Khaolo ea 5
Tseko e U Amang
1. Ke hobane’ng ha batho ba thatafalloa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bobe har’a batho?
HO SA tsotellehe takatso e tloaelehileng bakeng sa khotso le tšireletseho, histori ea motho e sithabelitsoe ke tšollo ea mali le bohloko. Kaha Bibele e bontša hore Molimo o hloile lintho tse joalo, ke hobane’ng ha o sa emisa maemo aa pele ho moo? Ka sebele e ke ke ea e-ba ka lebaka la ho haelloa ke thahasello. Bibele, hammoho le botle ba mosebetsi oa Molimo o tsoileng matsoho oa lefatšeng, li fana ka bopaki bo bongata ba lerato la oona le kameho ea oona bakeng sa batho. (1 Johanne 4:8) Hoa bohlokoa haholo, tlhompho ea lebitso la Molimo e-ea ameha, kaha maemo ana a entse hore batho ba o rohake. Ebe joale ho ka ba le lebaka lefe la hore o mamelle lilemo tse likete-kete tsa pherekano le pefo?
2. (a) Ke hokae ka Bibeleng moo re fumanang hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse maemo a mabe halelele hakaale? (b) Ke eng e totobatsang hore tlaleho ea Bibele ka Adama le Eva ke ’nete e tsebisahalang?
2 Karabelo e fumanoa tlalehong e qalang ea Bibele e buang ka Adama le Eva. Hona hase tšōmo feela. Ke ’nete e tsebisahalang. Bibele e fana ka tlaleho e feletseng le e nang le bopaki ea meloko ho tloha lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ho ea fihla ho batho ba pele. (Luka 3:23-38; Genese 5:1-32; 11:10-32) Joaloka baholo-holo ba rōna ba pele, Adama le Eva ba bile le tšusumetso e tiileng holim’a rōna. ’Me seo Bibele e re bolellang sona ka bona se re thusa ho utloisisa maemo a amang bophelo ba rōna kajeno.
3. Tšimolohong Molimo o ne o etselitse batho litokisetso tsa mofuta ofe?
3 Bibele e senola hore litokisetso tsohle tsa Molimo bakeng sa batho ba babeli ba pele li ne li le molemo haholo. Ba ne ba e-na le sohle bakeng sa bophelo bo thabileng—lehae le kang serapa sa lifate le lipalesa Edeneng, lijo tsa mefuta-futa, mosebetsi o khotsofatsang, tebello ea ho bona lelapa la bona le hōla ’me le tlala lefatše, le tlhohonolofatso ea ’Mōpi oa bona. (Genese 1:28, 29; 2:8, 9, 15) E be ke mang eo ka ho utloahalang a neng a ka batla ho fetang hoo?
4. (a) Ho bōptjoeng hoa bona, batho ba ne ba fapane le libopuoa tse ling tsa lefatše ka litsela life? (b) Ba ile ba lokisetsoa tataiso e hlokahalang ka mokhoa ofe?
4 Tlaleho e bululetsoeng ho Genese e senola hore batho ba ne ba le boemong bo ikhethang lefatšeng. Ho fapana le liphoofolo, ba ne ba e-na le kelello ea boitšoaro ’me ba ne ba filoe boikhethelo bo lokolohileng. Ke ka lebaka leo ba neng ba hlomelletsoe ka matla a ho nahana le ho ahlola. Ho ba tataisa, Molimo oa kenya ka ho monna le mosali matla a letsoalo e le hore, joaloka batho ba phethahetseng, tšekamelo ea bona ea tlhaho e be ho etsa botle. (Ba-Roma 2:15) Ntle ho sena sohle, Molimo oa ba bolella hore na ke hobane’ng ha ba phela, le hore na ba ne ba lokela ho etsa joang, le hore na ke mang ea lokiselitseng lintho tsohle tsa bohlokoa tse ba potolohileng. (Genese 1:28-30) Joale, re hlalosa joang hore na ke hobane’ng ha maemo a mabe hakana a le teng hona joale?
5. (a) Ke tlhokahalo efe e bonolo eo Molimo o ileng oa e beela batho ba babeli ba pele, hona ka lebaka lefe? (b) Ke hobane’ng ha litebello tsa bona tsa bophelo bakeng sa kamoso li ne li ameha ka nepo?
5 Tlaleho ea Bibele e bontša hore ho bile le tseko—e amang e mong le e mong ho rōna kajeno. E tlisitsoe ke maemo a ileng a hōla nakoana hoba ho bōptjoe batho ba babeli ba pele. Molimo o ne o neile monna le mosali monyetla oa hore ba bontše kananelo e lerato ho ’Mōpi oa bona ka ho utloa seo o se hlokang. Seo a neng a se hloka e ne e se letho le neng le fana ka maikutlo a hore ba ne ba e-na le litšekamelo tse fosahetseng tse lokelang ho thijoa. Ho e-na le hoo, se ne se ama ho hong hoo ka bohona ho neng ho loketse ’me ho tšoaneleha—ho jeoa hoa lijo. Joalokaha Molimo o itse ho monna: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Tlhokahalo ena ha e-ea ka ea amoha batho ba babeli ba pele ntho leha e le efe e hlokahallang bophelo. Ba ne ba ka ja lifateng tse ling tsohle tse ka tšimong. Empa litebello tsa bona tsa bophelo bakeng sa kamoso li ne li ameha ka ho tiileng, ’me ho le joalo ka nepo. Hobane’ng? Hobane Ea neng a batla ho utluoa e ne e le eena Mohloli le ’Moloki oa bophelo ba motho.
6. (a) Batsoali ba rōna ba pele ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng hoja ba sebetsa tumellanong le ’nete efe ea motheo mabapi le bobusi? (b) Ke hobane’ng ha ba ka be ba ile ba ikutloa ba susumeletseha ho utloa Molimo?
6 Morero oa Molimo e ne e se hore batho ba shoe. Ha ho moo Adama le Eva ba boleletsoeng ka lefu ntle le tabeng ea ho se utloe. Batsoali ba rōna ba pele, ka pel’a bona ba ne ba e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lehaeng la bona la khotso le kang serapa sa lifate le lipalesa. Ho finyella sena, ho ne ho hlokoa eng ho bona? Ba ne ba lokela ho hlokomela hore lefatše leo ba phelang ho lona ke la Ea le entseng, le hore, joaloka ’Mōpi, Molimo ka nepo o na le puso holim’a pōpo ea oona. (Pesaleme ea 24:1, 10) Ka sebele Enoa, ea neng a neile motho sohle seo a se hlokang, ho akarelletsa le bophelo ka bobona, o ne a loketse ho utluoa ho eng kapa eng eo a neng a ba laela eona. Leha ho le joalo, o ne a sa lakatse hore kutlo e qobelloe. Ho e-na le hoo, e ne e tlameha ho tsoa lipelong tse ithatelang, tse susumetsoang ke lerato. (1 Johanne 5:3) Empa batsoali ba rōna ba pele ba batho ba hlōleha ho bontša lerato le joalo. Hoo ho etsahetse joang?
Qaleho ea ho Hana Taolo ea Bomolimo
7. (a) Ho latela Bibele, ho hana bobusi ba Molimo ho qalile kae? (b) Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela sebaka sa moea?
7 Bibele e bontša hore ho hana borena ba Molimo ka lekhetlo la pele, ha hoa qala lefatšeng empa sebakeng se sa bonahaleng mahlong a batho. Na rōna, joaloka ba bangata, re ka belaela hore sebaka se joalo se teng feela hobane re ke ke ra se bona? Ha e le hantle, matla a khoheli a lefatše a ke ke a bonoa, leha e le hore moea o ka bonoa. Empa liphello tsa tsona ke tsa sebele. Kahoo, le liphello tsa sebaka se sa bonahaleng li ka lemohuoa. Le hoja ‘Molimo e le Moea,’ mesebetsi ea oona ea pōpo e ka bonoa hohle ho re potoloha. Haeba re lumela ho oona, re tlameha ho lumela sebaka sa moea. (Johanne 4:24; Ba-Roma 1:20) Empa na ho na le e mong hape ea sebakeng seo?
8. Mangeloi ke batho ba mofuta ofe?
8 Ho latela Bibele, batho ba limillione ba moea, mangeloi, ba entsoe pele ho motho. (Jobo 38:4, 7; Pesaleme ea 103:20; Daniele 7:10) Bana kaofela ba ne ba bōpiloe ba phethahetse, ba se na litšekamelo tsa bobe. Empa, joaloka pōpo ea morao ea Molimo, motho, ba ne ba filoe bolokolohi ba ho ikhethela. Ka lebaka leo ba ne ba ka ikhethela tsela ea ho tšepahala kapa ea ho se tšepahale ho Molimo.
9, 10. (a) Ho bonolo joang hore sebopuoa se phethahetseng sa moea se ikutloe se sekametse ho etseng phoso? (b) Kahoo, lengeloi le leng le ile la fetoha Satane joang?
9 Empa potso eo ba bangata ba e botsang ke ena: Ke joang, joaloka libōpuoa tse phethahetseng, har’a bona ho neng ho ka ba le ba ikutloang ba sekametse ho etseng phoso? Ha e le hantle, ke ka makhetlo a makae ho eeng ho hlahe maemo bophelong ba rōna a eeng a re thulanye le menyetla e sa tšoaneng—e meng e le e metle, e meng e le e mebe? Ho ba le bohlale ba ho lemoha menyetla e mebe hase hona ho re etsang ba babe, na ho joalo? Potso ea sebele ke ena: Re tla bea likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna tseleng efe? Haeba re li bea menahanong e kotsi, re ka ’na ra huleloa ho hlaoleleng takatso e fosahetseng lipelong tsa rōna. Takatso e joalo e ka re susumelletsa hore re qetelle re entse liketso tse fosahetseng. Bohato bona bo senyang bo ile ba hlalosoa ke mongoli oa Bibele Jakobo: “Motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.”—Jakobo 1:14, 15.
10 Mangolo a senola hore hona ho ile hoa etsahalla e mong oa bara ba Molimo ba moea. O ile a lekoa ke litakatso tseo e leng tsa hae. A bona menyetla pōpong ea Molimo ea batho. Na e be ba ne ba ka ikokobeletsa eena ho e-na le Molimo? Ka ho hlakileng a qala ho lakatsa bonyane karolo borapeling bo lebisoang ho Molimo. (Luka 4:5-8) A nka bohato ka takatso ea hae, a fetoha mohanyetsi oa Molimo. Ka lebaka leo, Bibeleng o bitsoa Satane, e bolelang Mohanyetsi.—Jobo 1:6.
11. Ke motheo ofe o utloahalang oa ho lumela hore Satane o fela a le teng?
11 Lekholong lena la bo20 la lilemo la lintho tse bonahalang, ho lumela ho motho ea joalo oa moea ea kang Satane ha ho ratehe. Empa, he, na monahano o ratehang ho na le mohla e kileng ea e-ba tataiso e tiileng e isang ’neteng? Har’a ba ithutang maloetse, ka nako e ’ngoe ho ne ho sa ratehe ho lumela hore likokoana-hloko tse sa bonahaleng ke sesosa. Empa hona joale tšusumetso ea tsona e tsebisahala haholo. Ka sebele, he, ho se ratehe hoa ntho ha ho bolele hore e ka hlokomolohuoa. Jesu Kreste ka boeena o ne a e-tsoa sebakeng sa moea ’me kahoo o ne a ka bua ka matla ka bophelo ba moo. Ka sebele o tsebahalitse Satane e le motho e mobe oa moea. (Johanne 8:23; Luka 13:16; 22:31) Ke feela ka ho nahana ka tlaleho ea boteng ba sera sena sa moea ho leng bonolo ho utloisisa hore na maemo a mabe hakana a ile a qalisa joang lefatšeng lena.
12. Satane o ile a buisana le mosali Eva joang, hona ka mokhoa oo hobane’ng?
12 Tlaleho e bululetsoeng, ho Genese khaolo ea 3, e hlalosa kamoo Satane a ileng a nka bohato ho khotsofatsa takatso ea hae e fosahetseng. A atamela mosali Eva tšimong ea Edene ka mokhoa o ileng oa pata hore na hantle ke mang. A sebelisa phoofolo eo batho bana ba babeli ba neng ba atisa ho e bona—noha. Ka ho hlakileng a sebelisa mokhoa oa ho bua joalokaha eka ho bua sebopuoa se seng se haufi, ho ile hoa bonahala eka mantsoe a hae a tsoa ho sebopuoa sena. Mekhoa ea eona e bohlale ka tlhaho ea tšoanelana hantle le maikutlo ao Satane a neng a batla ho a fetisa.—Genese 3:1; Tšenolo 12:9.
13. Satane o ile a re’ng ho Eva, hona e le ka boikemisetso bofe bo hlakileng?
13 Ho e-na le ho toba mosali hore a mo shebe e le morena oa hae, Satane a qala ka ho jala pelaelo kelellong ea Eva, a botsa: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Ha e le hantle, o ne a re: ‘Ke hampe haholo hore e be Molimo o itse le se ke la ja lifateng tsohle tsa tšimo.’ Ka sena o ne a fana ka maikutlo a hore mohlomong Molimo o ne o ba hanela ka ntho e ’ngoe e molemo. Eva a arabela ka ho qotsa thibelo ea Molimo, e neng e ama sefate se le seng feela, hammoho le ho bolela hore kahlolo ea ho se utloe e ne e le lefu. Ka ho rialo, Satane a leka ho nyokola hlompho ea Eva bakeng sa molao oa Molimo, a re: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:1-5) Haeba u ne u talimane le boemo bo joalo, u ka be u ile ua etsa joang?
14. (a) Ke hobane’ng ha Eva ebile lehlatsipa la Satane? (b) Adama o ile a etsa joang?
14 Eva a itlohella hore a hulanngoe ke takatso ea boithati. A ja seo Molimo o neng o se hanetse. Kamorao ho moo, tlas’a qophello ea hae, monna oa hae Adama le eena a ja. A ikhethela ho ema le Eva ho e-na le ’Mōpi oa hae. (Genese 3:6; 1 Timothea 2:14) Phello ea e-ba efe?
15. Kahoo, he, ke eng e ikarabellang bakeng sa bonokoane le pefo, hammoho le maloetse le lefu, tse tšoaileng boteng ba batho?
15 Lelapa lohle la motho la hohlometsoa sebeng le ho se phetheheng. Joale Adama le Eva ba ne ba ke ke ba fetisetsa ho bana ba bona phetheho eo ba neng ba kile ba e-ba le eona. Joalokaha likopi tse etsoang ka paterone e nang le phoso kaofela li ba le phoso e tšoanang, ka hona bana bohle ba bona ba tsoalloa sebeng, ba futsitse tšekamelo ea boithati. (Genese 8:21) Tšekamelo ena, ha e sa laoloe, e khannetse limpeng tse amohileng batho khotso le tšireletseho. Ke lefutso lena la sebe le boetseng le felletseng ka maloetse le lefu.—Ba-Roma 5:12.
Litseko tse Phahamisitsoeng
16, 17. (a) Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo o mamelletse boemo bona halelele hakana, re tlameha ho ananela eng? (b) Hantle-ntle ho phahamisitsoe tseko efe?
16 Leseling la linnete tsena, mehopolo ea rōna e khutlela potsong ea hore na ke hobane’ng ha Molimo o mamelletse boemo bona, o bo lumelletse hore bo hōle ho fihlela moo bo leng teng. Ke ka lebaka la tseko e tebileng e ileng ea phahamisoa le phello ea eona bokahohleng bohle. Ho joalo joang?
17 Ka khang ea hae ea hore molao oa Molimo ho Adama ole Eva o ne o se molemo bakeng sa bona le ka ho qholotsa phello eo Molimo o e boletseng bakeng sa ho se utloe, Satane o ne a belaella bobusi ba Molimo. Che, ha aa ka a belaella ntlha ea hore Molimo ke ’musi. Ho e-na le hoo, tseko eo Satane a e phahamisitseng e ne e likoloha tokelong ea bobusi ba Jehova, borena ba Hae, le ho loka hoa litsela tsa Hae. Ka mano, Satane a phea khang hore batho ba ne ba ka iketsetsa hamolemo ha ba itaola, ba iketsetsa liqeto tseo e leng tsa bona ho e-na le ho ikokobeletsa tsamaiso ea Molimo. (Genese 3:4, 5) Leha ho le joalo, ha e le hantle, ka ho etsa joalo ba ne ba tla be ba latela ketello-pele ea sera sa Molimo.
18. (a) Ke tseko efe hape e amehang, ’me e bontšoa hokae ka Bibeleng? (b) Tseko ee e re ama joang?
18 Ho ne ho ameha tseko e ’ngoe. Kaha libopuoa tsena tsa Molimo li ile tsa o furalla mane Edeneng, tse ling li ne li tla etsa joang? Hamorao, mehleng ea monna ea bitsoang Jobo, Satane a tseka pepenene hore ba sebeletsang Jehova ha ba etse joalo ka lebaka leha e le lefe la ho rata Molimo le puso ea oona, empa ka lebaka la boithati, hobane Molimo o ba lokisetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Satane a fana ka maikutlo a hore ha ho motho eo ha a hatelletsoe a neng a tla tšehetsa borena ba Jehova ka botšepehi. Ka hona botšepehi le bokhabane tsa sebopuoa se seng le se seng se bohlale leholimong le lefatšeng tsa belaelloa. Kahoo, le uena tseko e-ea u ama.—Jobo 1:8-12; 2:4, 5.
19, 20. Ka ho se timetse marabele hang-hang, Jehova o neile libopuoa tsa hae tsa moea le tsa batho monyetla ofe?
19 A talimane le phephetso e joalo, Jehova o ne a tla etsa joang? O ne a ka ’na a timetsa Satane le Adama le Eva habonolo feela. Hoo ho ne ho tla bontša matla a maholohali a Jehova. Empa na ho ka be ho ile hoa arabela lipotso tseo joale li neng li phahamisitsoe likelellong tsa libopuoa tsohle tsa Molimo tse neng li shebelletse liphetoho tsee? Khotso le tšireletseho tsa ka ho sa feleng tsa bokahohleng li ne li hloka hore lipotso tsena li arabeloe ka ho feletseng, hang le kamehla eohle. Ntle ho moo, botšepehi le bokhabane ba libopuoa tse bohlale tsa Molimo bo ne bo belaelletsoe. Haeba li ne li mo rata, li ne li tla batla ho arabela qoso eo ea bohata ka botsona. Jehova a li fa monyetla oa ho etsa joalo. Hape, ka ho lumella Adama le Eva hore ba be le bana (le hoja ba sa phethahala), Molimo o ne o tla thibela ho felisoa hoa lelapa la motho—lelapa leo ho etsahetseng hore le akarelletse le rōna bohle ba phelang kajeno. Hona ho ne ho tla fa bana bana monyetla oa hore ba ikhethele hore na ba tla utloa bobusi ba bomolimo kapa che. Khetho eo ke eona eo u talimaneng le eona hona joale!
20 Kahoo, ho e-na le ho phethahatsa kotlo ea lefu hang-hang, Jehova a nea marabele ao nako ea hore a ’ne a be teng ka nakoana. Adama le Eva ba lelekoa Edeneng, ho ea shoa pele ho fela lilemo tse sekete. (Genese 5:5; bapisa Genese 2:17 le 2 Petrose 3:8.) Satane le eena o ne a tla timetsoa ka nako ea teng, joalokaha eka ke noha e khobiloeng hlooho.—Genese 3:15; Ba-Roma 16:20.
Se Senotsoeng ke ho Feta hoa Nako
21, 22. (a) Tabeng ea bobusi, Satane le batho ba ’nile ba etsa eng ka nako eo Molimo o e lumelletseng? (b) Histori ea batho e bontša eng ka puso e lekang ho hlokomoloha Molimo?
21 Ke eng se tsoetsoeng ke phephetso ea ho lokela hoa puso ea Molimo? Na motho o ithuetse molemo ka ho leka ho tsamaisa litaba tsa hae? Batho ba lumelletsoe ho leka mofuta o mong le o mong o ka bang teng oa puso. Jehova ha a ka a potlakela ho emisa boiteko ba motho e le hore ho ka bonoa liphello tse feletseng. Le lilemong tse fetileng tse lekholo e ne e tla be e le kapele haholo. Motho ka nako eo e ne e le hona a kenang “mehleng ea boqapi ba tsa mahlale” ’me o ne a qala ho iphafa haholo ka seo a neng a tla se finyella.
22 Empa na ho sa hlokahala lekholo le leng la lilemo ho bona hore na phello ea tsela ea motho ea ho itokolla ho Molimo e tla ba efe? Le batho ba tsebisahalang pusong le thutong ea mahlale ba lumela hore lefatše le talimane le kotsi e tšabehang haholo ea tšenyeho. Ka sebele ha ho hlokahale hore Molimo o lumelle tšenyo e feletseng ho paka ho hlōleha hoa puso e itaolang ea motho. Ka bopaki ba lilemo tse likete tse tšeletseng bo pakelang se etsahalang ha puso e hlokomoloha Molimo, ho ke ke hoa hlola ho boleloa hore ha hoa ba le nako e lekaneng bakeng sa ho phethisisa puso ea batho. Linnete li bontša hore ha ho puso e lokolohileng ho Molimo e ka tlisetsang batho bohle khotso le tšireletseho tsa sebele.
23. Ke eng e tla tloha e etsahala e tla hleka tsela bakeng sa puso e lokileng ea lefatšeng ka Mora oa Molimo?
23 Joalokaha re tla bona hamorao, khale, ’me e le ka ho bea nako ho phethahetseng Jehova Molimo o ile a tšoaea moloko o itseng o neng o tla mo bona ha a tlosa bokahohleng marabele ’ohle a hananang le puso ea hae ea bomolimo. Hase feela hore batho ba khopo ba tla senngoa empa Satane le bademona ba hae ba tla tlangoa joalokaha eka ke ka sekoting, ba sitoa ho susumetsa litaba tsa batho kapa tsa mangeloi. Hona ke ho bula tsela bakeng sa puso e lokileng ea Mora oa Molimo lefatšeng. Ka nako ea lilemo tse sekete, puso eo e tla etsolla kotsi eohle e tlisitsoeng ke puso ea motho ea boithati ea lilemo tse likete-kete. E tla tsosolosetsa lefatše lena botleng ba paradeise le ho khutlisetsa batho ba utloang phethehong e neng e thabeloa Edene.—Tšenolo 20:1, 2; 21:1-5; 1 Ba-Korinthe 15:25, 26.
24. (a) Ke hobane’ng ha Satane le bademona ba hae ba tla lokolloa qetellong ea lilemo tse sekete? (b) Phello e tla ba efe?
24 Bibele e bolela hore qetellong ea puso eo ea lilemo tse sekete Satane le bademona ba hae ba tla lokolloa litlamong tsa bona ka nakoana. Hobane’ng? E le hore bohle ba tla beng ba phela ka nako eo ba ka ba le monyetla oa ho iponahatsa ba tšepahala pusong ea borena ba Jehova. Batho ba bangata ba tla be ba bile teng ka tsoho. Bakeng sa ba bangata ho bona ona e tla be e le monyetla oa bona oa pele oa hore ba bontše lerato la bona bakeng sa Molimo tlas’a teko. Tseko e tla be e ntse e tšoana le tse ileng tsa hlahisoa Edene—hore na ba tla phahamisa borena ba Jehova ka kutlo e tšepahalang kapa che. Jehova o lakatsa ha bafo ba hae e le feela bao lerato la bona le ba susumelletsang botšepehing bo joalo. Ba lakatsang ho ema le sera sa Molimo le bademona ba sona boitekong leha e le bofe boo bana ba tlang ho bo etsa ho tšoenya bocha khotso ea bokahohleng ba Molimo ba tla lokoloha ho ikhethela seo. Empa ka hore ba hane puso ea Molimo joalo, ba tla lokeloa ke timetso. ’Me ka lekhetlo lena e tla ba ka potlako, joalokaha eka ke ka mollo o theohang leholimong. Marabele ’ohle, a moea le a batho, joale a tla be a ile ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:7-10.
25, 26. Tsela eo Jehova a sebelitseng litaba ka eona e hlile e sebelelitse molemo oa e mong le e mong ho rōna joang?
25 Ke ’nete hore batho ba hlomohile haholo ka lilemo tse likete-kete. Empa hona e bile ka lebaka la khetho ea batsoali ba rōna ba pele, e seng ea Molimo. Molimo o mamelletse thohako le ho tiisetsa lintho tse manyala ho oona ka nako ena eohle. Empa Molimo, oo ‘lilemo tse sekete ho oona e kang letsatsi le le leng,’ o shebela litaba hōle, ’me hona ho sebeletsa molemo oa libopuoa tsa oona. Joalokaha moapostola ea bululetsoeng a ngola: “Morena [Jehova] ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:8, 9) Hoja ea se be ka sebete sa Molimo le mamello ea oona, ha ho lea mong ho rōna ea ka beng a fumane monyetla oa poloko.
26 Leha ho le joalo, ha rea lokela ho fihlela qeto ea hore lilemong tse fetileng tse likete tse tšeletseng Molimo o ne o ituletse o iphapantse feela. Che, ha o-oa ka oa mamella bokhopo feela, o emetse feela hore nako ea oona e fihle ho se bohato boo o bo nkang. Joalokaha re tla bona, linnete li bontša ho fapaneng le hoo.
[Setšoantšo se leqepheng la 51]
Satane o ile a phea khang hore tlas’a teko batho bohle ba ne ba tla roba botšepehi ’me ba itokolle ho Molimo