-
U ka Lula U E-na le Khotso Joang ha U Mameletse Mathata?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | February
-
-
2 Ka tloaelo, batho ha ba nke mahloriso e le lebaka la bona la hore ba thabe. Empa eo ke eona ntho eo Lentsoe la Molimo le reng re e etse. Mohlala, morutuoa Jakobo o ile a ngola hore ho e-na le hore re tšoenyehe, re tlameha ho thaba ha re thulana le liteko. (Jak. 1:2, 12) Jesu eena o ile a re re tlameha ho thaba esita le haeba re hlorisoa. (Bala Matheu 5:11.) Re ka lula re thabile joang le ha re thulana le liteko? Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ha re hlahloba lengolo leo Jakobo a ileng a le ngolla Bakreste ba mehleng ea hae. Hajoale, a re ke re boneng hore na ke liphephetso life tseo Bakreste bao ba ileng ba thulana le tsona.
BAKRETSE BA MEHLENG EA PELE BA ILE BA THULANA LE LITEKO LIFE?
3. Ho ile ha etsahala’ng nakoana ka mor’a hore Jakobo e be morutuoa oa Jesu?
3 Nakoana ka mor’a hore Jakobo ngoan’abo Jesu e be morutuoa, ho ile ha tsoha mahloriso khahlanong le Bakreste ba Jerusalema. (Lik. 1:14; 5:17, 18) Ha morutuoa Setefane a ne a bolaoa, Bakreste ba bangata ba ile ba baleha motseng, “ba hasana ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria” eaba qetellong ba fihla le libakeng tse hole tse kang Cyprase le Antioke. (Lik. 7:58–8:1; 11:19) U se u ka inahanela feela hore na barutuoa bao ba ile ba tlameha ho mamella mathata a mangata hakae. Empa ba ile ba ’na ba tsoela pele ho bua ka Jesu ka cheseho moo ba neng ba le hona teng ’me liphutheho li ile tsa thehoa ’musong oo oa Roma. (1 Pet. 1:1) Empa tseo e ne e sa le linyane feela bakeng sa Bakreste bao.
4. Bakreste ba pele ba ile ba tlameha ho mamella mathata afe a mang?
4 Bakreste ba mehleng eo ba ile ba tlameha ho mamella liteko tse fapa-fapaneng. Mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 50 mehleng eo, Claudiase ’Musisi oa Roma o ile a laela Bajuda bohle hore ba tlohe Roma. Kahoo, Bajuda bao e neng e se e le Bakreste ba ile ba qobelloa hore ba tlohe mahaeng a bona ’me ba il’o lula libakeng tse ling. (Lik. 18:1-3) Hoo e ka bang ka selemo sa 61, moapostola Pauluse o ile a bontša hore Bakreste-’moho le eena ba bang ba ile ba rohakoa, ba lahleloa ntloana-tšoana ba ba ba nkeloa thepa ea bona ka mahahapa. (Baheb. 10:32-34) Hape joaloka batho ba bang, Bakreste ba ile ba tlameha ho mamella mathata a tlala ea sekoboto le ho kula.—Bar. 15:26; Bafil. 2:25-27.
-
-
U ka Lula U E-na le Khotso Joang ha U Mameletse Mathata?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | February
-
-
Joaloka lelakabe le lulang le tuka ka har’a khalase, thabo ea ’nete eo Jehova a e fang Mokreste e lula e tuka ka pelong ea hae (Shepa serapa sa 6)
6. Ho ea ka Luka 6:22, 23, Mokreste a ka fumana thabo joang ha a e-na le mathata?
6 Batho ba ka nahana hore ba ka thaba haeba feela ba phetse hantle, ba e-na le chelete e ngata hape ba e-na le malapa a thabileng a phelang ka khotso. Empa thabo eo Jakobo a ileng a ngola ka eona ke karolo ea litholoana tsa moea ’me ha ea itšetleha ka hore na motho o etsahalloa ke eng bophelong. (Bagal. 5:22) Mokreste o ba le thabo kapa re ka re boikutlo bo tebileng ba ho thaba ka hore ebe oa tseba hore o thabisa Jehova le hore o latela mohlala oa Jesu. (Bala Luka 6:22, 23; Bakol. 1:10, 11) Joaloka lelakabe la lebone le tsoelang pele ho tuka ha le sirelelitsoe ke khalase, thabo eo Mokreste enoa a bang le eona e tuka ka hare ho eena joaloka lelakabe leo. Ha e paitse ha a kula kapa ha chelete e ba sieo. Hape thabo ena ha e tingoe ke ho hanyetsoa ke litho tsa lelapa kapa batho ba bang. Ho e-na le hore time, e tuka le ho feta ha bahanyetsi ba leka ho e tima. Liteko tseo re thulang le tsona ka lebaka la tumelo ea rona li bontša ka ho hlaka hore re balateli ba Kreste. (Mat. 10:22; 24:9; Joh. 15:20) Ke kahoo ka maikutlo a matle Jakobo a neng a ka re: “Ho nkeng e le thabo feela barab’eso ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng.”—Jak. 1:2.
-