Khaolo 17
Ho Putsoa ‘Meea e Bolailoeng’
1. Re phela nakong efe, ’me ho na le bopaki bofe bo bontšang see?
’MUSO oa Molimo oa busa! Mopalami oa pere e tšoeu o haufi le ho phetha tlhōlo ea hae! Pere e khubelu, pere e ntšo le pere e botala bo bosehla lia khema ho pholletsa lefatše! Ntle ho pelaelo, boprofeta ba Jesu mabapi le ho ba teng ha hae e le morena boa phethahala. (Matheu, khaolo ea 24 le 25; Mareka, khaolo ea 13; Luka, khaolo ea 21) E, re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. (2 Timothea 3:1-5) Kaha re phela nakong ena, a re eleng hloko ka ho fetisisa ha Konyana, Jesu Kreste, e bula tiiso ea bohlano ea moqolo oo. Joale ke tšenolo efe e ’ngoe eo re lokelang ho e utloa?
2. (a) Johanne o ile a bona eng ha ho buloa tiiso ea bohlano? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha re bala ka aletare ea tšoantšetso ea sehlabelo leholimong?
2 Johanne o hlalosa pono e susumetsang: “Ha e bula tiiso ea bohlano, ka bona ka tlaase ho aletare meea ea ba bolailoeng ka lebaka la lentsoe la Molimo le ka lebaka la mosebetsi oa bopaki oo ba neng ba e-na le oona.” (Tšenolo 6:9) Ke eng seo ho buuoang ka sona? Aletare ea sehlabelo leholimong? E! Ke lekhetlo la pele Johanne a bua ka aletare. Leha ho le joalo, o se a ile a hlalosa Jehova a le teroneng ea Hae, a hlalosa likerubime tse mo pota-potileng, leoatle le kang khalase, mabone, le baholo ba 24 ba nkileng libano—lintho tsena kaofela ke tse tšoantšetsang litšobotsi tsa tabernakele ea lefatšeng, eo e neng e le sehalalelo sa Jehova Iseraeleng. (Exoda 25:17, 18; 40:24-27, 30-32; 1 Likronike 24:4) Na joale re lokela ho makatsoa ke ho fumana aletare ea tšoantšetso ea sehlabelo leholimong?—Exoda 40:29.
3. (a) Tabernakeleng ea boholo-holo ea Bajuda, meea e ne e tšolleloa “karolong e ka tlaase ea aletare” joang? (b) Ke hobane’ng ha Johanne a ile a bona meea ea lipaki tse bolailoeng e le ka tlaase ho aletare ea tšoantšetso leholimong?
3 Ka tlaase ho aletare ena, ho na le “meea ea ba bolailoeng ka lebaka la lentsoe la Molimo le ka lebaka la mosebetsi oa bopaki oo ba neng ba e-na le oona.” See se bolela’ng? Ena e ne e ke ke ea e-ba meea e arohantsoeng le ’mele—joalokaha Bagerike ba bahetene ba ne ba lumela joalo. (Genese 2:7; Ezekiele 18:4) Ho e-na le hoo, Johanne oa tseba hore moea, kapa bophelo, o tšoantšetsoa ke mali, ’me ha baprista ba ne ba hlaba phoofolo ea sehlabelo tabernakeleng ea boholo-holo ea Bajuda, ba ne ba fafatsa mali “ho potoloha aletare” kapa ba ne ba a tšollela “karolong e ka tlaase ea aletare ea nyehelo ea secheso.” (Levitike 3:2, 8, 13; 4:7; 17:6, 11, 12) Kahoo, moea oa phoofolo o ne o amahanngoa haufi-ufi le aletare ea sehlabelo. Empa ke hobane’ng ha meea, kapa mali, ea bahlanka baa ba Molimo ka ho khetheha e ne e bonoa ka tlaase ho aletare ea tšoantšetso leholimong? Hobane lefu la bona le talingoa e le la sehlabelo.
4. Ke ka tsela efe lefu la Bakreste ba tsoetsoeng ka moea e leng la sehlabelo?
4 Ka sebele, bohle ba tsoetsoeng e le bara ba moea ba Molimo ba shoa lefu la sehlabelo. Ka lebaka la mosebetsi oo ba lokelang ho ea o phetha ’Musong oa leholimo oa Jehova, ke thato ea Molimo hore ba latole le ho tela tšepo leha e le efe ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ntlheng ena, ba inehela lefung la sehlabelo ka lebaka la bobusi ba Jehova. (Bafilipi 3:8-11; bapisa le 2:17.) Sena se hlile se etsahetse ka ho toba ho bao Johanne a ba boneng tlas’a aletare. Ke batlotsuoa bao mehleng ea bona ba ileng ba bolaeloa tumelo ka lebaka tšebeletso ea bona e chesehang ea ho phahamisa Lentsoe la Jehova le bobusi ba hae. ‘Meea ea bona e ile ea bolaoa ka lebaka la lentsoe la Molimo le ka lebaka la mosebetsi oa bopaki [mar·ty·riʹan] oo ba neng ba e-na le oona.’
5. Ke ka tsela efe meea ea ba tšepahalang, le hoja e shoele, e hoeletsang hore e pheteletsoe?
5 Pono e tsoela pele ho senoleha: “Ba hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ba re: ‘’Musi Morena ea halalelang le oa ’nete, u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola le ho pheteletsa mali a rōna holim’a ba lulang lefatšeng?’” (Tšenolo 6:10) Meea ea bona, kapa mali a bona, e ka llela ho pheteletsoa joang, kaha Bibele e bontša hore bafu ha ba tsebe letho? (Moeklesia 9:5) Na mali a Abele ea lokileng ha aa ka a hoeletsa ka mor’a hore Kaine a mo bolaee? Ka mor’a moo Jehova o ile a re ho Kaine: “U entse’ng? Mamela! Mali a moen’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.” (Genese 4:10, 11; Baheberu 12:24) Hase hore mali a Abele a ne a hlile a ntša lentsoe. Ho e-na le hoo, Abele o ne a shoele a se na molato, ’me toka e ne e hloka hore ’molai oa hae a ahloloe. Ka ho tšoanang, bashoela-tumelo bao ba Bakreste ha ba na molato, ’me ba lokela ho pheteletsoa ka toka. (Luka 18:7, 8) Ba hoeletsa hore ba pheteletsoe hobane ba likete tse ngata ba shoele ka lebaka leo.—Bapisa le Jeremia 15:15, 16.
6. Ke ho tšolloa hofe ha mali a se nang molato ho ileng ha pheteletsoa ka 607 B.C.E.?
6 Boemo bona bo ka boela ba tšoantšoa le bo neng bo le teng Juda e koenehileng ha Morena Manase a lula teroneng ka 716 B.C.E. O ile a tšolla mali a mangata a se nang molato, mohlomong o ile a ba a ‘sakha’ moprofeta Esaia ‘likoto.’ (Baheberu 11:37; 2 Marena 21:16) Le hoja hamorao Manase a ile a baka ’me a sokoloha, molato oo oa mali o ile oa sala. Ka 607 B.C.E., ha Bababylona ba ripitla ’muso oa Juda, “e bile ka taelo ea Jehova feela ho ileng ha etsahala khahlanong le Juda, ho e tlosa ponong ea hae ka lebaka la libe tsa Manase, ho ea ka sohle seo a neng a se entse; le ka lebaka la mali a hlokang molato ao a neng a a tšolotse, hoo a ileng a tlatsa Jerusalema ka mali a hlokang molato, ’me Jehova ha aa ka a lumela ho tšoarela.”—2 Marena 24:3, 4.
7. Ke mang haholo-holo ea molato oa ho tšolla “mali a bahalaleli”?
7 Joaloka mehleng ea ho ngoloa ha Bibele, le kajeno batho ba bangata ba bolaileng lipaki tsa Molimo e ka ’na eaba ke khale ba shoele. Empa mokhatlo o entseng hore ba bolaeloe tumelo o ntse o le teng ebile o ntse o le molato oa mali. Ke mokhatlo oa Satane oa lefatšeng, peō ea hae ea lefatšeng. Karolo e hlaheletseng ea oona ke Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.a O hlalosoa ka hore o “tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.” E, “ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 17:5, 6; 18:24; Baefese 4:11; 1 Bakorinthe 12:28) Ke molato o moholo hakaakang oa mali! Hafeela Babylona e Moholo e ntse e le teng, mali a bao e ba bolaileng a tla ’ne a hoeletse a re ho phethahatsoe toka.—Tšenolo 19:1, 2.
8. (a) Ke liketsahalo life tsa ho bolaeloa tumelo tse etsahetseng mehleng ea Johanne? (b) Ke mahloriso afe a ileng a hlohlelletsoa ke baemphera ba Roma?
8 Johanne ka boeena o ile a bona ha batho ba bolaeloa tumelo lekholong la pele la lilemo ha Noha e sehlōhō le peō ea eona ea lefatšeng ba loantša phutheho e hōlang ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Johanne o ne a ile a bona ha Morena oa rōna a khokhotheloa ’me eena o ile a pholoha ha ho bolaoa Setefane, ho bolaoa ngoan’abo, Jakobo, le Petrose, Pauluse le metsoalle e meng e haufi-ufi. (Johanne 19:26, 27; 21:15, 18, 19; Liketso 7:59, 60; 8:2; 12:2; 2 Timothea 1:1; 4:6, 7) Ka 64 C.E., moemphera Nero oa Roma o ne a ile a neta Bakreste ka molato, a ba qosa ka hore ba chesitse motse, a leka ho koahela menyenyetsi ea hore ke eena ea molato. Rahistori Tacitus o tlaleha tjena: “[Bakreste] ba ile ba bolaoa ka mekhoa e hlabisang lihlong; ba bang ba ne ba apesoa matlalo a libatana ebe ba rusolloa ke lintja, ba bang ba ne ba [khokhotheloa],b ba bang ba ne ba chesoa joaloka litoche ho bonesa bosiu.” Mahloriso a mang a maholo tlas’a Moemphera Domitian (81-96 C.E.) a ne a feletse ka hore Johanne a isoe botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose. Joalokaha Jesu a ne a boletse: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.”—Johanne 15:20; Matheu 10:22.
9. (a) Satane o ile a hlahisa thetso efe e entsoeng ka bohlale bo fetisisang lilemong tsa bo-300 C.E., ’me karolo ea eona e ka sehloohong ke efe? (b) Babusi ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tšoara Lipaki Tsa Jehova joang nakong ea Ntoa ea I le ea II ea Lefatše?
9 Lilemong tsa bo-300 C.E., noha eo ea khale, Satane Diabolose, e ne e hlahisitse thetso ea eona e entsoeng ka bohlale bo fetisisang, e leng bolumeli ba bokoenehi ba Bokreste-’mōtoana—tsamaiso ea Babylona e keneng tlas’a lekoko la “Bokreste.” Ke karolo e ka sehloohong ea peō ea Noha ’me e hōlile hoo e seng e le lihlotšoana tse ngata tsa bokhelohi tse loantšanang. Joaloka Juda e sa tšepahaleng ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana bo jere molato o moholo oa mali, kaha bo ile ba ameha ka ho teba mahlakoreng ka bobeli Ntoeng ea I le ea II ea Lefatše. Babusi ba bang ba lipolotiki ba Bokreste-’mōtoana ba bile ba sebelisitse lintoa tsena e le seipato sa ho bolaea bahlanka ba tlotsitsoeng ba Molimo. Tlalehong e ileng ea ngoloa ha ho hlahlojoa buka ea Friedrich Zipfel ea Kirchenkampf in Deutschland (Ntoa ea Likereke Jeremane) e mabapi le ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova ke Hitler, ho ile ha thoe: “Karolo ea boraro ea tsona [Lipaki] e ile ea bolaoa, ebang ke ka ho fanyehoa, ka mekhoa e meng e mabifi, ka tlala, ho kula kapa ho sebelisoa joaloka makhoba. Ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le khatello e matla joaloka eona, ’me e ne e bakiloe ke tumelo e sa sekisetseng eo ho hang e neng e sa lumellane le likhopolo tsa Bonazi.” Kannete, ho ka buuoa tjena ka Bokreste-’mōtoana, ho akarelletsa le baprista ba bona: “Liaparong tsa hao ho fumanoe maqaphaqapha a mali a meea ea mafutsana a hlokang molato.”—Jeremia 2:34.c
10. Bahlankana ba bongata bo boholo ba ile ba hlorisoa joang linaheng tse ngata?
10 Ho tloha ka 1935 bahlankana ba tšepahalang ba bongata bo boholo ba ile ba mamella mahloriso a maholo linaheng tse ngata. (Tšenolo 7:9) Esita le ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala Europe, motseng o le mong feela bacha ba 14 ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba bolaoa ka ho fanyehoa. Molato? Ba ile ba hana ho “ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Haufinyane haholo, bahlankana ba linaheng tsa Bochabela le Afrika ba ile ba otloa ho fihlela ba e-shoa kapa ba bolaoa ke masole a ba thunyang ka lebaka le tšoanang. Bashoela-tumelo bana ba bacha, bao e neng e le batšehetsi ba tšoanelehang ba barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng, ka sebele ba tla tsosetsoa lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng.—2 Petrose 3:13; bapisa le Pesaleme ea 110:3; Matheu 25:34-40; Luka 20:37, 38.
Seaparo se Selelele sa ka Holimo se Sesoeu
11. Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoetseng tumelo ba amohela “seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu” ka kutloisiso efe?
11 Ka mor’a hore moapostola Pauluse a bue ka tumelo ea batho ba ileng ba lula ba tšepahala mehleng ea boholo-holo, o ile a re: “Leha ho le joalo bana bohle, le hoja ba ile ba pakoa ka tumelo ea bona, ha baa ka ba fumana phethahatso ea tšepiso, kaha Molimo o ile a bona esale pele ho hong ho molemo bakeng sa rōna, e le hore ba se ke ba etsoa ba phethahetseng kantle le rōna.” (Baheberu 11:39, 40) Ke hofe “ho hong ho molemo” hoo Pauluse le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba neng ba ho lebeletse? Johanne o ho bona mona ponong: “E mong le e mong oa bona a fuoa seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu; ’me ba bolelloa hore ba phomole ka nakoana e eketsehileng, ho fihlela ha palo e tlatsitsoe le ea makhoba-’moho le bona le barab’abo bona ba neng ba le haufi le ho bolaoa joalokaha le bona ba ne ba bolailoe.” (Tšenolo 6:11) Ho amohela ha bona “seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu” ho amana le ho tsoha ha bona ba tsohela ho ba libōpuoa tsa moea tse sa shoeng. Ha ba sa lula ka tlaase ho aletare e le meea e bolailoeng, empa ba tsosetsoa ho ba karolo ea sehlopha sa baholo ba 24 ba rapelang ka pel’a terone ea Molimo e leholimong. Ha ba le mona, bona ka bobona ba filoe literone, e leng ho bontšang hore ba fuoe tlotla ea ho etsa mesebetsi ea borena. Hape “ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu,” ho bolelang hore ba ahlotsoe e le ba lokileng, ba tšoaneloang ke sebaka se hlomphehang ka pel’a Jehova lekhotleng leo la leholimo. Hape hona ho phethahatsa tšepiso ea Jesu ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang phuthehong ea Sarda, e reng: “Ea hlōlang o tla apesoa liaparo tsa ka ntle tse tšoeu.”—Tšenolo 3:5; 4:4; 1 Petrose 1:4.
12. Batlotsuoa ba tsositsoeng ba tla ‘phomola ka nakoana e eketsehileng’ ka tsela efe, hona ba tla phomola ho fihlela neng?
12 Bopaki bohle bo bontša hore tsoho ena ea ba eang leholimong e qalile ka 1918, ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng ka 1914 a be a kalle a qale tlhōlo ea hae ea borena ka hore a hloekise maholimo ka ho tlosa Satane le bademona ba hae. Empa, batlotsuoa bao ba tsositsoeng ba bolelloa hore ba tlameha “hore ba phomole ka nakoana e eketsehileng, ho fihlela ha palo . . . ea makhoba-’moho le bona” e tlatsitsoe. Ba sehlopha sa Johanne ba ntseng ba le lefatšeng ba tlameha ho paka botšepehi ba bona tlas’a teko le mahloriso, ’me ba bang ba bona ba sa ntsane ba ka bolaoa. Leha ho le joalo, qetellong mali ’ohle a ba lokileng a tšolotsoeng ke Babylona e Moholo le linyatsi tsa hae tsa bopolotiki a tla pheteletsoa. Ho sa le joalo, ha ho pelaelo hore ba tsositsoeng ba tšoarehile ka mesebetsi ea leholimo. Ba phomotse, eseng ka ho khatholoha hamonate ba sa etse letho, empa ka kutloisiso ea hore ka mamello ba letetse letsatsi la Jehova la phetetso. (Esaia 34:8; Baroma 12:19) Phomolo ea bona e tla fela ha ba bona bolumeli ba bohata bo felisoa ’me joaloka “ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang,” ba tsamaea le Morena Jesu Kreste ho ea phethahatsa kahlolo holim’a likarolo tse ling tsohle tsa peō ea Satane e khopo mona lefatšeng.—Tšenolo 2:26, 27; 17:14; Baroma 16:20.
‘Ba Shoeleng ba Tla Tsoha Pele’
13, 14. (a) Ho ea ka moapostola Pauluse, tsoho ea ba eang leholimong e qala neng, hona ho tsosoa bo-mang? (b) Batlotsuoa bao letsatsi la Morena le fihlang ba ntse ba phela ba tsosetsoa leholimong neng?
13 Temoho e bang teng ha ho buloa tiiso ea bohlano e lumellana ka ho feletseng le mangolo a mang a amanang le tsoho ea ba eang leholimong. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngola mantsoe a reng: “Etsoe sena ke seo re le bolellang sona ka lentsoe la Jehova, hore rōna ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; hobane Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele. Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona, re tla nkeloa marung ho ea kopana le Morena moeeng; ka tsela ena re tla ba le Morena kamehla.”—1 Bathesalonika 4:15-17.
14 Litemana tsee li pheta pale e susumetsang hakaakang! Ba bang ba barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ba phelang nakong ea ho ba teng ha Jesu, ke hore, ba ntseng ba phela lefatšeng nakong ea boteng ba hae, ba rakoa ho ea leholimong ke ba seng ba shoele. Ba joalo, ba shoetseng bonngoeng le Kreste, ba tsoha pele. Jesu oa theoha, ke hore, o ba ela hloko ’me o ba tsosetsa bophelong ba moea, o ba fa “seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu.” Ka mor’a moo, ba ntseng ba phela ba qeta bophelo ba bona e le batho mona lefatšeng ’me ba bangata ba bona ba shoa ka mabifi matsohong a bahanyetsi. Leha ho le joalo, ha ba sa robala lefung joaloka ba shoeleng pele ho bona. Ho e-na le hoo, ha ba e-shoa, ba fetoha hang-hang—“ka ho panya ha leihlo”—ba nkeloa leholimong hore ba e’o ba le Jesu le litho tse ling tsa ’mele oa Kreste. (1 Bakorinthe 15:50-52; bapisa le Tšenolo 14:13.) Kahoo, tsoho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e qala hang hoba banna ba bane ba lipere tsa Tšenolo ba qale ho palama.
15. (a) Ho buloa ha tiiso ea bohlano ho tlisitse litaba life tse molemo? (b) Ho palama ha Mohlōli ea palameng pere e tšoeu ho fihla tlhōrōng joang?
15 Ho buloa ha tiiso ena ea bohlano ea moqolo ho tlisitse litaba tse molemo mabapi le batlotsuoa ba ileng ba lula ba tšepahala ba hlōtseng, ba tšepahetseng ho isa lefung. Empa ha ho tlisetse Satane le peō ea hae litaba tse monate. Ho palama ha Mohlōli ea palameng pere e tšoeu ho tsoela pele ho sa sitisoe ke letho ’me ho fihla tlhōrōng nakong ea ha lefatše ‘le rapaletseng matleng a ea khopo’ le ahloloa. (1 Johanne 5:19) Hona ho hlakisoa ke ha Konyana e bula tiiso ea botšelela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Babylona e Moholo e hlalosoa ka ho qaqileng hore na ke eng Khaolong ea 33.
b Bapisa le sehlomathiso sa 5C, leqepheng la 1577, se reng “Torture Stake” ho NW.
c Ho fanoe ka bopaki bo qaqileng haholoanyane ba hore bolumeli bo molato oa mali Khaolong ea 36.
[Lebokose le leqepheng la 102]
‘Meea e bolailoeng’
Cyclopedia ea McClintock le Strong e qotsa mantsoe a John Jortin, e leng Moprostanta oa Lenyesemane oa lilemong tsa bo-1700, ea tsoetsoeng ke batsoali ba Maprostanta a Fora ha a re: “Moo mahloriso a qalang teng, Bokreste boa fela . . . E bile ka mor’a hore Bokreste bo hlongoe e le bolumeli ba ’muso [oa Roma], le ka mor’a hore matona a oona a fuoe maruo le tlhompho, moo mahloriso a sehlōhō ka ho fetisisa a ileng a fumana matla a maholo, ’me a kenella le bolumeling ba Kosepele.”
[Setšoantšo se leqepheng la 103]
“E mong le e mong oa bona a fuoa seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu”