Tumelo e Etsa Hore re se Fele Pelo ’me re be ba Rapelang Kamehla
“Sebelisang ho se fele pelo; tiisang lipelo tsa lōna, hobane ho ba teng ha Morena ho atametse.”—JAKOBO 5:8.
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka Jakobo 5:7, 8?
“HO BA teng” ha Jesu Kreste hoo e leng khale ho letetsoe, hona joale ke taba ea sebele. (Matheu 24:3-14) Ho feta leha e le neng pele, bohle ba bolelang hore ba na le tumelo ho Molimo le Kreste ba na le lebaka la ho nahana ka mantsoe ana a morutuoa Jakobo: “Sebelisang ho se fele pelo, barab’eso, ho fihlela ho beng teng ha Morena. Bonang! Sehoai se lula se letetse litholoana tsa bohlokoa tsa lefatše, se sebelisa ho se fele pelo mabapi le tsona ho fihlela se fumana pula ea pele le pula ea morao. Le lōna sebelisang ho se fele pelo; tiisang lipelo tsa lōna, hobane ho ba teng ha Morena ho atametse.”—Jakobo 5:7, 8.
2. Bao Jakobo a neng a ba ngolla ba ne ba talimane le mathata afe a mang?
2 Ho ne ho hlokahala hore bao Jakobo a neng a ba ngolla lengolo la hae le bululetsoeng ba sebelise ho se fele pelo ’me ba rarolle mathata a sa tšoaneng. Ba bangata ba ne ba sebetsa khahlanong le se neng se lebeletsoe ho ba bolelang hore ba na le tumelo ho Molimo. Ka mohlala, ho ne ho hlokahala hore ho etsoe ho hong ka litakatso tse itseng tse neng li hlahile ka lipelong tse ling. Ho ne ho hlokahala hore ho tsosolosoe khutso har’a Bakreste bao ba pele. Ba ne ba boetse ba hloka keletso mabapi le ho se fele pelo le ho ba ba rapelang kamehla. Ha re ntse re hlahloba seo Jakobo a ba boleletseng sona, a re boneng kamoo re ka sebelisang mantsoe a hae bophelong ba rōna.
Litakatso Tse Fosahetseng Lia Senya
3. Lisosa tsa lintoa tse neng li le ka phuthehong e ne e le life, ’me re ka ithuta’ng ho see?
3 Ho ne ho se na khotso har’a ba bang ba bolelang hore ke Bakreste, ’me litakatso tse fosahetseng e ne e le sesosa se ka sehloohong sa boemo bona. (Jakobo 4:1-3) Tlhōlisano e ne e baka pherekano, ’me ba bang ba ne ba ahlola barab’abo bona ka ho hloka lerato. Sena se ne se etsahala hobane litakatso tse matla bakeng sa menyaka ea nama li ne li ntšetsa pele ntoa lithong tsa ’mele ea bona. Ho ka ’na ha hlokahala hore re rapelle thuso ea ho hanela litakatso tse matla tsa botumo, matla le matlotlo e le hore re se etse letho le tla senya khotso ea phutheho. (Baroma 7:21-25; 1 Petrose 2:11) Har’a Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo, meharo e ne e tsoetse pele ho fihlela e fetoha moea oa lehloeo le polao. Kaha Molimo o ne a ke ke a khotsofatsa litakatso tsa bona tse fosahetseng, ba ile ba tsoela pele ho loanela ho finyella lipakane tsa bona. Haeba re na le litakatso tse joalo tse fosahetseng, re ka ’na ra kōpa empa ra se ke ra amohela, kaha Molimo oa rōna ea halalelang ha a arabe lithapelo tse joalo.—Lillo tsa Jeremia 3:44; 3 Johanne 9, 10.
4. Ke hobane’ng ha Jakobo a bitsa ba bang “basali ba bafebi,” hona polelo ea hae e lokela ho re ama joang?
4 Bolefatše, mohono le boikhohomoso li ne li le teng har’a Bakreste ba itseng ba pele. (Jakobo 4:4-6) Jakobo o ile a bitsa ba bang “basali ba bafebi” hobane e ne e le metsoalle ea lefatše ka lebaka leo ba le molato oa bofebe ba moea. (Ezekiele 16:15-19, 25-45) Ka sebele, ha re batle ho ba ba lefatše ka boikutlo, puo le liketso, hobane seo se ne se tla re etsa lira tsa Molimo. Lentsoe la hae le re bontša hore “tšekamelo ea ho ba mohono” ke karolo ea tšekamelo e mpe kapa “moea,” o ka ho batho ba baetsalibe. (Genese 8:21; Numere 16:1-3; Pesaleme ea 106:16, 17; Moeklesia 4:4) Ka hona haeba re lemoha hore ho hlokahala hore re loantše mohono, boikhohomoso kapa tšekamelo e ’ngoe e mpe, a re batleng thuso ea Molimo ka moea o halalelang. Matla ao, ao Molimo a fanang ka ’ona ka mosa oa hae o sa tšoanelang, a feta “tšekamelo ea ho ba mohono.” ’Me, le hoja Jehova a le khahlanong le ba ikhohomosang, o tla re fa mosa o sa tšoanelang haeba re loantša litšekamelo tsa boetsalibe.
5. Hore re thabele mosa o sa tšoanelang oa Molimo, re lokela ho finyella litlhokahalo life?
5 Re ka fumana mosa o sa tšoanelang oa Molimo joang? (Jakobo 4:7-10) Hore re thabele mosa o sa tšoanelang o tsoang ho Jehova, re lokela ho mo mamela, re amohele litokisetso tsa hae ’me re ikokobeletse eng kapa eng eo e leng thato ea hae. (Baroma 8:28) Hape re lokela ho ‘hanyetsa’ kapa ho ‘ema khahlanong le,’ Diabolose. O tla ‘re balehela’ haeba re lula re tiile re le batšehetsi ba bobusi ba Jehova ba bokahohleng. Re thusoa ke Jesu, ea thibelang likofuto tse khopo tsa lefatše e le hore ho se be le letho le ka re ntšang kotsi ka ho sa feleng. ’Me le ka mohla u se lebale sena: Ka thapelo, ho mamela, le tumelo, re atamela haufi le Molimo, ’me o ipaka a le haufi le rōna.—2 Likronike 15:2.
6. Ke hobane’ng ha Jakobo a bitsa Bakreste ba bang “baetsalibe”?
6 Ke hobane’ng ha Jakobo a sebelisa lentsoe “baetsalibe” ho ba bang ba bolelang hore ba na le tumelo ho Molimo? Hobane ba ne ba le molato oa “lintoa” le lehloeo le bolaeang—e leng boikutlo boo ho sa amoheleheng hore Bakreste ba be le bona. (Tite 3:3) Ho ne ho hlokahala hore “matsoho” a bona a tletseng liketso tse mpe a hloekisoe. Hape ho ne ho hlokahala hore ba hloekise “lipelo” tsa bona, tseo e leng setsi sa tšusumetso. (Matheu 15:18, 19) Bao “ba hlōlehang ho etsa qeto” ba qeaqea lipakeng tsa botsoalle le Molimo le botsoalle le lefatše. Kaha mohlala oa bona o mobe ke temoso, a re se keng ra khaotsa ho falimeha e le hore lintho tse joalo li se ke tsa senya tumelo ea rōna.—Baroma 7:18-20.
7. Ke hobane’ng ha Jakobo a bolella ba bang hore ba ‘siame ba be ba lle’?
7 Jakobo o bolella babali ba hae hore ba ‘bontše ho hlomoha pelo ’me ba siame ba be ba lle.’ Haeba ba ile ba hla ba bontša masoabi a bontšang ho tšaba Molimo, e ne e tla ba bopaki ba pako. (2 Bakorinthe 7:10, 11) Kajeno, ba bang ba bolelang hore ba na le tumelo ba batla ho ba metsoalle ea lefatše. Haeba bafe kapa bafe ho rōna ba phehella tsela e joalo, na re ke ke ra siama ka lebaka la boemo ba rōna ba ho fokola moeeng ’me re nke mehato e potlakileng ea ho lokisa lintho? Ho etsa liphetoho tse hlokahalang le ho fumana tšoarelo ea Molimo ho tla hlahisa boikutlo ba thabo ka lebaka la letsoalo le hloekileng le tebello e thabisang ea bophelo bo sa feleng.—Pesaleme ea 51:10-17; 1 Johanne 2:15-17.
Le se ke la Ahlolana
8, 9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho buana hampe kapa ho ahlolana?
8 Ho bua khahlanong le molumeli-’moho ke sebe. (Jakobo 4:11, 12) Empa ba bang ba tšoaea Bakreste-’moho le bona liphoso, mohlomong ka lebaka la boikutlo ba bona ba ho itokafatsa kapa hobane ba batla ho iphahamisa ka ho nyenyefatsa ba bang. (Pesaleme ea 50:20; Liproverbia 3:29) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho bua khahlanong le’ le bolela bora ’me le fana ka maikutlo a ho etsa qoso e feteletseng kapa ea bohata. Sena se tšoana le ho ahlola mor’abo rōna hampe. Ke joang hona e leng ho ‘bua khahlanong le molao oa Molimo le ho o ahlola’? Ha e le hantle, bangoli le Bafarisi ‘ka masene ba ne ba behella taelo ea Molimo ka thōko’ ’me ba ne ba ahlola ho latela litekanyetso tsa bona. (Mareka 7:1-13) Ka ho tšoanang, haeba re ka nyatsa mor’abo rōna eo Jehova a neng a ke ke a mo nyatsa, na re tla be re sa ‘ahlole molao oa Molimo’ ’me ka boetsalibe re fane ka maikutlo a hore oa haelloa? ’Me ka hore ka leeme re tšoaee mor’abo rōna phoso, re tla be re sa phethe molao oa lerato.—Baroma 13:8-10.
9 A re hopoleng sena: “O Mong eo e leng mofani oa molao le moahloli”—Jehova. ‘Molao oa hae o phethahetse,’ ha o haelloe. (Pesaleme ea 19:7, NW; Esaia 33:22) Ke Molimo feela ea nang le tokelo ea ho beha litekanyetso le melao bakeng sa ho pholoha. (Luka 12:5) Ka hona Jakobo oa botsa: “Uena, u mang hore u be ea ahlolang moahelani oa hao?” Ha re na matla a ho ahlola le ho nyatsa ba bang. (Matheu 7:1-5; Baroma 14:4, 10) Ho nahana ka bobusi ba Molimo le ho hloka leeme ha hae le boetsalibe ba rōna ho lokela ho re thusa ho tlohela hore ka ho itokafatsa re ahlole ba bang.
Qoba ho Itšepa ka Boithoriso
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka Jehova bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi?
10 Re lokela hore kamehla re nahane ka Jehova le molao oa hae. (Jakobo 4:13-17) Ha ba hlokomoloha Molimo, ba itšepang ba re: “Kajeno kapa hosasane ka sebele re tla nka leeto ho ea motseng ona ’me ka sebele re tla qeta selemo moo, ’me ka sebele re tla kena khoebong le ho etsa phaello.” Haeba re ‘ipolokela letlotlo empa re sa ruele ho Molimo,’ bophelo ba rōna bo ka ’na ba fela hosasane ’me re ka ’na ra se ke ra ba le monyetla oa ho sebeletsa Jehova. (Luka 12:16-21) Joalokaha Jakobo a bolela, re tšoana le moholi oa hoseng “o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.” (1 Likronike 29:15) Ke feela ka ho sebelisa tumelo ho Jehova re ka bang le tšepo ea thabo e tšoarellang le bophelo bo sa feleng.
11. Ho re, “Haeba Jehova a rata,” ho bolela’ng?
11 Ho e-na le ho hlokomoloha Molimo ka boithoriso, re lokela ho ba boemong bona: “Haeba Jehova a rata, re tla phela ’me hape re etse sena kapa sane.” Ho re, “Haeba Jehova a rata,” ho bontša hore re leka ho sebetsa tumellanong le thato ea hae. Ho ka ’na ha hlokahala hore re etse khoebo bakeng sa ho phelisa malapa a rōna, ho nka leeto la mosebetsi oa ’Muso, le tse ling tse joalo. Empa a re se keng ra ithorisa. “Ho ba motlotlo hohle ho joalo ho khopo” hobane ho hlokomoloha ho itšetleha ka Molimo.—Pesaleme ea 37:5; Liproverbia 21:4; Jeremia 9:23, 24.
12. Mantsoe a Jakobo 4:17 a bolela’ng?
12 Kamoo ho bonahalang kateng, e le hore a phethe taba ea hae mabapi le ho itšepa le ho ithorisa, Jakobo o re: “Haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng ’me leha ho le joalo a sa se etse, ke sebe ho eena.” Mokreste e mong le e mong o lokela hore ka boikokobetso a lumele hore o itšetlehile ka Molimo. Haeba a sa etse joalo, “ke sebe ho eena.” Ka sebele, molao-motheo oona oo o sebetsa ho hlōleheng hofe kapa hofe ho etsa seo tumelo ho Molimo e se hlokang ho rōna.—Luka 12:47, 48.
Temoso Mabapi le Barui
13. Jakobo o re’ng ka ba sebelisang maruo a bona hampe?
13 Kahobane Bakreste ba bang ba pele ba ne ba se ba rata lintho tse bonahalang kapa ba ne ba khahloa ke ba ruileng, Jakobo o bua lipolelo tse matla mabapi le barui ba itseng. (Jakobo 5:1-6) Banna ba lefatše ba sebelisang maruo a bona hampe ba ne ba tla ‘lla, ba bokolle ka lebaka la bosōtō ba bona bo ba tlelang’ ha Molimo a ba buselletsa ho latela liketso tsa bona. Mehleng eo, leruo la batho ba bangata boholo ba lona e ne e le la liaparo, lijo-thollo le veine. (Joele 2:19; Matheu 11:8) Lintho tse ling ho tsena li ka bola kapa ‘tsa jeoa ke tšoèlè,’ empa Jakobo o hatisa ho hloka thuso ha leruo, eseng ho bola ha lona. Le hoja khauta le silevera li sa be mafome, haeba re ne re ka li bokellela nakong e tlang, theko ea tsona e ne e tla theoha joaloka ea lintho tse mafome. “Mafome” a bontša hore maruo a lintho tse bonahalang ha aa sebelisoa hamolemo. Ka lebaka leo, rōna kaofela re lokela ho hopola hore “ho hong ho kang mollo” ke seo ba tšepang matlotlo a bona a lintho tse bonahalang ‘ba se bolokileng matsatsing a ho qetela’ ha bohale ba Molimo bo ba oela holimo. Kaha re phela “nakong ea bofelo,” mantsoe a joalo a na le moelelo o khethehileng ho rōna.—Daniele 12:4; Baroma 2:5.
14. Hangata barui ba itšoara joang, ’me re lokela ho etsa joang ka seo?
14 Barui ba atisa ho qhekella bakotuli ba bona, bao meputso ea bona e tšoeroeng e ‘hoeletsang’ hore ba pheteletsoe. (Bapisa le Genese 4:9, 10.) Batho ba lefatše ba ruileng ba “phetse menonong.” Ba ikakhela ka setotsoana menyakeng ea nama, ba hlaolela lipelo tse nonneng, tse thata ’me ba tla ’ne ba etse joalo “letsatsing” le behetsoeng polao ea bona. Ba ‘nyatsa le ho bolaea ea lokileng.’ Ka hona Jakobo oa botsa: “Na ha a le hanyetse?” Empa phetolelo e ’ngoe e re, “ea lokileng; ha a le hanyetse.” Leha ho le joalo, ha rea lokela ho ba leeme ho barui. Re lokela ho etelletsa lithahasello tsa moea pele bophelong.—Matheu 6:25-33.
Tumelo e re Thusa ho Sebelisa ho se Fele Pelo
15, 16. Ke hobane’ng ha ho se fele pelo e le habohlokoa hakaale?
15 Ha a se a buile ka batho ba lefatše ba ruileng ba hatellang, ka mor’a moo Jakobo o khothalletsa Bakreste ba hateletsoeng hore ba sebelise ho se fele pelo. (Jakobo 5:7, 8) Haeba balumeli ba ne ba mamella mathata a bona ba sa fele pelo, ba ne ba tla putsetsoa botšepehi nakong ea ho ba teng ha Kreste, ha kahlolo e tlela bahatelli ba bona. (Matheu 24:37-41) Ho ne ho hlokahala hore Bakreste bao ba pele ba tšoane le molemi eo ka ho se fele pelo a letelang lipula tsa pele tsa hoetla, nakong eo ka eona a ka khonang ho jala, le lipula tsa morao tsa nako ea selemo tse hlahisang litholoana. (Joele 2:23) Le rōna ho hlokahala hore re sebelise ho se fele pelo ’me re tiise lipelo tsa rōna, haholo-holo kaha “ho ba teng ha Morena” Jesu Kreste ho fihlile!
16 Ke hobane’ng ha re sa lokela ho fela pelo? (Jakobo 5:9-12) Ho se fele pelo ho re thusa hore re se bobole kapa ra feheloa ha balumeli-’moho le rōna ba re halefisa. Haeba re “feheloa ka matla e mong khahlanong le e mong” ka moea o mobe, re tla nyatsoa ke Moahloli Jesu Kreste. (Johanne 5:22) Ha e le mona “ho ba teng” ha hae ho qalile ’me a “eme ka pel’a menyako,” a re tlatsetseng khotsong ka hore re se felle barab’abo rōna pelo, ba talimanang le liteko tsa tumelo tse ngata. Tumelo ea rōna ea matlafala ha re hopola hore Molimo o ile a putsa Jobo hobane o ile a mamella liteko tsa hae a sa fele pelo. (Jobo 42:10-17) Haeba re sebelisa tumelo ’me re sa fele pelo, re tla bona hore “Jehova o bonolo haholo boikutlong ’me o mohau.”—Mikea 7:18, 19.
17. Ke hobane’ng ha Jakobo a re, “Le khaotse ho hlapanya”?
17 Haeba re fela pelo, re ka ’na ra sebelisa maleme hampe ha re le tlas’a khatello. Ka mohlala, re ka ’na ra potlakela ho hlapanya. Jakobo o re: “Le khaotse ho hlapanya,” ha a lemosa khahlanong le ho hlapanya ha lefeela. Ho tiisa lipolelo ka ho hlapanya kamehla ho bonahala e le boikaketsi. Kahoo, re lokela hore re mpe re bue ’nete, re etse hore e, ea rōna, e be e, le che ea rōna, e be che. (Matheu 5:33-37) Ka sebele, Jakobo ha a bolele hore ho nka kano ea ho bua ’nete lekhotleng ho fosahetse.
Tumelo le Lithapelo Tsa Rōna
18. Re lokela ho ‘tsoela pele ho rapela’ ’me re “bine lipesaleme” tlas’a maemo afe?
18 Thapelo e lokela ho phetha karolo e ka sehloohong bophelong ba rōna e le hore re laole puo ea rōna, re se fele pelo ’me re lule re na le tumelo e tiileng ho Molimo. (Jakobo 5:13-20) Haholo-holo ha re le tekong re lokela ho ‘tsoela pele ho rapela.’ Ha re nyakaletse, a re ‘bineng lipesaleme,’ joalokaha Jesu le baapostola ba hae ba ile ba ho etsa ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae. (Mareka 14:26, bapisa le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Ka linako tse ling, re ka ’na ra tlala teboho ho Molimo hoo re binang lithoriso esita le ka pelong. (1 Bakorinthe 14:15; Baefese 5:19) ’Me ke thabo e kaakang ho tlotlisa Jehova ka pina libokeng tsa Bokreste!
19. Re lokela ho etsa’ng haeba re kula moeeng, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho nka bohato bo joalo?
19 Re ka ’na ra ikutloa re sitoa ho bina haeba re kula moeeng, mohlomong ka lebaka la boitšoaro bo bobe kapa ho hlōleha ho ja kamehla tafoleng ea Jehova. Haeba re le boemong boo, ka boikokobetso a re bitseng baholo e le hore ba ka ‘re rapella.’ (Liproverbia 15:29) Ba tla boela ba re ‘tšase ka oli ka lebitso la Jehova.’ Joaloka oli e thobang leqebeng, lipolelo tsa bona tse tšelisang le keletso ea Mangolo li tla thusa ho fokotsa ho tepella maikutlo, lipelaelo, tšabo. ‘Thapelo ea tumelo e tla etsa hore re fole’ haeba e tšehelitsoe ke tumelo ea rōna. Haeba baholo ba hlokomela hore ho kula ha rōna ha moea ho bakiloe ke sebe se tebileng, ka mosa ba tla totobatsa sebe sa rōna ’me ba leke ho re thusa. (Pesaleme ea 141:5) ’Me haeba re baka, re ka ba le tumelo ea hore Molimo o tla utloa lithapelo tsa bona ’me a re tšoarele.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho bolela libe tsa rōna le ho rapellana?
20 ‘Ho bolellana libe tsa rōna pepenene’ ho lokela ho re thibela ho etsa sebe hape. E lokela ho ba khothatso ea ho hauhelana, e leng tšoaneleho e tla re susumelletsa ho ‘rapellana.’ Re ka ba le tumelo ea hore sena se tla ba molemo hobane thapelo e etsoang ke “motho ea lokileng”—ea sebelisang tumelo le eo Molimo a mo talimang a lokile—e finyella ho hongata ho Jehova. (1 Petrose 3:12) Moprofeta Elija o ne a e-na le mefokolo e kang ea rōna, empa lithapelo tsa hae li ne li atleha. O ile a rapela, ’me pula ha ea ka ea na ka lilemo tse tharo le halofo. Ha a rapela hape, pula e ile ea fela ea na.—1 Marena 17:1; 18:1, 42-45; Luka 4:25.
21. Re ka ’na ra khona ho etsa eng haeba Mokreste-’moho le rōna a “khelosoa ’neteng”?
21 Ho thoe’ng haeba setho sa phutheho se “khelosoa ’neteng,” se fapoha thutong le boitšoarong tse nepahetseng? Re ka ’na ra khona ho se khutlisa phosong ea sona ka keletso ea Bibele, thapelo le thuso e ’ngoe. Haeba re atleha, sena se se boloka se le ka tlas’a thekollo ea Kreste ’me se se pholosa lefung la moea le ho ahloleloeng timetso. Ka ho thusa mofosi, re koahela libe tsa hae tse ngata haholo. Ha moetsalibe ea khalemetsoeng a khutla tseleng ea hae e fosahetseng, a baka, ’me a kōpa tšoarelo, re tla thabela hore ebe re sebelelitse hore libe tsa hae li koaheloe.—Pesaleme ea 32:1, 2; Jude 22, 23.
Ho Hong Bakeng sa Rōna Kaofela
22, 23. Mantsoe a Jakobo a lokela ho re ama joang?
22 Ho hlakile hore lengolo la Jakobo le na le ho hong ho molemo bakeng sa rōna kaofela. Le re bontša kamoo re ka thulanang le liteko, le re fa keletso khahlanong le leeme, ’me le re phehella ho kopanela mesebetsing e lokileng. Jakobo o re phehella ho laola maleme, ho hanela tšusumetso ea lefatše le ho tlatsetsa khotsong. Hape lipolelo tsa hae li lokela ho etsa hore re se fele pelo ’me re rapele kamehla.
23 Ke ’nete hore qalong, lengolo la Jakobo le ne le rometsoe ho Bakreste ba pele ba tlotsitsoeng. Empa, kaofela ha rōna re lokela ho lumella keletso ea lona ho re thusa ho khomarela tumelo ea rōna. Lipolelo tsa Jakobo li ka matlafatsa tumelo e re susumelletsang ketsong e tiileng tšebeletsong ea Molimo. ’Me lengolo lena le bululetsoeng ke Molimo le haha tumelo e mamellang e etsang hore re be Lipaki tsa Jehova tsa kajeno tse sa feleng pelo, tse rapelang kamehla, nakong ea “ho ba teng ha Morena” Jesu Kreste.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore Bakreste ba bang ba pele ba fetole boikutlo ba bona le boitšoaro?
◻ Jakobo o fa barui temoso efe?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho se fele pelo?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela kamehla?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba bang ba pele e be ba sa felleng balumeli-’moho le bona pelo ka ho eketsehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho hlokahala hore Bakreste ba se fele pelo, ba be lerato, ba rapele kamehla