Abrahama—Mohlala oa Tumelo
“[Abrahama e ne e le] ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—BAROMA 4:11.
1, 2. (a) Abrahama o hopoloa joang har’a Bakreste ba ’nete kajeno? (b) Ke hobane’ng ha Abrahama a bitsoa “ntat’a bohle ba nang le tumelo”?
E NE e le moholo-holo oa sechaba se seholo, e le moprofeta, e le rakhoebo le moeta-pele. Leha ho le joalo, har’a Bakreste ba kajeno o tsejoa hamolemo ka tumelo ea hae e sa thekeseleng e ileng ea susumelletsa Jehova Molimo ho mo nka e le motsoalle. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Lebitso la hae e ne e le Abrahama, ’me Bibele e mo bitsa “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—Baroma 4:11.
2 Na banna ba bileng teng pele ho Abrahama, ba kang Abele, Enoke le Noe ha baa ka ba bontša tumelo? Ba ile ba e bontša, empa selekane sa ho hlohonolofatsa lichaba tsohle tsa lefatše se ile sa etsoa le Abrahama. (Genese 22:18) Ka tsela eo o ile a fetoha ntate oa tšoantšetso oa bohle ba neng ba tla lumela ho Peō e tšepisitsoeng. (Bagalata 3:8, 9) Ka kutloisiso e itseng, Abrahama ke ntat’a rōna, kahobane tumelo ea hae ke mohlala o ka etsisoang. Re ka nka hore bophelo bohle ba hae bo ne bo bontša tumelo, hobane bo ne bo tletse liteko tse ngata. Ka sebele, nako e telele pele Abrahama a talimana le seo re ka se bitsang teko ea hae e khōlō ka ho fetisisa ea tumelo—e leng taelo ea hore a etse Isaka sehlabelo—o ile a paka tumelo ea hae ka liteko tse ngata tse nyenyane. (Genese 22:1, 2) A re ke re hlahlobeng tse ling tsa liteko tsena tsa pele tsa tumelo ’me re bone hore na li re ruta eng kajeno.
Taelo ea Hore a Tlohe Ure
3. Bibele e re bolella’ng ka semelo sa Abrame?
3 Bibele e re tsebisa Abrame (eo hamorao a ileng a tsejoa e le Abrahama) ho Genese 11:26, e reng: “Tera a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a supileng, ka mor’a moo a tsoala Abrame, Nakore le Harane.” Abrame o tsoile lesikeng la Sema ea tšabang Molimo. (Genese 11:10-24) Ho ea ka Genese 11:31, Abrame le lelapa la hae ba ne ba lula motseng oa “Ure ea Bakalde” o atlehileng moruong, o neng o kile oa e-ba ka bochabela ho Nōka ea Eufrate.a Kahoo, ha aa hōla e le hloma-u-hlomole ea lulang litenteng empa o hōtse e le moahi oa toropong sebakeng se neng se e-na le leruo le lengata le bophelo ba boiketlo. Mabenkeleng a Ure ho ne ho ka rekoa thepa e tsoang linaheng tse ling. Literateng tsa teng ho ne ho e-na le matlo a masoeu a nang le likamore tse 14 a nang le lipompo tsa ka tlung.
4. (a) Ure e ne e e-na le phephetso efe ho barapeli ba Molimo oa ’nete? (b) Ho ile ha tla joang hore Abrame a lumele ho Jehova?
4 Ntle ho melemo ea eona ea lintho tse bonahalang, Ure e ne e le phephetso e matla ho bohle ba neng ba batla ho sebeletsa Molimo oa ’nete. E ne e le motse o keneng ka botebo borapeling ba litšoantšo le tumela-khoeleng. Ha ho pelaelo hore mohaho o hlahelletseng oa motse e ne e le qhobosheane e phahameng ea tempele e tlotlisang molimo oa khoeli Nanna. Ha ho pelaelo hore Abrame o ne a hatelloa ho kopanela borapeling bona bo litšila, mohlomong ba mo hatellang ba ne ba akarelletsa beng ka eena ba bang. Ho ea ka lineano tse ling tsa Bajuda, Tera ka boeena, ntat’a Abrame, o ne a etsa melimo ea litšoantšo. (Joshua 24:2, 14, 15) Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Abrame o ne a sa kopanele borapeling ba bohata bo litšila. Moholo-holo oa hae ea tsofetseng Sema o ne a ntse a phela ’me ha ho pelaelo hore o ne a abela ba bang tsebo ea hae ea Molimo oa ’nete. Ka lebaka leo, Abrame o ne a lumela ho Jehova, eseng Nanna!—Bagalata 3:6.
Teko ea Tumelo
5. Molimo o ile a fa Abrame taelo efe le tšepiso efe ha a ntse a le Ure?
5 Tumelo ea Abrame e ne e tla lekoa. Molimo o ile a itlhahisa ho eena ’me a laela: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona; ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke hōlise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang, ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.”—Genese 12:1-3; Liketso 7:2, 3.
6. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala tumelo ea sebele hore Abrame a tlohe Ure?
6 Abrame o ne a tsofetse ’me a se na bana. O ne a ka etsoa “sechaba se seholo” joang? Hona naha ee eo a neng a laeloa ho ea ho eona e ne e le hokae? Ka nako eo Molimo ha aa ka a mo bolella. Ka lebaka leo, ho ne ho hlokahala tumelo ea sebele hore Abrame a tlohe Ure e atlehileng moruong le bophelong bohle ba eona ba boiketlo. Buka e bitsoang Family, Love and the Bible e bolela sena ka mehla ea boholo-holo: “Kotlo e boima ka ho fetisisa e neng e ka fuoa setho sa lelapa se molato oa tlōlo ea molao e tebileng e ne e le ho se leleka, ho se ‘ntša’ lelokong. . . . Ke ka lebaka lena Abrahama a ileng a bonahatsa ka mokhoa o tsotehang hore o mamela Molimo le hore oa mo tšepa ha a tloha naheng ea habo le ho ba habo e le hore a latele taelo ea Molimo.”
7. Kajeno Bakreste ba ka talimana le liteko tse kang tseo Abrame a ileng a tobana le tsona joang?
7 Kajeno Bakreste ba ka ’na ba talimana le liteko tse tšoanang. Joaloka Abrame, re ka ’na ra ba khatellong ea ho etelletsa lintho tse bonahalang ka pel’a lintho tse amang borapeli ba ’nete. (1 Johanne 2:16) Re ka ’na ra hanyetsoa ke litho tse sa lumelang tsa lelapa, ho akarelletsa beng ka rōna ba khaotsoeng, ba ka ’nang ba leka ho re hulela litloaelanong tse mpe. (Matheu 10:34-36; 1 Bakorinthe 5:11-13; 15:33) Ka tsela eo, Abrame o re behetse mohlala o motle. O ne a etelletsa setsoalle le Jehova ka pele ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe—esita le likamano tsa lelapa. O ne a sa tsebe hantle hore na litšepiso tsa Molimo li tla phethahala joang, neng, kapa hokae. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho tsepamisa bophelo ba hae litšepisong tseo. Ke khothatso e ntle hakaakang ea ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso bophelong ba rōna kajeno!—Matheu 6:33.
8. Tumelo ea Abrame e bile le phello efe ho litho tsa lelapa la hae, ’me Bakreste ba ka ithuta eng ho see?
8 Ho thoe’ng ka litho tse haufi tsa lelapa la Abrame? Ho hlakile hore tumelo ea Abrame le kholiseho ea hae li bile le phello e matla ho tsona, hobane mosali oa hae Sarai, le ngoan’a mor’abo eo e neng e se e le khutsana, ea bitsoang Lota, ba ile ba susumelletseha ho mamela taelo ea Molimo ’me ba tloha Ure. Mor’abo Abrame Nakore le bana ba bang ba hae ba ile ba tloha Ure ’me ba ea haha Harane, moo ba neng ba rapela Jehova. (Genese 24:1-4, 10, 31; 27:43; 29:4, 5) Ha e le hantle, le Tera, ntat’a Abrame, o ile a lumela ho tloha le mora oa hae! Ka tsela eo Bibele e mo fa tlotla, joaloka hlooho ea lelapa, ka hore ke eena ea ileng a fallela Kanana. (Genese 11:31) Na ebe le rōna re ka atleha ka tsela e itseng haeba ka masene re pakela beng ka rōna?
9. Abrame o ile a lokela ho etsa litokisetso life bakeng sa leeto la hae, ’me ke hobane’ng ha e ka ’na eaba seo se ne se akarelletsa boitelo?
9 Abrame o ne a phathahane pele a qala leeto la hae. O ne a tlameha ho rekisa thepa ’me a reke litente, likamele, lijo le lisebelisoa tse hlokahalang. Ho ka etsahala hore ebe Abrame o ile a lihela chelete ka lebaka la litokisetso tse potlakileng joalo, empa o ne a thabetse ho mamela Jehova. E tlameha ebe e bile letsatsi la bohlokoa hakaakang ha litokisetso li felella ’me sehlopha se tsamaeang le Abrame se eme ka ntle ho marako a Ure, se loketse tsela! Sehlopha sena se ile sa tsoelipana le Nōka ea Eufrate se ntse se leba ka leboea le ka bophirimela. Ka mor’a ho tsamaea libeke, se tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 1 000, se ile sa fihla motseng o ka leboea Mesopotamia o bitsoang Harane, sebakeng se seholo seo lihlopha tse tsamaeang li khefutsang ho sona.
10, 11. (a) Ke hobane’ng ha mohlomong Abrame a ile a lula Harane ka nakoana? (b) Ke khothatso efe eo re ka e fang Bakreste ba hlokomelang batsoali ba hōlileng?
10 Abrame o ile a lula Harane, mohlomong ka lebaka la ho nahanela ntat’ae ea tsofetseng, Tera. (Levitike 19:32) Bakreste ba bangata kajeno le bona ba na le boikarabelo ba ho hlokomela batsoali ba hōlileng kapa ba kulang, ba bang ba bile ba tlameha ho fetola maemo a bona e le hore ba etse seo. Ha seo se hlokahala, ba ka kholiseha hore boitelo ba bona bo lerato ‘boa khahlisa mahlong a Molimo.’—1 Timothea 5:4.
11 Nako e ile ea feta. “Matsatsi a Tera ea e-ba lilemo tse makholo a mabeli a metso e mehlano. Joale Tera a shoela Harane.” Abrame o ile a utloa bohloko haholo ha a shoeloa, empa ha nako ea ho siama e fetile, o ile a tloha ka potlako. “Abrame o ne a le lilemo li mashome a supileng a metso e mehlano ha a tloha Harane. Kahoo Abrame a nka mosali oa hae Sarai le Lota mora oa mor’abo le thepa eohle eo ba e bokeletseng le meea eo ba e fumaneng Harane, eaba baa tsamaea ba ea naheng ea Kanana.”—Genese 11:32; 12:4, 5.
12. Abrame o ile a etsa’ng ha a ntse a le Harane?
12 Hoa thahasellisa ho hlokomela hore Abrame o ile a ‘bokella thepa’ ha a ntse a le Harane. Le hoja Abrame a ne a tetse lintho tse bonahalang e le hore a tlohe Ure, o ile a tloha Harane e le morui. Ho hlakile hore sena se etsahetse ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo. (Moeklesia 5:19) Le hoja Molimo a sa tšepise bahlanka bohle ba hae leruo kajeno, o tšepahalla litšepiso tsa hae tsa ho fana ka lintho tse hlokoang ke ba ‘siileng matlo kapa barab’abo bona kapa baralib’abo bona’ ka lebaka la ’Muso. (Mareka 10:29, 30) Abrame o ile a boela a ‘bokella meea,’ ke hore, sehlopha sa bahlanka. Jerusalem Targum le Chaldee Paraphrase li re Abrame o ile a ‘sokolla batho.’ (Genese 18:19) Na tumelo ea hao e u susumelletsa ho bua le baahelani ba hao, basebetsi-’moho le uena, kapa bao u kenang sekolo le bona? Ho e-na le hore Abrame a lulele ruri moo le ho lebala taelo ea Molimo, o ne a sebelisitse nako ea hae Harane hamolemo. Empa joale nako ea hae ea ho ba moo e ne e felile. “Abrame a tsamaea feela joalokaha Jehova a buile le eena.”—Genese 12:4.
Ka Mose ho Eufrate
13. Abrame o ile a tšela Nōka ea Eufrate neng, ’me bohlokoa ba ketsahalo ee e ne e le bofe?
13 Abrame o ile a tlameha ho tsamaea hape. Sehlopha sa ba tsamaeang le eena se ile sa leba bophirimela ha se tloha Harane, se tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 90. Ho ka etsahala hore ebe Abrame o ile a khefutsa Eufrate ka mose ho setsi sa boholo-holo sa khoebo sa Karkemishe. E ne e le lelibohong le leholo leo lihlopha tsa batsamai li tšelang ho lona.b Sehlopha sa ba tsamaeang le Abrame se ile sa tšela nōka ka letsatsi lefe? Bibele e bontša hore se tšetse lilemo tse 430 pele Bajuda ba falla Egepeta ka la 14 Nisane, 1513 B.C.E. Exoda 12:41 e re: “Eitse bofelong ba lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi lena mabotho ’ohle a Jehova a tsoa naheng ea Egepeta.” Ho ka etsahala hore ebe selekane sa Abrahama se ile sa qala ho sebetsa ka la 14 Nisane, 1943 B.C.E., ha Abrame ka boikokobetso a tšela Eufrate.
