Jehova o Tlisa Bara ba Bangata Khanyeng
“Ho ne ho loketse hore [Molimo], ha a tlisa bara ba bangata khanyeng, a etse hore Moemeli ea ka Sehloohong oa poloko ea bona e be ea phethahetseng ka litlhokofatso.”—BAHEBERU 2:10.
1. Ke hobane’ng ha re ka tiiseha hore morero oa Jehova bakeng sa moloko oa batho o tla phethahala?
JEHOVA o bōpile lefatše hore e be lehae la ka ho sa feleng la lelapa le phethahetseng la motho le thabelang bophelo bo sa feleng. (Moeklesia 1:4; Esaia 45:12, 18) Ke ’nete hore moholo-holo oa rōna Adama o ile a etsa sebe, ka lebaka leo a fetisetsa sebe le lefu baneng ba hae. Empa morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho o tla phethahala ka Peō ea hae e Tšepisitsoeng, Jesu Kreste. (Genese 3:15; 22:18; Baroma 5:12-21; Bagalata 3:16) Ho rata lefatše la moloko oa batho ho susumelelitse Jehova ho fana ka “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) ’Me lerato le ile la susumelletsa Jesu “ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) “Thekollo e lekanang” ena e rekolla litokelo le litebello tse ileng tsa lahlehela Adama ’me e etsa hore bophelo bo sa feleng bo fumanehe.—1 Timothea 2:5, 6; Johanne 17:3.
2. Tšebeliso ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo e ne e tšoantšetsoa joang Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la Iseraele?
2 Tšebeliso ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu e ne e tšoantšetsoa ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. Letsatsing leo, moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a qala ka ho etsa sehlabelo sa poho e le nyehelo ea sebe ’me a hlahisa mali a eona Arekeng e halalelang ka ho se Halalelang ka ho Fetisisa sa tabernakele, ’me hamorao a a hlahisa ka tempeleng. Sena se ne se etsoa molemong oa hae, oa ba ntlo ea hae le oa leloko la Levi. Ka ho tšoanang, Jesu Kreste o ile a qala ka ho hlahisa ho Molimo molemo oa mali a hae bakeng sa ho koahela libe tsa ‘barab’abo’ ba moea. (Baheberu 2:12; 10:19-22; Levitike 16:6, 11-14) Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a boetse a etsa sehlabelo ka pōli e le nyehelo ea sebe ’me a hlahisa mali a eona ka ho se Halalelang ka ho Fetisisa, ka tsela eo a koahela libe tsa meloko e 12 ea Iseraele eo e seng ea boprista. Ka ho tšoanang, Moprista ea Phahameng Jesu Kreste o tla sebelisa mali a bophelo ba hae molemong oa batho ba sebelisang tumelo, a hlakole libe tsa bona.—Levitike 16:15.
Ba Tlisoa Khanyeng
3. Ho latela Baheberu 2:9, 10, Molimo o ’nile a etsa eng ka lilemo tse 1900?
3 Ka lilemo tse 1900, Molimo o ’nile a etsa ntho e ’ngoe e tsotehang mabapi le ‘barab’abo’ Jesu. Mabapi le sena, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re bona Jesu, ea entsoeng ea ka tlaase hanyenyane ho mangeloi, a roesitsoe moqhaka oa khanya le tlhompho ka lebaka la hore o ile a utloisoa bohloko ke lefu, e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong. Etsoe ho ne ho loketse hore [Jehova Molimo] eo ka lebaka la hae lintho tsohle li leng teng le eo ka eena lintho tsohle li leng teng, ha a tlisa bara ba bangata khanyeng, a etse hore Moemeli ea ka Sehloohong oa poloko ea bona e be ea phethahetseng ka litlhokofatso.” (Baheberu 2:9, 10) Moemeli ea ka Sehloohong oa poloko ke Jesu Kreste, ea ileng a ithuta ho mamela ho phethahetseng ka lintho tse ileng tsa mo utloisa bohloko ha a ntse a phela lefatšeng e le motho. (Baheberu 5:7-10) Jesu e bile eena oa pele ea ileng a tsoaloa e le mora oa Molimo oa moea.
4. Jesu o ile a tsoaloa neng hona joang e le Mora oa Molimo oa moea?
4 Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang, ho tsoala Jesu e le Mora oa hae oa moea, e le hore a mo tlise khanyeng ea leholimo. Ha Jesu a ne a le mong le Johanne Mokolobetsi, o ile a qoelisoa ka ho feletseng ka har’a metsi bakeng sa ho tšoantšetsa ho itlhahisa ha hae ho Molimo. Tlaleho ea Kosepele ea Luka e re: “Ha batho bohle ba kolobetsoa, Jesu le eena a kolobetsoa ’me, ha a ntse a rapela, leholimo la buleha ’me moea o halalelang o le sebōpehong sa ’mele se joaloka leeba oa theohela holim’a hae, ’me lentsoe la tsoa leholimong: ‘U Mora oa ka, moratuoa; ke u amohetse.’” (Luka 3:21, 22) Johanne o ile a bona moea o halalelang o tla holim’a Jesu ’me a utloa ha Jehova a bua a mo amohela phatlalatsa e le Mora oa Hae, moratuoa. Ka nako eo le ka moea o halalelang, Jehova o ile a tsoala Jesu e le oa pele ho ‘bara ba bangata ba lokelang ho tlisoa khanyeng.’
5. Ke bo-mang bao e bileng ba pele ba ileng ba fumana molemo sehlabelong sa Jesu, ’me ba bakae ka palo?
5 ‘Barab’abo’ Jesu e bile bona ba pele ba ileng ba rua molemo sehlabelong sa hae. (Baheberu 2:12-18) Ponong, moapostola Johanne o ile a ba bona ba se ba le khanyeng Thabeng ea Sione ea leholimo ba e-na le Konyana, Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng. Johanne o ile a boela a tsebahatsa palo ea bona phatlalatsa, a re: “[Ka] talima, ’me, bonang! Konyana e emeng Thabeng ea Sione, ’me e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene ba nang le lebitso la eona le lebitso la Ntate oa eona le ngotsoe liphatleng tsa bona. . . . Bana ba ile ba rekoa har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana, ’me ha ho bohata bo ileng ba fumanoa melomong ea bona; ha ba na sekoli.” (Tšenolo 14:1-5) Ka hona ‘bara ba bangata ba tlisoang khanyeng’ leholimong ha ba le kaofela ba 144-001 feela—Jesu le barab’abo ba moea.
Ba “Tsoetsoe ke Molimo”
6, 7. Ke bo-mang ba “tsoetsoeng ke Molimo,” ’me see se bolela eng ho bona?
6 Bao ntat’a bona e leng Jehova ke ba “tsoetsoeng ke Molimo.” Ha moapostola Johanne a bua le batho ba joalo, o ile a ngola: “E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha a tsoele pele ka sebe, hobane peō ea Hae [ea Jehova] e ikatisang e lula ho ea joalo, ’me a ke ke a tloaela ho etsa sebe, hobane o tsoetsoe ke Molimo.” (1 Johanne 3:9) ‘Peō ena e ikatisang’ ke moea oa Molimo o halalelang. Kaha o sebetsa tumellanong le lentsoe la hae, o file e mong le e mong oa ba 144 000 “tsoalo e ncha” e lebisang tšepong ea leholimo.—1 Petrose 1:3-5, 23.
7 Jesu e ne e le Mora oa Molimo ho tloha ha a tsoaloa e le motho, feela joalokaha motho ea phethahetseng Adama e ne e le “mora oa Molimo.” (Luka 1:35; 3:38) Leha ho le joalo, ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, e bile habohlokoa hore Jehova a phatlalatse: “U Mora oa ka, moratuoa; ke u amohetse.” (Mareka 1:11) Ka phatlalatso ena e tsamaeang le ho phalla ha moea o halalelang, ho ne ho hlakile hore ka nako eo Molimo o ile a tsoala Jesu e le Mora oa Hae oa moea. Ka puo ea tšoantšetso, joale Jesu o ne a filoe “tsoalo e ncha” a e-na le tokelo ea ho boela a fumana bophelo ba ho ba Mora oa Molimo oa moea leholimong. Barab’abo ba moea ba 144 000 ba “tsoaloa hape” joaloka eena. (Johanne 3:1-8; bona Molula-Qhooa oa November 15, 1992, leqepheng la 3-6.) Hape, joaloka Jesu, ba tlotsitsoe ke Molimo ’me ba laetsoe ho bolela litaba tse molemo.—Esaia 61:1, 2; Luka 4:16-21; 1 Johanne 2:20.
Bopaki ba Tsoalo
8. Ho bile le bopaki bofe ba ho tsoaloa ka moea tabeng ea (a) Jesu (b) barutuoa ba hae ba pele?
8 Ho bile le bopaki ba hore Jesu o ne a tsoetsoe ka moea. Johanne Mokolobetsi o ile a bona ha moea o theohela holim’a Jesu ’me a utloa ha Molimo a phatlalatsa hore Mesia ea sa tsoa tlotsoa ke mora oa hae oa moea. Empa barutuoa ba Jesu ba ne ba tla tseba joang hore ba tsoetsoe ka moea? Ha e le hantle, letsatsing leo ka lona a nyolohelang leholimong, Jesu o ile a re: “Johanne, ka sebele, o ile a kolobetsa ka metsi, empa le tla kolobetsoa ka moea o halalelang matsatsi a seng mangata ka mor’a sena.” (Liketso 1:5) Barutuoa ba Jesu ba ile ba “kolobetsoa ka moea o halalelang” letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. Ho tšolloa hoo ha moea ho ile ha felehetsoa ke ‘lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla’ ’me “maleme joalokaha eka ke a mollo” a lula holim’a morutuoa e mong le e mong. Se tsotehang ka ho fetisisa e bile matla a barutuoa a ho “bua ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o ba neha ho bua.” Ka hona ho ne ho e-na le bopaki bo bonahalang le bo utloahalang ba hore tsela e isang khanyeng ea leholimo ea ho ba bara ba Molimo e ne e buletsoe balateli ba Kreste.—Liketso 2:1-4, 14-21; Joele 2:28, 29.
9. Ho bile le bopaki bofe ba hore Basamaria, Korneliase le ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba tsoetsoe ka moea?
9 Nako e itseng ka morao, Filipi oa moevangeli o ile a bolela Samaria. Le hoja Basamaria ba ile ba amohela molaetsa oa hae ’me ba kolobetsoa, ba ne ba se na bopaki ba hore Molimo o ne a ba tsoetse e le bara ba hae. Ha moapostola Petrose le moapostola Johanne ba rapela ’me ba beha balumeli bao matsoho, ba ile “ba qala ho amohela moea o halalelang” ka tsela e itseng e neng e totobetse ho ba shebeletseng. (Liketso 8:4-25) Bona e ne e le bopaki ba hore Basamaria ba lumelang ba ne ba tsoetsoe ka moea e le bara ba Molimo. Ka ho tšoanang, ka 36 C.E., Korneliase le Balichaba ba bang ba ile ba amohela ’nete ea Molimo. Petrose le balumeli ba Bajuda ba neng ba mo felehelitse ba ile “ba makala, hobane mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang e ne e ntse e tšolleloa le holim’a batho ba lichaba. Etsoe ba ile ba ba utloa ba bua maleme ’me ba tlotlisa Molimo.” (Liketso 10:44-48) Bakreste ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba amohela “limpho tsa moea,” tse kang ho bua ka maleme. (1 Bakorinthe 14:12, 32) Kahoo, batho bana ba ne ba e-na le bopaki bo hlakileng ba hore ba tsoetsoe ka moea. Empa Bakreste ba morao ba ne ba tla tseba joang hore ba tsoetsoe ka moea kapa che?
Bopaki ba Moea
10, 11. Motheong oa Baroma 8:15-17, u ka re moea o paka le bao e leng majalefa hammoho le Kreste joang?
10 Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba bile le bopaki bo feletseng ba hore ba na le moea oa Molimo. Tabeng ena, Pauluse o ile a ngola: “Le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’ Moea ka booona o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Haeba, joale, re bana, hape re majalefa: majalefa ka sebele a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore hape re ka tlotlisoa hammoho.” (Baroma 8:15-17) Bakreste ba tlotsitsoeng ba na le moea oa hore ke bara ba Ntate oa bona oa leholimo, boikutlo bo ba laolang ba hore ke bara. (Bagalata 4:6, 7) Ba kholisehile ka ho feletseng hore ba tsoetsoe ke Molimo hore e be bara ba moea e le majalefa hammoho le Kreste ’Musong oa leholimo. Ho sena, moea o halalelang oa Jehova o phetha karolo e tobileng.
11 Tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, moea kapa boikutlo bo laolang batlotsuoa o ba susumelletsa ho arabela ka ketso ho seo Lentsoe la Molimo le se buang ka tšepo ea leholimo. Ka mohlala, ha ba bala ka seo Mangolo a se buang ka bana ba Jehova ba moea, ho itlela feela hore ba lumele hore mantsoe a joalo a sebetsa ho bona. (1 Johanne 3:2) Baa tseba hore ba ‘kolobelitsoe ho kena ho Kreste Jesu’ le ho kena lefung la hae. (Baroma 6:3) Tumelo ea bona e tiileng ke hore ke bara ba Molimo ba moea, ba tla shoa le ho tsohela khanyeng ea leholimo, joaloka Jesu.
