise—Jehova Molimo o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le Molopolli. Molopolli enoa o ile a bitsoa “peō.” (Gen. 3:15) Ha lilemo li ntse li feta, peō ena e neng e sa boleloa ka lebitso e ile ea e-ba taba e ka sehloohong eo ho buuoang ka eona boprofeteng bo bongata ba Bibele. E ne e tla ba setloholo sa Abrahama, Isaka le Jakobo. Hape, o ne a tla tsoa lesikeng la Morena Davida.—Gen. 21:12; 22:16-18; 28:14; 2 Sam. 7:12-16.
19, 20. (a) Peō e tšepisitsoeng ke mang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore peō e boletsoeng esale pele ha e akarelletse Jesu feela?
19 Peō ee e tšepisitsoeng e ne e le mang? Karabo ea potso ena e ka fumanoa ho Bagalata 3:16. (E bale.) Leha ho le joalo, hamorao hona khaolong eo, moapostola Pauluse o tsoela pele ho bolella Bakreste ba tlotsitsoeng sena: “Ho feta moo, haeba le ba Kreste, ka sebele le peō ea Abrahama, majalefa mabapi le tšepiso.” (Bagal. 3:29) Ho tla joang hore ebe Kreste ke Peō e tšepisitsoeng, empa ho akarelletsoa le ba bang?
20 Batho ba limilione ba bolela hore ba tsoa lesikeng la Abrahama, ba bang ba bile ba iketsa baprofeta. Malumeli a mang a bolelang hore baprofeta ba ’ona ba tsoa lesikeng la Abrahama a nka taba eo e le ea bohlokoa haholo. Empa na kaofela ha bona ke Peō e tšepisitsoeng? Che. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a bolele hore hase bohle ba tsoang lesikeng la Abrahama ba ka bolelang hore ke Peō e tšepisitsoeng. Bana ba tsoileng masikeng a bara ba bang ba Abrahama ha baa ka ba sebelisoa hore ba hlohonolofatse batho. Peō e hlohonolofatsang e ne e tla hlaha ho Isaka feela. (Baheb. 11:18) Ha e le hantle, Jesu Kreste ke eena motho a leng mong feela eo e leng karolo e ka sehloohong ea peō eo e boletsoeng esale pele, eo leloko la Abrahama leo a tsoang ho lona le tlalehiloeng ka Bibeleng.b Ba bang bohle bao hamorao e bang karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama e ba karolo ea eona hobane ke “ba Kreste.” Ka sebele, karolo eo Jesu a e phethang phethahatsong ea boprofeta bona ea ikhetha.
21. U khahloa ke eng ka tsela eo Jesu a phethahalitseng karolo ea hae e ikhethang morerong oa Jehova?
21 Re ithutile eng tlhahlobong ee e khutšoanyane ea karolo e ikhethang eo Jesu a e phethang morerong oa Jehova? Ho tloha ha a ne a bōptjoa, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo e bile ea ikhethang e le kannete. Leha ho le joalo, Mora enoa ea ikhethang oa Molimo eo e ileng ea e-ba Jesu, kamehla o ’nile a ikokobelletsa ho etsa thato ea Ntate oa hae, ’me ha ho mohla a neng a ipatlela thoriso. (Joh. 5:41; 8:50) O re behetse mohlala o babatsehang hakaakang kajeno! Joaloka Jesu, e se eka sepheo sa rōna e ka ba hore re “etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakor. 10:31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka setsebi se seng sa Bibele, lentsoe le fetoletsoeng e le “hang le ka ho ke keng ha phetoa” le hlalosa khopolo ea bohlokoa ea Bibele e “fanang ka maikutlo a hore lefu la Kreste ke ntho ea sebele, ebile lea ikhetha.”
b Le hoja lekholong la pele la lilemo C.E. Bajuda ba ne ba nahana hore bona joaloka bana ba sebele ba Abrahama kapa litloholo tsa hae, e ne e tla ba batho ba hauhetsoeng, ba ne ba lebeletse hore ke motho a le mong feela ea neng a tla tla e le Mesia, kapa Kreste.—Joh. 1:25; 7:41, 42; 8:39-41.
Na U sa Hopola?
• U ithutile eng ka karolo e ikhethang ea Jesu litlotleng tseo a bitsoang ka tsona? (Sheba lebokose.)
• U ka etsisa mohlala oa Mora ea ikhethang oa Jehova joang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tse Ling Tsa Litlotla Tse Bontšang Karolo e Ikhethang eo Jesu a e Phethang Morerong oa Molimo
◼ Mora ea Tsoetsoeng a ’Notši. (Joh. 1:3) Jesu ke eena feela ea bōpiloeng ke Ntate oa hae ka ho toba.
◼ Lentsoe. (Joh. 1:14) Jehova o sebelisa Mora oa hae e le ’Muelli hore a fetisetse litaba le litaelo ho libōpuoa tse ling.
◼ Amen. (Tšen. 3:14) Bophelo ba Jesu bo se nang sekoli ha a ne a le lefatšeng, ho akarelletsa lefu la hae la sehlabelo, li ile tsa tiisa tsa ba tsa etsa hore litšepiso tsohle tsa Jehova Molimo li phethahale.
◼ Mokena-lipakeng oa Selekane se Secha. (1 Tim. 2:5, 6) E le Mokena-lipakeng oa molao, Jesu o entse hore ho tsoaloe sechaba se secha, e leng “Iseraele ea Molimo,” e bōpiloeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, bao e tla ba “baprista ba marena” leholimong.—Bagal. 6:16; 1 Pet. 2:9.
◼ Moprista ea Phahameng. (Baheb. 7:27, 28) Jesu e ne e le eena motho a le mong feela ea neng a loketse ho nyehela sehlabelo se phethahetseng, e leng sehlabelo seo ho neng ho sa hlokahale hore se phetoe. A ka re hloekisa sebeng a ba a re lokolla liphellong tsa sona tse bolaeang.
◼ Peō e Tšepisitsoeng. (Gen. 3:15) Jesu Kreste ke eena motho a leng mong feela eo e leng karolo e ka sehloohong ea peō eo e boletsoeng esale pele. Ba bang bohle bao hamorao e bang karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama ke “ba Kreste.”—Bagal. 3:29.