14. (a) Abrame o ne a ka bona’ng ka mahlo a hae a tumelo? (b) Kajeno batho ba Molimo ba hlohonolofalitsoe ho feta Abrame ka kutloisiso efe?
14 Abrame o ne a tlohile motseng o atlehileng moruong. Empa ka mahlo a kelello o ne a ka bona “motse o nang le metheo ea sebele,” e leng puso ea ho loka holim’a moloko oa batho. (Baheberu 11:10) E, ka boitsebiso bo sa fellang, Abrame o ne a qalile ho lemoha lintlha tsa bohlokoa tsa morero oa Molimo oa ho lopolla moloko oa batho o shoang. Kajeno, re hlohonolofalitsoe ho feta Abrame ka ho ba le kutloisiso e batsi haholo ea merero ea Molimo. (Liproverbia 4:18) “Motse,” kapa puso ea ’Muso, oo Abrame a neng a behile tšepo ho oona ke oa sebele hona joale—o thehiloe maholimong ho tloha ka 1914. Kahoo, na ha rea lokela ho susumelletsoa liketsong tse bontšang tumelo le tse bontšang ho tšepa Jehova?
Tjako ea Qala Naheng e Tšepisitsoeng
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala sebete hore Abrame a hahele Jehova aletare? (b) Kajeno Bakreste ba ka ba sebete joaloka Abrame joang?
15 Genese 12:5, 6 ea re bolella: “Qetellong ba fihla naheng ea Kanana. Eaba Abrame o haola naha eo ho ea fihla sebakeng sa Shikeme, haufi le lifate tse khōlō tsa More.” Shikeme e ne e le lik’hilomithara tse 50 ka leboea ho Jerusalema ’me e le phuleng e nonneng e ’nileng ea hlalosoa e le “paradeise ea naha e halalelang.” Leha ho le joalo, “ka nako eo Bakanana ba ne ba le naheng eo.” Kaha boitšoaro ba Bakanana bo ne bo le bobe, Abrame o ne a tla tlameha ho ba hlokolosi ho sireletsa lelapa la hae tšusumetsong ea bona e silafatsang.—Exoda 34:11-16.
16 Ka lekhetlo la bobeli, “Jehova a hlaha ho Abrame a re: ‘Ke tla fa peō ea hao naha ena.’” Ho thabisa hakaakang! Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala tumelo hore Abrame a thabele ntho e neng e tla thabeloa ke litloholo tsa hae tsa nakong e tlang. Leha ho le joalo, Abrame o ile a arabela ka ho “haha aletare moo bakeng sa Jehova, ea ileng a hlaha ho eena.” (Genese 12:7) Setsebi se seng sa Bibele se fana ka maikutlo ana: “Ha e le hantle, ho haha aletare naheng eo e ne e le tsela ea molao ea ho e rua motheong oa tokelo e tlamahantsoeng le ho bontša ha hae tumelo.” Ho haha aletare e joalo e ne e boetse e le ketso e bontšang sebete. Ha ho pelaelo hore aletare ena e ne e le ea mofuta oo hamorao o ileng oa hlalosoa selekaneng sa Molao, e entsoeng ka majoe (a sa betloang). (Exoda 20:24, 25) Ka tsela eo, ponahalo ea eona e ne e tla fapana ka mokhoa o totobetseng le ea lialetare tse sebelisoang ke Bakanana. Kahoo, Abrame o ile a itotobatsa ka sebete hore ke morapeli oa Molimo oa ’nete, Jehova, a ipepesetsa ho nkoa hampe ’me mohlomong a boetse a ipepesetsa kotsi ea ho hlaseloa. Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Na ba bang ba rōna—haholo-holo bacha—re qoba hore baahelani ba rōna le bao re kenang sekolo le bona ba tsebe hore re barapeli ba Jehova? E se eka mohlala o bontšang sebete oa Abrame o ka re khothatsa kaofela hore re be motlotlo ka ho ba bahlanka ba Jehova!
17. Abrame o ile a bontša joang hore ke ’moleli oa lebitso la Molimo, ’me see se hopotsa Bakreste eng kajeno?
17 Hohle moo Abrame a neng a e-ea teng, kamehla borapeli ba Jehova bo ne bo tla pele. “Hamorao a tloha moo a ea sebakeng se lithaba ka nģ’a bochabela ho Bethele eaba o hloma tente ea hae Bethele e le ka bophirimela ’me Ai e le ka bochabela. Joale a hahela Jehova aletare moo eaba o qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova.” (Genese 12:8) Poleloana ea Seheberu “ipiletsa lebitsong” e boetse e bolela “ho phatlalatsa (ho bolela) lebitso.” Ha ho pelaelo hore Abrame o ile a bolela lebitso la Jehova ka sebete har’a baahelani ba hae ba Bakanana. (Genese 14:22-24) Sena se re hopotsa tšoanelo ea rōna ea ho ba le karolo e khōlō kamoo ho ka khonehang ea ho ‘bolela lebitso la hae phatlalatsa.’—Baheberu 13:15; Baroma 10:10.
18. Kamano ea Abrame le baahi ba Kanana e ne e le efe?
18 Abrame ha aa ka a lula halelele libakeng tseo kaofela. “Ka mor’a moo Abrame a hlomolla liahelo, a tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling nģ’a Negebe”—e leng sebaka se batlang se omeletse se ka boroa ho lithaba tsa Juda. (Genese 12:9) Ka ho ba tseleng ka nako eohle le ka ho itlhahisa e le morapeli oa Jehova sebakeng se seng le se seng se secha, Abrame le ba ntlo ea hae ba ile ba “phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.” (Baheberu 11:13) Nakong ena eohle ba ne ba qoba setsoalle se haufi haholo le baahelani ba bona ba bahetene. Ka ho tšoanang, Bakreste kajeno ba lokela ho lula e “se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Ha re ntse re le ba mosa le ba nahanelang ho baahelani ba rōna le bao re sebetsang le bona, re hlokolosi hore re se ke ra tšoaseha boitšoarong bo bonahatsang moea oa lefatše le ikarohantseng le Molimo.—Baefese 2:2, 3.
19. (a) Bophelo ba hloma-u-hlomole e ne e ka ’na ea e-ba phephetso joang ho Abrame le Sarai? (b) Ke liphephetso life tse neng li le haufi bakeng sa Abrame?
19 Re se ke ra lebala hore ho tloaela mathata a bophelo ba hloma-u-hlomole ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho Abrame kapa Sarai. Ba ne ba ja lihlahisoa tsa mehlape ea bona ho e-na le ho ja lijo tse rekiloeng mabenkeleng a Ure a nang le thepa e ngata; ba ne ba lula litenteng ho e-na le ho lula matlong a hahiloeng hantle. (Baheberu 11:9) Abrame o ne a phathahane bophelong; o ne a e-na le mosebetsi oa ho laola mehlape ea hae le bahlanka ba hae. Ha ho pelaelo hore Sarai o ne a laola mesebetsi e neng e etsoa ka tloaelo ke basali ba setso seo: ho luba phofo, ho baka bohobe, ho ohla boea ba linku le lipōli le ho rōka liphahlo. (Genese 18:6, 7; 2 Marena 23:7; Liproverbia 31:19; Ezekiele 13:18) Leha ho le joalo, liteko tse ncha li ne li le haufi. Kapele feela Abrame le ba ntlo ea hae ba ne ba tla talimana le boemo bo neng bo tla sokela bophelo ba bona! Na tumelo ea Abrame e ne e tla ba matla ka ho lekaneng hore a talimane le phephetso eo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja hona joale Eufrate e phalla hoo e kang bang lik’hilomithara tse 16 ka bochabela ho Ure ea mehleng e fetileng, bopaki bo bontša hore mehleng ea boholo-holo nōka ena e ne e phalla haufi le motse ona ka bophirimela. Kahoo, hamorao ho ne ho ka boleloa hore Abrame o ne a tsoa “ka lehlakoreng le leng la Nōka [ea Eufrate].”—Joshua 24:3.
b Makholo a lilemo hamorao, morena oa Assyria Ashurnasirpal II o ile a sebelisa likoqo ho tšela Eufrate haufi le Karkemishe. Bibele ha e bolele hore na Abrame o ile a etsa joalo le eena kapa hore na eena le sehlopha se tsamaeang le eena ba ile ba tšela ka maoto.
Na U Hlokometse?
•Ke hobane’ng ha Abrame a bitsoa “ntat’a bohle ba nang le tumelo”?
•Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala tumelo hore Abrame a tlohe Ure ea Bakalde?
•Abrame o ile a bontša joang hore o etelletsa pele borapeli ba Jehova?
[’Mapa o leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LEETO LA ABRAME
Ure
Harane
Karkemishe
KANANA
Leoatle le Leholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on a map copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho ile ha hlokahala tumelo hore Abrame a siee lintho tse molemo tsa bophelo tsa Ure
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ka ho lula litenteng, Abrame le ba ntlo ea hae ba ile ba “bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana”