Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2001 | October 1
    • Ha a ngolla Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a re: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo. Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae. Ka hona a re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo.”—Baheberu 4:9-11.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2001 | October 1
    • Ha re khutlela polelong ea Pauluse e ho Baheberu, re hlokomela hore o ile a bontša hore “ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo,” ’me o ile a phehella Bakreste-’moho le eena hore ba etse sohle se matleng a bona “ho kena phomolong eo.” Sena se bontša hore ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao, “letsatsi la bosupa” la phomolo ea Molimo, le neng le qalile lilemo tse 4 000 pejana, le ne le sa ntse le tsoela pele. Le tla fela feela ha morero oa Molimo mabapi le moloko oa batho le lefatše o se o phethahetse ka ho feletseng qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste, eo e leng “Morena oa sabatha.”—Matheu 12:8; Tšenolo 20:1-6; 21:1-4.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2001 | October 1
    • Ka sebele ho tšohla ha Pauluse phomolo ea Molimo le hore na motho a ka kena joang ho eona ho ile ha khothatsa Bakreste ba Baheberu ba neng ba le Jerusalema, ba neng ba mameletse mahloriso a mangata le ho songoa ka lebaka la tumelo ea bona. (Liketso 8:1; 12:1-5) Ka ho tšoanang, mantsoe a Pauluse a ka khothatsa Bakreste kajeno. Kaha rea hlokomela hore tšepiso ea Molimo ea ho tlisa lefatše la paradeise tlas’a ’Muso oa hae oa ho loka e haufi le ho phethahala, le rōna re lokela ho phomola mesebetsing ea rōna ’me re etse sohle se matleng a rōna hore re kene phomolong eo.—Matheu 6:10, 33; 2 Petrose 3:13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela