Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?
    Molula-Qhooa—2010 | September 1
    • Ha re khutlela bukeng ea Jakobo, re fumana mantsoe ana a khothatsang: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.”—Jakobo 5:14, 15.

      Le mona ho lebeletsoe hore banna ba baholo, kapa baholo, ba hlokomele se hlokoang ke mohlape. Joang? Eseng feela ka ho mamela ha ba ipolela. Ho e-na le hoo, kaha ho ameha bokuli ba moea, ho na le seo ba lokelang ho se etsa e le hore “ea sa ikutloeng hantle a fole.” Ho na le lintho tse peli tseo Jakobo a li boletseng tse ka etsoang.

  • Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?
    Molula-Qhooa—2010 | September 1
    • Joale, ea bobeli ke “thapelo ea tumelo.” Le hoja lithapelo tsa banna ba baholo li sa fetole maikutlo a Molimo tabeng ea ho sebelisa toka, lithapelo tseo ke tsa bohlokoa haholo ho Molimo, ea labalabelang ho tšoarela batho libe motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Kreste. (1 Johanne 2:2) Molimo o ikemiselitse ho thusa moetsalibe e mong le e mong ea bakang ka pelo eohle a bile a bonahatsa “mesebetsi e tšoanelang pako.”—Liketso 26:20.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela