Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Tite, ho Filemone le ho Baheberu
NAKO e itseng ka mor’a hore moapostola Pauluse a lokolloe litlamong Roma ka 61 C.E. ka lekhetlo la pele, o etela sehlekehlekeng sa Kreta. Ha a hlokomela boemo ba moea ba liphutheho tsa moo, o siea Tite hore a li matlafatse. Hamorao, mohlomong a le Macedonia, Pauluse o ngolla Tite lengolo e le ho mo tataisa mesebetsing ea hae le ho bontša hore ke eena ea mo fileng matla a ho etsa mesebetsi eo.
Pejana, nakoana e seng kae pele a lokolloa chankaneng ka 61 C.E., Pauluse o ile a ngola lengolo le eang ho Filemone, e leng mor’abo rōna oa Mokreste ea neng a lula Kolose. Lengolo lena ke kōpo eo a e etsang ho motsoalle oa hae.
Hoo e ka bang ka 61 C.E., Pauluse o ile a boela a ngola lengolo le eang ho balumeli ba Baheberu ba neng ba lula Judea, le bontšang hore Bokreste bo phahametse tsamaiso ea Sejuda. Mangolo ana ka boraro ba ’ona a na le keletso ea bohlokoa haholo ho rōna.—Baheb. 4:12.
LULA U PHELA HANTLE MOEENG
Ka mor’a hore Pauluse a fane ka tataiso bakeng sa ho “beha banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong,” o eletsa Tite hore a ‘’ne a khalemele ka tieo ba sa laoleheng, e le hore ba ka phela hantle tumelong.’ O eletsa bohle liphuthehong tsa Kreta hore ba ‘hane ho hloka bomolimo le hore ba phele ka ho hlaphoheloa kelellong.’—Tite 1:5, 10-13; 2:12.
Pauluse o tsoela pele ho fana ka keletso ho thusa barab’abo rōna ba Kreta hore ba lule ba phela hantle moeeng. O laela Tite hore a “sesefe litsekisano tsa booatla . . . le lintoa mabapi le Molao.”—Tite 3:9.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:15—“Lintho tsohle” li ka ‘hloeka joang ho batho ba hloekileng,’ empa tsa se ke tsa hloeka “ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo”? Karabo e itšetlehile ka ho utloisisa hore na Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re “lintho tsohle.” O ne a sa bue ka lintho tse nyatsuoang ka ho toba ka Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng, empa o ne a bua ka lintho tseo Mangolo a lumellang batho hore ba iketsetse qeto ho latela matsoalo a bona. Lintho tse joalo li hloekile ho motho eo monahano oa hae o lumellanang le melao ea Molimo. Ho fapane ho motho eo monahano oa hae o sothehileng le eo letsoalo la hae le silafetseng.a
3:5—Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘pholositsoe ka ho hlatsuoa’ le ka ‘ho etsoa ba bacha ka moea o halalelang’ joang? Ba ‘pholositsoe ka ho hlatsuoa’ ka hore Molimo o ba hlatsoitse, kapa o ba hloekisitse ka mali a Jesu a sebelisa molemo oa sehlabelo sa thekollo. Ba ‘etsoa ba bacha ka moea o halalelang’ hobane ba fetohile “pōpo e ncha” kaha ke bara ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea.—2 Bakor. 5:17.
Seo re Ithutang Sona:
1:10-13; 2:15. Balebeli ba Bakreste ba lokela ho lokisa lintho tse fosahetseng ka phuthehong ka sebete.
2:3-5. Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno baralib’abo rōna ba Bakreste ba hōlileng moeeng ba lokela ho ba “ba nang le tlhompho ea borapeli boitšoarong, e se ke ea e-ba ba etselletsang, kapa makhoba a veine e ngata, e be mesuoe ea se molemo.” Ka tsela eo, ba ka atleha hore ba tataise “basali ba bacha” ka phuthehong moo ba leng bang.
3:8, 14. Ho boloka ‘likelello tsa rōna ho ntšetseng pele mesebetsi e metle’ ho ‘hotle ’me ho molemo’ hobane ho re thusa hore re behe litholoana ha re sebeletsa Molimo ho bile ho etsa hore re arohe lefatšeng le khopo.
ELETSA “MOTHEONG OA LERATO”
Filemone o babatsoa ka lebaka la ho ba mohlala oa “lerato le tumelo.” Lebaka la hore o khatholla Bakreste-’moho le eena le file Pauluse “thabo le matšeliso a maholo.”—Filem. 4, 5, 7.
Ka hore Pauluse a se ke a fana ka taelo empa a fane ka keletso “motheong oa lerato,” o behela balebeli bohle mohlala ka tsela eo a sebetsang taba ena e amang Onesimase e hlokang hore motho a be hlokolosi ha a bua ka eona. O re ho Filemone: “Ke u ngolla ke tšepile hore u tla lumellana le sena, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang lintho tseo ke li bolelang.”—Filem. 8, 9, 21.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
10, 11, 18—Onesimase eo pele a neng “a se na thuso” o ile a ba “le thuso” joang? Onesimase e ne e le lekhoba le etsang lintho ka lekhonono le ileng la baleha lelapeng la Filemone Kolose la balehela Roma. Ho ka etsahala hore ebe Onesimase o ne a bile a utsoelitse mong’a hae e le hore a lefelle leeto la lik’hilomithara tse 1 400. Ka sebele, o ne a se na thuso ho Filemone. Leha ho le joalo, ha a le Roma, Onesimase o ile a thusoa ke Pauluse hore e be Mokreste. Ha e se e le mor’abo rōna oa moea, lekhoba lena leo pele le “neng [le] se na thuso” le ile la e-ba “le thuso.”
15, 16—Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a kōpa Filemone hore a lokolle Onesimase? Pauluse o ne a batla ho shebana feela le mosebetsi oa hae oa ho ‘bolela ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste.’ Kahoo, ha aa ka a rata ho itšunya-tšunya litabeng tsa sechaba tse kang tse mabapi le bokhoba.—Lik. 28:31.
Seo re Ithutang Sona:
2. Filemone o ile a bula ntlo ea hae hore ho tšoareloe liboka tsa Bokreste ho eona. Ke tlotla hore seboka sa tšebeletso ea tšimo se tšoareloe lelapeng la rōna.—Bar. 16:5; Bakol. 4:15.
4-7. Re lokela ho ithaopela ho babatsa balumeli-’moho le rōna ba behang mohlala o motle tumelong le leratong.
15, 16. Ha rea lokela ho lumella maemo a sa thabiseng bophelong hore a etse hore re tšoenyehe ho tlōla. Joalokaha ho ile ha etsahala ho Onesimase, re ka ’na ra khola litholoana tse molemo.
21. Pauluse o ne a lebeletse hore Filemone a tšoarele Onesimase. Le rōna ka tsela e tšoanang re lebeletsoe hore re tšoarele mor’abo rōna eo e ka ’nang eaba o re khopisitse.—Mat. 6:14.
‘HATELANG PELE KA MATLA KHŌLONG E FELETSENG’
Ho bontša hore ho lumela sehlabelong sa Jesu ho phahametse mesebetsi ea Molao, Pauluse o totobatsa bokhabane ba Mothehi oa Bokreste, boprista ba hae, sehlabelo sa hae le selekane se secha. (Baheb. 3:1-3; 7:1-3, 22; 8:6; 9:11-14, 25, 26) E tlameha ebe tsebo ena e ile ea thusa Bakreste ba Baheberu ho sebetsana le mahloriso a neng a tsoa ho Bajuda. Pauluse o eletsa balumeli-’moho le eena ba Baheberu hore ba ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng.’—Baheb. 6:1.
Tumelo ke ea bohlokoa hakae Bokresteng? Pauluse oa ngola o re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ O khothatsa Baheberu ka ho re: “A re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna,” re etsa joalo ka tumelo.—Baheb. 11:6; 12:1.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:14, 15—Na taba ea hore Satane ‘o na le mokhoa oa ho baka lefu’ e bolela hore a ka bolaea pele ho nako mang kapa mang eo a ratang ho mo bolaea? Che, ha ho joalo. Leha ho le joalo, ho tloha ha Satane a ne a qala bokhopo Edene, mashano a hae a bakile lefu hobane Adama o ile a etsa sebe eaba o fetisetsa sebe le lefu ho batho. (Bar. 5:12) Ho feta moo, batho ba etsang thato ea Satane mona lefatšeng ba hlorisitse bahlanka ba Molimo ba ba ba ba bolaea feela joalokaha ba ile ba etsa ho Jesu. Empa seo ha se bolele hore Satane o na le matla a se nang moeli hoo a ka bolaeang mang kapa mang eo a batlang ho mo bolaea. Haeba ho ne ho le joalo, e ka be e le khale a fietse barapeli ba Jehova. Jehova o sireletsa bahlanka ba hae e le sehlopha ’me ha a lumelle Satane hore a ba felise. Le haeba Molimo a lumella hore ba bang ba rōna ba shoe litlhaselong tsa Satane, re ka kholiseha hore o tla etsolla kotsi efe kapa efe eo re ka e hlahisoang.
