Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ipeha ka Boikokobetso Tlas’a Balisa ba Lerato
    Molula-Qhooa—2007 | April 1
    • 7. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le boikutlo ba rōna ka balebeli ba Bakreste?

      7 Balisa ba rōna ba leholimong, e leng Jehova Molimo le Jesu Kreste, ba lebeletse hore re mamele re be re ipehe tlas’a balisa ba tlaase bao ba ba behileng maemong a boikarabelo ka phuthehong. (1 Petrose 5:5) Moapostola Pauluse o ile a bululeloa ’me a ngola a re: “Hopolang ba etellang pele har’a lōna, ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona. Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheberu 13:7, 17.

      8.Pauluse o re kōpa hore re ‘nahanisise’ ka eng, hona re lokela ho ‘mamela’ joang?

      8 Hlokomela hore Pauluse o re kōpa hore re ‘nahanisise’ kapa re shebisise phello ea boitšoaro ba baholo bo bontšang botšepehi, ebe re latela mehlala ena ea tumelo. Ho feta moo, o re eletsa hore re mamele le hore re ipehe tlas’a tataiso ea banna bana ba behiloeng. Setsebi sa Bibele se bitsoang R. T. France se hlalosa hore Segerikeng sa pele, lentsoe le fetoletsoeng mona e le “mamelang” hase “lentsoe la ho mamela hoo re ho tloaetseng, empa le bolela ‘ho susumelletsoa ho lumela,’ ho fanang ka maikutlo a ho amohela boeta-pele ba bona ka boithatelo.” Re mamela baholo eseng hobane feela Lentsoe la Molimo le re laela hore re etse joalo empa le hobane re susumelletsoa ho lumela hore ba thahasella litaba tsa ’Muso oa Molimo ebile ba thahasella hore re phele hantle nameng le moeeng. Ka sebele re tla thaba haeba re amohela boeta-pele ba bona ka boithatelo.

      9. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ‘ipehe tlaase’ re be re mamele?

      9 Leha ho le joalo, re lokela ho etsa joang haeba tabeng e itseng re sa kholiseha hore tataiso ea baholo ke eona tsela e molemohali ea ho etsa lintho? Ke tabeng ena moo ho hlokahalang hore re ipehe tlaase. Ho bonolo ho mamela ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlakile ebile re lumellana le eona, empa re tla bontša hore re ipehile tlaase e le kannete ha re tenyetseha le moo re sa utloisiseng tataiso e fanoang. Petrose, eo e ileng ea e-ba moapostola hamorao, o ile a bontša ho ipeha tlaase ha mofuta ona.—Luka 5:4, 5.

  • Ho Ipeha ka Boikokobetso Tlas’a Balisa ba Lerato
    Molula-Qhooa—2007 | April 1
    • 12. Balebeli “ba lebetse meea ea [rōna]” joang?

      12 Lebaka la bobeli la hore re sebelisane le balebeli ba Bakreste ke hobane “ba lebetse meea ea [rōna].” Haeba ho e-na le seo ba se lemohang boikutlong ba rōna kapa boitšoarong ba rōna se ka ’nang sa re ntša kotsi moeeng, ba potlakela ho re fa keletso e hlokahalang ka morero oa ho re khutlisetsa tseleng. (Bagalata 6:1) Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “ba lebetse” e bolela “ho itima boroko.” Ho ea ka setsebi se seng sa Bibele, e “fetisa maikutlo a ho falimeha ha molisa.” Ho phaella tabeng ea ho lula ba falimehile moeeng, ho ka etsahala hore baholo ba se ke ba robala hobane ba amehile ka hore re phele hantle moeeng. Na ha rea lokela ho ithaopela ho sebelisana le balisa baa ba tlaase ba lerato, ba etsang sohle seo ba ka se khonang ho etsisa tlhokomelo e bonolo e fanoang ke Jesu Kreste, “molisa e moholo oa linku”?—Baheberu 13:20.

      13. Balebeli hammoho le Bakreste bohle ba ikarabella ho mang hona e le ka litsela life?

      13 Lebaka la boraro leo ka lona re ithaopelang ho sebelisana le balebeli ke hore ba re lebetse “joaloka ba tla ikarabella.” Balebeli baa hopola hore ke balisa ba tlaase, ba sebetsang tlas’a Balisa ba leholimo, e leng Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Ezekiele 34:22-24) Jehova ke Mong’a linku, tseo a li “rekileng ka mali a Mora oa hae,” ’me O nka hore balebeli ba behiloeng baa ikarabella ka tsela eo ba tšoarang mohlape oa Hae ka eona, hobane ba lokela ho o tšoara “ka mosa.” (Liketso 20:28, 29) Kahoo, bohle re ikarabella ho Jehova ka tsela eo re itšoarang ka eona ha a re tataisa. (Baroma 14:10-12) Ha re mamela baholo ba behiloeng re boetse re fana ka bopaki ba hore re ipehile tlas’a Kreste, Hlooho ea phutheho.—Bakolose 2:19.

      14. Ke eng e ka etsang hore balebeli ba Bakreste ba sebeletse “ka ho feheloa,” ’me liphello e ka ba life?

      14 Pauluse o ile a fana ka lebaka la bone la hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ipeha tlas’a balebeli ba Bakreste ka boikokobetso. O ile a ngola a re: “E le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheberu 13:17) Kaha ba na le boikarabelo bo boholo ba ho ruta, ho lisa, ho etella pele mosebetsing oa boboleli, ho hōlisa bana ba bona le ho sebetsa mathata a liphutheho, baholo ba Bakreste ba jere mojaro o boima. (2 Bakorinthe 11:28, 29) Haeba re sa sebelisane le bona, re ba ekeletsa mojaro. Sena se ka fella ka hore ba ‘feheloe.’ Jehova ha a khahloe ha re bontša moea oa ho hloka tšebelisano, ’me moea ona o ka ba kotsi ho rōna. Ho e-na le hoo, ha re bontša tlhompho e tšoanetseng le tšebelisano, baholo ba ka phetha mesebetsi ea bona ka thabo, ’me sena se ka etsa hore ho be le bonngoe le ho kopanela ka thabo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.—Baroma 15:5, 6.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela