Kamoo re ka Lulang re E-na le Moea oa Boitelo
“Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole.”—MAT. 16:24.
1. Ke joang Jesu a ileng a re behela mohlala o phethahetseng oa boitelo?
NAKONG eo Jesu a neng a le lefatšeng, o ile a re behela mohlala o phethahetseng oa boitelo. O ne a etelletsa thato ea Molimo pele ho e-na le lintho tseo a ratang ho ba le tsona. (Joh. 5:30) O ile a lula a tšepahala ho fihlela a shoela thupeng ea tlhokofatso, e leng se bontšang hore o ne a itela ka ho feletseng.—Bafil. 2:8.
2. Re ka bontša moea oa boitelo joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho o bontša?
2 Kaha re balateli ba Jesu, re lokela ho bontša moea oa boitelo. Ho ba le moea oa boitelo ho bolela’ng? Ka mantsoe a bonolo feela ho bolela hore motho o ikemiselitse ho tela lintho tseo a li ratang e le hore a thuse ba bang. Ka mantsoe a mang, motho ea bontšang moea oa boitelo ha a ichebe boeena. (Bala Matheu 16:24.) Moea oa boitelo o re thusa hore re etelletse maikutlo a ba bang le lithahasello tsa bona ka pele ho tsa rōna. (Bafil. 2:3, 4) Ha e le hantle, Jesu o rutile hore moea oa boitelo ke motheo oa borapeli ba rōna. Ka tsela efe? Lerato la Bokreste, e leng e ’ngoe ea lintho tse re susumelletsang ho itela, le khetholla barutuoa ba ’nete ba Jesu. (Joh. 13:34, 35) Nahana ka mahlohonolo ao re a fumanang hobane re le litho tsa mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng lohle ba nang le moea oa boitelo!
3. Ke’ng e ka fokolisang moea oa rōna oa boitelo?
3 Leha ho le joalo, re na le sera se ka fokolisang moea oa rōna oa boitelo ka tsela e poteletseng. Sera seo ke tšekamelo ea rōna ea boithati. Hopola kamoo Adama le Eva ba ileng ba bontša boithati kateng. Takatso ea Eva ea boithati e ile ea etsa hore a batle ho tšoana le Molimo. Monna oa hae le eena o ile a bontša boithati ka hore a batle ho khahlisa mosali oa hae. (Gen. 3:5, 6) Ka mor’a hore Diabolose a khelose Adama le Eva borapeling ba ’nete, o ’nile a tsoela pele ho susumelletsa batho hore e be baithati. O ile a ba a sebelisa mokhoa ona nakong eo a neng a leka Jesu. (Mat. 4:1-9) Le mehleng ea rōna Satane o atlehile ho khelosa batho ba bangata a ba susumelletsa hore ba bontše boithati ka litsela tse ngata. Re lokela ho ba hlokolosi ka sena, kaha moea oa boithati o renang hohle o ka re hahlamela.—Baef. 2:2.
4. (a) Na hona joale re ka hlōla moea oa boithati? Hlalosa. (b) Re tla araba lipotso life?
4 Moea oa boithati o ka tšoantšoa le mafome. Tlas’a maemo a itseng, tšepe e ka qala ho rusa. Ntho e ka bang kotsi le ho feta ke ho tlohela mafome ao ho fihlela a bakile tšenyo e khōlō. Ka ho tšoanang, hona joale re ke ke ra hlōla ho se phethahale ha rōna le boithati, empa re lokela ho ba hlokolosi ka likotsi tse ka bakoang ke litšekamelo tsena ’me re tsoele pele ho li loantša. (1 Bakor. 9:26, 27) Re ka bona joang hore re na le moea oa boithati? Re ka bontša moea oa boitelo haholoanyane joang?
ITLHAHLOBE KA BIBELE HO BONA HORE NA U NA LE BOITHATI
5. (a) Bibele e tšoana le seipone joang? (Bona setšoantšo se qalong.) (b) Ha re itlhahloba hore na re na le boithati, ke’ng eo re lokelang ho e qoba?
5 Feela joalokaha re sebelisa seipone ho icheba, re ka sebelisa Bibele ho itlhahloba hore na re batho ba mofuta ofe ’me re lokise moo re fumanang likoli. (Bala Jakobo 1:22-25.) Leha ho le joalo, ke feela ha re sebelisa seipone hantle moo se tla re thusa hore re bone hore na re shebahala joang. Ka mohlala, haeba re qekotsa seipone feela re ka ’na ra se ke ra bona sekoli se senyenyane empa se bonahala. Kapa haeba re sheba seipone re le ka lehlakoreng, re ka ’na ra bona motho e mong. Ka ho tšoanang, e le hore Bibele e re thuse ho bona mefokolo ea rōna e kang boithati, ha rea lokela ho e bala feela tjee kapa ho e balla ho bona liphoso tsa batho ba bang.
6. Re ka ‘phehella’ molaong o phethahetseng joang?
6 Ka mohlala, ho ka etsahala hore re bale Lentsoe la Molimo khafetsa, kapa le letsatsi le leng le leng, empa re se ke ra lemoha hore re na le matšoao a bontšang boithati. Seo se ka etsahala joang? Nahana ka taba ena: Mohlaleng oa Jakobo oa seipone, bothata e ne e se hore motho eo o ile a qekotsa seipone feela. Jakobo o re motho eo o “oa icheba.” Mona Jakobo o sebelisitse lentsoe la Segerike le bolelang ho shebisisa kapa ho hlahlobisisa. Kahoo bothata ba motho eo e ne e le bofe? Jakobo o re: “Oa tloha ’me kapele-pele o lebala hore na ke motho oa mofuta ofe.” O ile a tloha seiponeng eaba ha a nke bohato ka seo a se boneng. Ho fapana le hoo, motho ea atlehang hase ea “nyarelang ka molaong o phethahetseng” feela, empa ke ea “phehellang ho oona.” Ho e-na le ho tlohela molao o phethahetseng oa Lentsoe la Molimo, o phehella ho latela lithuto tsa oona. Jesu o ile a hatisa ntlha eo ha a re: “Ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete.”—Joh. 8:31.
7. Re ka sebelisa Bibele joang hore re bone boithati boo e ka ’nang eaba re na le bona?
7 Kahoo, e le hore u atlehe ho loantša boithati, u tlameha ho qala ka ho bala Lentsoe la Molimo ka hloko. Seo se ka ’na sa u thusa hore u bone moo u lokelang ho ntlafatsa. Empa ha u ua lokela ho fella moo. Batla boitsebiso bo eketsehileng ka ho etsa lipatlisiso. Hang ha u utloisisa tlaleho e itseng ea Bibele ka ho hlaka, ipehe boemong boo ka ho ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Nka be ke entse’ng ha ke le boemong boo? Na nka be ke entse se nepahetseng?’ Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ha u qeta ho thuisa ka seo u se balileng, loanela ho se sebelisa. (Mat. 7:24, 25) A re ke re boneng hore na re ka sebelisa litlaleho tse buang ka Morena Saule le moapostola Petrose joang ho re thusa hore re lule re e-na le moea oa boitelo.
ITHUTE MOHLALENG OA MORENA SAULE
8. Saule o ne a e-na le boikutlo bofe ha a qala ho busa, hona o ile a bo bontša joang?
8 Mohlala oa Morena Saule oa Iseraele o re lemosa kamoo boithati bo ka fokolisang moea oa boitelo kateng. Ha Saule a qala ho busa o ne a ikokobelitse. (1 Sam. 9:21) Ka boikokobetso o ile a ikhethela hore a se ke a otla Baiseraele ba neng ba bua hampe ka puso ea hae, le hoja ba ne ba phephetsa bolaoli boo Molimo a mo fileng bona. (1 Sam. 10:27) O ile a lumella moea oa Molimo ho mo tataisa hore a etelle Baiseraele pele ha ba ne ba hlōla Baammone. Ka mor’a moo, ka boikokobetso o ile a isa thoriso ho Jehova ka tlhōlo ea hae.—1 Sam. 11:6, 11-13.
9. Ho tlile joang hore Saule a be le moea oa boithati?
9 Hamorao, Saule o ile a lumella moea oa boithati le boikhohomoso hore o hōle ka pelong ea hae joaloka mafome a senyang. Ka mor’a hore a hlōle Baamaleke, o ile a etelletsa lithahasello tsa hae pele ho e-na le ho mamela Jehova. Ka meharo o ile a inkela lintho tse hapuoeng ho e-na le hore a li timetse joalokaha Molimo a ne a mo laetse. Eaba ka boikhohomoso o iketsetsa sefika kapa seemahale. (1 Sam. 15:3, 9, 12) Ha moprofeta Samuele a mo bolella hore seo ha sea thabisa Jehova, o ile a leka ho ipuella ka hore a bontše hore ho na le moo a mametseng taelo ea Molimo a ba a beha ba bang molato bakeng sa phoso ea hae. (1 Sam. 15:16-21) Ho feta moo, boikhohomoso bo ile ba etsa hore Saule a amehe haholo ka hore sechaba se mo hlomphe, ho e-na le ho khahlisa Molimo. (1 Sam. 15:30) Re ka sebelisa mohlala oa Saule joaloka seipone joang hore o re thuse ho lula re e-na le moea oa boitelo?
10, 11. (a) Mohlala oa Saule o re ruta’ng mabapi le ho lula re e-na le moea oa boitelo? (b) Re ka qoba mekhoa e mebe ea Saule joang?
10 Taba ea pele, mohlala oa Saule o bontša hore re ke ke ra nka lintho habobebe feela, ra nahana hore kaha re kile ra bontša moea oa boitelo, ho tla itlela feela hore re ’ne re o bontše. (1 Tim. 4:10) Hopola hore ho na le nako eo Saule a kileng a etsa lintho hantle ’me a ratoa ke Molimo ka nakoana empa a hlōleha ho ntša ka metso tšekamelo ea boithati e neng e qala ho mela ka hare ho eena. Qetellong Jehova o ile a lahla Saule kaha o ne a sa mo mamele.
11 Taba ea bobeli, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra sheba lintho tseo re li etsang hantle feela, eaba re hlokomoloha tseo re lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Ho etsa joalo ho ne ho tla tšoana le hore ha re icheba ka seiponeng re bona feela liaparo tsa rōna tse ncha ’me re hlokomoloha sekoli se lifahlehong tsa rōna. Le hoja e ka ’na eaba ha re baithati joaloka Saule, re lokela ho qoba mokhoa leha e le ofe o ka lebisang mekhoeng e mebe joaloka ea hae. Haeba re eletsoa, a re eleng hloko hore re se ke ra ikemela, ra nyenyefatsa liphoso tsa rōna kapa ra supa ba bang ka menoana. Ho e-na le ho etsisa Saule, ho molemo hore re amohele keletso.—Bala Pesaleme ea 141:5.
12. Moea oa boitelo o ka re thusa joang haeba re etsa sebe se tebileng?
12 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re etsa sebe se tebileng? Saule o ne a sa batle ho tlotlolleha, ’me sena sa mo sitisa ho hlaphoheloa moeeng. Ho e-na le hoo, moea oa boitelo o ka re thusa hore re se ke ra ameha haholo ka ho tlotlolleha empa re batle thuso. (Liprov. 28:13; Jak. 5:14-16) Ka mohlala, mor’abo rōna e mong o ile a shebella litšoantšo tsa bootsoa ka lekunutu ho tloha ha a le lilemo li 12 ’me a tsoela pele ka lilemo tse fetang leshome. O re: “Ho ne ho le boima ho lumela seo ho mosali oa ka le ho baholo. Empa ha e le mona ke lumetse, ke utloa eka ho tlositsoe moroalo o boima mahetleng a ka. Metsoalle e meng ea ka e ne e nyahame ha ke tlosoa bohlankeng bo sebeletsang, joalokaha eka ke e soetsitse. Empa hona joale kea tseba hore tšebeletso ea ka e khahlisa Jehova ho feta ha ke ne ke shebella litšoantšo tsa bootsoa, ’me maikutlo a hae ke ’ona a bohlokoa.”
PETROSE O ILE A HLŌLA BOITHATI
13, 14. Petrose o ile a bontša tšekamelo ea boithati joang?
13 Moapostola Petrose o ile a bontša moea oa boitelo ha Jesu a ntse a mo koetlisa. (Luka 5:3-11) Empa o ile a tlameha ho loantša tšekamelo ea boithati. Ka mohlala, o ile a halefa ha moapostola Jakobo le Johanne ba ipatla pel’a Jesu ’Musong oa Molimo. Mohlomong o ne a nahana hore maemo ao a tšoanela eena kaha Jesu o ne a mo boleletse esale pele hore o tla etsa mosebetsi o khethehileng. (Mat. 16:18, 19) Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemosa Jakobo le Johanne, hammoho le Petrose le baapostola ba bang hore ba se ke ba “rena ka thata holim’a” barab’abo bona.—Mar. 10:35-45.
14 Le ka mor’a hore Jesu a leke ho khalemela Petrose, o ile a ’na a tlameha ho loantša tšekamelo ea hae ea ho batla bophahamo. Ha Jesu a bolella baapostola ba hae hore ba tla mo lahla kherehloa ka nakoana, Petrose o ile a bontša hore o khella baapostola ba bang fatše ka hore a re ke eena feela ea tla lula a tšepahala. (Mat. 26:31-33) Leha ho le joalo, boiphahamiso ba hae bo ne bo se na motheo hobane bosiung bona boo o ile a hlōleha ho bontša moea oa boitelo. O ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo ha a leka ho itšireletsa.—Mat. 26:69-75.
15. Ke hobane’ng ha mohlala oa Petrose o khothatsa?
15 Ho sa tsotellehe mefokolo ea hae, Petrose ke mohlala o khothatsang. Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo le boiteko boo a ileng a bo etsa, Petrose o ile a khona ho hlōla mekhoa ea hae e fosahetseng, ’me a bontša lerato le nang le boitelo hammoho le boitšoaro. (Bagal. 5:22, 23) O ile a mamella liteko tse neng li ka talingoa li le matla ho feta tse ileng tsa mo imela pejana. O ile a bontša boikokobetso ka tsela eo a ileng a itšoara ka eona ha Pauluse a mo khalemela phatlalatsa. (Bagal. 2:11-14) Empa ka mor’a hore a khalemeloe, Petrose ha aa ka a jara Pauluse ka pelo, a ikutloa eka o mo tlotlolotse. Petrose o ile a tsoela pele ho rata Pauluse. (2 Pet. 3:15) Mohlala oa Petrose o ka re thusa ho hlaolela moea oa boitelo.
16. Re ka bontša moea oa boitelo joang ha re le maemong a thata?
16 Nahana hore na u ee u itšoare joang ha u le maemong a thata. Ha Petrose le baapostola ba ne ba tšoeroe ’me ba shapuoa ka lebaka la boboleli, ba ile ba thaba “hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la [Jesu].” (Lik. 5:41) Le uena u ka talima mahloriso e le monyetla oa ho etsisa Petrose le oa ho hata mehatong ea Jesu ka ho bontša moea oa boitelo. (Bala 1 Petrose 2:20, 21.) Ho talima lintho ka tsela ena ho ka u thusa ha baholo ba u khalemela. Ho e-na le ho khopeha, latela mohlala oa Petrose.—Moek. 7:9.
17, 18. (a) Re ka ipotsa’ng mabapi le lipakane tsa rōna tsa moea? (b) Re ka etsa’ng haeba re lemoha hore boithati bo teng ka lipelong tsa rōna?
17 U ka boela ua rua molemo mohlaleng oa Petrose tabeng ea lipakane tsa moea. U ka li phehella ka tsela e bontšang hore u na le moea oa boitelo. Empa u hlokomele hore sepheo oa hao e se ke ea e-ba ho batla maemo. Kahoo ipotse, ‘Na takatso ea ka ea ho ntlafatsa kapa ho eketsa tšebeletso ea ka e ka silafatsoa ke ho rata maemo kapa bolaoli, joalokaha ho ne ho bonahala eka ho joalo ho seo Jakobo le Johanne ba neng ba se kōpa ho Jesu?’
18 Haeba u lemoha hore boithati bo teng ka pelong ea hao, kōpa Jehova hore a u thuse ho lokisa monahano oa hao le maikutlo; ebe u sebetsa ka thata hore u amehe ka ho mo tlotlisa ho e-na le ho itlotlisa. (Pes. 86:11) U ka boela ua phehella lipakane tse ke keng tsa etsa hore u hlahelle. Ka mohlala, u ka leka ho bontša litholoana tsa moea tseo ho leng thata hore u li bontše. Kapa haeba u khothalletse ho lokisetsa lipuo empa u sa rate ho hloekisa Holo ea ’Muso, u ka iketsetsa pakane ea ho sebelisa keletso e ho Baroma 12:16.—E bale.
19. Re ka etsa’ng hore re se ke ra nyahamisoa ke seo re se bonang ka seiponeng sa Lentsoe la Molimo?
19 Re ka ’na ra nyahama ha re itlhahlobisisa ka seiponeng sa Lentsoe la Molimo ’me re bona likoli esita le boithati. Haeba seo se ka u etsahalla, nahana ka motho ea atlehang oa papisong ea Jakobo. Jakobo ha aa ka a hatisa taba ea hore monna eo o potlakela ho lokisa bothata ba hae kapa hore o khona ho tlosa likoli tsohle; ho e-na le hoo, o re monna eo ‘o phehella molaong o phethahetseng.’ (Jak. 1:25) O ile a hopola seo a se boneng ka seiponeng ’me a ’na a ntlafatsa. U se ke ua ikhella fatše empa u talime mefokolo ea hao ka tsela e leka-lekaneng. (Bala Moeklesia 7:20.) Tsoela pele ho nyarela ka molaong o phethahetseng, ’me u sebeletse hore u lule u e-na le moea oa boitelo. Jehova o ikemiselitse ho u thusa joalokaha a thusitse barab’eno ba bangata, bao le hoja ba sa phethahala, Molimo a ba ratang a bileng a ba hlohonolofatsang.