12. Moea oa Molimo o hlahisitse eng ka ho Bakreste ba tlotsitsoeng?
12 Ho tsoalloa ho ba mora oa moea hase takatso e hlaoleloang. Ba tsoetsoeng ka moea ha ba batle ho ea leholimong ka lebaka la ho tsietsoa ke mathata a leng teng lefatšeng kajeno. (Jobo 14:1) Ho e-na le hoo, moea oa Jehova o hlahisitse ka ho bao ka sebele e leng batlotsuoa tšepo le takatso tse sa tloaelehang ho batho ka kakaretso. Ba tsoetsoeng joalo baa tseba hore bophelo bo sa feleng phethehong ea botho lefatšeng la paradeise moo ba pota-potiloeng ke lelapa le thabileng le metsoalle e ne e tla ba bo babatsehang. Leha ho le joalo, bophelo bo joalo hase takatso e ka sehloohong lipelong tsa bona. Batlotsuoa ba na le tšepo ea leholimo e matla hoo ba ikemiselitseng ho tela litebello tsohle tsa lefatšeng le tse amanang le lona.—2 Petrose 1:13, 14.
13. Ho latela 2 Bakorinthe 5:1-5, ‘takatso e tiileng’ ea Pauluse e ne e le efe, ’me see se bontša eng ka ba tsoetsoeng ka moea?
13 Tšepo eo Molimo a faneng ka eona ea bophelo ba leholimo e matla ka ho ba joalo hoo maikutlo a bona a tšoanang le a Pauluse, ea ileng a ngola: “Rea tseba hore haeba ntlo ea rōna ea lefatše, tente ena, e ka qhaqhoa, re tla ba le mohaho o tsoang ho Molimo, ntlo e sa etsoang ka matsoho, ea ka ho sa feleng maholimong. Kaha ntlong ena ea bolulo ka sebele re hlile rea bobola, ka tieo re lakatsa ho apara eo e leng ea rōna e tsoang leholimong, e le hore, ha re se re hlile re e apere, re tle re se ke ra fumanoa re hlobotse. Ha e le hantle, rōna ba leng tenteng ena rea bobola, kaha re imetsoe; hobane re batla, eseng ho e hlobola, empa ho apara e ’ngoe, e le hore se shoang se ka metsoa ke bophelo. Joale ea ileng a re hlahisa bakeng sa ntho eona ena ke Molimo, ea ileng a re fa pontšo ea se tlang ho tla, ke hore, moea.” (2 Bakorinthe 5:1-5) ‘Takatso e tiileng’ ea Pauluse e ne e le ho tsohela leholimong e le sebōpuoa sa moea se sa shoeng. Ha a bua ka ’mele oa nama, ka tsela ea tšoantšetso o ile a sebelisa tente e oang, sebaka sa bolulo se ka senngoang habonolo le sa nakoana ha se bapisoa le ntlo. Le hoja ba phela lefatšeng ka ’mele ea nama e shoang, Bakreste ba nang le moea e le tiiso ea bophelo ba leholimo bo tlang, ba lebeletse “mohaho o tsoang ho Molimo,” ’mele oa moea o sa shoeng o ke keng oa bola. (1 Bakorinthe 15:50-53) Joaloka Pauluse, ba ka re ka tieo: “Re sebete ka ho feletseng ’me ho e-na le hoo re khahloa haholo ke ho ba sieo ’meleng [oa nama] le ho etsa lehae la rōna le Morena [leholimong].”—2 Bakorinthe 5:8.
Ba Nketsoe Lilekaneng Tse Khethehileng
14. Ha a theha mokete oa Sehopotso, Jesu o ile a bua ka selekane sefe pele, ’me se phetha karolo efe mabapi le Baiseraele ba moea?
14 Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba kholisehile hore ba nketsoe lilekaneng tse peli tse khethehileng. Jesu o ile a bua ka se seng sa tsona ha a ne a sebelisa bohobe le veine tse sa lomosoang ho theha Sehopotso sa lefu la hae le tlang ’me a re ka senoelo sa veine: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, ao ka sebele a tla tšolloa molemong oa lōna.” (Luka 22:20; 1 Bakorinthe 11:25) Ke bo-mang ba kopanelang selekaneng se secha? Jehova Molimo le litho tsa Iseraele ea moea—bao Jehova a rerang ho ba tlisa khanyeng ea leholimo. (Jeremia 31:31-34; Bagalata 6:15, 16; Baheberu 12:22-24) Kaha ho entsoe hore se sebetse ka mali a Jesu a tšolotsoeng, selekane se secha se nka batho bakeng sa lebitso la Jehova lichabeng ’me se etsa Bakreste bana ba tsoetsoeng ka moea karolo ea “peō” ea Abrahama. (Bagalata 3:26-29; Liketso 15:14) Selekane se secha se fa Baiseraele bohle ba moea monyetla oa ho tlisoa khanyeng ka ho tsosetsoa bophelong ba ho se shoe leholimong. Kaha ke “selekane se sa feleng,” melemo ea sona e tla tšoarella ka ho sa feleng. Ho sa ntse ho tla bonoa hore na selekane sena le sona se tla phetha karolo e itseng ka litsela tse ling nakong ea Lilemo tse Sekete le ka morao ho moo.—Baheberu 13:20.
15. Tumellanong le Luka 22:28-30, balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba ile ba qala ho nkeloa selekaneng sefe se seng, hona neng?
15 “Bara ba bangata” bao Jehova a neng a rerile ho ba ‘tlisa khanyeng’ le bona ba nketsoe selekaneng sena ka bomong bakeng sa ’Muso oa leholimo. Mabapi le selekane sena se pakeng tsa hae le ba hatang moo a hatileng teng, Jesu o itse: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:28-30) Selekane sa ’Muso se ile sa etsoa ha barutuoa ba Jesu ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. Selekane seo se sa ntse se sebetsa pakeng tsa Kreste le marena-’moho le eena ka ho sa feleng. (Tšenolo 22:5) Ka hona, he, Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba kholisehile hore ba selekaneng se secha ’me ba selekaneng bakeng sa ’Muso. Ka lebaka leo, ha ho ketekoa Lijo tsa Shoalane tsa Morena, ke batlotsuoa ba sa ntseng ba le lefatšeng bao ha ho bapisoa ba seng bakae feela, ba jang bohobe, bo emelang ’mele oa nama oa Jesu o se nang sebe, le veine, e tšoantšetsang mali a hae a phethahetseng a tšolotsoeng lefung le a tiisang selekane se secha.—1 Bakorinthe 11:23-26; bona Molula-Qhooa oa February 1, 1989, leqepheng la 17-20.
Ba Bitsitsoe, ba Khethiloe, ’me Baa Tšepahala
16, 17. (a) E le hore ba tlisoe khanyeng, bohle ba 144 000 ba lokela ho ba boemong bofe? (b) “Marena a leshome” ke afe, ’me a tšoara masala a ‘barab’abo’ Kreste joang?
16 Tšebeliso ea pele ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu e etsa hore ho be bonolo hore ba 144-000 ba bitsetsoe bophelong ba leholimo ’me ba khethoe ka ho tsoaloa ka moea ke Molimo. Ho hlakile hore e le hore ba ka tlisoa khanyeng, ba tlameha ho ‘etsa haholoanyane sohle se matleng a bona ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha bona,’ ’me ba lokela ho ipaka ba tšepahala ho isa lefung. (2 Petrose 1:10; Baefese 1:3-7; Tšenolo 2:10) Masala a batlotsuoa a sa ntseng a le lefatšeng a seng makae feela a boloka botšepehi ba ’ona le hoja a hanyetsoa ke “marena a leshome” a tšoantšetsang mebuso eohle ea lipolotiki. Lengeloi le itse: “Tsena li tla loana le Konyana, empa, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena, Konyana e tla li hlōla. Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.”—Tšenolo 17:12-14.
17 Babusi ba batho ba ke ke ba etsa letho khahlanong le Jesu, “Morena oa marena,” hobane o leholimong. Empa ba bontša bora ho masala a ‘barab’abo,’ a sa ntseng a le lefatšeng. (Tšenolo 12:17) Bora boo bo tla khaotsa ntoeng ea Molimo ea Armagedone, ha ho tla be ho na le tiiseho ea hore “Morena oa marena” le ‘barab’abo’ ba hlōtse—e leng “ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang.” (Tšenolo 16:14, 16) Ho sa le joalo, Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba tšoarehile haholo. Ba etsa’ng hona joale, pele Jehova a ba tlisa khanyeng?
U ka Araba Joang?
◻ Ke bo-mang bao Molimo a ba ‘tlisang khanyeng ea leholimo’?
◻ Ho ‘tsoaloa ke Molimo’ ho bolela’ng?
◻ ‘Moea o paka’ joang le Bakreste ba bang?
◻ Ba tsoetsoeng ka moea ba nketsoe lilekaneng life?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha fanoa ka bopaki ba hore tsela e isang khanyeng ea leholimo e butsoe