Leru le Leholo Hakaalo la Lipaki!
“Ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki . . . re ke re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng.”—BA-HEBERU 12:1.
1, 2. (a) Ke boemo bofe ba tšoantšetso boo e ka ’nang eaba Pauluse o ne a bo hopotse ha a ngolla Bakreste ba Baheberu? (b) Ke hobane’ng ha balumeli bahabo ba Baheberu ba ne ba hloka tumelo e tiileng?
INAHANE u le semathi lebaleng la lipapali. U habile pele, u ikitlaetsa kahohle, mahlo a hao a shebile pakaneng. Empa ho thoe’ng ka ba shebeletseng? E, kaofela ha bona e bile limathi tse hlōlang! Ha ea ba bashebelli feela empa e bile lipaki tse mafolo-folo ka polelo le ka ketso.
2 Mohlomong moapostola Pauluse o ne a hopotse boemo boo ba tšoantšetso ha a ngolla Bakreste ba Baheberu (hoo e ka bang ka 61 C.E.). Ba ne ba hloka tumelo e tiileng. (Ba-Heberu 10:32-39) Ke ka tumelo feela ba neng ba ka ela hloko temoso ea Jesu ea ho baleha ha Jerusalema e ne e likaliketsoa ke mabotho a hlometseng (ka 66 C.E.) lilengoana pele e timetsoa ke Baroma (ka 70 C.E.). Tumelo e ne e tla boetse e ba boloke ha ba ne ba ‘hlorisetsoa ho loka.’—Mattheu 5:10; Luka 21:20-24.
3. Ho Ba-Heberu 12:1, ‘sebe se re tšoasang feela’ ke eng, ’me Bakreste ba khothaletsoa ho titima ka mamello peisong efe?
3 Hoba a hlahlobe liketso tsa tumelo tsa pele ho Bokreste (ho Ba-Heberu, khaolo ea 11), Pauluse o phehelletse: “Ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang [ho neng ho ka re sitisa moeeng], le sebe [ho haelloa ke tumelo] se tšoasang feela, ’me re ke re titime ka sebete peisong [ea bophelo bo sa feleng] eo re e beetsoeng.” (Ba-Heberu 12:1) Tlhahlobo ea Pauluse ea tumelo ketsong e hōlisa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa eona ’me e tla re thusa, e-bang re Bakreste ba tlotsitsoeng ba mathelang peiso ea ho se shoe leholimong kapa re karolo ea “bongata bo boholo ba batho” bo nang le pakane ea bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Tšenolo 7:4-10; Luka 23:43; Ba-Roma 8:16, 17) Empa hantle-ntle tumelo ke eng? Litšobotsi tse ling tsa lehakoe lee la moea ke life? Hona re tla itšoara joang haeba re e-na le tumelo? Ha u ntse u batla likarabo tsa lipotso tsena, ak’u bale litemana tse boletsoeng tsa khaolo ea 11 le ea 12 tsa Ba-Heberu boithutong ba lekunutu le ba thuto ea phutheho.
Seo Tumelo e Leng Sona
4. Tumelo ke eng?
4 Pauluse o qalile ka ho hlalosa tumelo. (Bala Ba-Heberu 11:1-3.) Ka tlhaloso e sa fellang, tumelo ke “tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng.” Motho ea nang le tumelo o na le tiiso ea hore sohle seo Molimo o se tšepisang ho tšoana leha se se se phethahetse. Tumelo hape ke “pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” Bopaki bo kholisang ba linnete tse sa bonoeng bo matla hoo tumelo ho boleloang hore e lekana le bopaki boo.
5. Ka tumelo re bona eng?
5 Ka tumelo “baholo ba bone poko e ntle” ea hore ba khahlisitse Molimo. Hape, “ka tumelo, rea tseba hoba lintho tsohle”—lefatše, letsatsi, khoeli le linaleli—“li bōpiloe ke lentsoe la Molimo, ka mokhoa oa hore tse bonoang ha lia ka tsa etsoa ka tse bonahalang.” Re kholisehile hore Jehova ke ’Mōpi oa lintho tse joalo, le hoja re ke ke ra mo bona hobane ke Moea o sa bonahaleng.—Genese 1:1; Johanne 4:24; Ba-Roma 1:20.
Tumelo le “Lefatše la Khale”
6. Ke hobane’ng ha Abele a bile le “tšepiso e tiileng” ea hore mantsoe a boprofeta a Jehova ka ‘peo ea mosali’ e tla ba ’nete?
6 E ’ngoe ea litšobotsi tse ngata-ngata tsa tumelo ke ho ananela hore ho hlokahala sehlabelo sa libe. (Bala Ba-Heberu 11:4.) ‘Lefatšeng la khale,’ Abele, mora oa bobeli oa batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, ke eena ea ileng a bontša tumelo sehlabelong sa mali. (2 Petrose 2:5) Ha ho pelaelo hore Abele o ile a lemoha ka ho eena liphello tse bolaeang tsa sebe se futsitsoeng. (Genese 2:16, 17; 3:6, 7; Ba-Roma 5:12) Ka ho hlakileng o boetse a lemoha phethahatso ea taelo ea Molimo e ileng ea tlisetsa Adama mosebetsi o boima le bohloko bo boholo ho Eva kemarong. (Genese 3:16-19) Ka hona Abele o ne a e-na le “tšepiso e tiileng” ea hore lintho tse ling tseo Jehova a li buileng li ne li tla etsahala. Tsena li ne li akarelletsa mantsoe a boprofeta a neng a tobisitsoe ho sera se seholo Satane ha Molimo o re ho noha: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Genese 3:15.
7. (a) Abele o bontšitse kananelo joang bakeng sa bohlokoa ba sehlabelo sa libe? (b) Molimo o ile oa ‘paka neo ea Abele’ ka litsela life?
7 Abele o bontšitse tumelo Peōng e tšepisitsoeng ka ho hlahisa ho Molimo sehlabelo sa phoofolo se neng se ka ema ka tšoantšetso bakeng sa bophelo ba Abele. Empa moholoane oa hae ea haelloang ke tumelo Kaine a nyehela meroho e se nang mali. E le ’molai, Kaine kamorao ho moo o ile a tšolla mali a Abele. (Genese 4:1-8) Empa Abele o shoele a tseba hore Jehova o mo nkile a lokile, “hobane Molimo o pakile lineo tsa hae.” Joang? Ka ho amohela sehlabelo sa Abele se nyehetsoeng ka tumelo. Ka lebaka la tumelo ea hae le kamohelo ea bomolimo, eo Tlaleho e Bululetsoeng e tsoelang pele ho e paka, ‘le hoja Abele a shoele, e sa bua ka eona.’ O bone hore ho hlokahala sehlabelo sa libe. Na u lumela sehlabelong sa topollo sa Jesu Kreste sa bohlokoa haholoanyane?—1 Johanne 2:1, 2; 3:23.
8. (a) Re ithuta eng ka tumelo bopaking bo sebete ba Henoke? (b) Henoke o ile a ‘nkoa joang hore a se ke a bona lefu’?
8 Tumelo e tla re susumelletsa hore re bolele molaetsa oa Molimo ka sebete. (Bala Ba-Heberu 11:5, 6.) Paki ea pejana ea Jehova, Henoke, e profetile ka sebete kahlolo ea Molimo ea ba khopo. (Juda 14, 15) Ha ho pelaelo hore lira tsa Henoke li ne li batla ho ’molaea, empa Molimo “oa na oa mo nka” e le hore a se ke a utloa bohloko ba lefu. (Genese 5:24) Leha ho le joalo, pele “o pakiloe hore o khahlisitse Molimo.” Joang? “Ka tumelo, Henoke o nkiloe hore a se ke a bona lefu.” Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a “nkeloa Paradeiseng,” ka ho hlakileng a bona ponong paradeise ea kamoso ea moea ea phutheho ea Bokreste. (2 Ba-Korinthe 12:1-4) Ka hona, ho hlakile hore Henoke o ne a ntse a thabela pono ea Paradeise e tlang ea lefatše ha Jehova a mo robatsa lefung, a sireletsehile matsohong a lira. Hore re be ba khahlisang Molimo, joaloka Henoke, le rōna re tlameha ho bolela molaetsa oa Molimo ka sebete. (Liketso 4:29-31) Hape re tlameha ho lumela hore Molimo o teng ’me “ke moputsi oa ba o batlang.”
9. Tsela ea Noe e bontšitse joang hore ho latela litaelo tsa Molimo haufi-ufi ke tšobotsi e ’ngoe ea tumelo?
9 Ho latela litaelo tsa Molimo haufi-ufi le hona ke tšobotsi e ’ngoe ea tumelo. (Bala Ba-Heberu 11:7.) Ka tumelo, Noe “a etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng.” (Genese 6:22; 7:16) Noe a ‘tsebisoa ke Molimo tse e-song ho bonahale’ ’me a kholoa polelo ea Jehova ea hore ho tla ba le moroallo oa lefatše ka bophara. Ka tumelo le ka tšabo ea bomolimo ho Molimo, Noe “a haha areka ho pholosa ba ntlo ea hae.” Ka kutlo le liketso tsa ho loka, a tsoa lefatše la ba sa lumelang ka mesebetsi ea lona e khopo ’me a bontša hore le lokeloa ke ho timetsoa.—Genese 6:13-22.
10. Le hoja Noe a ne a haha areka, o ile a ipha nako ea mosebetsi ofe o mong?
10 Noe e ne e boetse e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ka hore e ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Le hoja a ne a tšoarehile a haha areka, o ile a ipha nako ea ho bolela, joalokaha ho etsa Lipaki tsa Jehova kajeno. Ka sebele, Noe o ile a bua ka sebete joaloka seboholi sa temoso ea Molimo ho batho bao ba pele ho moroallo, empa “ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.”—Mattheu 24:36-39.
Tumelo Har’a Bapatriareka ba Kamor’a Moroallo
11. (a) Abrahama o bontšitse joang hore tumelo e akarelletsa tšepo e feletseng litšepisong tsa Jehova? (b) Ka tumelo, Abrahama o ne a emetse “motse” ofe?
11 Tumelo e akarelletsa tšepo e feletseng litšepisong tsa Jehova. (Bala Ba-Heberu 11:8-12.) Ka tumelo Abrahama (Abrame) o ile a utloa taelo ea Molimo ’me a tloha Ure oa Bakalde, motse o neng o fana ka ho hongata ka tsela e bonahalang. A lumela tšepiso ea Jehova ea hore “mefuta eohle ea lefatše” e tla itlhohonolofatsa ka eena le hore peō ea hae e tla neoa naha. (Genese 12:1-9; 15:18-21) Mora oa Abrahama Isaaka le setloholo sa hae Jakobo e ne e le ‘majalefa le eena a pallo e le ’ngoe.’ Ka tumelo Abrahama “o kile a lula ka mokhoa oa mojaki naheng eo a e baletsoeng.” O ne a lebeletse “motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” E, Abrahama o ne a emetse ’Muso oa Molimo oa leholimo oo tlas’a oona a neng a tla tsosetsoa bophelong lefatšeng. Na ’Muso o nka sebaka sa bohlokoa joalo bophelong ba hao?—Mattheu 6:33.
12. Ho ile ha etsahala’ng kaha Sara o ne a e-na le tumelo e feletseng litšepisong tsa Jehova?
12 Basali ba bapatriareka ba tšabang Molimo le bona ba ne ba lumela litšepiso tsa Jehova. Ka mohlala, ka tumelo mosali oa Abrahama, Sara, le hoja e ne e le nyopa ho fihlela ha a le lilemo li 90 ’me “a se a tsofetse, o filoe matla a ho emola peō . . . kahobane a na a lumetse hoba [Molimo] ea ’maletseng ke ea tšepehang.” Ka nako ea teng, Sara a beleha Isaaka. Ka hona ho Abrahama ea lilemo li 100, “ea seng a ichoeletse” ntlheng ea ho ba le bana, ho qetelletse ho ‘bile le bana ba ka ka linaleli tsa leholimo ka bongata.’—Genese 17:15-17; 18:11; 21:1-7.
13, 14. (a) Le hoja Abrahama, Isaaka le Jakobo ba sa ka ‘ba bona phethahatso ea litšepiso,’ ba ile ba itšoara joang? (b) Re ka rua molemo joang ho nahaneng ka botšepehi ba bapatriareka ho Jehova le haeba re sa bone phethahatso ea hang-hang ea litšepiso tsa hae?
13 Tumelo e tla re boloka re tšepahala ho Jehova le haeba re sa bone phethahatso ea hang-hang ea litšepiso tsa hae. (Bala Ba-Heberu 11:13-16.) Bapatriareka ba tšepahalang ba shoele kaofela ba sa bona phethahatso e feletseng ea litšepiso tsa Molimo ho bona. Empa “ba li [lintho tse tšepisitsoeng] bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse, ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng.” E, ba phetse bophelo ba bona ka tumelo, hobane ho fetile meloko pele Lefatše la Pallo le fetoha letlotlo la bana ba Abrahama.
14 ’Nete ea hore ha baa ka ba bona phethahatso ea litšepiso tsa Molimo bophelong ba bona ha ea ka ea hlonamisa Abrahama, Isaaka le Jakobo kapa ea ba fetola bakoenehi. Ha baa ka ba furalla Jehova ba khutlela Ure, ba qoela ka melala mesebetsing ea lefatše. (Bapisa Johanne 17:16; 2 Timothea 4:10; Jakobo 1:27; 1 Johanne 2:15-17.) Che, bapatriareka bao ba ile ba ‘hahamallela’ sebaka se molemo haholo ho feta Ure, ‘e leng, sa leholimo.’ Ka hona Jehova ‘ha a lihlong tsa ho ipitsa Molimo oa bona.’ Ba tšepahetse ho Ea Holimo-limo ho fihlela lefung ’me ba tla tloha ba tsosetsoa bophelong lefatšeng, karolo ea puso ea “motse,” ’Muso oa Messia oo Molimo o ba lokiselitseng oona. Empa ho thoe’ng ka uena? Le haeba u ‘tsamaile ’neteng’ ka lilemo, u tsofalla tšebeletsong ea Jehova, u tlameha ho boloka tšepo ea hao tsamaisong ea hae e ncha eo a e tšepisitseng. (3 Johanne 4; 2 Petrose 3:11-13) Uena le bapatriareka ba tšepahalang le tla fumana moputso o mokaakang ka baka la tumelo e joalo!
15. (a) Ke eng e ileng ea nolofaletsa Abrahama hore a batle a nyehela Isaaka e le sehlabelo? (b) Tumelo ea rōna e lokela ho ameha joang ke ketsahalo e amang Abrahama le Isaaka? (c) Ketsahalo eo e tšoantšelitse eng ka boprofeta?
15 Kutlo e sa belaetseng ho Molimo ke tšobotsi ea bohlokoa ea tumelo. (Bala Ba-Heberu 11:17-19.) Kaha Abrahama o ile a utloa Jehova a sa belaele, o ‘hlahisitse Isaaka,’ “mora ea mong ho eena”—eena feela eo Sara a kileng a mo belehela eena. Abrahama o ne a ka etsa see joang? Hobane o ne a “lekanya hoba Molimo o ka tseba ho tsosa [Isaaka] bafung,” haeba ho hlokahala, ho phethahatsa tšepiso ea litloholo tse neng li tla hlaha ka eena. Thipa e letsohong la Abrahama e ka be e felisitse bophelo ba Isaaka ka motsotso feela, empa lentsoe la lengeloi la thibela sena. Kahoo, Abrahama a amohela Isaaka a e-tsoa lefung “ka mokhoa o kang oa tsoho.” Ka ho tšoanang re lokela ho susumetseha ho utloa Molimo ka tumelo le haeba bophelo ba rōna kapa ba bana ba rōna bo le kotsing. (1 Johanne 5:3) Hape, hoa hlokomeleha hore Abrahama le Isaaka ka nako eo ba ne ba tšoantšetsa ka boprofeta kamoo Jehova Molimo a neng a tla fana ka Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae, Jesu Kreste, e le topollo hore ba lumelang ho eena ba ka ba le bophelo bo sa feleng.—Genese 22:1-19; Johanne 3:16.
16. Mabapi le bana ba rōna le tumelo litšepisong tsa Molimo, bapatriareka ba fane ka mehlala efe?
16 Haeba re e-na le tumelo, re tla thusa bana ba rōna hore ba bee tšepo ea bona ho seo Molimo o se tšepisitseng bakeng sa kamoso. (Bala Ba-Heberu 11:20-22.) Tumelo ea bapatriareka e ne e le matla hoo le hoja litšepiso tsa Jehova ho bona li sa ka tsa phethahatsoa ka ho feletseng bophelong ba bona, ba ileng ba li fetisetsa ho bana ba bona e le lefa la bohlokoa. Kahoo, ‘Isaaka a hlohonolofatsa Jakobo le Esau ka tse tlang ho tla,’ ’me Jakobo ea shoang a hlohonolofatsa bara ba Josefa Efraime le Manasse. Kaha Josefa ka boeena o ne a e-na le tumelo e matla ea hore Baiseraele ba tla tloha Egepeta ho ea lefatšeng la pallo, o ile a hlapantša banab’abo hore ba tsamaee le masapo a hae ha ba tloha. (Genese 27:27-29, 38-40; 48:8-22; 50:24-26) Na u thusa lelapa la hao ho hōlisa tumelo e joalo litšepisong tsa Jehova?
Tumelo e Re Etsa Hore Re Etelletse Molimo Pele
17. Batsoali ba Moshe ba ile ba etsa ka tumelo joang?
17 Tumelo e re susumeletsa hore re etelletse Jehova le batho ba hae ka pele ho eng kapa eng eo lefatše lena le ka fanang ka eona. (Bala Ba-Heberu 11:23-26.) Baiseraele e ne e le makhoba a hlokang ho lopolloa bohlankeng Egepeta ha batsoali ba Moshe ba etsa ka tumelo. “Ha ba ka ba tšoha molao oa morena” oa ho bolaea bana ba batona ba Baheberu ha ba tsoaloa. Ho e-na le hoo, ba pata Moshe ka likhoeli tse tharo, qetellong ba mo kenya ka arekeng ea loli har’a mahlaka Nōkeng ea Nile. Ha a fumanoa ke morali oa Faro, a ‘hōlisoa joale ka mora oa hae.’ Pele, leha ho le joalo, Moshe a anyesoa le ho koetlisoa moeeng ka tlung ea ntat’ae le ’m’ae, Amrame le Jokebede. Joale, e le setho sa ntlo ea Faro, a rutoa “bohlale bohle joa ba-Egepeta” ’me ea e-ba “ea matla litabeng le mesebetsing,” ea matla kelellong le ’meleng.—Liketso 7:20-22; Exoda 2:1-10; 6:20.
18. Ka lebaka la tumelo ea hae, Moshe o ile a nka boemo bofe mabapi le borapeli ba Jehova?
18 Leha ho le joalo, thuto ea Baegepeta le khanya ea lintho tse bonahalang ea ntlo ea borena ha lia ka tsa etsa hore Moshe a furalle borapeli ba Jehova ’me a fetohe mokoenehi. Ho e-na le hoo, “ka tumelo, Moshe ha a se a hōlile, o hanne ho bitsoa mora oa morali oa Faro,” e leng maikuto ao a ileng a fana ka oona ha a sireletsa ngoan’abo oa Moheberu. (Exoda 2:11, 12) Moshe o ile a ikhethela “ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo [Baiseraele bahabo ba rapelang Jehova], e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele.” Haeba u mohlanka ea kolobelitsoeng oa Jehova ea nang le semelo se tiileng sa koetliso e nepahetseng ea moea, na u tla latela mohlala oa Moshe ’me u emele borapeli ba ’nete ka tieo?
19. (a) Ho totobala joang hore Moshe o ile a etelletsa Jehova le batho ba hae pele bophelong ba hae? (b) Moshe o ne a shebile ho lefshoa ha moputso ofe?
19 Moshe o ile a ema le batho ba Jehova “a kholoa hoba sekhobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.” Ho bonahala haholo-holo Moshe ‘a ne a nka thohako ea ho ba tšoantšetso ea boholo-holo ea Kreste, kapa Motlotsuoa oa Molimo, e le letlotlo le fetisang menono ea Egepeta.’ Joaloka setho sa ntlo ea borena, a ka be a ile a thabela matlotlo le botumo Egepeta. Empa a lumela a ba a ‘talima moputsong’—bophelo bo sa feleng ka tsoho lefatšeng tsamaisong e ncha e tšepisitsoeng ke Molimo.
20. Phihlelo ea Moshe e na le eng e bontšang hore tumelo e re etsa ba se nang tšabo joaloka bahlanka ba Jehova?
20 Tumelo e re etsa ba hlokang tšabo hobane re tšepile Jehova joaloka molopolli. (Bala Ba-Heberu 11:27-29.) Hoba a utloe hore Moshe o bolaile Moegepeta, Faro a batla ho ’molaea. “Eaba Moshe o thobela Faro, a ea ahella naheng ea Midiane.” (Exoda 2:11-15) Ka hona Pauluse ho bonahala a bua ka ho falla ha Baheberu Egepeta ho ileng ha tla hamorao ha a re: “Ka tumelo [Moshe] o kile a tloha Egepeta, a sa tšabe bohale ba morena [ea neng a mo sokela ka lefu ka baka la ho emela Molimo molemong oa Iseraele], kahobane a na a tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.” (Exoda 10:28, 29) Le hoja Moshe ho se mohla a kileng a bona Molimo, litšebelisano tsa Jehova le eena e ne e le tsa sebele hoo a neng a itšoara joalokaha eka o bona “ea sa bonoeng.” (Exoda 33:20) Na kamano ea hao le Jehova e matla hakaalo?—Pesaleme ea 37:5; Liproverbia 16:3.
21. Mabapi le ho tloha ha Iseraele Egepeta, ke eng e etsahetseng “ka tumelo”?
21 Nakoana pele Iseraele e tloha Egepeta, “ka tumelo, [Moshe], o entse Paseka le phoko ea mali, hore ea bolaeang matsibolo a se ke a ama a ba-Iseraele.” E, ho ne ho hloka tumelo ho tšoara Paseka ka kholiseho ea hore matsibolo a bashanyana a Iseraele a ne a tla bolokoa ha ho bolaoa a Baegepeta, ’me tumelo ena ea putsoa. (Exoda 12:1-39) Hape, “ka tumelo, [batho ba Iseraele] ba kile ba tšela Leoatle le Lefubelu, joale ka hoja e le lefatše le omileng, ’me ba-Egepeta ha ba leka ho etsa joalo, ba nkoa ke metsi.” Molimo o ipakile hore ke molopolli ea tsotehang hakaakang! ’Me ka baka la topollo ena, Baiseraele ba “tšaba Jehova, [ba] lumela Jehova le Moshe, mohlanka oa hae.”—Exoda 14:21-31.
22. Ka tumelo, ke lipotso life tse saletseng hore li inahaneloe?
22 Tumelo ea Moshe le ea bapatriareka ka sebele ke mohlala bakeng sa Lipaki tsa Jehova kajeno. Empa ho ile ha etsahala joang ha Molimo o ntse o sebelisana le bana ba Abrahama joaloka sechaba se hlophisitsoeng ka puso ea Molimo? Re ka ithuta eng ka liketso tse tsoelang pele tsa tumelo mehleng ea boholo-holo?
U ka Arabela Joang?
◻ Tumelo ke eng?
◻ Mohlala oa Henoke o re ruta eng ka tumelo?
◻ Bapatriareka ba tšabang Molimo ba bontšitse joang hore tumelo e akarelletsa tšepo e feletseng litšepisong tsa Jehova?
◻ Ke bohato bofe ba Abrahama bo bontšang hore kutlo e sa belaetseng ho Molimo ke tšobotsi ea bohlokoa ea tumelo?
◻ Ke liketso life tsa Moshe tse bontšang hore tumelo e bolela ho etelletsa Jehova le batho ba hae ka pele ho eng kapa eng eo lefatše le ka fanang ka eona?