Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Lintho Tse Lakatsehang” li Tlala ka Tlung ea Jehova
    Molula-Qhooa—2000 | January 15
    • 9. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ke ke a kena leholimong e le motho oa nama, ’me boemo boo bo ile ba rarolloa joang?

      9 Le hoja e ne e le Mora oa Molimo ea tlotsitsoeng ka moea, Jesu o ne a ke ke a fumana bophelo leholimong. Hobane’ng? Hobane nama le mali li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo oa leholimo. (1 Bakorinthe 15:44, 50) Kaha ’mele oa nama oa Jesu e ne e le oona o mo thibelang, o ile oa tšoantšetsoa hantle ke lesira le neng le arola Sehalalelo ho Sehalalelisiso tempeleng ea boholo-holo ea Molimo. (Baheberu 10:20) Empa matsatsi a mararo ka mor’a lefu la hae, Jesu o ile a tsosoa ke Molimo e se e le motho oa moea. (1 Petrose 3:18) Joale o ne a ka kena karolong ea Sehalalelisiso sa tempele ea Molimo ea moea—leholimong ka bolona. ’Me sena ke sona hantle se etsahetseng. Pauluse oa ngola: “Kreste o ile a kena, eseng sebakeng se halalelang [ho hlakile hore o bua ka Sehalalelisiso] se entsoeng ka matsoho, seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele, empa leholimong ka bolona, joale ho hlaha ka pel’a Molimo ka boeena bakeng sa rōna.”—Baheberu 9:24.

      10. Jesu o ile a etsa eng ha a khutlela leholimong?

      10 Leholimong, Jesu o ile a ‘fafatsa mali’ a sehlabelo sa hae ka ho hlahisa ho Jehova mali a hae a bohlokoa e le thekollo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa ho fetang hoo. Pejana ho lefu la hae, o ne a ile a bolella balateli ba hae: “Kea tsamaea ho ea le lokisetsa sebaka. Hape, haeba ke tsamaea ’me ke le lokisetsa sebaka, ke boetse kea tla ’me ka sebele ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.” (Johanne 14:2, 3) Ka hona, ka ho kena Sehalalelisisong, kapa leholimong, Jesu o ile a bula tsela bakeng sa ba bang hore ba mo latele. (Baheberu 6:19, 20) Batho bana bao palo ea bona e neng e tla ba 144 000, ba ne ba tla sebetsa e le baprista ba tlaasana tokisetsong ea Molimo ea tempele ea moea. (Tšenolo 7:4; 14:1; 20:6) Joalo feela kaha moprista ea phahameng oa Iseraele a ne a qala ka ho isa mali a poho ka Sehalalelisisong bakeng sa ho koahela libe tsa baprista, bohlokoa ba mali a tšolotsoeng a Jesu bo ile ba sebetsa pele ho baprista bana ba tlaasana ba 144 000.b

  • “Lintho Tse Lakatsehang” li Tlala ka Tlung ea Jehova
    Molula-Qhooa—2000 | January 15
    • b Ho fapana le moprista ea phahameng oa Iseraele, Jesu o ne a se na libe tse neng li hloka ho koaheloa. Leha ho le joalo, metsoalle ea hae ea baprista e ne e e-na le libe kaha e rekiloe molokong oa baetsalibe.—Tšenolo 5:9, 10.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela