Ho Laola Tšabo e Feteletseng ea ho ba Har’a Batho
“Ntho ea bohlokoahali eo batho ba nang le tšabo e feteletseng ba lokelang ho e hopola ke hore boloetse ba tšabo e feteletseng boa phekoleha. Hase ntho eo ba lokelang ho tsoela pele ba e-na le eona.”—Dr. Chris Sletten.
HOA thabisa hore ebe batho ba bangata ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba thusitsoe ho theola ho tšoenyeha ha bona esita le ho talimana le boemo boo ba ’nileng ba bo tšaba ka lilemo tse ngata ba ho ba har’a batho ba bangata. Haeba u na le bothata ba tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, tiiseha hore le uena u ka ithuta litsela tse molemo tsa ho sebetsana le boloetse bona. E le hore u ka etsa joalo, ho tla hlokahala hore u lebise tlhokomelo (1) matšoaong a hao a ’mele, (2) linthong tseo u li lumelang mabapi le maemo ao u a tšabang le (3) tsela eo tšabo ea hao e etsang hore u itšoare ka eona.
Melao-motheo ea Bibele e ka thusa. Ke ’nete hore Lentsoe la Molimo hase buka ea ho ithuta bongaka, leha e le hona hore le bua ka poleloana “tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho.” Empa, Bibele e ka u thusa ho “boloka bohlale le kutloisiso” ha u sebetsana le tšabo ea hao.—Liproverbia 3:21; Esaia 48:17.
Ho Sebetsana le Matšoao a Hao ka Katleho
Matšoao a ’mele a tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho a fapana ho ea ka batho. ’Mele oa hao o arabela joang ha u atamela boemo boo u bo tšabang? Na matsoho a hao aa thothomela? Na pelo ea hao e otla ka potlako? Na u ferekana ka maleng? Na ua fufuleloa kapa ua retela, kapa na molomo oa hao oa omella?
Ke ’nete hore ho bohloko ho nahana ka ho fufuleloa, ho kokotletsa kapa ho thothomela ka pel’a ba bang. Empa ho tšoenyeha ka se ka ’nang sa etsahala ho ke ke ha thusa. Ke ka nepo Jesu a ileng a botsa: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?” (Matheu 6:27; bapisa le Liproverbia 12:25.) Ka sebele, ho lula u nahana ka matšoao a hao le ka seo ba bang ba ka ’nang ba se nahana ka ’ona ho tla mpefatsa litaba feela. The Harvard Mental Health Letter ea hlokomela: “Ho nahana hore ba bang ba hlokomela pherekano ea bona ho etsa hore batho ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba tšoenyehe le ho feta. Ba nahana ka ho se lokolohe le ho se etse lintho hantle tse tla latela—e leng tebello e qholotsang tšabo e eketsehileng ha ba atamela maemo a tšajoang.”
U ka ’na ua khona ho bebofatsa matšoao a hao ka ho hema butle ho tloha letsoalong. (Bona lebokose leo sehlooho sa lona se reng “Hlokomela ho Hema ha Hao!”) Ntho e ’ngoe e thusang ke ho ikoetlisa le ho otlolla mesifa. (1 Timothea 4:8) Hape ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng tseleng eo u phelang ka eona. Ka mohlala, Bibele ea eletsa: “Seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho e-na le liatla tse peli tse tletseng mokhathala le mosebetsi o nyopileng.” (Moeklesia 4:6) Ka hona tiiseha hore u phomola ka ho lekaneng. Ho ekelletsa moo, hlokomela lijo tseo u li jang. U se ke ua tlohela ho ja ka linako tse ling tsa lijo kapa ua ja ka linako tse sa tšoaneng. Ho ka ’na ha hlokahala hore u fokotse caffeine, e ka bang sesosa se seholo sa matšoenyeho.
Ka holim’a tsohle, e-ba le mamello. (Moeklesia 7:8) Sehlopha se seng sa lingaka sea tlaleha: “Ha nako e ntse e feta, u tla hlokomela hore, le hoja ho ntse ho ka etsahala hore ka linako tse ling u ikutloe u tšoenyeha ha u le har’a batho, matla a matšoao a ’meleng oa hao a tla kokobela haholo. Habohlokoa ka ho fetisisa, ha u ntse u sebelisa lintlha tsena, u tla itšepa haholoanyane, ’me u tla lokela haholoanyane ho ba har’a batho maemong ao u a tšabang.”
Ho Hlahloba Litumelo Tse Etsang Hore U be le Tšabo e Feteletseng
Ho ’nile ha boleloa hore u ke ke ua ba le boikutlo bo itseng ntle le hore u nahane ka bona pele. Sena se bonahala e le ’nete tabeng ea tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho. Kahoo, ho fokotsa matšoao a hao a ’meleng, ho ka ’na ha hlokahala hore u hlahlobe “menahano e tšoenyang” e a tsosang.—Pesaleme ea 94:19.
Litsebi tse ling li bolela hore tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, ha e le hantle, ke ho tšaba ho nyatsoa. Ka mohlala, ha a le ’mokeng oa boithabiso, motho ea nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho a ka ’na a ipolella, ‘Ke bonahala ke le leoatla. E tlameha ebe batho baa bona hore ho hang ha ke tšoanelehe. Ke kholisehile hore e mong le e mong oa ntšeha.’ Tracy ea nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho o ne a e-na le maikutlo a joalo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, o ile a belaella lintho tseo a neng a li lumela. O ile a hlokomela hore ho na le lintho tse molemo tseo batho ba ka li etsang ka nako ea bona ho feta ho mo hlahlobisisa le ho mo ahlola. Tracy o ile a etsa qeto: “Esita leha ke bua ntho e ’ngoe e tenang, na hoa utloahala hore motho e mong a ’nyatsetse hoo?”
Joaloka Tracy, ho ka ’na ha hlokahala hore u hlahlobe monahano o khopameng mabapi le monyetla—le ho teba—oa ho nyatsuoa ke ba bang ha u le har’a batho. Na ho hlile ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore batho ba ne ba tla u tenehela haeba seo u se tšabang ka ho fetisisa se ne se ka etsahala? Esita le haeba ba bang ba ne ba ka u tenehela, na ho na le lebaka la ho etsa qeto ea hore u ne u ke ke ua pholoha phihlelo eo e bohloko? Na maikutlo a motho e mong a hlile a fetola bohlokoa ba hao? Ka bohlale Bibele ea eletsa: “Se hlokomele mantsoe ’ohle a buoang.”—Moeklesia 7:21.
Sehlopha se seng sa lingaka ha se ngola ka tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho se itse: “Mathata a hlaha ha batho ba amehile ka ho feteletseng ka ho khesoa hoo ba ke keng ba ho qoba. Ho khesoa ho ka nyahamisa haholo. Ho ka hla ha utloisa bohloko. Empa ha hoa lokela ho u ferekanya. Ha e le hantle hase koluoa ntle le haeba u ho etsa eona.”
Bibele e re thusa ho italima ka tsela ea sebele. Ea lumela: “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) E, ha ho motho eo ka linako tse ling ho se phethahale ha hae ho sa iponahatseng ka litsela tse tlotlollang. Ho utloisisa sena ho re thusa ho utloisisa mefokolo ea ba bang, ’me ho khothalletsa ba bang hore le bona ba utloisise ea rōna. Ka sebele, Bakreste baa tseba hore eo kamohelo ea hae e hlileng e leng ea bohlokoa ke Jehova Molimo—’me ha a lebise tlhokomelo liphosong tsa rōna.—Pesaleme ea 103:13, 14; 130:3.
Ho Talimana le Tšabo ea Hao
Ho hlōla ntoa ea hao le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, qetellong ho tla hlokahala hore u talimane le tšabo ea hao. Taba ea pele, ho nahana ka sena feela ho ka ’na ha bonahala ho tšosa. Ho fihlela hona joale, mohlomong u qobile maemo ao ho ’ona batho ba leng bangata a ka tsosang tšabo ea hao. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore sena se mpa se sentse tšepo ea hao le ho tebisa tšabo ea hao haholoanyane. Ke ka lebaka le letle Bibele e reng: “Ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”—Liproverbia 18:1.
