Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
ASIA LE BOCHABELA BO HARE
PALO EA LINAHA 47
PALO EA BAAHI 3 930 343 401
PALO EA BAHOELETSI 591 750
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 477 609
Japane
Ha Miho a se a le haufi le ho pepa, o ne a sitoa ho ea tšimong joalokaha a ne a tloaetse. Kaha o ne a ntse a batla ho tsoela pele ka bopula-maliboho, o ile a kōpa hore molebeli oa tšebeletso a mo fe liaterese tsa matlo ao ho leng thata ho paka ho ’ona, a kang lifolete tse sirelelitsoeng ka thata. O ile a mo fa liaterese tse ka bang lekholo. Miho o ile a letsetsa batho ba bangata kamoo a ka khonang a ntse a le lapeng. Ha a leka ka lekhetlo la pele, ha ho motho ea neng a batla ho mo mamela, ’me o ile a ba letsetsa kaofela ka metsotso e ka bang 30. Hamorao, e ne e re ka mor’a ho ba letsetsa, ebe o boetse oa ba ngolla. Eng kapa eng eo a neng a e utloa ha a letsitse, ebang ke lesea le llang, o ne a e sebelisa ha a ngola lengolo la hae le lekhutšoanyane. Ha a nahana hore e tlameha ebe lengolo le fihlile, o ne a letsa ebe o bua ka molemo oa ho sebelisa keletso ea Mangolo e boletsoeng lengolong la hae. Ha a letsetsa nomorong e ’ngoe ’mè oa moo o ile a hana ho bua fonong, empa Miho o ile a ’na a mo ngolla ho ntse ho le joalo. Ha Miho a boela a letsa hape, ho ile ha araba morali oa ’mè eo, ea kenang sekolo, ’me ngoanana enoa o ne a balile lengolo la Miho. Miho o ile a mo pakela a ba a mo tšepisa hore o tla mo romela lengolo le nang le likeletso tsa Mangolo tse mabapi le sekolo. Hape o ile a tšepisa hore o tla boela a mo letsetse. Eitse ha a letsa hape, ’mè oa ngoanana eo o ile a araba fono a ba a bolela hore morali oa hae o kile a ba le mathata sekolong ’me seo Miho a mo boleletseng sona se mo thusitse haholo. Ka mor’a ho ba letsetsa le ho ba ngolla ka makhetlo a ’maloa ka mor’a moo, ’mè enoa le morali oa hae ba ile ba qala ho ithuta.
Nepal
Prem ke tichere, ’me o ile a batla ’nete ka nako e telele. O ne a bala Bibele a bile a kena kereke e pel’a sekolo seo a neng a ruta ho sona. Leha ho le joalo, o ne a sa fumane likarabo tsa lipotso tseo a neng a ipotsa tsona ’me o ne a bile a khopisoa ke kamoo moruti a neng a lulela ho qela likoleke kateng. Prem o ile a rapela Molimo, a kōpa hore a mo thuse hore a fumane kereke e tla mo thusa hore a tsebe ’nete. Prem o ile a falla eaba o fumana mosebetsi sekolong se seng, ’me o ile a botsa baahelani ba hae ba bacha hore na a ka fumana kereke hokae. Hona lifoleteng tseo ho ne ho e-na le moshanyana ea kenang sekolo, eo ’mè oa hae a neng a kile a ea libokeng ka makhetlo a ’maloa Holong ea ’Muso, ’me moshanyana enoa o ile a isa Prem Holong ea ’Muso. Prem o ile a mamela puo ea phatlalatsa e neng e hlalosa ’Muso oa Molimo, e leng taba eo a neng a hlile a batla ho e utloisisa. Ho ile ha lokisetsoa hore a khanneloe thuto. Kaha Prem o thabetse hore qetellong o fumane likarabo tsa lipotso tseo a neng a e-na le tsona, o se a e-ea libokeng kamehla le lelapa la hae. Ba se ba rometse lengolo la ho itokolla kerekeng eo ba neng ba e kena hobane joale ba batla ho ba Lipaki Tsa Jehova.
Taiwan
Ho ile ha thoe liithuti tsa sekolo sa mathomo li ngole moqoqo bakeng sa tlhōlisano ea selemo le selemo ea ho ngola. Sehlooho sa moqoqo se ne se re, “Buka eo ke e Ratang Haholo.” Moqoqong oa hae, Weizhen ea lilemo li leshome o ile a re Bibele ke eona buka eo a e ratang haholo. Ntle le ho bua ka ho nepahala ha boprofeta ba Bibele le keletso ea bohlokoa e ka Lentsoeng la Molimo, o ile a hlalosa hore Bibele e arabile lipotso tseo a neng a e-na le tsona tseo matichere a hae kapa bana ba bang ba sekolo ba neng ba sitoa ho li araba ka mokhoa o khotsofatsang. Weizhen o ile a ngola sena: “Tichere ea rōna e re boleletse hore motho o tsoa tšoeneng. Ke ile ka re ka pelong: ‘Haeba motho a tsoa tšoeneng, na ha rea tlameha ho li bontša tlhompho re be re li rapele ’me re li lebohe ho tloha botebong ba pelo? Joale ke hobane’ng ha re li koalla ka har’a lisefe-terata libakeng tsa polokelo ea liphoofolo? Na see ha se bolele hore re etsa phoso e khōlō?’ Empa Bibele e araba ka ho hlaka e re: Ho hang ha re tsoe litšoeneng. Ho e-na le hoo, baholo-holo ba rōna ba ile ba bōptjoa ka sebōpeho sa Molimo ka lerōle la lefatše.” O ile a phetha moqoqo oa hae ka ho ngola sena: “Mehleng ea khale ho ne ho thoe, ‘Ho bala buka ho tšoana le ho bula letlōle la matlotlo.’ ’Na ke lumela hore Bibele e bohlokoa ho feta khauta. Kahoo, buka ena ke eona eo ke ratang ho e bala haholo.” O ile a fuoa moputso o ka holimo-limo ka lebaka la moqoqo oo, kaha o ne o bile o feta meqoqo ea liithuti tsa sekolo se bohareng, le hoja eena a le sehlopheng sa bone feela. Ha a pheta phihlelo ea hae, o qotsa Baheberu 4:12 ’me o re, “Tlotla eohle ke e isa ho Jehova Molimo.”
Mongolia
Ha morali’abo rōna ea bitsoang Bolortsetseg, ea neng a sa tsoa kolobetsoa naheng ena a utloa hore mong ka eena o hlokahetse ’me mohats’ae oa mohlolohali o sithabetse haholo, o ile a mo romella lingoliloeng tsohle tsa rōna tse hatisitsoeng ka Semongolia. Mohlolohali enoa ea bitsoang Evsanaa, o ile a li bala ka bosiu bo le bong. Letsatsing le hlahlamang, o ile a letsetsa Bolortsetseg a mo kōpa hore a tle hang-hang ba tl’o bua. Bolortsetseg o ile a tsamaea le morali e mong oabo rōna eaba ba etela Evsanaa ea neng a e-na le letoto la lipotso. O ile a mamela likarabo tse tsoang Bibeleng ka hloko. Ka mor’a ho qoqa halelele, baralib’abo rōna ba ile ba bolella Evsanaa hore a ka rua molemo o eketsehileng haeba ba ka tšohla ntlha e le ’ngoe ka nako. Ba ile ba mo khothalletsa hore a khanneloe thuto ea lehae ea Bibele. Evsanaa o ile a lumela hang-hang hore o tla ithuta hararo ka beke. Pele khoeli e fela, o ne a se a lahlile melimo ea hae ea litšoantšo a bile a e-ba teng libokeng. Ka mor’a likhoeli tse peli e le mohoeletsi, o ne a se a loketse ho ba pula-maliboho ea thusang empa o ile a hlalosetsoa hore o lokela ho kolobetsoa pele. Sena ha sea ka sa mo nyahamisa, ’me o ikemiselitse ho qeta bonyane lihora tse 50 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo ebile o se a emetse kopano e le hore a tle a kolobetsoe.
Kazakhstan
Motseng oa Rudny, pula-maliboho e mong o ile a teana le monna ea sa ntsaneng a le mocha ea bitsoang Nikolay ea neng a batla ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele. Empa ho ne ho e-na le bothata. Nikolay le lelapa la hae ba ne ba lula motseng o hōle, ’me o ne a e-ea Rudny ka seoelo ha a etela beng ka eena. Mor’abo rōna o ile a botsa Nikolay hore na a ka thabela hore a mo etele motseng oa habo, empa Nikolay o ile a re motse oa habo o bohōle ba lik’hilomithara tse 200 ’me ho hang ha ho bonolo ho fihla teng.
Mor’abo rōna o ile a ngola aterese ea hae a ba a mo tšepisa hore ba tla boela ba bonane. O ile a lokisetsa ho etela motseng oo ’me a kōpa hore mora e mong oabo rōna le baralib’abo rōna ba babeli ba phuthehong ea habo ba tsamaee le eena. Ka mor’a libeke tse peli ba ile ba palama terene. Ha ba fihla seteisheneng se haufi le motse oo, ba ile ba fumana hore ba sa saletsoe ke lik’hilomithara tse 18 pele ba fihla motseng oa habo Nikolay le hore ho ne ho se na lipalangoang tsa sechaba. Ba ne ba tlameha ho tsamaea ka maoto. Ho ne ho se bonolo hobane e ne e le mariha ’me ho ne ho foka moea o kenang masapong. Ka mor’a ho tsama-tsamaea, ho ile ha feta terekere e nkileng tanka ea lebese ’me e ile ea ba emela. Mokhanni oa eona o ile a ithaopela ho ba palamisa—ka har’a tanka! Bahoeletsi bana ba ne ba nahana hore oa soasoa, empa tanka eo e ne e sa tšela letho e bile e omme, kahoo ba ile ba palama. Mokhanni o ile a re o tla ba theola ha ho setse lik’hilomithara tse supileng pele ba fihla moo ba eang teng. Ho tloha moo, ba ne ba tla lokela ho e otla ka la mohlomi. Le hoja ho ne ho bata ka har’a tanka eo, bonyane ba ne ba sireletsehile moeeng oo o kenang masapong. Ba ile ba qeta lihora tse peli ba tsamaea ka maoto pele ba fihla motseng oa habo Nikolay.
Nikolay le mosali oa hae, Valya, ba ile ba makala ba ba ba thaba ha ba bona bara le barali babo rōna ba se ba re batha! monyako oa ntlo ea bona. Ba ile ba thusa baeti bana ba bona hore ba iphuthumatse ba ba ba ba fa lijo. Joale ba ile ba qoqa ka Bibele. Barab’abo rōna ba tsoang Rudny ba ile ba khutlela motseng oo ka mor’a libeke tse peli. Mor’abo rōna oa pula-maliboho o re: “Nikolay o ile a re khahlametsa seteisheneng. Batho ba bangata ba motseng oo ba ne ba batla ho buisana le ‘batho ba fihlileng ba palame ka tankeng ea lebese,’ kahoo, Nikolay o ile a etsa lethathamo la bohle ba thahasellang ho buisana le rōna. Bohle ba neng ba ngolisitsoe ba ile ba tla ka nako e neng e behiloe esale pele ’me ba ile ba lumela ho ithuta Bibele.” Qetellong, hoo e batlang e le e mong le e mong ea ileng a qala ho ithuta Bibele motseng oo o ile a tsoela pele hantle moeeng. Nikolay le Valya ba ile ba kolobetsoa ka mor’a lilemo tse peli. Hona joale bara ba bona ba babeli ke bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ’me Nikolay o sa tsoa khetheloa ho ba moholo sehlopheng sena se ka thōko.
Georgia
Bo-pula-maliboho ba ’nile ba paka sebakeng se ka thōko se lithaba naheng ea Georgia. Baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 8 ba leba motseng o ka thōko o qetellong ea tsela e tsamaeang thabeng ’me ba qala ho paka ka ntlo le ntlo. E mong oa banna ba hōlileng motseng oo o ile a qholotsa e mong oa baralib’abo rōna ea bitsoang Ketevan, a re a ke a itlhalose hore na o bolela litaba tse molemo joang e se Moorthodox. Morali enoa oabo rōna o ile a leka ho mo hlalosetsa, empa ha aa ka a mamela. Eaba monna enoa o mo lihela fatše ’me o mo otla ka molamu. Batho ba bangata ba ile ba bona ha a ntse a mo otla, ’me taba ena e ile ea tsebahala haholo motseng oo. Hamorao, Ketevan o ile a khutlela hona motseng oo ho ea bolela litaba tse molemo. Mosali e mong eo pele a neng a sa batle ho mamela litaba tse molemo, o ile a khotsa, a re: “U se u le teng hape ka mor’a ho shapuoa hakaale! Ke tsota sebete sa hao! Ke kōpa u kene ka tlung u mpolelle litaba tse eketsehileng.” Ka mor’a ho mamela, o ile a bolella Ketevan hore a ka tla moo ha hae neng kapa neng a tl’o mo bolella litaba tse molemo.
AFRIKA
PALO EA LINAHA 57
PALO EA BAAHI 802 232 357
PALO EA BAHOELETSI 1 043 396
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 1 903 665
Rwanda
Batho ba iphetelang ka tsela ba ile ba fumana buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e le ka thōko ho tsela. Ba ile ba e isa ho moholo oa kereke ea bona ea Prostanta. O ile a e bala ka thahasello e khōlō, eaba ka mor’a moo o batla Lipaki ’me li ile tsa qala ho ithuta Bibele le eena. Kaha joale o ne a se a tseba ’nete ea Bibele haholoanyane, o ile a itokolla kerekeng a ba a kolobetsoa. Khabareng, ka mafolofolo o ne a ntse a bolella ba bang bao a kileng a kena kereke le bona ’nete, ’me litho tse 25 tsa kereke li ile tsa itokolla kerekeng tsa fetoha Lipaki Tsa Jehova. Monna ea ileng a mo hlahlama e le moholo oa kereke le eena o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki, eaba le eena o itokolla kerekeng. Hona joale o ba teng libokeng tsa Bokreste ’me o se a boletse hore o batla ho ba mohoeletsi. Mosali oa hae o ile a kolobetsoa kopanong e khethehileng ea letsatsi le le leng e sa tsoa feta. Hoa hlolla ho hopola hore sena sohle se qalile ka buka e le ’ngoe e ileng ea tholoa tseleng!
Côte d’Ivoire
Ha Paki e nyenyane e bitsoang Berenger e e-ea tšimong motse-moholo, Abidjan, e ile ea feta mosali ea neng a rekisa bohobe. Mosali enoa o ne a lahlile chelete e etsang li-franc tse 5 000 (liranta tse 75) a sa hlokomele. Ha Berenger a e thonaka a re o e fa mong’a eona, mosali e mong o ile a hlaha ka lehlakoreng le leng a hoeletsa a re, “Mphe chelete eo, ke ea ka!” Empa ha Berenger a mo botsa hore na o lahlile bokae, mosali eo o ile a halefa eaba oa itsamaela. Joale Berenger o ile a mathela ho mosali ea neng a lahlile chelete. O ile a makala ha mosali eo a re eena ha aa lahla chelete a bile a re, “U batla ho nk’hothotsa.” Leha ho le joalo, ha a bona hore Berenger o tiile ebile o mo pheheletse, o ile a iphopholetsa eaba o fumana hore ka sebele o lahlile li-franc tse 5 000, tse ka rekang lilofo tse 50 tsa bohobe.
Berenger o re: “Ke ile ka mo fa chelete eo ka ba ka mo bolella hore ke mo file eona kahobane Molimo oa ka, Jehova, a ruta bahlanka ba hae hore ba tšepahale. O ile a nteboha eaba o re: ‘Hoja bohle ba ne ba tšoana le Lipaki Tsa Jehova, batho bohle ba ka be ba utloana. Ke lekhetlo la pele bophelong ba ka ke bona mocha a etsa sena seo u se entseng.’ Ke ile ka mo siela pampitšana, ’me o ile a tšepisa hore ho tloha ka nako eo, o se a tla mamela Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka qeta letsatsi lohle ke e-na le chelete e ka etsang li-franc tse 50 (lisente tse 75) feela hona mohlang oo. Empa ke ne ke thabetse hore ebe ke entse se nepahetseng.”
Democratic Republic of Congo
Eugene ke moholo ea hloekisang ea bileng a katang khoebong ea litaemane. O re: “Ka bosiu bo bong monna e mong o ile a tla lebenkeleng lena a tlil’o rekisa litaemane tsa lidolara tse 22 000 tsa United States (liranta tse 165 000). Leha ho le joalo, ha a sheba ka pokothong o ile a hlokomela hore o lahlile sephutheloana se tšetseng litaemane tseo. O ile a se batla ka mahlo a matšo empa ha aa ka a se fumana. Letsatsing le hlahlamang, mookameli oa hae le motho ea sebetsang le eena ba ile ba ea holimo le tlaase seterateng ba se batla empa ha baa ka ba se thola. Joale ke ile ka qala ho fiela ka ntle, hona ka pel’a lebenkele la rōna ’me ha ke re mahlo tloha! ka bona sephutheloana seo sa litaemane! Ke ile ka se thonaka eaba ke mathela ho mookameli oa ka oa Lebelgiamo. Ha aa ka a kholoa hore ke entse ntho e joalo. Ke ile ka mo bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me ke tšaba Molimo oa ka ebile kea mo hlompha. Mong’a litaemane o ile a ameha maikutlo haholo ka lebaka la seo ke se entseng, a ba a re, ‘Ke hloletsoe!’
“Motho eo ke sebetsang le eena o ile a re, ‘Eugene, u entse hore re se ke ra tloha seriti!’
“Ke ile ka re: ‘Kea leboha! Re lokela ho rorisa ho Jehova, hobane ke eena ea nthutileng ho tšepahala.’”
Angola
Ha João, eo e leng moromuoa ’me hape e le molebeli oa potoloho, a etetse mahaeng, o ne a batla ho bontša barab’abo rōna le batho ba thahasellang ba moo DVD e nang le sehlooho se reng, Noah Walked With God—David Trusted in God. Mor’abo rōna o ile a tsamaea le jenereithara e nyenyane, libuela-hōle tse peli, le peterole hammoho le k’homphieutha ea laptop. Motseng oa pele, o ile a fihlela ka mokhorong, ’me o ile a lokisetsa hore o tla bapala DVD eo hamorao bosiung boo. O re: “Ke ile ka makala ha ho tla batho ba ka bang 38, ba nkile litulo, libenche, majoe, likane tsa lebese le lintho tse ling tseo ba neng ba tla lula holim’a tsona. Ka tlung ho ne ho se na sebaka se ka lekanang esita le halofo ea batho bao feela, kahoo, re ile ra lokela ho e shebella ka ntle. Re lutse ka ntle, leholimo le hlakile ’me linaleli li itse toala! ke ile ka beha k’homphieutha holim’a litene tsa mobu, ’me ba bangata ba ile ba lula fatše holim’a masela a mebala-bala a Afrika.” Litaba tse mabapi le DVD ena li ile tsa phasalla kapele sebakeng seo, ’me ba bangata ba ile ba tla metseng eo João a ileng a e etela. O re, “Ha DVD e fela, batho ba ne ba sa batle ho tsamaea. Ba bangata ba ile ba re boo e bile bosiu bo monate ka ho fetisisa bophelong ba bona ’me ba ile ba leboha Jehova ka lijo tseo tsa moea.” Libekeng tse tharo tseo João a ileng a etela lihlopha tseo tsa mahaeng ka tsona, batho ba 1 568 ba ile ba shebella DVD ena!
Ghana
Vida, ea nang le khoebo ea ho tlisetsa batho lijo Accra, o ne a sa rate ho isetsa ofisi ea lekala ea Ghana meroho. Hobane’ng? Hobane moruti oa hae o ne a mo boleletse hore Lipaki li hloile batho bao e seng Lipaki. Kahoo, ha Vida a isa lijo lekaleng leo ka lekhetlo la pele, o ile a makala ha a bona batho ba sebetsang kichineng ba bososela ka mofuthu ba bile ba mo leboha ka tlhompho. Ka libeke tse latelang, o ile a tloaela baithaopi ba sebetsang lekaleng leo, ’me a bona kamoo e mong le e mong a leng mosa kateng a ba a hlokomela hore moruti oa hae o ne a sa mo bolella ’nete.
Kaha Vida o ne a thahasella ho tseba ho eketsehileng, o ile a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele, le hoja a ne a sa tsebe ho bala. Pele likhoeli tse tšeletseng li fela, Vida o ne a se a ithutile ho ipalla Bibele ea hae, ’me o ile a kolobetsoa kopanong ea setereke e sa tsoa feta. Le hoja a ne a songoa ke litho tsa lelapa labo le bao e kileng ea e-ba metsoalle ea hae, Vida o thusitse motsoal’ae hore a tšoanelehe ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Sudan
Ha morali e mong oabo rōna a ntse a le tšebeletsong ea ntlo le ntlo, o ile a kopana le banana ba babeli ba ileng ba mo amohela. Ho makatsang ke hore banana bao ba ne ba sa batle ha morali’abo rōna a ba thusa ho phetla mangolo Bibeleng ea bona. Athe lebaka ke hore moruti o ne a ba lemositse hore haeba e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ka tšoara Bibele ea bona, litaba tse ngotsoeng ho eona li tla fetoha ka tšohanyetso li lumellane le lithuto tsa Lipaki. Banana bana ba ile ba hana le ho lumelisa morali’abo rōna ka letsoho. Leha ho le joalo, ha ba iphetlela mangolo, seo ba se balang se ne se tšoana le seo morali’abo rōna a se boletseng. Ha ba lemoha hore moruti o ne a buile leshano, ba ile ba etsa qeto ea ho ithuta Bibele. Sena se ile sa tšosa moruti hoo a bileng a ba tšepisa hore o tla ba fa chelete ea ho reka lijo—hafeela ba ka khaotsa ho ithuta Bibele. Ba ile ba re’ng? Ba ile ba re, “Ha re batle ho tlatsa limpa tsa rōna lijo. Re ka mpa ra tlala lentsoe la Molimo.” Hona joale banana bana ba ba teng libokeng tsa phutheho.
Ethiopia
Monna ea bitsoang Awoke o ne a sa thahaselle ’nete hakaalo le hoja mosali oa hae e ne e bile Paki ka lilemo tse ka bang leshome. Leha ho le joalo, ha Awoke a ile thupelong ea likhoeli tse peli karolong e ’ngoe ea naha, o ile a etsa qeto ea ho batla Lipaki. Ha a fihla moo, o ile a isoa ofising eo morali e mong oabo rōna a sebetsang ho eona. Morali enoa oabo rōna o ne a ntse a rapella hore phutheho ea habo e ke e fumane mor’abo rōna ea tla e thusa. Ha a bolelloa hore ho na le monna ea ntseng a batla Lipaki Tsa Jehova, o ile a hopola lithapelo tsa hae. Ha a bona Awoke, ea neng a apere hantle a bile a itlhophile ka bokhabane, o ile a lumela hore ke eena mor’abo rōna e mocha eo a ’nileng a mo rapella. O ile a mathela ho Awoke ka thabo a ba a mo lumelisa ka mofuthu. Ha Awoke a bona kamoo morali’abo rōna a thabileng kateng, o ile a be a se a shoella holimo feela a sa batle ho mo bolella hore hase Paki, ebile ha aa ka a batla ho mo soetsa le ha a ne a mo tsebisa litho tsa phutheho. Ha a ntse a le sebakeng seo, o ile a ba teng libokeng tsohle. Ha thupelo ea hae e fela ’me a lokela ho khutlela ha habo, barali ba bang babo rōna ba ile ba mo memela lijong tsa motšehare, eaba ba kōpa hore a ba etsetse thapelo ea lijo. O ile a hopola mokhoa oo mosali oa hae a neng a rapela ka oona ha a lebohela lijo lapeng la bona a roetse hloohong, a bile a rapela ka lebitso la Jesu. Kahoo, o ile a rapela hantle ’me ba itjella hamonate. Kaha Awoke o ile a angoa maikutlo ke kamoo a ileng a amoheloa ka mosa kateng sebakeng seo, o ile a etsa qeto ea hore e hle e be mor’abo rōna. Ha a fihla hae, o ile a qala ho ithuta, ’me o ile a kolobetsoa kopanong e sa tsoa feta. Mosali oa hae o thabile, ’me Awoke o letetse ho phetela phutheho eane eo a kileng a e etela phihlelo ena.
EUROPE
PALO EA LINAHA 46
PALO EA BAAHI 730 776 667
PALO EA BAHOELETSI 1 506 019
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 744 319
Ukraine
Setsebi se seng sa motlakase se ile sa ea Holong ea ’Muso ho ea lokisa mithara oa motlakase. Monna enoa o ne a tsejoa ka botahoa motseng oa habo. Ha a ntse a lokisa mithara, o ile a bona temana ea selemo e neng e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jak. 4:8) O ile a khutsa ka motsotsoana eaba o re ho mora e mong oabo rōna: “Na kannete motho a ka khona ho atamela ho Molimo? Na baetsalibe ba ka atamela ho Molimo?” Mor’abo rōna o ile a mo araba a sebelisa Bibele a ba a mo memela sebokeng. Ka Sontaha, monna enoa o ile a rera ho ea sebokeng, empa o ile a ea phuthehong e motseng o mong kahobane a ne a sa batle ha baahelani ba hae ba ka mo bona a e-ea Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, sebui sa phatlalatsa letsatsing leo e ne e le moholo ea tsoang motseng oa habo monna eo. Ha monna enoa a bona mor’abo rōna, o ile a leka ho ipatela eena. Empa moholo eo o ile a mo tseba a ba a mo amohela ka mofuthu. Sena se ile sa etsa hore monna enoa a ee libokeng motseng oa habo. O ile a qala ho khanneloa thuto ea Bibele, ’me a kolobetsoa selemo hamorao.
Nakong ena, mosali oa monna enoa o ne a sebetsa naheng e ’ngoe, ’me o ne a sa kholoe hore monna oa hae o khaolitse ho noa ebile e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. E le hore a e’o inoesa ka nkho, o ile a khutlela hae. O ile a thaba ha monna oa hae a se a sa noe ho tlōla ’me a se a bile a hlokomela bana, empa ha aa ka a thabela hore ebe e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng monna oa hae o ile a re ho eena, “Ke kōpa hore re ke re ee Holong ea ’Muso kaofela re le lelapa.” O ile a lumela ho ea. Paki e ’ngoe e ile ea qala ho ithuta Bibele le eena ’me ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a kolobetsoa hammoho le barali ba bona ba bararo. E, temana e le ’ngoe ea Bibele e ile ea thusa batho ba bahlano hore ba atamele ho Molimo.
Greece
Mor’abo rōna ea tsamaeang ka tsela e le ’ngoe letsatsi le leng le le leng ha a ea mosebetsing, o ile a bona mosali e mong eo kamehla a neng a fapohela moo ho nang le ntlo e nyenyane ea thapelo. Matlo ana a manyenyane a thapelo, a behiloeng ka thōko ho tsela Greece, hangata a bontša hore ke moo motho a ileng a shoela teng kotsing ea koloi. Mor’abo rōna o ile a ngolla mosali enoa lengolo le lekhutšoanyane le mo fang matšeliso a hlahang ka Mangolong mabapi le boemo ba bafu le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha. Mor’abo rōna o ile a ngola lebitso la hae le nomoro ea hae ea fono eaba o siea lengolo leo ka har’a ntlo eo e nyenyane ea thapelo. Letsatsing le hlahlamang feela, mosali enoa o ile a letsetsa mor’abo rōna ’me o ne a thabetse litaba tse molemo haholo. Hona joale ho se ho e-na le Paki e mo etelang kamehla.
Norway
Ha baralib’abo rōna ba tšeletseng ba qeta tšebeletso ea tšimo, ba ile ba ea moo ho rekisoang lijo tse bobebe. Ha ba le moo ba ile ba tšohla puo e monate ea phatlalatsa eo ba e utloileng Holong ea ’Muso matsatsi a mabeli pele ho moo. E ne e le puo e buang ka tšepo ea tsoho. Hamorao, mosali ea neng a ntse a ba mametse o ile a tla tafoleng eo ba lutseng ho eona. O ile a kōpa hore a lule le bona e le hore a utloe taba eo ba ntseng ba qoqa ka eona. O ile a ba bolella hore o sa tsoa hlokahalloa ke batsoali. Ba ile ba mo khothatsa. Baralib’abo rōna ba ile ba kōpa hore mosali eo a ba fe nomoro ea hae ea fono, ’me hamorao e mong oa bona o ile a buisana le eena a ba a qala thuto ea Bibele.
Lithuania
Olga ke ’moleli e monyenyane oa litaba tse molemo oa nako e tletseng, ’me o ile a qala thuto ea Bibele le mosali e mong oa Lerussia eo a e khannang a eme monyako. Ha ba sa ntsane ba qala ho buisana, mosali enoa o ile a kōpa hore Olga a mo hlalosetse hore na Bibele e bolela’ng ha e bua ka ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1) Olga o ile a mo tšepisa hore o tla khutla a tl’o mo hlalosetsa. Le hoja Olga a ile a ea ha mosali eo ka makhetlo a mangata, ho ile ha feta nako e ka etsang khoeli a sa mo fumane. Le hoja ho ne ho se motho ea arabang ha Olga a kokota, o ne a bona hore ho na le motho ea mo shebileng ka lesoba le lenyenyane monyako. Olga o re: “Ke ne ke sa lumele hore mosali enoa ha a batle hore re tsoele pele ho qoqa ka Bibele. Ebile e ne e ka ’na eaba hase eena ea neng a ntse a hloelisa monyako. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke mo ngolle lengolo ke mo hlalosetse taba eane e neng e mo tšoenya. Matsatsi a mararo hamorao, ke ile ka ea ha hae hape. Ke ile ka thaba hakaakang ha a bula monyako! O ne a thabetse lengolo la ka haholo le kamoo ke mo bontšitseng kateng hore ke amehile ka eena.”
Mosali enoa o ile a leboha Olga eaba o re: “Ke balile lengolo la hao kaofela ka ba ka le pheta-pheta ’me ke utloisisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ka lebaka la sena sohle, thuto ena eo pele e neng e khanneloa monyako e ile ea fetoha thuto ea lehae ea kamehla ea Bibele e khannoang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang. Hona joale, nako le nako ha Olga a il’o khanna thuto ena, mosali enoa ea thahasellang o mo amohela ka mofuthu.
Switzerland
Geneva ke motse o moholo o nang le batho ba lichaba tse fapa-fapaneng, ’me morali’abo rōna oa moo ea bitsoang Marie o ile a qoqa le mosali e mong ea tsoang Bochabela bo Hare. Kaha Marie o ntse a ithuta Searabo, o ile a qoqa le mosali eo ka sona. Marie o ile a mo bolella hore o lumela ho Molimo a le mong feela oa ’nete. Eitse ha mosali eo a utloa seo, o ile a mo haka a ba a mo aka, ’me a mo bolella hore pelo ea hae e bohloko ebile Marie o buile le eena moo a ntseng a rapela. Mosali eo o ile a bolela hore o khutlela naheng ea habo letsatsing le hlahlamang. Marie o ile a phetla Bibele ’me a bala 1 Petrose 3:7 a ba a hlalosa hore Molimo o ananela basali haholo. Ka mor’a moo o ile a mo bolella hore Jehova o batla hore monna e mong le e mong a tšoare mosali oa hae ka seriti a be a mo hlomphe. Mosali eo o ile a makala eaba o re ho Marie: “E le hore u lengeloi, kapa u motho? Pelo ea ka e bohloko kahobane monna oa ka a sa etse seo Molimo a se bolelang lengolong lena. Ke rapela kamehla hore Molimo a nthuse. Joale ke mona u se u phetla buka ena u bile u mpalla temana ena.” Ka mor’a moo mosali eo o ile a kōpa hore Marie a mo ngolle lengolo leo pampiring. O ile a re o tlil’o tsamaea ka pampiri eo a e’o e bontša ba lelapa la hae, a be a ba qoqele taba ena e thabisang e mo hlahetseng. Marie o ile a sareloa kahobane mosali eo a ne a lokela ho tsamaea, empa ba ile ba lumellana hore ba tla ’ne ba ngollane kapa ba founelane.
Netherlands
Motseng oa Rotterdam ho na le e ’ngoe ea likou tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Thepa e tsoang leoatleng e laeloa literakeng ebe e isoa linaheng tse Selekaneng sa Europe le linaheng tseo e seng karolo ea sona. Ke ka lebaka leo ho nang le literaka tse ngata haholo tse fetang naheng ena. Tsela e ’ngoe e khōlō e kenang naheng ea boahisani ea Jeremane e na le sebaka se seholo seo literaka li emang ho sona, moo ho fetang literaka tse ka bang 1 500 ka hora. Kaha bakhanni ba bangata ba tlameha ho phomola sebakeng seo, barab’abo rōna ba sebelisa monyetla ona ho paka ho tloha terakeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ’me ba kopana le bakhanni ba tsoang Europe, Bochabela bo Hare, le hoo e batlang e le linaheng tsohle tseo pele li neng li bitsoa lirephabliki tsa Soviet Union. Bakhanni ba literaka ba rata limakasine tsa rōna haholo. Selemong se fetileng, barab’abo rōna ba ile ba paka ka makhetlo a 82 moo literaka li emang teng ’me ba tsamaisa limakasine tse fetang 10 000 ka lipuo tse 35.
LINAHA TSA AMERIKA
PALO EA LINAHA 56
PALO EA BAAHI 883 782 291
PALO EA BAHOELETSI 3 256 287
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 3 111 358
Peru
Jorge ke pula-maliboho oa kamehla ’me o iphelisa ka ho etsa litšoantšo tse pentiloeng. O ile a pakela Hubert, eo le eena a etsang litšoantšo, ’me Hubert o ile a lumela hore ba ithute Bibele. Ho sa tsotellehe khanyetso e matla e neng e hlaha ka lapeng, ho metsoalle le ho baahelani, Hubert o ile a ithuta buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka likhoeli tse tšeletseng feela. Lithapelong tsa hae o ne a kōpa Jehova hore a thuse lelapa labo hore le ithute ’nete. O ile a makala le hoja a ne a thabile ha abuti oa hae Jhon, a lumela hore ba khanneloe thuto hammoho ’me a se a bile a qala ho ea libokeng. Bekeng e latelang, soare sa Jhon, e leng Cesar, le eena o ile a ithuta hammoho le bona. Le hoja qalong mosali oa Cesar a ne a hanyetsa, le eena o ile a qetella a se a ithuta. Hamorao, Reynaldo, ea kenang sekolo le Hubert, o ile a batla ho ithuta. Ka lebaka la khanyetso e matla o ile a tlameha ho ithutela habo Hubert. Nakoana ka mor’a moo, moena oa Hubert, ea bitsoang Milton, le eena o ile a qala ho ithuta. Ka mor’a hore a khanneloe thuto ka lekhetlo la pele, Milton o ile a pakela Darwin le Christian, bao a kenang sekolo le bona, ’me ba ile ba qala ho ithuta le ho ba teng libokeng. Hubert o boetse o na le bo-abuti ba babeli, e leng Ronald le Martin. Ha Hubert a ntse a khanneloa thuto, Ronald o ile a tla a tšoere letoto la lipotso tsa Bibele, ’me Jorge o ile a mo hlalosetsa hore thuto ea Bibele ke eona e tla araba lipotso tsohle tsa hae. O ile a lumela ho khanneloa thuto. Ka mor’a moo, Martin o ile a qala ho ithuta hammoho le barali ba hae ba babeli. Hubert le Jhon ba ile ba kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” Lipalo-palo tsa morao-rao li bontša hore batho ba 18 ba se ba ithutile ka Jehova, ’me sena sohle se etsahetse kahobane feela Jorge a ile a fana ka bopaki.
Brazil
Paulo o lula polasing e karolong e ka leboea naheng ena. Mosali eo a neng a lula le eena le eo a ileng a qetella a mo nyetse o ne a ithuta Bibele, ’me Paulo o ile a lumela ho ithuta Bibele hobane feela a ne a batla ho thabisa mosali eo. Ka letsatsi le leng balisana ba sebetsang polasing eo ba ile ba lelekisa lengau le neng le qeta likhomo ba ba ba le bolaea. Kaha ba ne ba bona hore ba ka iphumanela chelete, ba ile ba letsetsa mong’a polasi ba kōpa chelete ea ho hira motho ea tsebang ho tsoma mangau, ea neng a tla ba thusa ho bolaea lengau leo le qetang likhomo. Paulo o ne a kentse letsoho leanong lena, ’me le eena o ile a bolella mong’a hae leshano lena. Leha ho le joalo, ka lebaka la seo Paulo a neng a se a ithutile sona Bibeleng, letsoalo le ile la mo khoebetha. O ile a letsetsa mong’a hae ’me a mo bolella ’nete le hoja a ne a tseba hore a ka ’na a felloa ke mosebetsi le hore batho bao a sebetsang le bona ba tla mo ja tala. Hamorao, ka lebaka la ho tšepahala hona, Paulo o ile a nyolloa hore e be eena mookameli oa polasi eo. Hona joale Paulo le mosali oa hae e se e le bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba litaba tse molemo. Ho thabisa hakaakang ho bona monna eo ea tšepahalang a tla Holong ea ’Muso ka terekere, a palamisitse mosali oa hae le bana ba bona ba babeli!
Mexico
Ha María, eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla ea chesehang, a le sebokeng sa batsoali sekolong seo barali ba hae ba babeli ba kenang ho sona, o ile a hlokomela hore matichere a ne a tšoenyehile ka borabele ba liithuti tse ling le boitšoaro ba tsona bo hlephileng. Tichere e ’ngoe e ile ea re: “Batsoali, haeba le sa batle ho bona ngoana e mong hape a fetoha setlokotsebe, re thuseng hle. Buang le bana ba lōna. Ba rekeleng libuka. Ba thuseng hobane ba na le lipotso tse ngata. Le se ke la ba tlohela hore ba iphumanele likarabo seterateng.” Hamorao, María o ile a ea botsa ofising ea mosuoe-hlooho hore na barali ba hae ba itšoere joang ’me o ile a bolelloa hore ba itšoere hantle. Joale o ile a buella buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, a bolela hore e molemo bakeng sa ho tataisa bacha. Mosuoe-hlooho o ile a mamela ka hloko eaba o kōpa hore María a mo tlisetse buka eo. Ha María a e tlisa letsatsing le hlahlamang, mosuoe-hlooho o ile a e phetla a thabile a ba a kōpela le setsebi sa kelello sekolong moo buka e ’ngoe. Ka mor’a ho e bala, setsebi sa kelello se ile sa etsa tlhahiso ea hore buka eo e kenngoe lenaneong la thuto la sekolo. Ho ne ho e-na le matichere a 12 sekolong seo, ’me mosuoe-hlooho o ile a odarela tichere e ’ngoe le e ’ngoe buka a ba a odara le libuka tse 50 bakeng sa laebrari ea sekolo.
Uruguay
Ka letsatsi le leng pele mafube a hlaha, monna e mong o ile a tloha Argentina a leba ha habo Uruguay. Ha a lokela ho palama seketsoana se tšelang Río de la Plata, ngoanana e mong o ile a mo bontša makasine ea Tsoha! ea January 2006 eo sehlooho sa eona se ka ntle se reng “Bokamoso bo Fupere Eng?” Ngoanana enoa o ne a le botsoalle, kahoo monna eo o ile a amohela makasine ena ka thabo. Ha a fihla Montevideo, eena hammoho le baeti ba bang ba ile ba palama koloi e ba isang seteisheneng se seholo sa libese. O ile a makala ha mosali-moholo e mong oa Paki, ea ikokotlelang ka lere, a boela a buisana le eena. Le eena o ne a buella makasine eona eo, ’me monna enoa o ile a e amohela. Nakoana ka mor’a hore a fihle hae mantsiboeeng ao, o ile a utloa motho a kokota monyako. E ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a ho mo mamela, o ile a amohela eona makasine eane eo a seng a ntse a e-na le tse peli tsa eona—’me e ne e se e le ea boraro letsatsing leo! Ha Paki eo e mo hlalosetsa hore e amohela menehelo e tšehetsang mosebetsi oa lefatše ka bophara, monna enoa o ile a re o se a ntse a tseba seo, eaba o kena ka tlung o il’o nka chelete. Ha a khutla, o ile a tla le limakasine tse peli tseo a li fumaneng pejana letsatsing leo. O ile a supa potso e reng “Bokamoso bo Fupere Eng?” eaba oa bososela o re: “Seo ke se tsebang ke hore: Bokamoso bo tla tlisa e mong oa Lipaki Tsa Jehova!”
Puerto Rico
Morali e mong oabo rōna o ne a chaketse morali oa hae ha masholu a mabeli a itšohlometsa ka tlung, le leng le nkile sethunya. A ne a batla chelete; eitse ha ba re ha ba na eona, lesholu le leng la qala ho e khoasa ka har’a ntlo ha le leng lona le ne le ba supile ka sethunya. Hang-hang ba ile ba qala ho rapela Jehova. Lesholu le ile la re: “Le etsa’ng?” Ba ile ba bolela hore ke Lipaki Tsa Jehova ’me ba rapela Jehova, Molimo oa bona. Ha baralib’abo rōna ba ntse ba pakela lesholu le tšoereng sethunya, lesholu le leng le ile la tla eaba le re le fumane karete ea banka. Kapele-pele bohle ba ile ba kena ka koloing ea ’mè eo eaba ba leba bankeng. Baralib’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho pakela masholu ana le ho bua le ’ona ka tlhompho. Joale ’mè eo o ile a kōpa lesholu le tšoereng sethunya hore le se behe fatše, ’me o ile a makala ha le etsa joalo, le bile le bolela hore le khahluoe ke kamoo a khobileng matšoafo kateng. ’Mè eo o ile a re o na le mora ea ka lekanang le masholu ao empa eena o tla ba le bokamoso bo botle. O ile a khothalletsa masholu ao hore a boloke melao ea Jehova e le hore le ’ona a ka ba le bokamoso bo thabisang. Ho sa tsotellehe sena, ba ile ba ea kaofela bankeng ’me morali oa ’mè eo o ile a hula chelete. Joale masholu ao a ile a isa baralib’abo rōna phasejeng e moqotetsane, eaba aa ba lokolla. Lesholu le leng le ne le batla ho ba tlama, empa le tšoereng sethunya le ile la hana. Le ile la bolella baralib’abo rōna hore ba sirelelitsoe ke motho ea matla haholo. Pele ho moo, masholu ana a ne a ile a utsoetsa batho motseng oo, a ba tlama a ba a ba otla.
OCEANIA
PALO EA LINAHA 30
PALO EA BAAHI 35 914 649
PALO EA BAHOELETSI 94 323
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 49 667
Papua New Guinea
Tom e kile ea e-ba lesole ’me o tseba masetla-pelo a ntoa. Ha a kopana le Lipaki motseng oa habo, o ile a thaba haholo ha a utloa hore Bibele e tšepisa hore ho tla ba le nako eo ka eona lintoa li ke keng tsa hlola li e-ba teng lefatšeng. Tom o ile a ithuta Bibele a ba a tsoela pele moeeng, empa tumelo ea hae e ile ea lekoa ha a e-ea Sehopotsong. Ntate oa Tom e ne e kile ea e-ba moruti oa Kereke ea United, ’me Tom e ne e le molula-setulo oa kereke ena e neng e bapile le Holo ea ’Muso. Ha Tom a kena ka Holong ea ’Muso, o ile a bona litho tsa kereke—tse akarelletsang metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo, batho bao a kileng a sebetsa le bona, esita le moruti—’me kaofela ba ne ba mo tonetse mahlo. E ile eaka lefatše le ka ngamoha a kena, empa Tom o ile a re ka pelong: ‘Ke ipatela’ng? Ona ke oona monyetla oa hore ke bontše batho hore ke tlil’o ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.’ Ka mor’a phomolo ea Easter, o ile a ea ho moruti ’me a re, “Na u mpone ha ke le Holong ea ’Muso?”
Moruti a re, “E, ke u bone,” eaba baa keketeha.
Eaba Tom o re: “Hela oa mphato, ho na le reschorente ea khale eo ke neng ke ntse ke nahana hore e pheha masutsa, empa ke ile ka fumana hore lijo tseo li tšetsoe chefo. Eaba ke fumana reschorente e ’ngoe e phehang lijo tse matlafatsang, tse hahang ’mele. Na joale ha ke se ke utloile monate oa lijo tse lutlisang mathe joalo, nka hlola ke khutlela reschorenteng ela ea khale?”
Moruti o ile a lemoha hore na Tom o bolela’ng, eaba o re, “Tom, ke kōpa hore seo ke u joetsang sona se felle pakeng tsa ka le uena, le ’na ke bala makasine ea Tsoha! kamehla.” Tom o ile a itokolla kerekeng ’me le hoja a ile a hlaheloa ke liteko tse ngata, hona joale ke mohlanka oa Jehova ea inehetseng.
Solomon Islands
Ka la 18 February, 2006, bahoeletsi ba 58 ba ile ba fumana mangolo Thupelong ea Puo ea Matsoho ea Australia eo e neng e le eona ea pele e lokiselitsoeng ke ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Ho tloha ka nako eo, batho ba leshome ba sa utloeng litsebeng ba se ba lumetse hore ba ithute Bibele ’me ba ba teng libokeng tsa phutheho. E mong oa bona ke Moses. Moahelani oa Moses o ne a kile a mo hlalosa ka ho re ke “motho oa sefela-peloana ea ratang ho tlakoloha ka bohale—motho ea hlooho e thata ka mokhoa o makatsang.” Leha ho le joalo, ha Paki e amanang le Moses e tsoang thupelong ena e ithaopela ho ithuta Bibele le eena, o ile a lumela hang-hang. Ka mor’a khoeli o ile a ea sebokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso, ’me o ne a apere habohlasoa, moriri e le sehlotho a bile a hlahlabalitse litelu. O ile a angoa pelo ke kamoo a ileng a amoheloa ka mofuthu kateng le ke linnete tseo a ileng a li “utloa.” O ile a makala ha a ithuta ka Bibeleng hore motho o tlotlisa Molimo ha a ela hloko tsela eo a aparang ka eona le kamoo a shebahalang kateng. Barab’abo rōna ha baa ka ba mo tseba bekeng e hlahlamang ha a kena ka Holong ea ’Muso. O ne a kutile moriri le litelu, a bile a apere ka makhethe. O ne a fetotse le botho ba hae. Moahelani oa hae o ile a re: “Joale o se a hloekile, ’me o lula a bososela.” Moses o tsoela pele moeeng ’me o thusa batho ba bang ba sa utloeng litsebeng hore ba utloisise litaba tse molemo.
Tahiti
Sehlekehleke se senyenyane se ikemetseng se le seng sa Makemo se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 600 ho tloha Tahiti, ’me se na le baahi ba 720 feela. Mosali e mong ea bitsoang Ravahere o ile a tseba ’nete ha a ntse a lula le beng ka eena Tahiti. Ha a khutlela Makemo, o ile a qala ho ithuta Bibele, ’me qalong o ne a ithuta ka ngollano, eaba o sebelisa fax, ’me hamorao a sebelisa fono. Ravahere o ile a ngolisa lenyalo la hae ka molao a ba a tlohela le mekhoa e meng e le hore a phele ho latela melao ea Jehova, ho sa tsotellehe hore litho tse ling tsa lelapa la hae li ne li batla hore a se ke a tsoa bolumeling ba Mormon. Hamorao Ravahere o ile a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang nakong ea ha a ne a etetse phutheho e Tahiti. Ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli o amohela mangolo a mo khothatsang a tsoang ho bahoeletsi ba phutheho eo.
Ka June 2006, molebeli oa potoloho le mosali oa hae ba ile ba etela Ravahere. Molebeli oa potoloho o ile a tlaleha hore Ravahere o bolela ka ntlo le ntlo beke e ’ngoe le e ’ngoe. O iketselitse ’mapa oa tšimo ea hae ’me o se a qalile lithuto tse ngata tsa mahae tsa Bibele. O papanea limakasine ka pel’a sebaka seo a rekisetsang lijo tse bobebe ho sona. Hape o khanna thuto ea buka, ’me monna oa hae o ba teng ho eona.
Fiji
Beke le beke Matthew, eo e leng moholo hape e le moromuoa ea koetlisitsoeng Gileade, o khannela liithuti tse ’nè thuto ea Bibele k’holejeng ea matichere. Basebeletsi ba likereke tse fapa-fapaneng ba tšoarela litho tsa likereke tsa bona litšebeletso k’holejeng moo linakong tsa mantsiboea. Morero oa sena ke ho thusa baokameli ba sekolo, ba lekang ho fokotsa boitšoaro bo bobe bo jeleng setsi sebakeng seo liithuti li lulang ho sona.
Mantsiboeeng a mang, Matthew o ile a bona liithuti tse ngata li lutse ka phaposing eo ho jelloang ho eona—e le liithuti tse ka bang 250—li lutse li khutsitse, li letile li tšoere Libibele, libuka tseo ho ngolloang ho tsona le lipene. Li ne li emetse moruti oa kereke e ’ngoe e tsebahalang hore a tl’o li tšoarela tšebeletso. Kaha moruti eo ha aa ka a fihla, ho ile ha kōpuoa Matthew hore a buisane le sehlopha seo. Ho e-na le hore Matthew a etse se etsoang ke ba bang ’me a qale ka pina ebe ka mor’a moo o ruta kamoo batho ba tla cha liheleng kateng, eena o ile a buisana le bona ka Mangolo. Le hoja sena se ne se mo hlahile lesumatha, Matthew o ile a khetha ho buisana le bona ka hore ba hopole ’Mōpi oa bona ba sa ntsane ba le bacha. Hamorao, liithuti tsohle li ile tsa etsa mokoloko ho ea tšoara Matthew ka letsoho le ho mo leboha. O se a labalabela ho khutlela ho ba ileng ba bontša thahasello ka mor’a hore a fumane monyetla ona oo a neng a sa o lebella.
Australia
Ha baralib’abo rōna ba babeli ba ntse ba sebetsa ka ntlo le ntlo, ba ile ba kopana le mosali ea kulang. O ile a ba bolella hore o tšoeroe ke kankere ’me o kulela lefu, kahoo o ntse a paka lintho tsa hae e le hore ba bang ba se ke ba tšoenyeha ka tsona ha a se a hlokahetse. Mosali enoa o ile a bolela hore ha a na beng ka eena ebile ha a na metsoalle, ’me o hlorile haholo. Hape o ile a bolela hore o kile a ea malumeling a mang empa ha aa ka a rata se etsoang moo, ebile o nahana hore Molimo o mo lahlile. Hamorao, e mong oa baralib’abo rōna o ile a mo tlisetsa sehlopha sa lipalesa, ’me kaha mosali eo o ne a tsoile, morali’abo rōna o ile a li siea monyako a ba a mo ngolla mantsoe a seng makae. Motšehare oa mantsiboea hona letsatsing leo mosali eo o ile a letsa a leboha mosa oo haholo. O ile a re ha ho motho ea kileng a mo bontša mosa o joalo kapa a mo fa lipalesa, ’me o ile a kōpa tšoarelo ka hore ebe o ne a le sieo lapeng. Ha baralib’abo rōna ba mo etela hape, o ne a se a ba emetse. Ba ile ba mo bontša buka ea Seo Bibele e se Rutang, ’me ha lokisetsoa thuto ea Bibele.
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Miho
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Re ile ra fihla re palame ka tankeng ea lebese
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Ketevan
[Setšoantšo se leqepheng la 48]
Bao e neng e le litho tsa kereke
[Setšoantšo se leqepheng la 55]
Olga
[Setšoantšo se leqepheng la 55]
Marie
[Litšoantšo tse leqepheng la 57]
Hubert, Jorge le Jhon
[Setšoantšo se leqepheng la 58]
Paulo le lelapa la hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 63]
Ravahere le sebaka seo a rekisetsang lijo tse bobebe ho sona Makemo
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Matthew