4:9-11—Re kena ‘phomolong ea Molimo’ joang? Qetellong ea matsatsi a tšeletseng a pōpo, Molimo o ile a phomola mesebetsing ea hae ea ho bōpa, a kholisehile hore morero oa hae ka lefatše le batho o tla phethahala. (Gen. 1:28; 2:2, 3) Re “kena phomolong eo” ka ho khaotsa ho etsa mesebetsi ea ho ikemela le ka ho amohela sehlabelo sa Molimo sa thekollo. Ha re bontša tumelo ho Jehova ’me ka tlhompho re latela Mora oa hae ho e-na le ho phehella lipakane tsa boithati, re thabela litlhohonolofatso tse khathollang letsatsi le leng le le leng.—Mat. 11:28-30.
9:16—“Moetsi oa selekane oa motho” oa selekane se secha ke mang? Jehova ke eena Moetsi oa selekane se secha, ha Jesu eena e le “moetsi oa selekane oa motho.” Jesu ke Mokena-lipakeng oa selekane seo, ’me ka lefu la hae, o ile a fana ka sehlabelo se neng se tla se tiisa.—Luka 22:20; Baheb. 9:15.
11:10, 13-16—Ke “motse” ofe oo Abrahama a neng a o letetse? Motse ona e ne e se oa sebele empa e ne e le oa tšoantšetso. Abrahama o ne a letetse “Jerusalema ea leholimo,” eo litho tsa eona e leng Kreste Jesu le ba 144 000 ba tla busa le eena. Khanyeng ea bona ea leholimo, bana ba tla busa le Jesu ba boetse ba bitsoa “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha.” (Baheb. 12:22; Tšen. 14:1; 21:2) Abrahama o ne a labalabela ho phela pusong ea ’Muso oa Molimo.
12:2—“Thabo e neng e behiloe ka pel’a [Jesu]” eo a ileng a “mamella thupa ea tlhokofatso” ka lebaka la eona e ne e le ea eng? E ne e le thabo ea ho bona seo tšebeletso ea hae e neng e tla se finyella—se akarelletsang ho halaletsa lebitso la Jehova, ho tlosa qoso bobusing ba Molimo le ho rekolla moloko oa batho lefung. Jesu o ne a boetse a lebeletse moputso oa ho busa e le Morena le ho sebeletsa e le Moprista ea Phahameng molemong oa batho.
13:20—Ke hobane’ng ha ho thoe selekane se secha ke “se sa feleng”? Ka mabaka a mararo: (1) Ha ho mohla se tla nkeloa sebaka ke se seng, (2) lintho tseo se tla li finyella li ke ke tsa fela ’me (3) “linku tse ling” li tla tsoela pele ho rua molemo tokisetsong ea selekane se secha ka mor’a Armagedone.—Joh. 10:16.
Seo re Ithutang Sona:
5:14. Re lokela ho ba liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo, Bibele, ’me re sebelise seo re ithutang sona ho eona. Ha ho na tsela e ’ngoe hape ea hore ‘matla a rōna a ho lemoha a koetlisoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’—1 Bakor. 2:10.
6:17-19. Ha re etsa hore tšepo ea rōna e thehoe ka matla tšepisong ea Molimo le kanong ea hae, seo se tla re thusa hore re se ke ra fapoha tseleng ea ’nete.
12:3, 4. Ho e-na le ho ‘khathala le ho felloa ke matla meeeng ea rōna’ ka lebaka la liteko kapa likhanyetso tse nyenyane tseo re ka ’nang ra thulana le tsona, re lokela ho hatela pele khōlong e feletseng re be re ntlafatse bokhoni ba rōna ba ho mamella liteko. Re lokela ho ikemisetsa ho hanyetsa “ho fihlela maling,” ke hore, ho fihlela lefung.—Baheb. 10:36-39.
12:13-15. Ha rea lokela ho lumella “motso o chefo,” kapa batho leha e le bafe ka phuthehong ba tšoaeang phoso tsela eo lintho li etsoang ka eona, hore ba re thibele hore re “otlolle litsela bakeng sa maoto a [rōna].”
12:26-28. “Lintho tse entsoeng” ka matsoho ao e seng a Molimo—e leng tsamaiso eohle ea hona joale ea lintho, esita le “maholimo” a khopo—li tla sisinngoa hore li se ke tsa hlola li e-ba teng. Ha seo se etsahala, ho tla sala feela “lintho tse ntseng li sa sisinngoe,” ke hore, ’Muso le batšehetsi ba oona. Ke habohlokoa hakaakang hore ka cheseho re bolele ka ’Muso ’me re phele ka melao-motheo ea oona!
13:7, 17. Ha re lula re nahana ka keletso ena ea hore re mamele re be re ikokobeletse balebeli ka liphuthehong, sena se tla re thusa hore re bontše moea oa tšebelisano-’moho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]