Linku Tse Ling le Selekane se Secha
“Balichaba . . . , kaofela ba bolokang Sabatha, ba tšabang ho e silafatsa, ’me ba tiisetsa selekaneng sa ka, ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang.”—ESAIA 56:6, 7.
1. (a) Ho latela pono ea Johanne, ho finyelloa eng ha meea ea kahlolo ea Jehova e ntse e thibetsoe? (b) Johanne o ile a bona bongata bofe bo tsotehang?
PONONG ea bone bukeng ea Tšenolo, moapostola Johanne o bone meea e senyang ea kahlolo ea Jehova e thibetsoe ha ho ntse ho phethoa tiiso ea litho tsohle tsa “Iseraele ea Molimo.” Bana ke ba pele ba ileng ba hlohonolofatsoa ka Jesu, karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama. (Bagalata 6:16; Genese 22:18; Tšenolo 7:1-4) Ponong eona eo Johanne o ile a bona “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle . . . , bo . . . hoeletsa ka lentsoe le phahameng, bo re: ‘Poloko re e kolota Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.’” (Tšenolo 7:9, 10) Ka ho re, “Poloko re e kolota . . . Konyana,” bongata bo boholo bo bontša hore le bona bo hlohonolofatsoa ka Peō ea Abrahama.
2. Bongata bo boholo bo ile ba bonahala neng, ’me bo tsebahala joang?
2 Bongata bona bo boholo bo ile ba bonoa morao koana ka 1935, ’me kajeno bo feta limilione tse hlano. Bo tšoaetsoe ho pholoha matšoenyeho a maholo, litho tsa bona li tla khetheloa bophelo bo sa feleng ha Jesu a arola “linku” ho “lipōli.” Bakreste ba bongata bo boholo ba har’a “linku tse ling” papisong ea Jesu ea masaka. Ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Matheu 25:31-46; Johanne 10:16; Tšenolo 21:3, 4.
3. Bakreste ba tlotsitsoeng le linku tse ling ba fapana joang tabeng ea selekane se secha?
3 Ba 144 000 ba fumana tlhohonolofatso ea selekane sa Abrahama ka selekane se secha. E le ba kopanelang selekaneng sena, ba tla “tlas’a mosa o sa tšoanelang” le “tlas’a molao mabapi le Kreste.” (Baroma 6:15; 1 Bakorinthe 9:21) Kahoo, ke litho tse 144 000 feela tsa Iseraele ea Molimo tseo ka ho loketseng li ’nileng tsa e-ja litšoantšetso Sehopotsong sa lefu la Jesu, ’me ke tsona feela tseo Jesu a ileng a etsa selekane le tsona bakeng sa ’Muso. (Luka 22:19, 20, 29) Litho tsa bongata bo boholo ha li kopanele selekaneng se secha. Leha ho le joalo, li kopanela le Iseraele ea Molimo ’me li phela le eona ‘naheng’ ea eona. (Esaia 66:8) Ka hona hoa utloahala ho bolela hore le tsona li tlas’a mosa o sa tšoanelang oa Jehova le tlas’a molao mabapi le Kreste. Le hoja li sa kopanele selekaneng se secha, li fumana molemo ho sona.
“Basele” le “Iseraele ea Molimo”
4, 5. (a) Ho latela Esaia, ke sehlopha sefe se neng se tla sebeletsa Jehova? (b) Esaia 56:6, 7 e phethahetse joang ho bongata bo boholo?
4 Moprofeta Esaia o ile a ngola: “[Basele, NW] ba khomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang Sabatha, ba tšabang ho e silafatsa, ’me ba tiisetsa selekaneng sa ka, ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ea ka ea thapelo; licheso tsa bona le mahlabelo a bona li tla amoheloa hantle aletareng ea ka.” (Esaia 56:6, 7) Iseraeleng, sena se ne se bolela hore “basele,” bao e seng Baiseraele, ba ne ba tla rapela Jehova—ba rate lebitso la hae, ba phele tumellanong le litekanyetso tsa selekane sa Molao, ba boloke Sabatha, ’me ba nyehele mahlabelo tempeleng, e leng “ntlo ea thapelo” ea Molimo.—Matheu 21:13.
5 Mehleng ea rōna, “basele, ba khomaretseng Jehova” ke bongata bo boholo. Bo sebeletsa Jehova bo kopane le Iseraele ea Molimo. (Zakaria 8:23) Bo nyehela mahlabelo a amohelehang joaloka a Iseraele ea Molimo. (Baheberu 13:15, 16) Ba rapella ka tempeleng ea Molimo ea moea, “ntlo [ea hae] ea thapelo.” (Bapisa le Tšenolo 7:15.) Na ba boloka Sabatha sa beke le beke? Batlotsuoa le linku tse ling ha baa laeloa ho etsa joalo. (Bakolose 2:16, 17) Leha ho le joalo, Pauluse o itse ho Bakreste ba Baheberu ba tlotsitsoeng: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo. Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena ka boeena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae.” (Baheberu 4:9, 10) Baheberu bao ba ile ba kena ‘phomolong ena ea sabatha’ ha ba ipeha tlas’a “ho loka ha Molimo” ’me ba phomotse ho lekeng ho itokafatsa ka mesebetsi ea Molao. (Baroma 10:3, 4) Bakreste ba tlotsitsoeng ba Balichaba ba thabela phomolo e tšoanang ka ho ikokobelletsa ho loka ha Jehova. Bongata bo boholo bo ikopanya le bona phomolong eo.
6. Linku tse ling kajeno li ipeha tlas’a selekane se secha joang?
6 Ho feta moo, linku tse ling li ipeha tlas’a selekane se secha feela joalokaha basele ba boholo-holo ba ile ba ipeha tlas’a selekane sa Molao. Ka tsela efe? Eseng ka ho kopanela ho sona empa ka ho iphaphatha ka melao e amanang le sona le ka ho rua molemo litokisetsong tsa sona. (Bapisa le Jeremia 31:33, 34.) Joaloka balekane ba tsona ba tlotsitsoeng, molao oa Jehova o ngotsoe ‘lipelong tsa linku tse ling.’ Li rata litaelo tsa Jehova le melao-motheo ea hae ka ho teba ’me lia li boloka. (Pesaleme ea 37:31; 119:97) Joaloka Bakreste ba tlotsitsoeng, li tseba Jehova. (Johanne 17:3) Ho thoe’ng ka lebollo? Lilemong tse ka bang 1500 pele selekane se secha se etsoa, Moshe o ile a phehella Baiseraele: “Bolotsang lipelo tsa lōna.” (Deuteronoma 10:16; Jeremia 4:4) Le hoja lebollo la nama le qobellang le ile la fela ha Molao o fela, batlotsuoa hammoho le linku tse ling ba lokela ho ‘bolotsa’ lipelo tsa bona. (Bakolose 2:11) Taba ea ho qetela ke hore Jehova o tšoarela phoso ea linku tse ling motheong oa “mali a selekane” a Jesu a tšolotsoeng. (Matheu 26:28; 1 Johanne 1:9; 2:2) Molimo ha a li amohele e le bara ba moea, joalokaha a amohela ba 144 000 e le bara ba moea. Empa o bolela linku tse ling li lokile, ka kutloisiso ea hore Abrahama o ile a boleloa a lokile joaloka motsoalle oa Molimo.—Matheu 25:46; Baroma 4:2, 3; Jakobo 2:23.
7. Linku tse ling li buleheloa ke tebello efe kajeno, ke bo-mang ba boleloang ba lokile joalokaha Abrahama a ile a boleloa a lokile?
7 Hore ebe ba 144 000 ba boleloa ba lokile ho ba bulela tsela ea ho ba le tšepo ea ho busa le Jesu ’Musong oa leholimo. (Baroma 8:16, 17; Bagalata 2:16) Hore linku tse ling li boleloe li lokile joaloka metsoalle ea Molimo ho etsa hore li be le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise—ebang ke ka ho pholoha Armagedone e le karolo ea bongata bo boholo kapa ka “tsoho ea ba lokileng.” (Liketso 24:15) Ho ba le tšepo e joalo le ho ba motsoalle oa ’Musi oa bokahohleng, ho ba ‘moeti tenteng ea hae’ ke tokelo e kaakang! (Pesaleme ea 15:1, 2) E, batlotsuoa le linku tse ling ba hlohonolofalitsoe ka tsela e babatsehang ka Jesu, Peō ea Abrahama.
Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe le Leholoanyane
8. Mahlabelo a Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe a ne a tšoantšetsa eng tlas’a Molao?
8 Ha a bua ka selekane se secha, Pauluse o ile a hopotsa babali ba hae ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo tlas’a selekane sa Molao. Letsatsing leo, mahlabelo a arohaneng a ne a nyeheloa—se seng bakeng sa leloko la boprista la Balevi ’me se seng bakeng sa meloko e 12 eo e seng ea boprista. Ke khale sena se hlalositsoe e le se tšoantšetsang sehlabelo se seholo sa Jesu se neng se tla ba molemo ho ba 144 000 ba nang le tšepo ea leholimo le ba limilione ba nang le tšepo ea lefatšeng.a Pauluse o ile a bontša hore phethahatsong ea sona melemo ea sehlabelo sa Jesu e fanoa ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe le leholoanyane tlas’a selekane se secha. E le Moprista ea Phahameng oa letsatsi lena le leholoanyane, Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo sa ho koahela libe e le hore a ka fumanela batho “topollo e sa feleng.”—Baheberu 9:11-24.
9. Bakreste ba tlotsitsoeng ba Baheberu ba ne ba ka amohela eng ka ho ba selekaneng se secha?
9 Bakreste ba bangata ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ntse ba “chesehela Molao [oa Moshe].” (Liketso 21:20) Joale, ke ho loketseng hore ebe Pauluse o ile a ba hopotsa: “[Jesu ke] mokena-lipakeng oa selekane se secha, e le hore, kahobane lefu le bile teng hore ba lokolloe ka thekollo litlōlong tlas’a selekane sa pele, ba bitsitsoeng ba ka amohela tšepiso ea lefa le sa feleng.” (Baheberu 9:15) Selekane se secha se ile sa lokolla Bakreste ba Baheberu selekaneng sa khale, se neng se senola hore ke baetsalibe. Ka lebaka la selekane se secha, ba ne ba ka amohela “tšepiso ea lefa le sa feleng [la leholimo].”
10. Batlotsuoa le linku tse ling ba leboha Molimo ka eng?
10 “E mong le e mong” ea “sebelisang tumelo ho Mora” o tla rua molemo sehlabelong sa thekollo. (Johanne 3:16, 36) Pauluse o itse: “Kreste o ile a nyeheloa hang le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata; ’me ka lekhetlo la bobeli ha a bonahala e tla ba ka ntle le sebe le ho ba mo batlang ka tieo bakeng sa poloko ea bona.” (Baheberu 9:28) Kajeno, bao ka tieo ba batlang Jesu ba akarelletsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Iseraele ea Molimo le ba limilione ba bongata bo boholo, bao le bona ba nang le lefa la ka ho sa feleng. Lihlopha tsena ka bobeli li leboha Molimo ka selekane se secha le ka litlhohonolofatso tse fanang ka bophelo tse amanang le sona, ho akarelletsa le Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe le leholoanyane le tšebeletso ea Moprista ea Phahameng, Jesu, ka ho se Halalelang ka ho Fetisisa sa leholimo.
Ba Tšoarehile Tšebeletsong e Halalelang
11. Ka matsoalo a hloekisitsoeng ka sehlabelo sa Jesu, batlotsuoa le linku tse ling ka thabo ba etsa’ng?
11 Lengolong la hae le eang ho Baheberu, Pauluse o ile a hatisa molemo o moholo oa sehlabelo sa Jesu tokisetsong ea selekane se secha ha se bapisoa le linyehelo tsa libe tlas’a selekane sa khale. (Baheberu 9:13-15) Sehlabelo sa Jesu se molemonyana se khona ho “hloekisa matsoalo a rōna ka ho eketsehileng hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang.” Ho Bakreste ba Baheberu, ‘mesebetsi e shoeleng’ e ne e akarelletsa ‘litlōlo tlas’a selekane sa pele.’ Ho Bakreste kajeno, e akarelletsa libe tse entsoeng nakong e fetileng tse baketsoeng e le kannete le tseo Molimo a li tšoaretseng. (1 Bakorinthe 6:9-11) Ka matsoalo a hloekileng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba “etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang.” Bongata bo boholo le bona bo etsa joalo. Ha bo se bo hloekisitse matsoalo a bona “maling a Konyana,” bo tempeleng ea Molimo e khōlō ea moea, ‘bo mo etsetsa tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu.’—Tšenolo 7:14, 15.
12. Re bontša joang hore re na le “kholiseho e feletseng ea tumelo”?
12 Ho phaella moo, Pauluse o itse: “A re atameleng ka lipelo tsa ’nete ka kholiseho e feletseng ea tumelo, kaha lipelo tsa rōna li fafalitsoe hore li tlohe letsoalong le khopo le ’mele ea rōna e hlatsoitsoe ka metsi a hloekileng.” (Baheberu 10:22) Re ka bontša joang hore re na le “kholiseho e feletseng ea tumelo”? Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Baheberu: “A re tšoareng ka tieo polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea rōna [ea leholimo] re sa thekesele, kaha oa tšepahala ea tšepisitseng. ’Me a re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:23-25) Haeba tumelo ea rōna ea phela, le rōna re ke ke ra ‘tlohela ho bokana ha rōna hammoho.’ Re tla thabela ho susumelletsa barab’abo rōna le bona ba re susumelletse leratong le mesebetsing e metle ’me re matlafaletsoe mosebetsi oa bohlokoa haholo oa ho bolela tšepo ea rōna phatlalatsa, ebang ke ea lefatšeng kapa ea leholimong.—Johanne 13:35.
“Selekane se sa Feleng”
13, 14. Selekane se secha ke sa ka ho sa feleng ka litsela life?
13 Ho tla etsahala’ng ha oa ho qetela oa ba 144 000 a finyella tšepo ea hae ea leholimo? Na selekane se secha se tla khaotsa ho sebetsa? Ka nako eo, ho tla be ho se na setho sa Iseraele ea Molimo se setseng. Bohle ba kopanelang selekaneng sena ba tla ba le Jesu “’musong oa Ntate [oa hae].” (Matheu 26:29) Empa re hopola mantsoe a Pauluse lengolong la hae le eang ho Baheberu: ‘Molimo oa khotso o ile a nyolla bafung molisa e moholo oa linku ka mali a selekane se sa feleng.’ (Baheberu 13:20; Esaia 55:3) Ke ka kutloisiso efe selekane se secha se sa feleng?
14 Taba ea pele, ho fapana le selekane sa Molao, se ke ke sa nkeloa sebaka le ka mohla. Ea bobeli, liphello tsa tšebetso ea sona ke tse tšoarellang joaloka borena ba Jesu. (Bapisa Luka 1:33 le 1 Bakorinthe 15:27, 28.) ’Muso oa leholimo o na le sebaka se sa feleng mererong ea Jehova. (Tšenolo 22:5) ’Me ea boraro ke hore linku tse ling li tla tsoela pele ho rua molemo tokisetsong ea selekane se secha. Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, batho ba tšepahalang ba tla tsoela pele ho “etsetsa [Jehova] tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu ka tempeleng ea hae” joalokaha ba e etsa hona joale. Jehova ha a sa tla hlola a bua ka libe tsa bona tsa nako e fetileng tseo ba li tšoaretsoeng motheong oa “mali a selekane” a Jesu. Ba tla tsoela pele ho thabela boemo bo lokileng e le metsoalle ea Jehova, ’me molao oa hae o tla ’ne o ngoloe lipelong tsa bona.
15. Hlalosa kamano ea Jehova le barapeli ba hae ba lefatšeng, lefatšeng le lecha.
15 Na joale Jehova o tla khona hore a re ka bahlanka baa ba batho: ‘Ke Molimo oa bona, ’me ke batho ba ka’? E. “O tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona.” (Tšenolo 21:3) E tla ba “liahelo tsa bahalaleli,” baemeli ba lefatšeng ba “motse o ratoang,” monyaluoa oa leholimo oa Jesu Kreste. (Tšenolo 14:1; 20:9; 21:2) Sena sohle se tla khoneha ka lebaka la tumelo ea bona ‘maling a selekane’ a Jesu a tšolotsoeng le ka lebaka la boikokobetso ba bona ho marena a leholimo le baprista, bao ha ba ne ba sa le lefatšeng e neng e le Iseraele ea Molimo.—Tšenolo 5:10.
16. (a) Ke menyetla efe e letetseng ba tsoselitsoeng lefatšeng? (b) Ke litlhohonolofatso life tse tla tla qetellong ea lilemo tse sekete?
16 Ho thoe’ng ka bafu ba tsositsoeng lefatšeng? (Johanne 5:28, 29) Le bona ba tla memeloa ho “itlhohonolofatsa” ka Jesu, Peō ea Abrahama. (Genese 22:18) Hape ba tla tlameha ho rata lebitso la Jehova, ba mo sebeletse, ba nyehele mahlabelo a amohelehang ’me ba nehelane ka tšebeletso e halalelang ka tlung ea hae ea thapelo. Ba etsang joalo ba tla kena phomolong ea Molimo. (Esaia 56:6, 7) Ho ella qetellong ea lilemo tse sekete, bohle ba tšepahalang ba tla be ba entsoe batho ba phethahetseng ka tšebeletso ea Jesu Kreste le baprista-’moho le eena ba 144 000. E tla ba ba lokileng, eseng feela hore ba tla boleloa ba lokile joaloka metsoalle ea Molimo. Ba tla “phela,” ba lokolohile ka ho feletseng sebeng le lefung tse futsitsoeng ho Adama. (Tšenolo 20:5; 22:2) Eo e tla ba tlhohonolofatso e kaakang! Ho latela pono ea rōna kajeno, ho bonahala eka mosebetsi oa boprista oa Jesu le ba 144 000 ka nako eo o tla be o phethiloe. Litlhohonolofatso tsa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe le leholoanyane li tla be li sebelisitsoe ka ho feletseng. Ho feta moo, Jesu o tla “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntate oa hae.” (1 Bakorinthe 15:24) Ho tla ba le teko ea ho qetela bakeng sa moloko oa batho, joale Satane le bademona ba hae ba tla timeletsoa ruri.—Tšenolo 20:7, 10.
17. Ka lebaka la thabo e re letetseng, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
17 Ke karolo efe, haeba e le teng, eo “selekane se sa feleng” se tla e phetha nakong e thabisang e tla qaleha ka nako eo? Ha re tsebe. Seo Jehova a se senotseng ho fihlela hona joale se lekane bakeng sa nako ena. Se re siea re hloletsoe. Nahana feela—bophelo bo sa feleng u le karolo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha”! (2 Petrose 3:13) E se eka ho ke ke ha e-ba le se fokolisang takatso ea rōna ea ho amohela tšepiso eo e le lefa. Ho ka ’na ha se be bonolo ho ema re tiile. Pauluse o itse: “Ho hlokahala hore le be le mamello, e le hore, ka mor’a hore le etse thato ea Molimo, le ka amohela phethahatso ea tšepiso.” (Baheberu 10:36) Leha ho le joalo, hopola hore bothata bofe kapa bofe bo lokelang ho hlōloa, khanyetso efe kapa efe e lokelang ho hlōloa, e ba lefeela ha e bapisoa le thabo e re letetseng. (2 Bakorinthe 4:17) Kahoo, e se eka ho ke ke ha e-ba le ea mong ho rōna eo e ka bang “mofuta o ikhulang ho ea timetsong.” Ho e-na le hoo, e se eka re ka ipaka re le “mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.” (Baheberu 10:39) E se eka kaofela re ka tšepa Jehova, Molimo oa lilekane, e le hore kaofela ha rōna re hlohonolofale ka ho sa feleng.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Tšebeletso e Halalelang Tempeleng
Bongata bo boholo bo rapela le Bakreste ba tlotsitsoeng mabaleng a lefatšeng a tempele ea Jehova e khōlō ea moea. (Tšenolo 7:14, 15; 11:2) Ha ho na lebaka la ho etsa qeto ea hore bo Lebaleng la Balichaba le ka thōko. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ho ne ho e-na le Lebala la Balichaba ka tempeleng. Leha ho le joalo, lipolaneng tse bululetsoeng ke Molimo tsa tempele ea Solomone le ea Ezekiele, ho ne ho se na tokisetso ea Lebala la Balichaba. Tempeleng ea Solomone, ho ne ho e-na le lebala le ka ntle moo Baiseraele le basokolohi, banna le basali, ba neng ba rapela hammoho. Ona ke mohlala oa boprofeta oa lebala la lefatšeng la tempele ea moea, moo Johanne a ileng a bona bongata bo boholo bo etsa tšebeletso e halalelang. Leha ho le joalo, ke baprista le Balevi feela ba neng ba ka kena lebaleng le ka hare, moo aletare e khōlō e neng e behiloe teng; ke baprista feela ba neng ba ka kena ka ho se Halalelang; ’me ke moprista ea phahameng feela ea neng a ka kena ka ho se Halalelang ka ho Fetisisa. Ho utloisisoa hore lebala le ka hare le se Halalelang li tšoantšetsa boemo ba moea bo ikhethang ba Bakreste ba tlotsitsoeng ba leng lefatšeng. ’Me se Halalelang ka ho Fetisisa se tšoantšetsa leholimo, moo Bakreste ba tlotsitsoeng ba amohelang bophelo ba ho se shoe hammoho le Moprista ea Phahameng oa bona oa leholimo.—Baheberu 10:19, 20.
Na U Ile Ua Utloisisa?
◻ Ntle le Bakreste ba tlotsitsoeng, ke bo-mang ba hlohonolofatsoang ka Peō ea Abrahama?
◻ Ka ho hlohonolofatsoa ka selekane se secha, linku tse ling li tšoana le basokolohi joang tlas’a selekane sa khale?
◻ Linku tse ling li hlohonolofatsoa joang ka tokisetso ea Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe le leholoanyane?
◻ Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re selekane se secha ke “selekane se sa feleng”?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha, khaolong ea 13, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ka lebaka la thabo e re letetseng, a re ‘beng le tumelo hore soule e bolokoe e phela’