Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Le Nahane ka Hloko ka ea Mameletseng”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • “Le Latele Mehato ea Hae Haufi-ufi”

      20, 21. Ha ho tluoa tabeng ea mamello, Jehova o lebeletse eng ho rōna, hona re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

      20 Jesu o ne a tseba hore ho ba molateli oa hae e ne e tla ba phephetso, ho ne ho tla hloka hore motho a be le mamello. (Johanne 15:20) O ne a ikemiselitse ho betla khoro, a tseba hore ba bang ba tla matlafatsoa ke mohlala oa hae. (Johanne 16:33) Ke ’nete hore Jesu o behile mohlala o phethahetseng oa mamello, empa rōna re hōle le phetheho. Jehova o lebeletse eng ho rōna? Petrose o re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Jesu o siile “mohlala” oo batho ba ka o etsisang ka tsela eo a ileng a sebetsana le liteko ka eona.a Tlaleho eo a iketselitseng eona ea mamello e ka tšoantšoa le “mehato” kapa mohlala oa moo motho a hatileng teng. Re ke ke ra khona ho latela mehato eo ka ho phethahetseng, empa re ka khona ho e latela “haufi-ufi.”

  • “Le Nahane ka Hloko ka ea Mameletseng”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mohlala” ha e le hantle le bolela “ho kopitsa se ngotsoeng.” Moapostola Petrose ke eena feela mongoli ea sebelisitseng lentsoe lena ka Mangolong a Segerike a Bakreste, leo ho thoeng le bolela “‘mongolo’ o bukeng eo ngoana a ngollang ho eona, oo ngoana a lokelang ho o kopitsa joalokaha o le joalo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela