-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2001 | October 1
-
-
Ha a ngolla Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a re: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo. Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae. Ka hona a re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo.”—Baheberu 4:9-11.
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2001 | October 1
-
-
Ha re khutlela polelong ea Pauluse e ho Baheberu, re hlokomela hore o ile a bontša hore “ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo,” ’me o ile a phehella Bakreste-’moho le eena hore ba etse sohle se matleng a bona “ho kena phomolong eo.” Sena se bontša hore ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao, “letsatsi la bosupa” la phomolo ea Molimo, le neng le qalile lilemo tse 4 000 pejana, le ne le sa ntse le tsoela pele. Le tla fela feela ha morero oa Molimo mabapi le moloko oa batho le lefatše o se o phethahetse ka ho feletseng qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste, eo e leng “Morena oa sabatha.”—Matheu 12:8; Tšenolo 20:1-6; 21:1-4.
-