Ho fapana le hoo, ho talimana le tšabo ea hao ho ka ’na ha fokotsa matšoenyeho a hao.a Dr. John R. Marshall o re: “Re atisa ho khothalletsa bakuli ba rōna ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho—haholo-holo ba tšabang lintho tse itseng feela, tse kang ho bua ka pel’a bamameli—ho iqobella ho ba mafolofolo libakeng le mekhatlong tse hlokang hore ba kopane le batho.”
Ho talimana le maemo ao u ’nileng ua a tšaba ho tla u kholisa (1) hore bofokoli bo tlotlollang hangata bo ke ke ba fella ka ho nyatsoa ke ba bang le (2) hore esita le haeba bo hlile bo fella ka ho nyatsuoa ho itseng, sena hase koluoa. Leha ho le joalo, hopola hore u se ke ua fella tsoelo-pele ea hao pelo. U ke ke ua hlaphoheloa ka potlako, ebile ha ho utloahale ho lebella hore matšoao ’ohle a tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho a ka nyamela. Ho latela Dr. Sally Winston, pakane ea phekolo hase ho felisa matšoao, empa ke ho etsa hore a se ke a tsotelleha. O re, haeba a sa tsotellehe, aa fela kapa bonyane aa ntlafala.
Bakreste ba na le tšusumetso e matla ea ho hlōla tšabo ea ho ba har’a batho. Ka sebele, ba bolelloa hore ba ‘nahanelane hore ba susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, ba sa tlohele ho bokana ha bona hammoho.’ (Baheberu 10:24, 25) Kaha hangata tšebetso ea Bokreste e akarelletsa ho sebelisana le ba bang, ho sebetsa ka thata ho laola tšabo ea ho ba har’a batho ho ka thusa haholo hore u tsoele pele moeeng. (Matheu 28:19, 20; Liketso 2:42; 1 Bathesalonika 5:14) Beha taba ho Jehova Molimo ka thapelo, hobane a ka u fa “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7; 1 Johanne 5:14) Kōpa Jehova hore a u thuse ho ba le pono e leka-lekaneng tabeng ea ho amoheloa ke ba bang le ho hlaolela tsebo e hlokahalang ea ho etsa seo a se hlokang.
Bonneteng, mathata a mokuli ka mong aa ikhetha, ’me e mong le e mong o tla ba le litšitiso tse sa tšoaneng tseo a lokelang ho talimana le tsona le litšoaneleho tse hlahelletseng tse sa tšoaneng tseo a ka li sebelisang. Ba bang ba ntlafalitse haholo ka ho sebelisa litlhahiso tseo ho builoeng ka tsona. Ho na le maemo ao ho ’ona ho ka ’nang ha hlokahala thuso e eketsehileng. Ka mohlala, ba bang ba thusitsoe ke meriana.b Ba bang ba batlile thuso ea litsebi tsa bophelo bo botle ba kelello. Tsoha! ha e buelle kapa hona ho khothalletsa mofuta leha e le ofe oa phekolo ka ho khetheha. Ebang Mokreste o phehella phekolo e joalo ke qeto ea hae. Leha ho le joalo, o lokela ho ba seli hore phekolo leha e le efe eo a e amohelang ha e hanane le melao-motheo ea Bibele.
Batho ba “Nang le Maikutlo a Joaloka a Rōna”
Bibele e ka ba khothatso e khōlō, hobane e na le mehlala bophelong ba sebele ea batho ba ileng ba hlōla litšitiso tsa botho e le hore ba ka etsa seo Molimo a neng a se hloka ho bona. Nahana ka Elija. E le e mong oa baprofeta ba Iseraele ba hlaheletseng, o ile a bontša se ka ’nang sa bonahala e le sebete se phahametseng motho. Empa, Bibele e re tiisetsa hore “Elija e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jakobo 5:17) E ne e se mokhelo tabeng ea ho ba le tšabo e matla haholo le matšoenyeho ka linako tse ling.—1 Marena 19:1-4.
Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ea Korinthe “ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e khōlō,” ka ho hlakileng a tšoenyehile haholo ka bokhoni ba hae. ’Me o ile a hla a kopana le ho nyatsuoa ka tekanyo e itseng. Ka sebele, bahanyetsi ba bang ba itse ka Pauluse: “Ho ba teng ha hae ka boeena hoa fokola le puo ea hae ea eiseha.” Empa, ha ho na pontšo ea hore Pauluse o ile a lumella maikutlo a khopameng a ba bang ho susumetsa tsela eo a iponang ka eona kapa bokhoni ba hae.—1 Bakorinthe 2:3-5; 2 Bakorinthe 10:10.
Moshe o ne a sa tšepe bokhoni ba hae ba ho atamela Faro, a bolela hore o ‘molomo o boima, ’me o leleme le boima.’ (Exoda 4:10) Esita leha Jehova Molimo a ne a tšepisa ho mo thusa, Moshe o ile a kōpa: “Che, Morena, ak’u rome e mong osele.” (Exoda 4:13, Today’s English Version) Moshe o ne a sitoa ho bona litšoaneleho tsa hae tse hlaheletseng, empa Jehova o ne a li bona. O ne a talima Moshe e le ea tšoanelehang kelellong le ’meleng bakeng sa ho phetha kabelo ena. Ho ntse ho le joalo, ka lerato Jehova o ile a fa Moshe mothusi. Ha aa ka a qobella Moshe ho talimana le Faro a le mong.—Exoda 4:14, 15.
Jeremia le eena ke mohlala o ikhethang tabeng ena. Ha a ne a rongoa e le moprofeta oa Molimo, mohlankana enoa o ile a arabela: “Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngoana.” Matla a ho phetha kabelo ea hae a ne a sa bōpelloa ka ho Jeremia. Empa, Jehova o ne a e-na le eena. O ile a thusa Jeremia hore e be “motse oa qhobosheane, le tšiea ea tšepe, le marako a koporo pel’a lefatše lohle.”—Jeremia 1:6, 18, 19.
Ka lebaka leo, haeba tšabo le matšoenyeho li etsa hore u be mahlomoleng, u se ke ua etsa qeto ea hore ha u na tumelo kapa hore Jehova o u lahlile. Ho fapana le seo, “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.”—Pesaleme ea 34:18.
Ka sebele, mehlala ea Bibele e boletsoeng ka holimo e bontša hore esita le banna ba tumelo ba matla a ikhethang ba ile ba loantša maikutlo a ho ikhalala. Kaha ha a batle se fetang seo ho utloahalang hore motho ka mong a ka fana ka sona, Jehova o ile a thusa Elija, Pauluse, Moshe le Jeremia ho finyella se fetang seo ba neng ba ka ’na ba se lebella. Kaha Jehova “o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela,” kholiseha hore a ka u etsetsa se tšoanang.—Pesaleme ea 103:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lingaka tse ling li buella hore haeba ho bonahala hore bohato bona boa sithabetsa, itloaetse hore u mpe u inahane u le boemong boo u bo tšabang. Nahana ka boemo bona ka mokhoa o qaqileng haholoanyane kamoo u ka khonang. Matšoenyeho a hao a ka ’na a eketseha; empa lula u ikhopotsa hore ha ho bonolo hore ba bang ba u nyatse kapa ha ho hobe joalokaha u nahana, ’me u qape qetello ea ketsahalo eo e tšehetsang pono eo.
b Ba nahanang ho sebelisa meriana ba lokela ho hlahlobisisa likotsi le melemo. Ba lokela hore ba boele ba nahane ka hore na tšabo eo e feteletseng e matla ka ho lekaneng hoo e hlokang phekolo ea lithethefatsi. Litsebi tse ngata li ikutloa hore meriana e sebetsa hamolemo ka ho fetisisa ha e kopane le phekolo e lebisang tlhokomelo linthong tseo motho ea nang le tšabo e feteletseng a li tšabang le boitšoarong ba hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho thusa ho bebofatsa matšoenyeho, hlokomela lijo tseo u li jang, ikoetlise kamehla u be u phomole ka ho lekaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Jehova o ile a thusa banna ba kang Moshe ho finyella se fetang seo ba neng ba ka ’na ba se lebella tšebeletsong ea bona