-
Molimo ke Mang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
5. Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae
’Mè e mong oa naheng ea Cambodia, eo lebitso la hae e leng Soten, o ile a re ho ithuta lebitso la Molimo e ile ea e-ba ntho “e mo thabisang ka ho fetisisa lefatšeng.” Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena.
Videong ee, ho ithuta lebitso la Molimo ho ile ha ama ’mè Soten joang?
Pele u ka ba motsoalle oa motho ea itseng, hangata ntho ea pele eo u ithutang eona ka eena ke lebitso la hae. Bala Jakobo 4:8a ebe le buisana ka lipotso tse latelang:
Jehova o u mema hore u etse’ng?
Ho tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa ho ka ’na ha u thusa joang hore u be motsoalle oa hae?
-
-
U ka ba Motsoalle oa JehovaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
U ka ba Motsoalle oa Jehova
Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore u mo tsebe haholoanyane? Jehova o tšepa hore ha u ntse u ithuta makhabane a hae, merero ea hae le melao ea hae, u tla thabela ho ba motsoalle oa hae. Na ho ka khoneha hore motho e be motsoalle oa Molimo? (Bala Pesaleme ea 25:14.) U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Jehova? Bibele e araba lipotso tsena, ebile e bontša hore na ke hobane’ng ha ho ba motsoalle oa Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.
1. Jehova o batla hore u etse’ng?
“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Mantsoe aa a bolela’ng? Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae. Batho ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho ipona e se e le metsoalle ea Molimo kaha ha ba mo bone. Empa ka Bibeleng Jehova o hlalositse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re lokelang ho e tseba ka eena e le hore re be metsoalle ea hae. Ha re bala Bibele re matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova le hoja re e-s’o mo bone.
2. Ke hobane’ng ha Jehova e le motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eena?
Ha ho na motho ea u ratang ho feta Jehova. O batla hore u thabe le hore u phutholohe ho bua le eena neng le neng ha u hloka thuso. U ka ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Jehova o lula a ikemiselitse ho tšehetsa metsoalle ea hae, ho e tšelisa le ho e mamela.—Bala Pesaleme ea 94:18, 19.
3. Jehova o batla hore u etse’ng e le hore u ka ba motsoalle oa hae?
Jehova o rata batho bohle, “empa o na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Kahoo, o batla hore metsoalle ea hae e leke kahohle ho etsa lintho tseo a li nkang e le tse lokileng ’me e qobe ho etsa lintho tseo a li nkang e le tse fosahetseng. Batho ba bang ba nka hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tsohle tseo Molimo a reng li lokile le ho qoba lintho tsohle tseo a reng li fosahetse. Leha ho le joalo, Jehova ke Molimo ea nahanelang. O amohela motho e mong le e mong ea mo ratang e le kannete ’me a leka kahohle ho mo khahlisa.—Pesaleme ea 147:11; Liketso 10:34, 35.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute lintlha tse ling mabapi le hore na u ka etsa’ng e le hore u be motsoalle oa Molimo le hore na ke hobane’ng ha Molimo e le motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eena.
4. Abrahama e ne e le motsoalle oa Jehova
Tlaleho ea Bibele e buang ka Abrahama (eo hape a bitsoang Abrame) e re thusa ho utloisisa hore na ho ba motsoalle oa Molimo ho bolela’ng. Bala ka Abrahama ho Genese 12:1-4 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova o ile a re Abrahama a etse’ng?
Jehova o ile a mo tšepisa’ng?
Abrahama o ile a etsa’ng?
5. Lintho tseo Jehova a li lebeletseng ho metsoalle ea hae
Hangata ho na le lintho tseo re li lebellang ho metsoalle ea rona.
Tse ling tsa lintho tseo u li lebellang ho metsoalle ea hao ke life?
Bala 1 Johanne 5:3 ebe le buisana ka potso ena:
Jehova o lebeletse’ng ho metsoalle ea hae?
Re ka ’na ra tlameha ho fetola tsela eo re itšoarang ka eona, e le hore re tle re mamele Jehova. Bala Esaia 48:17, 18 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore metsoalle ea hae e etse liphetoho?
Motsoalle oa sebele o re hopotsa lintho tse ka re sireletsang le tse ka re tsoelang molemo. Jehova o etsa se tšoanang ho metsoalle ea hae
6. Litsela tseo Jehova a thusang metsoalle ea hae ka tsona
Jehova o thusa metsoalle ea hae ho mamella mathata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Jehova o ile a thusa ’mè ea videong ee joang hore a sebetsane le bothata ba hae ba ho ikutloa a se na thuso?
Bala Esaia 41:10, 13 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova o tšepisa hore o tla etsetsa metsoalle eohle ea hae eng?
Na u ne u ka rata hore Jehova e be motsoalle oa hao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Metsoalle ea sebele ea u thusa ha u hloka thuso. Jehova o tla u thusa le uena
7. Re lokela ho bua le Jehova re be re mo mamele e le hore re be metsoalle ea hae
Puisano e matlafatsa setsoalle. Bala Pesaleme ea 86:6, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Re ka buisana le Jehova joang?
Jehova o bua le rona ka tsela efe?
Re bua le Jehova ha re rapela, eena o bua le rona ka Bibele
BATHO BA BANG BA RE: “Re ke ke ra khona ho ba metsoalle ea Molimo.”
U ka sebelisa Lengolo lefe ho bontša hore re ka ba metsoalle ea Jehova?
KAKARETSO
Jehova o batla ho ba motsoalle oa hao ’me a ka u thusa hore u mo tsebe.
Re Ithutile’ng?
Jehova o thusa metsoalle ea hae ka litsela life?
Ke hobane’ng ha Jehova a bolella metsoalle ea hae hore e etse liphetoho?
Na u nahana hore ho thata ho ba motsoalle oa Jehova? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
BATLA
Ho ba motsoalle oa Molimo ho ka fetola bophelo ba hao joang?
“Jehova—Molimo eo e Leng Habohlokoa ho mo Tseba” (Molula-Qhooa, February 15, 2003)
Ithute hore na u ka ba motsoalle oa Jehova joang.
Utloa hore na ke hobane’ng ha ’mè e mong a nka hore ho ba motsoalle oa Jehova ho pholositse bophelo ba hae.
Mamela hore na bacha ba bang ba ikutloa joang ka Jehova.
-