Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U na le Tumelo e Kang ea Elia?
    Molula-Qhooa—1992 | April 1
    • Ak’u nahane ka monna enoa, a apere seaparo sa hae sa libaka tsa mahae se entsoeng ka boea. O tsoaletsoe maralleng a makukuno a Gileade, ho bonahala a hōlisitsoe har’a balisa ba mehlape ba futsanehileng. O ema pel’a morena Akabe ea matla, mohlomong har’a ntlo ea hae ea borena e khōlō, le ntlo ea eona e tummeng e entsoeng ka manaka a tlou, mekhabiso ea eona e metle le e sa tloaelehang le litšoantšo tse khōlō tse rapeloang. Moo, motseng oa marako a maholo o fereselang ka mosebetsi oa Samaria, moo borapeli ba Jehova bo seng bo batlile bo lebaloa, a bolella Akabe hore molimo ona oa hae, Baale, ha o na matla, ha o phele. Bakeng sa selemo sena le lilemong tse tlang, Elia o phatlalatsa hore, ho ke ke ha ba le pula kapa phoka!

      O fumane kae tumelo e joalo? Na ha a ka a ikutloa a tšohile, ho ema moo pel’a morena enoa ea ikakasang, oa mokoenehi? Mohlomong. Lilemo tse sekete hamorao, ngoan’abo Jesu Jakobo oa re tiisetsa hore Elia e ne e le “motho ea ikutloang joale ka rōna.” (Jakobo 5:17) Empa hlokomela mantsoe a Elia: “Ka Jehova, Molimo oa Iseraele, ea utloang, eo ke emeng pel’a hae.” Elia o ’nile a hopola hore joaloka mosebeletsi oa Jehova, o ne a eme pel’a terone e khōlō haholo ho feta ea Akabe—terone ea Morena ‘Musi oa bokahohleng! E ne e le moemeli, moromuoa, oa terone eo. A e-na le pono eo, o ne a tla tšaba eng ho Akabe, morena feela oa motho ea lahlehetsoeng ke tlhohonolofatso ea Jehova?

      Ha hoa ka ha etsahala ka kotsi hore ebe Jehova e ne e le motho oa sebele ho Elia. Ha ho pelaelo hore moprofeta o ne a ithutile tlaleho ea litšebelisano tsa Molimo le batho ba Oona. Jehova o ne a lemositse Bajode hore o tla ba otla ka komello le tlala haeba ba fetohela borapeling ba melimo ea bohata. (Deuteronoma 11:16, 17) A kholisehile hore ka mehla Jehova o phethahatsa lentsoe la hae, Elia “a kōpa ka merapelo hore ho se ke ha na pula.”—Jakobo 5:17.

  • Na U na le Tumelo e Kang ea Elia?
    Molula-Qhooa—1992 | April 1
    • a Ka bobeli Jesu le Jakobo ba re pula ha ea ka ea na naheng ka “lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng.” Leha ho le joalo, ho boleloa hore Elia o hlahile pel’a Akabe ha komello e fela “e le ka lemo sa boraro”—ha ho pelaelo hore ho baloa ho tloha ha a tsebisa ka komello. Kahoo, e lokela hore ebe e bile ka morao ho nako e telele ea selemo e se nang pula le e ommeng ha a ema pel’a Akabe.—Luka 4:25; Jakobo 5:17; 1 Marena 18:1.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela